Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Fanang ka Seatla se Bulehileng ke Bona ba Thabileng

Batho ba Fanang ka Seatla se Bulehileng ke Bona ba Thabileng

“Ho fana ho tlisa thabo.”—LIK. 20:35.

DIPINA: 76, 110

1. Popo e bontsha jwang hore Jehova ke Modimo ya seatla se bulehileng?

ESITA le hoja Jehova a phetse a le mong ka nako e telele, o ne a sa inahane boyena feela. Ho e na le hoo, o ile a fa batho le mangeloi mpho ya bophelo. “Modimo ya thabileng” Jehova, o rata ho fana ka dintho tse molemo. (1 Tim. 1:11; Jak. 1:17) Ka ha o batla hore le rona re thabe, o re ruta hore re be seatla se bulehileng.—Bar. 1:20.

2, 3. (a) Ke hobaneng ha ho fana ho etsa hore re thabe? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong sena?

2 Modimo o re entse ka setshwantsho sa hae. (Gen. 1:27) Sena se bolela hore o re bopelletse le botho bo tshwanang le ba hae. E le hore re thabe re be re kgotsofale, re lokela ho latela mohlala wa Jehova ka ho rata ba bang le ho fana ka seatla se bulehileng. (Bafil. 2:3, 4; Jak. 1:5) Empa hobaneng? Hobane Jehova o re bopile ka tsela eo. Ka hona, re ntse re ka kgona ho etsisa Jehova ka hore re be seatla se bulehileng, le hoja re ntse re sa phethahala tjena.

3 Bibele e re bolella ka moo re ka fanang ka seatla se bulehileng kateng. A re ke re hlahlobeng seo re ka ithutang sona Mangolong ka taba ena. Re tla ithuta ka moo ho fana ho ka etsang hore Modimo a re rate kateng le ka moo ho ka re thusang kateng hore re phethe mosebetsi oo a re fileng wona. Re tla boela re ithute hore na ho fana ho amana jwang le ho thaba le hore na ke hobaneng ha re lokela ho ba seatla se bulehileng.

SEO RE KA SE ETSANG E LE HORE MODIMO A RE AMOHELE

4, 5. Jehova le Jesu ba re behetse mohlala ofe tabeng ya ho fana?

4 Ka ha Jehova o batla hore re mo etsise, o a thaba ha re fana. (Baef. 5:1) Ho hlakile hore Jehova o batla hore re thabe. Re bona sena ka tsela eo a re bopileng ka yona le ka dintho tseo a di entseng. (Pes. 104:24; 139:13-16) Ka lebaka leo, re a mo tlotlisa ha re etsa hore ba bang le bona ba thabe.

5 Ka ha re Bakreste ba nnete, re lokela ho etsisa Kreste ka hore le rona re fane. Hobane Jesu o ile a re: ‘Mora motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moya wa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:28) Ke ka hona moapostola Pauluse a ileng a kgothalletsa Bakreste a re: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lona bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu . . . o ile a ikgokgotha mme a nka sebopeho sa lekgoba.” (Bafil. 2:5, 7) E ka ba hantle hore e mong le e mong wa rona a ke a ipotse: ‘Na ebe ke hloka ho latela mohlala wa Jesu haufiufi ho feta ka moo ke seng ke ntse ke o latela kateng?’—Bala 1 Petrose 2:21.

6. Ke thuto efe eo Jesu a re rutileng yona papisong ya Mosamaria ya nang le moya wa boahelani? (Sheba setshwantsho se qalong.)

6 Jehova o tla re amohela haeba re etsisa mohlala wa hae le wa Kreste ka hore re rate batho ba bang re be re ba thuse. Jesu o ile a etsa papiso ya Mosamaria ya nang le moya wa boahelani ho bontsha hore taba ena ke ya bohlokwa. (Bala Luka 10:29-37.) Na o sa hopola potso e ileng ya susumelletsa Jesu hore a be a etse papiso eo? Mojuda e mong o ne a ile a mo botsa a re: “Ha e le hantle moahelane wa ka ke mang?” Karabo ya Jesu e bontsha ka ho hlaka hore, e le hore Modimo a re amohele, re lokela ho fana ka seatla se bulehileng jwalo ka Mosamaria enwa.

7. Re ka bontsha jwang hore re a dumela hore tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona ke yona feela e lokileng?

7 Se ileng sa etsahala tshimong ya Edene, se re fa lebaka le leng la hore re be batho ba fanang. Satane o ile a bolella Adama le Eva hore ba ka thaba haeba ba ka itjheba bobona feela mme ba se ke ba mamela Modimo. Eva o ile a ba meharo ka ho nahana hore a ka tshwana le Modimo. Athe Adama yena, o ile a kgetha ho kgahlisa mosadinyana wa hae ho e na le ho kgahlisa Modimo. (Gen. 3:4-6) Ditlamorao tsa seo kaofela e ile ya ba masisapelo feela. Ho hlakile hore ha ho ka moo motho ya itjhebang boyena feela a ka thabang kateng. Empa ha re ba seatla se bulehileng, re tla be re bontsha hore re dumela hore tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona ke yona feela e lokileng.

PHETHAHATSA MOSEBETSI OO JEHOVA A RE FILENG WONA

8. Ke hobaneng ha Adama le Eva ba ne ba tlameha ho nahanela batho ba bang?

8 Le hoja Adama le Eva ba ne ba iphelela ba le babedi feela Edene, Modimo o ne a ba file ditaelo tse neng di lokela ho ba thusa hore ba nahanele batho ba bang. Modimo o ile a ba hlohonolofatsa mme a re ho bona ba ate ba tlale lefatshe mme ba le buse. (Gen. 1:28) Feela jwalo ka ha Modimo a ne a batla hore batho ba phele hamonate mona lefatsheng, Adama le Eva le bona ba ne ba lokela ho ikutlwa ka tsela e tshwanang ka bana ba bona ba neng ba so ka ba hlaha. Ba ne ba lokela ho atolosa lehae leo le letle bakeng sa bana ba bona. Ona e ne e le mosebetsi wa tonanahadi.

9. Ke hobaneng ha mosebetsi wa ho atolosa Edene o ne o tla etsa hore batho ba thabe?

9 E le hore batho ba phethahetseng ba etse hore lefatshe e be lehae le letle mme ba etse thato ya Modimo, ba ne ba tla lokela ho sebedisanammoho le yena. (Baheb. 4:11) O se o ka inahanela feela hore na oo e ne e tla ba mosebetsi o thabisang hakaakang. Jehova a ka be a ile a ba hlohonolofatsa hoja ba ne ba sa ka ba itjheba bobona feela.

10, 11. Re ka phethahatsa taelo eo re e fuweng ya ho bolela le ho etsa barutuwa jwang?

10 Kajeno Jehova o re file mosebetsi wa ho bolela molaetsa wa Bibele le ho etsa batho barutuwa. Ka hona, e le hore re phethe mosebetsi oo ka botlalo, re lokela ho rata batho. Re ka mamella mosebetsing ona ha feela re na le boikutlo bo nepahetseng ebile re rata Modimo le baahelani.

11 Pauluse o ile a re yena le bomphato ba hae ke “basebetsimmoho le Modimo,” hobane ba ne ba jala le ho nosetsa peo ya Mmuso. (1 Bakor. 3:6, 9) Le rona kajeno re ka ba “basebetsimmoho le Modimo” ka hore re fane ka nako, matla le dintho tse ding tsa rona ho phetha mosebetsi oo Modimo a re fileng wona wa ho etsa batho barutuwa. Ena ke tlotla e babatsehang e le kannete.

Ha hona ntho e thabisang ho feta ho thusa batho hore ba tsebe nnete ka Modimo (Sheba serapa sa 12)

12, 13. Ke melemo efe eo re ka e fumanang ha re etsa batho barutuwa?

12 Re tla thaba haeba re fana ka nako le matla a rona ho bolela molaetsa wa Bibele le ho etsa batho barutuwa. Mekaubere tabeng ena e ka o bolella hore ha ho na mosebetsi o monate ho feta ona. Ntho e re thabisang ka ho fetisisa ke ho bona ha tumelo ya batho bao re ithutang Bibele le bona e hola, ba etsa diphetoho ba bile ba qala ho bolella ba bang molaetsa ona. Jesu le yena o ile a thaba le barutuwa ba hae ba 70, ha ba kgutla ba thabile tshimong hobane ba ile ba atleha.—Luka 10:17-21.

13 Bahweletsi lefatsheng lohle le bona, ba a thaba ha ba bona molaetsa wa Bibele o thusa batho hore ba fetole bophelo ba bona. Ka mohlala, moradiwabo rona e mong e motjha ya bitswang Anna, o ile a eketsa tshebeletso ya hae ka hore a ye tlhokahalong sebakeng se seng se Eastern Europe. * O re: “Ntho eo ke e thabelang mona ke hore ho bonolo ho fumana batho ba ratang ho ithuta Bibele. Seo se etsa hore ke thabele tshebeletso ya ka haholo. Ha ke fihla hae, ke iphumana ke se na le nako ya ho nahana ka mathata a ka. Hobane ke dula ke nahana ka a batho bao ke ithutang le bona. Ke leka ho bona hore na nka ba kgothatsa le ho ba thusa jwang. Ke kgona ho bona ka ho hlaka hore ‘ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.’”—Lik. 20:35.

Ha re ya ka ntlo le ntlo, re fa motho e mong le e mong monyetla wa hore a fumane molaetsa wa Mmuso (Sheba serapa sa 14)

14. O ka thaba jwang tshebeletsong, esita le ha batho ba sa amohele molaetsa wa Bibele?

14 Re ntse re ka thaba esita le ha batho ba sa re mamele. Mosebetsi oo re o fuweng o tshwana hantle le oo Modimo a neng a o file Ezekiele. O ne a ile a re ho yena: “O ba bolelle mantswe a ka, ho sa tsotellehe hore na ba a utlwa kapa ba a hana.” (Ezek. 2:7; Esa. 43:10) Ka hona, re a tseba hore Jehova ha a kgelle mosebetsi wa rona fatshe le hoja batho ba se re mamele. (Bala Baheberu 6:10.) Mohweletsi e mong ya neng a na le maikutlo a matle ka tshebeletso ya hae o ile a re: “Re ile ra jala, ra nosetsa ra ba ra rapela re tshepile hore Jehova o tla hodisa seo re se jetseng.”—1 Bakor. 3:6.

KA MOO O KA THABANG KATENG

15. Batho ba bang ba ikutlwa jwang ka seo re ba fang sona, hona tsela eo ba itshwarang ka yona e lokela ho re ama jwang?

15 Jesu o batla hore re thabe ka hore re be seatla se bulehileng. Batho ba bangata ba a thaba ha ba fuwa dintho tse itseng. Ke ka hona a ileng a re: “Itlwaetseng ho fana, mme batho ba tla le fa. Ba tla tshela dikotleng tsa diaparo tsa lona tekanyo e ntle, e hlohlilweng, e hlokohlilweng le e tsholohang. Etswe tekanyo eo le lekanyang ka yona, ba tla le lekanyetsa ka yona ka ho tshwanang.” (Luka 6:38) Ke nnete hore hase batho bohle ba ananelang seo re ba fang sona. Le ha ho le jwalo, ba ananelang ba tla bona bonnete ba mantswe a reng: ‘Fa o fa fi.’ Ka hona, eba seatla se bulehileng, ebang batho ba a ananela kapa tjhe. Ho tseba mang hore ketsonyana e le nngwe feela ya ho fana e ka ba le ditlamorao dife!

16. Keng e lokelang ho re susumelletsa hore re be ba fanang?

16 Batho ba hlileng ba leng seatla se bulehileng ha ba fane ba lebelletse ho buseletswa ho itseng. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re: “Ha o lokisetsa mokete, o meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; mme o tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka o buseletsang ka lona.” (Luka 14:13, 14) Esita le mongodi e mong wa pesaleme o kile a re: “Ya leihlo le mosa o tla hlohonolofatswa.” Athe e mong yena o ile a re: “Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya tlase.” (Liprov. 22:9; Pes. 41:1) Ka hoo, ho hlakile hore re tla thaba haeba re thusa ba bang.

17. Ke dintho dife hape tseo haeba re fana ka tsona re ka thabang?

17 Ha Pauluse a qotsa mantswe a Jesu a reng: ‘Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela,’ o ne a sa bue feela ka ho fana ka dintho tse tshwarehang. Empa o ne a boetse a bua ka ho fana ka kgothatso, tataiso le ho fana ka thuso e itseng. (Lik. 20:31-35) Ka mantswe a mang, Pauluse o ne a re ruta hore re iphe nako ya ho ba le batho ba bang.

18. Bafuputsi ba bang ba reng ka taba ena ya ho fana?

18 Bafupitsi ba bang ba ithutileng tsela eo batho ba etsang dintho ka yona, ba hlokometse hore ke nnete hore batho ba fanang ba a thaba. Patlisiso e nngwe e re: “Batho ba tsoha molota ka mora hore ba etse ketsonyana e itseng e molemo bakeng sa batho ba bang.” Bafuputsi ba boetse ba re re tla thabela bophelo haeba re thusa batho ba bang. Ke ka hoo ditsebi di kgothalletsang batho hore ba ithaopele ho etsa ditshebeletso tsa setjhaba e le hore ba thabe bophelong. Le ha ho le jwalo, rona ha re makatswe ke diphuputso tsena, hobane haesale Jehova a re bolella hore ho fana ho tlisa thabo.—2 Tim. 3:16, 17.

LE KA MOHLA O SE KE WA KGAOTSA HO FANA KA SEATLA SE BULEHILENG

19, 20. Ke hobaneng ha o lokela ho ba seatla se bulehileng?

19 Ruri ho ka nyolosetsa hore re be batho ba seatla se bulehileng, etswe re phela hara batho ba itjhebileng bobona feela. Ke ka hoo Jesu a ileng a re ditaelo tse kgolo ka ho fetisisa, ke hore re rate Jehova ka pelo yohle, moya ohle, kelello yohle le ka matla ohle, le hore re rate moahelani. (Mar. 12:28-31) Jwalo ka ha re se re ithutile sehloohong sena, batho ba ratang Jehova ba a mo etsisa. Jehova le Jesu ba seatla se bulehileng. Ka lebaka leo, ba re kgothalletsa hore le rona re etse se tshwanang e le hore re tle re bone ha re fumana thabo e kgaphatsehang. Jwale, haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho fana ka seatla se bulehileng, re tla tlotlisa Jehova mme re tswele rona le ba bang molemo.

20 Ntle ho pelaelo o so ntso o qalelletse ho thusa ba bang, haholoholo badumedimmoho le wena. (Bagal. 6:10) Haeba o tshwara tsoho leo feela, o tla kgodiseha hore batho ba tla o rata le ho o ananela, hape o tla kgola ditholwana tse monate. Liproverbia 11:25 e re: “Moya kapa motho ya fanang ka seatla se bulehileng o tla nona, mme ya nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetswa ka bolokolohi.” Ka ha re Bakreste, re na le menyetla e mengata ya ho bontsha batho ba bang mosa le ho fana ka seatla se bulehileng ka ditsela tse fapaneng. Sehloohong se latelang, re tla bua ka ditsela tseo re ka bang seatla se bulehileng ka tsona.

^ par. 13 Lebitso la hae le fetotswe.