Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tseba Lintlha Kaofela?

Na U Tseba Lintlha Kaofela?

“Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.”—LIPROV. 18:13.

LIPINA: 126, 95

1, 2. (a) Re lokela ho ithuta ho etsa’ng, hona hobane’ng? (b) Re tla ithuta’ng sehloohong see?

KAHA re Bakreste, re lokela ho ithuta ho hlahloba litaba ’me re li sebelise ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 3:21-23; 8:4, 5) Haeba re sa etse joalo, ho ka ba bonolo hore Satane le batho ba hae ba re susumetse hampe. (Baef. 5:6; Bakol. 2:8) Hoa hlaka hore re tla etsa liqeto tse nepahetseng haeba re e-na le lintlha tse feletseng ka taba e itseng. Liproverbia 18:13 e re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.”

2 Sehloohong sena, re tla hlokomela hore na ke lintho life tse ka re sitisang hore re fumane lintlha kaofela ’me re etse liqeto tse nepahetseng. Re tla boela re ithute ka melao-motheo le mehlala e ka re thusang ho hlahloba litaba ka tsela e nepahetseng.

LE SE KE LA KHOLOA ‘LENTSOE LE LENG LE LE LENG’

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela keletso ea Liproverbia 14:15? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Mehleng ena batho ba foqoa litaba tse ngata tse hlahang Inthaneteng, thelevisheneng le mecheng e meng e mengata ea litaba. Ba bang ba fumana litaba ka hore ba romelloe melaetsa le ka ho buisana le metsoalle. Kaha batho ba bangata ba fetisa litaba tse fosahetseng, re lokela ho khetha ka hloko hore na ke lintho life tseo re li mamelang. Ke temana efe e ka re thusang? Liproverbia 14:15 e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”

4. (a) Lengolo la Bafilipi 4:8, 9 le ka re thusa joang ha re khetha lintho tseo re li balang? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba lintlha kaofela? (Sheba lebokose le reng “ Lintlha Tse ka u Thusang ho Tseba Litaba Kaofela.”)

4 Re hloka ho tseba lintlha ka botlalo e le hore re etse liqeto tse nepahetseng. Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha lintho tseo re li balang. (Bala Bafilipi 4:8, 9.) Ha rea lokela ho senya nako ka ho bala litaba liwebsaeteng tseo re sa kholisehang hantle ka tsona. Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore re qobe ho kena liwebsaeteng tsa bakoenehi. Sepheo sa bona ke ho senya Lipaki Tsa Jehova lebitso le ho bua mashano ka mosebetsi oa rona. Ha re sa tsebe lintlha kaofela re ka etsa liqeto tse fosahetseng. Le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore ho kena liwebsaeteng tse joalo ho ke ke ha re khelosa.—1 Tim. 6:20, 21.

5. Baiseraele ba ile ba kholoa leshano lefe, hona taba eo e ile ea ba ama joang?

5 Ho lumela litaba tseo e seng ’nete ho ka ba kotsi. Mohlala, nahana ka lihloela tse 12 tseo Moshe a neng a li romme hore li il’o hloela Naha e tšepisitsoeng, tse 10 tsa tsona li ile tsa fana ka tlaleho e fosahetseng. (Num. 13:25-33) Lihloela tseo li ile tsa feteletsa litaba eaba li tšosa batho ba Jehova. (Num. 14:1-4) Ke hobane’ng ha batho ba ne ba tšohile? Mohlomong ba ile ba kholoa lihloela tseo tse 10 kaha li ile tsa lumellana ka ntho e tšoanang. Empa ba ile ba hana ho mamela tse ling tse peli e leng Joshua le Kalebe le hoja bona ba ile ba fana ka tlaleho e nepahetseng. (Num. 14:6-10) Ho e-na le hore ba batle ho tseba lintlha kaofela le ho tšepa Jehova, ka booatla ba ile ba kholoa mashano.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ha ho buuoa hampe ka batho ba Jehova?

6 Re lokela ho ba hlokolosi ha ho buuoa hampe ka batho ba Jehova. Ha rea lokela ho lebala hore Satane o qosa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang. (Tšen. 12:10) Kahoo, ha Jesu a bua ka bahanyetsi ba rona o ile a re ka “leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo” ka rona. (Mat. 5:11) Haeba re ikemiselitse ho mamela temoso eo, re ke ke ra tšoha ha ho buuoa hampe ka batho ba Jehova.

7. Ke lipotso life tseo u lokelang ho ipotsa tsona pele u romella motho molaetsa?

7 Na u thabela ho romellana melaetsa le metsoalle ea hao? Haeba ho joalo, mohlomong ha u utloa ntho e itseng litabeng kapa u utloa batho ba bua ka eona, u batla ho ba motho oa pele ea bolellang ba bang ka eona. Leha ho le joalo, pele u romela molaetsa ipotse lipotso tse kang, ‘na taba ee eo ke batlang ho e romella ba bang ke ’nete? Na ke tseba lintlha tse feletseng ka eona?’ Haeba u sa kholiseha hantle, u ka qetella u jetse mashano har’a Bakreste-’moho le uena u sa hlokomele. Kahoo, ho ka ba molemo hore u se ke oa romella molaetsa oo.

8. (a) Bahanyetsi ba bang ba rona ba ile ba etsa’ng? (b) Rona re lokela ho etsa’ng?

8 Ho boetse ho ka ba kotsi haeba re ka potlakela ho romela melaetsa. Libakeng tse ling, mosebetsi oa rona o thibetsoe. Kahoo, libakeng tse joalo bahanyetsi ba rona ba ka re ferekanya ka ho bua mashano. Nahana ka lintho tse neng li etsahala linaheng tse tlas’a Soviet Union. Mapolesa a mautloela a neng a bitsoa KGB, a ile a hasa mashano ka barab’abo rona ba hlaheletseng ’me ba re ba tsoile Lipaki tse ling tlaase. * Ka bomalimabe Lipaki tse ngata li ile tsa kholoa mashano ao ’me hamorao tsa ikarola mokhatlong oa Jehova. Empa hoa thabisa hore ebe Lipaki tse ling li ile tsa khutlela ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Leha ho le joalo, ba bang ha baa ka ba khutla hobane ba ile ba felloa ke tumelo. (1 Tim. 1:19) Re ka qoba kotsi e joalo joang? Re lokela ho qoba ho hasa litaba tseo re sa kholisehang ka tsona. Ha rea lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Re boetse re lokela ho tseba lintlha kaofela.

LITABA TSE SA FELLANG

9. Ke’ng e etsang hore ho be thata ho fumana litaba tse nepahetseng?

9 Ka linako tse ling ho ka ba thata ho etsa liqeto tse nepahetseng kaha litlaleho tse ngata li tsoaka ’nete le leshano. Tse ling li bua ’nete e sa fellang. Kahoo, ha rea lokela ho tšepa litaba tsa mofuta oo. Ke joang re ka qobang ho thetsoa ke litlaleho tse joalo?—Baef. 4:14.

10. (a) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ka lehlakoreng le ka bophirimela ba ile ba batla ba hlasela ba ka bochabela? (b) Ba ile ba thusoa ke’ng hore ba se ke ba ba hlasela?

10 Nahana ka ntho e ileng ea etsahalla Baiseraele ba neng ba lula lehlakoreng le ka bophirimela ho noka ea Jordane mehleng ea Joshua. (Josh. 22:9-34) Ba ile ba utloa tlaleho e reng Baiseraele ba moloko oa Rubene, oa Gade le halofo ea moloko oa Manase (e leng meloko e neng e lula ka bochabela ho Jordane) ba hahile aletare e kholo haufi le Jordane. Karolo eo ea litaba e ne e le ’nete. Ka lebaka leo, Baiseraele ba ka bophirimela ho Jordane ile ba etsa qeto ea hore meloko ena e meng e sitetsoe Jehova. Kahoo ba ile ba halefa eaba ba etsa qeto ea ho ea ba loantša. (Bala Joshua 22:9-12.) Empa pele ba ka ea ho ea ba loantša, ba ile ba romela banna bao ba neng ba ba tšepa hore ba tle le lintlha tse feletseng. Ba ile ba hlokomela eng? Baiseraele ba moloko oa Rubene, oa Gade le halofo ea moloko oa Manase ba ne ba hahile aletare e le sehopotso, eseng bakeng sa ho etsetsa mahlabelo ho eona. Sepheo sa ho haha aletare eo e ne e le hore batho ba tle ba bone hore le bona ba ne ba tšepahalla Jehova. Hoa thabisa hore ebe Baiseraele bao ha baa ka ba bolaea bana babo bona pele ba ka tseba lintlha tse feletseng.

11. (a) Davida o ile a hlokela Mefiboshethe toka joang? (b) Davida a ka be a ile a qoba boemo boo joang?

11 Le rona re ka utloisoa bohloko ke ha batho ba bua karolo e itseng ea litaba eo e leng ’nete ka rona empa ba qetella ka mashano a ka re senyang lebitso. Nahana ka mohlala oa Davida le Mefiboshethe. Davida o ile a ba mosa ho Mefiboshethe eaba o mo khutlisetsa tšimo ea ntate-moholo oa hae, Saule. (2 Sam. 9:6, 7) Leha ho le joalo, hamorao Davida o ile a utloa tlaleho e mpe ka Mefiboshethe. Davida o ile a betoa ke pelo eaba o nka lintho tsohle tsa Mefiboshethe le hoja a ne a e-s’o fumane lintlha tse feletseng. (2 Sam. 16:1-4) Hamorao Davida o ile a buisana le eena eaba o ipona molato ’me a khutlisetsa lintho tsohle ho eena. (2 Sam. 19:24-29) Davida a ka be a sa ka a hlokela Mefiboshethe toka hoja o ile a batla lintlha tse feletseng.

12, 13. (a) Jesu o ile a etsa’ng ha batho ba bua mashano ka eena? (b) Re lokela ho etsa’ng ha motho a bua mashano ka rona?

12 Re lokela ho etsa’ng ha motho a bua mashano ka rona? Jesu le Johanne ba ile ba etsahalloa ke ntho e joalo. (Bala Matheu 11:18, 19.) Jesu o ile a etsa’ng? Ha aa ka a qeta nako ea hae le matla a ntse a leka ho itšireletsa. Ho e-na le hoo, o ile a khothalletsa batho hore ba shebe lintho tseo a neng a li etsa le tseo a neng a li ruta. O ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona.”—Mat. 11:19.

13 Ho na le ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho ithuta eona. Ka linako tse ling batho ba ka bua lintho tse fosahetseng ka rona tse ka re senyang lebitso. Leha ho le joalo, ho na le ntho eo re ka e etsang. Haeba motho a bua mashano ka rona, re lokela ho etsa lintho ka tsela eo batho ba tla bona hore ho ne ho buuoe mashano feela ka rona. Joalokaha re ithutile ho Jesu, tsela eo re phelang ka eona e tla bontša batho hore lintho tse fosahetseng tse buuoeng ka rona ha se ’nete.

U SE KE UA ITŠEPA HO TLOLA

14, 15. Ke joang ho ka bang kotsi ho itšetleha ka hore na re tseba lintho hakae?

14 Re bone hore ha ho bonolo ho tseba lintlha kaofela tse ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng. Bothata bo bong ke ho se phethahale. E ka ’na eaba re sebelelitse Jehova ka lilemo tse ngata. Mohlomong re se re khona ho nahana ka tsela e nepahetseng e re thusang hore re etse liqeto tse bontšang hore re bohlale. Batho ba bang ba ka re hlompha hobane re khona ho etsa liqeto tse nepahetseng. Empa na taba ee ekaba bothata ho rona?

15 Ho ka ba joalo haeba re itšetleha ka hore na re tseba lintho hakae. Ho ka etsahala hore re lumelle tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona hore e re laole. Ho ka ba kotsi haeba ka linako tse ling re ka nahana hore re utloisisa boemo bo itseng le hoja re sa tsebe lintlha kaofela. Bibele e re re se ke ra itšetleha ka kutloisiso ea rona.—Liprov. 3:5, 6; 28:26.

16. Mor’abo rona Sello o ile a bona’ng ha a le reschorenteng, hona o ile a nahana’ng?

16 Nahana ka mohlala ona oa baholo ba babeli bao re tla ba bitsa mor’abo rona Sello le mor’abo rona Litaba. A re re bosiung bo bong ha mor’abo rona Sello a le reschorenteng, o bona mor’abo rona Litaba a e-na le ’mè e mong eo e seng mosali oa hae. Joale o bona ba hakana, ba tšeha, ba iketlile ba bile ba thabetse ho ba ’moho. Taba ena e ferekanya mor’abo rona Sello haholo. Mohlomong oa ipotsa hore na Mor’abo rona Litaba o tl’o hlala mosali. Le hore na ho tla etsahala’ng ka bana ba hae. E ne e se lekhetlo la pele a bona ntho e tšoanang le ena. U ka be u entse’ng ha u ne u le mor’abo rona Sello?

17. Mor’abo rona Sello o ile a ithuta’ng ka mor’a ho buisana le mor’abo rona Litaba, hona re ithuta’ng tabeng ee?

17 Le hoja mor’abo rona Sello a ile a etsa qeto ea hore mor’abo rona Litaba ha aa tšepahalla molekane oa hae, na o ne a tseba lintlha kaofela? Hamorao hona bosiung boo, mor’abo rona Sello o ile a letsetsa mor’abo rona Litaba. E tlameha ebe ho ile ha re kokololo ha mor’abo rona Sello a utloa hore ’mè eo ke khaitseli ea mor’abo rona Litaba, eo ba neng ba qetelane khale. Le hore molekane oa mor’abo rona Litaba ha aa ka a khona ho ba le bona. Ka lehlohonolo, mor’abo rona Sello ha aa ka a bolella batho ba bang ka taba ena. Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Bakreste, re ntse re lokela ho tseba lintlha kaofela.

18. Ke eng e ka etsang hore re kholoe lintho tse fosahetseng ka Mokreste-’moho le rona?

18 Ntho e ’ngoe e ka re thatafalletsang ho hlahloba litaba ka tsela e nepahetseng ke haeba re sa utloane le Mokreste e mong. Haeba re lula re nahana hore na batho ba bang ba re siteloa hangata hakae, re ka qetella re se re sa ba tšepe. Kahoo haeba re utloa Mokreste eo a buuoa hampe, ho ka etsahala hore re potlakele ho kholoa taba e joalo. Re ithuta’ng? Re ka etsa liqeto tse fosahetseng ka Mokreste-’moho le rona hobane re ikutloa ka tsela e sa nepahalang ka eena. Lebaka le leng hape ke hore re tla be re sa tsebe lintlha kaofela. (1 Tim. 6:4, 5) Re lokela ho tlosa menahano e fosahetseng lipelong tsa rona. Ho e-na le hore re nahane ka tsela eo, re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela Mokreste-’moho le rona ho tsoa pelong re be re mo rate.—Bala Bakolose 3:12-14.

MELAO-MOTHEO EA BIBEL E EA RE SIRELETSA

19, 20. (a) Ke melao-motheo efe e ka re thusang hore re etse liqeto tse nepahetseng? (b) Re tla hlahloba’ng sehloohong se latelang?

19 Mehleng ena, ho thata ho fumana lintlha kaofela kaha boholo ba tsona ke leshano, ha tse ling li tsoaka ’nete le leshano. Lebaka le leng ke hore ha rea phethahala. Re ka thusoa ke eng? Re lokela ho tseba melao-motheo ea Bibele re be re e sebelise. Molao-motheo o mong o re ke booatla ho araba taba pele re utloa lintlha kaofela. (Liprov. 18:13) O mong oona o re se ke ra amohela taba feela ntle ho mabaka a utloahalang. (Liprov. 14:15) Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e telele hakae re le Bakreste, ha rea lokela ho etsa lintho ho ea kamoo re li utloisisang kateng. (Liprov. 3:5, 6) Melao-motheo e ka re thusa haeba re batla ho tseba lintlha kaofela ho tsoa mehloling e tšepahalang e le hore re etse liqeto tse nepahetseng.

20 Ho boetse ho na le bothata bo bong hape. Ke tloaelo ea ho kala batho ka mahlo feela. Sehloohong se latelang re tla hlahloba lintho tse ka re thusang hore re qobe ho kala batho ka mahlo.

^ ser. 8 Bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004 maq. 111-112, le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008 maq 133-135.