Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Fanang Baa Thaba

Batho ba Fanang Baa Thaba

“Ho fana ho tlisa thabo.”—LIK. 20:35.

LIPINA: 76, 110

1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Jehova oa fana?

LE HOJA Jehova a ne a le mong ha a qala ho bopa, o ne a sa nahana ka eena feela. O file mangeloi le batho mpho ea bophelo. Jehova ke “Molimo ea thabileng” ea ratang ho fa batho lintho tse ntle. (1 Tim. 1:11; Jak. 1:17) Kaha o batla hore re thabe, o re ruta hore re fane.—Bar. 1:20.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha ho fana ho re thabisa? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Molimo o re bopile ka setšoantšo sa hae. (Gen. 1:27) Kahoo, re na le makhabane ao a nang le ’ona. Re lokela ho etsisa Jehova ka hore re rate batho ba bang re be re fane. Haeba re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa ebile re tla thaba. (Bafil. 2:3, 4; Jak. 1:5) Hobane’ng? Hobane Jehova o re bopile ka tsela eo. Le hoja re sa phethahala, re ka atleha ho etsisa Jehova ka hore re fane.

3 Bibele e re thusa joang hore re be batho ba fanang? A re ithuteng hore na ke Mangolo afe a ka re thusang tabeng ena. Re tla boela re bone hore na ho fana ho amana joang le ho thaba le hore na re ka etsa’ng hore re lule re fana.

JEHOVA OA THABA HA RE FANA

4, 5. Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova le Jesu baa fana?

4 Kaha Jehova o batla hore re mo etsise, oa thaba ha re fana. (Baef. 5:1) Hoa hlaka hore Jehova o batla hore re thabe kaha o re file lehae le letle ebile o re bopile ka tsela e hlollang. (Pes. 104:24; 139:13-16) Kahoo, rea mo rorisa ha re ntse re leka ho thusa batho ba bang hore ba thabe.

5 Bakreste ba etsisa Jesu kaha ke eena mohlala o phethahetseng oa ho fana. Jesu o ile a re: “Mor’a motho [ha aa] ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mat. 20:28) Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a re ho Bakreste: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu . . . O ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba.” (Bafil. 2:5, 7) Kaofela re lokela ho ipotsa: ‘Nka etsa’ng hore ke etsise Jesu haholoanyane ho feta kamoo ke seng ke ntse ke mo etsisa kateng?’—Bala 1 Petrose 2:21.

6. Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea Mosamaria? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 Jehova oa thaba ha re etsisa eena le mora oa hae ka hore re tsotelle batho ba bang le hore re batle litsela tsa ho ba thusa. Papisong ea Mosamaria, Jesu o ile a bontša bohlokoa ba hore re lokela ho itella ho thusa batho ba bang ho sa tsotellehe maemo a bona. (Bala Luka 10:29-37.) Na u sa hopola potso eo monna oa Mojuda a ileng a e botsa e ileng ea susumelletsa Jesu hore a phete pale ea Mosamaria eo? E ne e re: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Karabo ea Jesu e re ruta hore re lokela ho fana e le hore re ka thabisa Jehova.

7. Re ka bontša joang hore re lumela hore tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona e lokile?

7 Bakreste ba na le mabaka a utloahalang a hore ba fane. Mohlala, taba ena e amana le qoso eo Satane a ileng a e etsa serapeng sa Edene. Joang? Satane o ile a re Adama le Eva le batho ka kakaretso ba tla thaba haeba ba etelletsa lintho tseo ba li ratang pele ho e-na le ho mamela Molimo. Eva o ile a ikhohomosa ka hore a batle ho tšoana le Molimo. Kaha Adama o ne a batla ho khahlisa mosali oa hae, o ile a hloleha ho mamela Molimo. (Gen. 3:4-6) Re khola litholoana tse bosula tsa qeto eo ba e entseng. Motho ea ikhohomosang a ke ke a thaba. Empa haeba re fana, re tla be re bontša hore tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona e lokile.

PHETHA MOSEBETSI OO MOLIMO A O FILENG BATHO BA HAE

8. Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ne ba lokela ho nahanela batho ba bang?

8 Adama le Eva ba ne ba le bang Edene ha Molimo a ba a fa litaelo. Empa ha ba ne ba li mamela ba ne ba tla be ba bontša hore ba nahanela batho ba bang. Jehova o ile a boela a ba hlohonolofatsa ’me a re ba ate, ba tlale lefatše ’me ba le buse. (Gen. 1:28) Kaha Jehova o bopile lintho tsohle, o ne a amehile ka popo ea hae. Adama le Eva le bona ba ne ba lokela ho ameha ka bana bao ba neng ba tla ba le bona. Ba ne ba lokela ho etsa hore lefatše e be Paradeise e le hore bana bohle ba bona ba thabele ho phela ho lona. Ba ne ba lokela ho thusana kaha mosebetsi oa bona o ne o le mongata.

9. Ke’ng e neng e tla etsa hore batho ba thabe ha ba ntse ba etsa lefatše Paradeise?

9 E le hore morero oa ho etsa hore lefatše e be Paradeise o atlehe, Adama le Eva ba ne ba lokela ho sebetsa le Jehova. Ha ba etsa joalo, ba ne ba tla kena phomolong ea hae. (Baheb. 4:11) Nahana feela hore na mosebetsi ona e ne e tla ba o thabisang le o khotsofatsang hakaakang. Ba ne ba tla khotsofala ’me Jehova a ba hlohonolofatse kaha ba ne ba tla be ba nahanetse batho ba bang.

10, 11. Re ka etsa’ng e le hore re be basebetsi ’moho le Molimo?

10 Mehleng ena, Jehova o file bahlanka ba hae mosebetsi oa ho bolella batho molaetsa oa Bibele le oa ho ba etsa barutuoa. Re lokela ho tsotella batho ba bang e le hore re phethe mosebetsi ona. Re tla atleha ho o etsa hafeela re ikemiselitse ebile re rata Molimo le batho.

11 Ha Pauluse a bua ka eena le Bakreste ba bang, o ile a re ke “basebetsi-’moho le Molimo” hobane ba ne ba lema ba bile ba nosetsa peo ea ’Muso. (1 Bakor. 3:6, 9) Le rona re ka ba “basebetsi-’moho le Molimo” ka hore re tele nako ea rona, lintho tseo re nang le tsona le matla a rona e le hore re bolelle batho molaetsa oa Bibele. Ke tlotla e kholo ho kenya letsoho mosebetsing ona.

Ha ho ntho e thabisang ho feta ho ithuta Bibele le batho (Sheba serapa 12)

12, 13. Ke litlhohonolofatso life tseo re li fumanang ha re etsa batho barutuoa?

12 Re thaba haholo ha re tela nako le matla a rona e le hore re bolelle batho molaetsa oa Bibele le ho ba etsa barutuoa. Bara le barali babo rona ba bangata ba hlokometse hore ha ho na ntho e monate ho feta ho ithuta Bibele le batho. Ebile ba thaba haholo ha liithuti tsa bona li utloisisa lintho tseo li ithutileng tsona, li fetola tsela eo li phelang ka eona, li e-ba le tumelo hape li ruta batho ba bang molaetsa oa Bibele. Jesu o ile a roma barutuoa ba hae ba 70 hore ba il’o bolella batho molaetsa oa Bibele. Ba ile ba ‘khutla ba thabile’ haholo. Kahoo, Jesu le eena o ile a thaba.—Luka 10:17-21.

13 Lefatšeng ka bophara, bahoeletsi ba thaba haholo ha ba bona batho ba amohela molaetsa oa Bibele ba bile ba fetola tsela eo ba phelang ka eona. Mohlala, morali’abo rona Anna o ntse a le mocha ’me ke lesoha. * O ile a fallela Europe Bochabela moo ho hlokehang bahoeletsi. O re: “Ke thabisoa ke hore ebe ho na le batho ba bangata bao nka ithutang Bibele le bona mona. Ke thabela ho buisana le batho ka Bibele. Ha ke fihla hae, ke nahana ka batho bao ke ithutang Bibele le bona ho e-na le ho tšoenyeha ka lintho tse ling. Ke nahana ka mathata a bona le lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona. Ke leka ho batla mekhoa ea ho ba thusa le ho ba khothatsa. Kahoo, ke kholisehile hore ‘ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.’”—Lik. 20:35.

Ha re pakela motho e mong le e mong tšimong ea rona, re mo fa monyetla oa hore a utloe molaetsa oa Bibele (Sheba serapa 14)

14. Ke’ng e ka etsang hore re bolelle batho molaetsa oa Bibele le hoja ba bang ba sa re mamele?

14 Rea thaba ha re bolela molaetsa oa Bibele ho sa tsotellehe hore na baa mamela kapa che. Hape Mosebetsi oa rona o tšoana le oa Ezekiele eo Jehova a ileng a re ho eena: “U ba bolelle mantsoe a ka, ho sa tsotellehe hore na baa utloa kapa baa hana.” (Ezek. 2:7; Esa. 43:10) Rea tseba hore Jehova o ananela boiteko boo re bo etsang ho sa tsotellehe hore na batho baa re mamela kapa che. (Bala Baheberu 6:10.) Ha mohoeletsi e mong a bua ka tšebeletso ea tšimo o ile a re: ‘Rea lema, rea nosetsa ebe re rapela Jehova hore a melise.’—1 Bakor. 3:6.

RE KA ETSA’NG HORE RE THABE?

15. Na re lokela ho fana hafeela batho ba bang ba ananela ha re etsa joalo?

15 Batho ba bangata ba thabela ho fuoa empa le batho ba fanang baa thaba. Jesu o ile a re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.” (Luka 6:38) Ke ’nete hore ha se batho bohle ba ananelang ha re fana. Empa ha batho ba bang ba hlokomela boiteko boo re bo etsang, re tla ba susumelletsa hore le bona ba fane. Kahoo u ’ne u tsoele pele ho fana ho sa tsotellehe hore na batho ba ananela kapa che. U ke ke ua tseba hore na ke neng ho fana ho tla tsoela motho e mong molemo.

16. Bibele e re ke eng e etsang hore re thabele ho fana?

16 Batho ba tloaetseng ho fana ha ba fane feela hobane ba lebeletse hore le bona ba tle ba fuoe. Jesu o ile a re: “Ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona.” (Luka 14:13, 14) Bibele e re ea “mosa o tla hlohonolofatsoa.” E boetse e re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase.” (Liprov. 22:9; Pes. 41:1) Re tla thaba haeba re ikemiselitse ho thusa batho ba bang.

17. Ke lintho life hape tseo re ka li etsang ho bontša hore rea fana?

17 Ha Pauluse a qotsa mantsoe a Jesu a reng, “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” Pauluse o ne a sa re re lokela ho fana ka lintho tseo re nang le tsona feela, empa o ne a boetse a bua ka ho khothatsa, ho eletsa, le ho thusa batho ba bang. (Lik. 20:31-35) Mantsoe a Pauluse le liketso tsa hae li re ruta kamoo re lokelang ho tela nako, matla a rona, ho tsotella batho ba bang le ho ba rata.

18. Litsebi tse ngata li re’ng mabapi le ho fana?

18 Litsebi tse ngata li hlokometse hore ho fana ho etsa hore batho ba thabe. Buka e ’ngoe e re: “Batho ba bang ba re ba thaba haholo ka mor’a ho ba mosa ho batho ba bang.” Lipatlisiso li re ho fana ho bohlokoa kaha ho etsa hore re thabele bophelo. Ka ho tšoanang, litsebi li thoholetsa batho ba ithaopelang ho thusa sechaba kaha ho etsa joalo ho ba thusa hore ba phele hantle ba bile ba thabile. Batho ba amohelang hore Bibele ke Lentsoe la ntate ea lerato, ha ba makatsoe ke taba ena.—2 Tim. 3:16, 17.

TSOELA PELE HO FANA

19, 20. Ke hobane’ng ha u batla hore u lule u fana?

19 Ho ka ba thata hore re lule re fana haeba re phela le batho ba amehileng ka ho icheba bobona feela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a fana ka litaelo tse peli tsa bohlokoa. O ile a re re rate Jehova ka pelo eohle, moea oohle, kelello eohle le ka matla a rona ’ohle. A boela a re re lokela ho rata baahelani ba rona joalokaha re ithata. (Mar. 12:28-31) Re ithutile sehloohong sena hore batho ba ratang Jehova ba lokela ho mo etsisa. Jehova le Jesu baa fana. Ba re khothalletsa hore le rona re fane hobane ha re etsa joalo re tla thaba e le kannete. Haeba re ikemiselitse ho fana ebang re fa Jehova kapa batho ba bang, re tla be re thabisa Jehova. Re tla boela re itsoele molemo re be re thuse batho ba bang.

20 Ha ho pelaelo hore u se u ntse u thusa batho ba bang, haholo-holo Bakreste-’moho le uena. (Bagal. 6:10) Haeba u tsoela pele ho fana, u ka kholiseha hore Jehova oa u rata ebile o ananela boiteko ba hao ’me le uena u tla thaba. Liproverbia 11:25 e re: “Moea o fanang ka seatla se bulehileng o tla nona, ’me ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.” Letsatsi le letsatsi ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka bontšang hore rea fana. Sehloohong se latelang re tla ithuta litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang hore rea fana.

^ ser. 13 Mabitso a fetotsoe.