Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Bahlanka ba Jehova

Re Bahlanka ba Jehova

“Ho thaba setjhaba seo Modimo wa sona e leng Jehova, batho bao a ba kgethileng e le lefa la hae.”—PES. 33:12.

DIPINA: 40, 50

1. Ke hobaneng ha re ka re dintho tsohle ke tsa Jehova? (Sheba setshwantsho se qalong)

DINTHO tsohle ke tsa Jehova. Bibele e re Jehova o laola “mahodimo . . .  esita le mahodimo a mahodimo, lefatshe le tsohle tse ho lona.” (Deut. 10:14; Tšen. 4:11) Ka hoo, batho bohle ke ba Jehova hobane o ba bopile. (Pes. 100:3) Ho ntse ho le jwalo, hara batho bohle ba teng, haesale Modimo a ntse a ikgethela sehlopha se itseng sa batho hore e be sa hae.

2. Bibele e re ke bo mang bao Jehova a ba kgethileng hore e be batho ba hae?

2 Pesaleme ya 135 e bua ka Baiseraele bao Jehova a reng ke: “thepa ya hae e kgethehileng.” (Pes. 135:4) Lengolo la Hosea le lona le ile la bua ka batho bao e neng e se Baisaraele, bao e neng e tla ba bahlanka ba Jehova. (Hos. 2:23) Boprofeta bona ba Hosea bo ile ba phethahala ha Jehova a ne a akaralletsa le batho bao e seng Bajuda hore ba tle ba buse le Jesu lehodimong. (Lik. 10:45; Bar. 9:23-26) Jehova o nka setjhaba sena se halalelang e le “letlotlo le kgethehileng,” hobane ditho tsa sona di tlotsitswe ka moya o halalelang mme di tlo phela lehodimong. (1 Pet. 2:9, 10) Jwale ho thweng ka Bakreste ba bangata ba tlo phela lefatsheng ka ho sa feleng? Le bona ka ho tshwanang, Jehova o ba bitsa “batho” ba hae kapa “bakgethwa” ba hae.—Esa. 65:22.

3. (a) Ke bo mang ba nang le kamano e ntle le Jehova kajeno? (b) Re tlo bua kang sehloohong sena?

3 Kajeno “mohlatswana” e leng batho ba ilo phela lehodimong, haesitana le “dinku tse ding” e leng ba tlo phela lefatsheng, kaofela Jehova o ba nka e le “mohlape o le mong” ebile e le bahlanka ba hae. (Luka 12:32; Joh. 10:16) Ruri re leboha Jehova ka hore ebe o re file monyetla o babatsehang hakana wa hore re be metswalle ya hae. Sehloohong sena, re tlo tshohla ditsela tse sa tshwaneng tseo ka tsona re ka bontshang hore re leboha Jehova ka monyetla ona.

RE INEHELA HO JEHOVA

4. Ke ka tsela efe re ka lebohang Jehova ka hore ebe o re entse metswalle ya hae, hona Jesu o ile a etsa se tshwanang jwang?

4 Tsela e nngwe eo re ka lebohang Jehova ka yona, ke ka ho inehela ho yena ka pelo yohle. Ha re kolobetswa, re bontsha phatlalatsa hore re nka Jehova e le monnga rona le hore re ikemiseditse ho ba bahlanka ba hae ba tlasana. (Baheb. 12:9) Jesu o ile a etsa se tshwanang mohla a neng a kolobetswa, ha a tla re ho Jehova: “Ke thabetse ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka.” (Pes. 40:7, 8) O ile a bontsha sena ka hore a inehele ho yena le hoja a ne a hlahetse lelokong le neng le se ntse le inehetse ho Jehova.

5, 6. (a) Jehova o ile a ikutlwa jwang ha Jesu a kolobetswa? (b) Ke mohlala ofe o bontshang ka moo Jehova a ikutlwang kateng ka boinehelo boo re mo etsetsang bona?

5 Jehova o ile a ikutlwa jwang ha Jesu a kolobetswa? Tlaleho ya Bibele e re: “Ka mora hore Jesu a kolobetswe ka pele pele a nyoloha a tswa ka metsing; mme, bonang! mahodimo a buleha, mme a bona moya wa Modimo o theoha jwalo ka leeba o tla hodima hae. Bonang! Hape, ha ba le lentswe le tswang mahodimong le reng: ‘Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng.’” (Mat. 3:16, 17) Jesu e ne e se e ntse e le mohlanka wa Jehova. Ka hona, Jehova o ile a thaba haholo ha a bona a ikemiseditse ho sebeletsa yena feela. Ka ho tshwanang, Jehova o a thaba ha re inehela ho yena, ebile o ikemiseditse ho re hlohonolofatsa.

6 Ka mohlala, nahana ka Ntate ya jetseng seratswana sa malomo a matle. Ebe ka tsatsi le leng, moradinyana wa hae o kga le leng seratswaneng mme o le fa Ntate wa hae e le mpho. Na ebe ha se nnete hore malomo ao ke a Ntate? Jwale ho tla jwang hore moradi a fe Ntate ntho eo ha e le hantle e leng ya Ntate wa hae? Ho Ntate taba ya hore malomo a tswa seratswaneng sa hae, ha se yona ntho ya bohlokwa. Ho e na le hoo, o a amohela hobane e le mpho eo moradinyana wa hae a mo fileng yona ka lerato. Lelomonyana lena leo moradi a mo fang lona, Ntate o le nka e le la bohlokwa le ho feta ana a mang a seratswaneng. Ka ho tshwanang, Jehova o thaba le ho feta ha re inehela ho yena ka pelo yohle.—Ex. 34:14.

7. Malakia o re thusa jwang ho utlwisisa ka moo Jehova a ikutlwang kateng ka ba ikemiseditseng ho mo sebeletsa?

7 Bala Malakia 3:16. Haeba ha o so kolobetswe le hona jwale, o emetseng? Ke nnete hore haesale re le batho ba Jehova ho tloha ha re ne re emolwa. Le ha ho le jwalo, ako nahane feela ka hore na e tla ba ho thabisang Jehova hakaakang, ha a bona o inehela ho yena le ho etsa thato ya hae hobane o utlwisisa hore ke mmusi wa dintho tsohle. (Liprov. 23:15) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o amohela bohle ba ikemiseditseng ho mo sebeletsa mme o ba ngola bukeng ya hae ya kgopotso.

8, 9. Keng seo Jehova a se lebelletseng ho rona e le hore a re ngole bukeng ya hae ya kgopotso?

8 Ho na le seo re lokelang ho se finyella e le hore Jehova a tle a re ngole bukeng ya hae ya kgopotso. Malakia o ile a re re lokela ho tshaba Jehova le ho nahana ka lebitso la hae. Haeba re rapela ntho kapa motho le ha e le efe ka ntle ho Jehova, o tla re hlakola bukeng ya hae.—Ex. 32:33; Pes. 69:28.

9 Ho inehela ho Jehova ho akarelletsa ho hongata ho feta feela ho mo tshepisa hore re tla etsa thato ya hae le ho kolobetswa. Hobane dintho tsena re di etsa hang feela, empa boinehelo ba rona ho Jehova bona ke motjha o tjhele. Ha fela re ntse re phela, re tlameha maoto le matsoho hore re phelele boinehelo ba rona.—1 Pet. 4:1, 2.

RE HANA MEKGWA YA BATHO BA SA MAMELENG MODIMO

10. Ke phapang efe e lokelang ho ba teng pakeng tsa bahlanka ba Jehova le batho ba sa mo sebeletseng?

10 Sehloohong se fetileng, re ithutile ka ditlaleho tsa Bibele tse buang ka Kaine, Solomone le Baiseraele. Kaofela ha bona ba ne ba ipolela hore ba inehetse ho Jehova, empa boitshwaro ba bona bo ne bo le hole le seo ba se buang. Mehlala ena ya bona, e bontsha ka ho hlaka hore bahlanka ba Jehova, ba lokela ho mo tshepahalla mme ba etse se setle ho sa kgathalletsehe maemo. (Bar. 12:9) Ke ka lebaka leo Jehova a reng ho na le “phapang pakeng tsa ya lokileng le ya kgopo, pakeng tsa ya sebeletsang Modimo le ya sa kang a mo sebeletsa.”—Mal. 3:18.

11. Ke hobaneng ha re lokela ho etsa hore batho ba bone hore re fela re inehetse ho Jehova ka pelo yohle?

11 Ruri re leboha Jehova hore ebe o re kgethile hore re be bahlanka ba hae. Re lokela ho etsa hore tswelopele ya rona e ‘bonahale ho batho bohle.’ (1 Tim. 4:15; Mat. 5:16) Ako ipotse: ‘Na ebe batho ba a bona hore ehlile ke fela ke tshepahalla Jehova?’ Na ebe batho ba a tseba tjee hore ke paki ya Jehova? Jehova o ne a tla utlwa bohloko hakaakang hore ka mora hore a re kgethe re le bahlanka ba hae, ebe jwale rona re a tsilatsila ho jwetsa batho ba bang hore re Dipaki Tsa Jehova.—Pes. 119:46; bala Mareka 8:38.

Na ebe tsela eo o phelang ka yona e etsa hore ho be bonolo hore batho ba o bone hore o Paki ya Jehova? (Sheba serapa sa 12, 13)

12, 13. Ke dintho dife tse ka nnang tsa etsa hore Bakreste ba bang ba se ke ba bonahala hore ke Dipaki Tsa Jehova?

12 Ho utlwisa bohloko hore ebe jwale Bakreste ba bang ba se ba tshwaeditswe ke mekgwa e mebe ya batho ba sa mameleng Modimo, hoo ho seng ho sa bonahale phapang pakeng tsa bahlanka ba Modimo le batho feela. (1 Bakor. 2:12) Batho bana ba sa mameleng Modimo, ba itjhebile bobona feela. (Baef. 2:3) Ka mohlala, ho sa tsotellehe dikeletso tse ngata tseo re di fuwang, Bakreste ba bang ba ntse ba kgema le ditaele kapa difeshene tsa moaparo o seng hantle. Ba se ba itenela diaparo tse ba penyang le tse siyang mmele ka ntle le ha ba ya dimmokeng tsa Bokreste. Ebile ba se ba etsa le ditaele tsa meriri tse fetelletseng. (1 Tim. 2:9, 10 ) Ka lebaka leo, ha ba le hara batho, ho ba thata ho kgetholla bahlanka ba Modimo ho batho feela tjee.—Jak. 4:4.

13 Ho na le mekgwa e meng e mebe eo Bakreste ba bang ba so kang ba e tlohela ka ho felletseng. Ka mohlala, boitshwaro ba bona ha ba le diphathing le tsela eo ba jaefang ka yona, ha di tshwanele batho ba ipitsang Bakreste ba nnete. Maikutlo le dinepe tseo ba di behang metjheng ya phatlalatso, di bontsha hore jwale ba tshwaeditswe ke menahano e mebe ya batho ba sa mameleng Jehova. E ka nna yaba ha ba so kgalemellwe sebe se tebileng ka phuthehong, le ha ho le jwalo, ba ka ba kotsi ho dithaka tsa bona tse lekang ka matla ho itshwara hantle.—Bala 1 Petrose 2:11, 12.

Le ka mohla o se ke wa dumella ho sitiswa ke batho ba sa ikemisetsang ho mamela Jehova

14. Keng seo re lokelang ho se etsa hore re sireletse kamano ya rona le Jehova?

14 Dintho tsohle mona lefatsheng, di entswe ka sepheo sa ho re susumelletsa ho phelela “takatso ya nama le takatso ya mahlo le pontsho ya mponeng ya mokgwa wa motho wa boiphediso.” (1 Joh. 2:16) Ka hoo, ka ha rona re bahlanka ba Jehova, re lokela ho mo rata mme re hane ditakatso tsa lefatshe. Re boetse hape re lokela ho hlaphohelwa kelellong, re be ba lokileng, re inehele ho yena ka ho felletseng ha re sa ntse re phela lefatsheng lena le kgopo. (Tite 2:12) Bophelong bohle ba rona, ebang re a ja, re a nwa, re a qoqa, re a apara kapa re mosebetsing, batho ha ba a lokela ho thatafallwa ke ho bona hore re inehetse ho Jehova ka dipelo tsohle.—Bala 1 Bakorinthe 10:31, 32.

RE ‘RATANA KA MATLA HAHOLO HO TLOHA PELONG’

15. Ke hobaneng ha re lokela ho tshwarana ka mosa le lerato?

15 Tsela eo re tshwarang barapedimmoho le rona ka yona, e bontsha hore re rata Jehova. Lebaka ke hobane le bona ke bahlanka ba Jehova. Haeba re ka dula re hopola nnete ena, re tla tshwara bara le baradibabo rona ka mosa le ka lerato. (1 Bathes. 5:15) Jesu o ile a bolella balatedi ba hae a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le na le lerato hara lona.”—Joh. 13:35.

16. Re ithutang Molaong oo Jehova a ileng a o fa Moshe mabapi le tsela eo a tshwarang batho ba hae ka yona?

16 E le hore re utlwisise hore na re lokela ho tshwara Bakrestemmoho le rona jwang, a re ke re hlahlobeng mohlala ona o latelang. Dijana tse neng di le ka tempeleng ya Jehova, di ne di behelletswe ka thoko bakeng sa borapedi bo hlwekileng. Molao o ne o hlalosa hore na dijana tseo di ne di lokela ho sebediswa jwang mme haeba batho ba sa di sebedise ka tsela eo, ba ne ba tla bolawa. (Num. 1:50, 51) Haeba Jehova a ile a boulella dijananyana tseo tse pala, hakaakang he ka bahlanka ba hae ba inehetseng ho yena ka pelo yohle. Ha Jehova a bua le bahlanka ba hae, o ile a re: “Ya le amang o ama leihlo la ka.”—Zak. 2:8.

17. Ke eng eo Jehova a e elang hloko le ho e mamela?

17 Jehova o ela hloko ebile o a mamela ha bahlanka ba hae ba sebedisana mmoho. (Mal. 3:16) Kasebele Jehova o tseba bao ehlileng e leng ba hae. (2 Tim. 2:19) O tseba sohle seo re se buang le seo re se etsang. (Baheb. 4:13) Haeba re sa tshware barapedimmoho le rona ka mosa, tseba hore Jehova o ela hloko ebile o a mamela. Athe haeba re amohela baeti, re le batho ba fanang, ba tshwarelang re bile re tshwarana ka mosa, re ka kgodiseha hore o ela seo hloko.—Baheb. 13:16; 1 Pet. 4:8, 9.

JEHOVA A KE KE A FURALLA BATHO BA HAE

18. Re ka leboha Jehova jwang ka hore ebe o re kgethile hore re be bahlanka ba hae?

18 Re batla ho bontsha Jehova hore ka nnete re a leboha hore ebe re bahlanka ba hae. Re tseba hantle hore ha re ya senya nako ka hore ebe re ile ra inehela ho yena. Le hoja re phela “hara moloko o kgopameng le o sothehileng,” re batla hore batho ba bone hore re ba sa tshwauweng phoso le ba hlokang molato le ba kganyang e le masedi lefatsheng. (Bafil. 2:15) Re hanyetsa bobe ka ho felletseng. (Jak. 4:7) Hape re rata barapedimmoho le rona ebile re a ba hlompha, hobane re a tseba hore le bona ke bahlanka ba Jehova.—Bar. 12:10.

19. Jehova o putsa bahlanka ba hae jwang?

19 Bibele e tshepisa hore : “Jehova a ke ke a furalla batho ba hae.” (Pes. 94:14) Ha re belaele letho, jwang kapa jwang re kgodisehile hore Jehova o tla ba le rona. Esita le lefu le ke ke la re arohanya le lerato leo Jehova a re ratang ka lona. (Bar. 8:38, 39) “Haeba re phela, re phela ho hlompha Jehova, mme haeba re shwa, re shwa ho hlompha Jehova. Ka hona, haeba re phela le haeba re shwa, re ba Jehova.” (Bar. 14:8) Re lebeletse ka tjantjello e kgolo ha Jehova a tla be a tsosa metswalle ya rona e ithobaletseng. (Mat. 22:32) Le hona jwale re ntse re thabela ditlhohonolofatso tsa Jehova. Jwalo ka ha Bibele e boletse, “ho thaba setjhaba seo Modimo wa sona e leng Jehova, batho bao a ba kgethileng e le lefa la hae.”—Pes. 33:12.