Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o na le Dintlha Kaofela?

Na o na le Dintlha Kaofela?

“Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utlwa, hoo ke bowatla ho yena le tlotlollo.”—LIPROV. 18:13.

DIPINA: 126, 95

1, 2. (a) Ke bokgoni bofe ba bohlokwa boo re lokelang ho ba le bona, hona hobaneng? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong sena?

KA HA re ba Bakreste, re lokela ho ba le bokgoni ba ho hlahlobisisa tlhahisoleseding e le hore re kgone ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Liprov. 3:21-23; 8:4, 5) Haeba re sa etse boiteko ba hore re be le bokgoni bona, Satane le batho ba mo tshehetsang ba tla re kgelosa habonolo feela. (Baef. 5:6; Bakol. 2:8) Re lokela ho ba le dintlha kaofela e le hore re fihlele diqeto tse nepahetseng. Etswe le Liproverbia 18:13 e re, “ha mang kapa mang a araba taba pele a e utlwa, hoo ke bowatla ho yena le tlotlollo.”

2 Sehloohong sena, re tlo tshohla hore na ke hobaneng ha ho le thata hakana hore re fumane dintlha kaofela e le hore re etse diqeto tse nepahetseng. Re tla boela re hlahlobisise melaomotheo ya Bibele le mehlala e meng e ka re thusang hore re ntlafatse bokgoni bona.

O SE KE WA DUMELA LENTSWE LE LENG LE LE LENG

3. Ke hobaneng ha re hloka ho sebedisa molaomotheo wa Bibele o hlahang ho Liproverbia 14:15? (Sheba setshwantsho se qalong.)

3 Kajeno batho ba foqwa tlhahisoleseding ka mona le ka mona. Diwebsaete, TV le metjha ya phatlalatso ke tse ding tsa dintho tse fanang ka tlhahisoleseding e thibang letsatsi. Metswalle le batho bao re ba tsebang, ba re phakgella ka melaetsa e mengatangata ya founu le ya E-meile. Ka hoo, re lokela ho ba sedi ka dintho tseo re di utlwang le tseo re di fetisetsang ho ba bang, etswe kajeno batho ba bangata ba ikemiseditse ho jala mashano ka boomo. Ke molaomotheo ofe wa Bibele o ka re thusang? Liproverbia 14:15 e re: “Mang kapa mang ya se nang phihlelo o beha tumelo lentsweng le leng le le leng, empa ya masene o nahana ka mehato ya hae.”

4. Bafilipi 4:8 e re thusa jwang ha re kgetha mofuta wa ditaba tseo re di balang, hona ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re be le tlhahisoleseding e nepahetseng? (Sheba le lebokose la “ Dithulusi Tse ka re Fang Tlhahisoleseding e Nepahetseng.”)

4 Re lokela ho ba le tlhahisoleseding e nepahetseng e le hore re etse diqeto tse nepahetseng. Ka hoo, re lokela ho ba hlokolosi ha re kgetha seo re tla se bala. (Bala Bafilipi 4:8, 9.) Ha re a lokela ho senya nako ya rona ka ho bala diwebsaete tse belaetsang tsa ditaba, kapa ka ho bala ditlaleho tse se nang bopaki tseo re di fumanang ka E-meile. Habohlokwa le ho feta, re lokela ho qoba ho kena diwebsaeteng tsa bakwenehi. Etswe ba sotha nnete hobane ba batla ho re kgelosa. Haeba re na le tlhahisoleseding e fosahetseng, re tla etsa diqeto tse fosahetseng. O se ke wa ithetsa! Tlhahisoleseding e fosahetseng e kotsi ebile e ka lematsa monahano le pelo ya hao.—1 Tim. 6:20, 21.

5. Baiseraele ba ile ba utlwa tlaleho efe ya bohata, hona e ile ya ba ama jwang?

5 Ho dumela tlaleho ya bohata ho kotsi. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ya Moshe. Dihlwela tse 10 tse neng di ronngwe ho ya hlwela Naha e Tshepisitsweng, di ile tsa tlisa tlaleho e fosahetseng. (Num. 13:25-33) Di ile tsa bua hampe ka naha ya Kanana tsa ba tsa fetelletsa ditaba hoo Baiseraele ba ileng ba tshoha ba ba ba nyahama. (Num. 14:1-4) Ke hobaneng ha Baiseraele ba ile ba ikutlwa jwalo? Mohlomong ka ha e ne e le dihlwela tse ngata tse neng di fana ka tlaleho eo, ba ile ba nahana hore e tlameha ebe ke nnete. Ba ile ba hana ho mamela dihlwela tse pedi tse neng di bua hantle ka Naha e Tshepisitsweng. (Num. 14:6-10) Ho e na le hore ba tshepe Jehova mme ba batlisise dintlha kaofela, ba ile ba kgolwa dihlwela tse 10 tse maka. Boo e ne e le botlatla bo bokaakang.

6. Ke hobaneng ha re sa lokela ho makala ha re utlwa batho ba bua hampe ka bahlanka ba Jehova?

6 Re lokela ho ba hlokolosi le ho feta ha re utlwa ho buuwa hampe ka bahlanka ba Jehova. Le ka mohla o se ke wa lebala hore Satane o a re qosa. (Tšen. 12:10) Ho ekelletsa moo, Jesu o ile a re bahanyetsi ba ne ba tla bua mashano ka rona ba be ba bue le “ntho ya mofuta o mong le o mong e kgopo” ka rona. (Mat. 5:11) Ka sebele, haeba re utlwisisa temoso ena hantle, re ke ke ra tshoha ha re utlwa ditlaleho tse mpe ka bahlanka ba Jehova.

7. Re lokela ho ipotsa dipotso dife pele re fetisa molaetsa ka founo kapa ka E-meile?

7 Na o rata ho romella metswalle le batho bao o ba tsebang melaetsa ka founo kapa ka E-meile? Haeba ho jwalo, na ha o utlwa ho buuwa ka ntho e itseng ditabeng, o ye o ikutlwe jwalo ka moqolotsi wa ditaba, ya batlang hore e be yena wa pele wa ho hlaha ka ditaba tse itlhommeng pele? Empa e ka ba hantle hore pele o fetisa taba eo, o ipotse: ‘Ke kgodisehile hakae hore taba ena ke nnete? Na ebe ke na le bopaki?’ Haeba o sa kgodiseha, o ka iphumana o jetse mashano ka hara phutheho o sa hlokomele. Ka hona, e ka ba bohlale hore o dilite molaetsa oo mme o se ke wa o senda.

8. Keng seo bahanyetsi ba ileng ba se etsa dinaheng tse ding, mme re ka iphumana re ba tshehetsa jwang re sa hlokomele?

8 Ho na le lebaka le leng hape le bontshang kotsi ya ho potlakela ho fetisa melaetsa ka founu kapa E-meile. Mosebetsi wa rona wa boboledi o thibetswe dinaheng tse ding. Bahanyetsi ba rona dinaheng tseo, ba ka nna ba jala mashano ka rona e le ha ba batla hore re tshohe kapa re qabane. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala dinaheng tsa Soviet Union. Mapolesa a bitswang KGB, a ile a re barababo rona ba nang le boikarabelo ka phuthehong ha ba tshepahale yaba a hasa mashano ka bona. * Ba bangata ba ile ba kgolwa mashano ao mme ba ngala phutheho. Ena e ile ya ba taba e bohloko hakakaang. Ho thabisang ke hore hamorao ba bang ba ile ba hlaphohelwa mme ba kgutla. Empa ba bang bona ha ba a ka ba kgutla. Tumelo ya bona e ile ya senyeha jwalo ka sekepe se swahlamaneng. (1 Tim. 1:19) Rona re ka qoba tlokotsi eo jwang? Ka hore re se ke ra fetisa ditaba tse nyahamisang, tseo re se nang bopaki ba tsona. O se ke wa ithetsa mme wa ya le kgongwana hodimo. Leka ho fumana hore na taba eo ke nnete kapa jwang.

BOPAKI BO SHOTANG

9. Keng hape e ka etsang hore ho be thata ho fumana tlhahisoleseding e nepahetseng?

9 Ha re se na dintlha kaofela mabapi le taba e itseng, seo se ka etsa hore ho be thata ho etsa diqeto tse nepahetseng. Ditlaleho tse sa faneng ka dintlha kaofela ha di tshepahale ebile di ka re kgelosa. Ebe re ka di qoba jwang?—Baef. 4:14.

10. Ke hobaneng ha Baiseraele ba ile ba batla ba lwantsha barababo bona, hona ba ile ba qoba seo jwang?

10 Hopola se ileng sa etsahalla Baiseraele ba neng ba dula ka bophirima ba Noka ya Jordane mehleng ya Joshua. (Josh. 22:9-34) Ba ne ba fumane tlaleho ya hore barababo bona ba dulang ka botjhabela ba Jordane, e leng leloko la Rubene, Gade le la Manase, ba ne ba hahile aletare e kgolo haufi le Jordane. Empa ba ne ba se na dintlha kaofela ka taba ena. Ka lebaka leo, ba etsa qeto ya hore barababo bona ba ka botjhabela ba hlanohetse Jehova. Yaba ba itukisetsa ho ba futuhela. (Bala Joshua 22:9-12.) Ho thabisang ke hore pele ba hlasela, ba ile ba roma sehlopha sa banna ho ya batlisisa dintlha ka botlalo. Ebe banna bana ba ile ba fumana eng? Ba ile ba fumana hore barababo bona ba ne ba sa haha aletare eo bakeng sa ho etsetsa medimo ya bohata mahlabelo. Empa ba ne ba e hahile hore e be bopaki ba hore le bona e kile yaba barapedi ba tshepahalang ba Jehova. E tlameha ebe Baiseraele bana ba ka bophirima, ba ile ba thaba hore ebe ha ba a ka ba lwantsha barababo bona. Empa ho e na le hoo, ba ile ba batlisisa pele e le hore ba be le dintlha kaofela.

11. (a) Keng e ileng ya etsa hore Davida a tshware Mefiboshethe ka leeme? (b) Hona a ka be a ile a qoba seo jwang?

11 Le rona ka dinako tse ding re ka tshwarwa ka leeme ka lebaka la batho ba hasang mashano ka rona. A re ke re ithuteng mohlaleng wa Morena Davida le Mefiboshethe. Davida o ile a ba mosa ho Mefiboshethe ka hore a mo kgutlisetse naha eo e neng e le ya Ntatemoholo wa hae Saule. (2 Sam. 9:6, 7) Hamorao, o ile a utlwa tlaleho e mpe ka Mefiboshethe. Empa ha a a ka a batlisisa hore na tlaleho eo ke nnete kapa tjhe. Ho e na le hoo, o ile a amoha Mefiboshethe thepa yohle ya hae. (2 Sam. 16:1-4) Davida o ile a lemoha phoso ya hae ka mora hore a bue le Mefiboshethe, yaba o mo buseletsa tse ding tsa dintho tseo a neng a mo amohile tsona. (2 Sam. 19:24-29) Davida a ka be a ile a qoba ho tshwara Mefiboshethe hampe haeba a ne a ile a batlisisa pele a etsa qeto hore na tlaleho eo a e utlwileng ke nnete kapa tjhe.

12, 13. (a) Jesu o ile a etsang ha batho ba ne ba bua mashano ka yena? (b) Hona rona re ka etsang ha batho ba bua mashano ka rona?

12 O ne o ka etsang haeba batho ba bua mashano ka wena? Seo ke sona se ileng sa etsahalla Jesu le Johanne Mokolobetsi. (Bala Matheu 11:18, 19.) Ebe Jesu o ile a etsang ha batho ba ne ba bua mashano ka yena? Ha a a ka a ikgathatsa ka hore a leke ho ikemela. Ho e na le hoo, o ile a kgothalletsa batho hore ba hlahlobisise hore na seo ba se utlwang ke nnete kapa tjhe, ka hore ba shebe dintho tseo a di etsang le ho di ruta. Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakwa ke mesebetsi ya bona hore bo lokile.”—Mat. 11:19.

13 Ho na le ntho ya bohlokwa eo re ka ithutang yona ho Jesu. Ka dinako tse ding batho ba ka bua dintho tse mpe ka rona tse re senyang lebitso. Re ka etsang ha re le boemong boo? Haeba motho a bua leshano ka rona, re ka phela ka tsela e tla etsa hore batho ba bone ka ho hlaka hore motho eo o leshano. Jwalo ka ha re bone mohlaleng wa Jesu, boitshwaro ba rona bo botle ba Bokreste bo ka etsa hore batho ba se ke ba kgolwa mashano ao ba a utlwang ka rona.

NA O ITSHEPA HO TLOLA?

14, 15. Ke hobaneng ha re sa lokela ho itshetleha ka kutlwisiso ya rona?

14  Re se re ithutile hore ho ka ba thata ho fumana dintlha tse nepahetseng tse re thusang ho etsa diqeto tse hantle. Ho se phethahale ke lebaka le leng le etsang hore ho be thata. Mohlomong re se re sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata. Mme ka lebaka leo, re se re tseba ho etsa dintho ka bohlale. Kapa mohlomong batho ba bangata ba a re hlompha hobane re dula re etsa dintho hantle. Na ebe seo se ka fetoha leraba?

15 Ka sebele re ka iphumana re le mathateng haeba re itshetleha ka kutlwisiso ya rona. Tsela eo re nahanang ka yona e ka qala ho laolwa ke maikutlo a rona. Ebe re qala ho nahana hore rona re bomakgonatsohle le hore re ka utlwisisa boemo bo bong le bo bong le pele re etsa dipatlisiso. Ruri ena e ka ba kotsi e tshabehang. Bibele e re lemosa hore re se ke ra itshetleha ka kutlwisiso ya rona kapa ra itshepa ho tlola.—Liprov. 3:5, 6; 28:26.

16. Mohlaleng ona wa Tom, keng se etsahalang ha a le restjhurenteng, hona o ne a nahanang?

16 Nahana ka mohlala ona o latelang. Ka letsatsi le leng morabo rona Tom eo e bileng moholo ka nako e telele, o bona moholo e mong ya bitswang John, a dutse le mosadi e mong eo e seng molekane wa hae tafoleng ka restjhurenteng bosiu. Ho bonahala ba ne ba bobotheha ehlile eka ba ja monate. Ha Tom a ntse a shebile, o bona ba tsheha hamonate ba bile ba hakana. Jwale Tom o a kgathatseha mme o qala ho ipotsa: ‘Na ebe sena se tla senya lenyalo la John? Ebe ho tla etsahalang ka mosadi wa John? Ho thweng ka bana ba bona?’ Tom o se a kile a bona malapa a mangata a qhalana ka lebaka la dintho tse tjena. Haeba e ne e le wena ya bonang ketsahalo ena, o ne o tla etsang?

17. Tom o ile a ithuta thuto efe ya bohlokwa, hona rona re ka ithutang?

17 Empa butle pele. Le hoja Tom a ile a fihlela qeto ya hore John ha a tshepahalle mosadi wa hae, na o ne a na le bopaki? Hamorao bosiung boo, Tom o ile a letsetsa John. O se o ka inahanela feela hore na Tom o ile a imoloha hakakaang ha a utlwa hore mosadi yane ke Ausi wa John ya neng a mpa a fapohetse feela bosiung boo. Ho ne ho se ho fetile dilemo tse ngata ba sa bonane. Ka ha o ne a feta mme a sa tlo qeta nako e telele, ba ne ba ka kgona feela ho kopana restjhurenteng. Empa mosadi wa John o ne a ke ke a kgona ho ba teng moo le bona. Tom o ile a thaba hore ebe ha a a ka a tsamaya a ntse a jalajala taba ena eo a neng a se na bonnete ba yona. Re ithutang tabeng ena? Ho sa tsotellehe hore na re se re sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata hakae, re ntse re hloka ho etsa dipatlisiso pele re ka etsa diqeto.

18. Keng e ka etsang hore re kgolwe batho ha ba bua mashano ka e mong wa barababo rona?

18 E ka ba phephetso hore re hlahlobe ditaba hantle haeba ho ameha morabo rona eo re sa utlwaneng le yena. Haeba re dula re batlana le dintho tseo re sa utlwaneng ka tsona, re ke ke ra tshepa bara le baradibabo rona. Ka hoo, haeba re utlwa dintho tse mpe ka bona, ho tla ba bonolo hore re di kgolwe. Jwale re ithutang tabeng ena? Ho kwatela barababo rona nako e telele, ho tla etsa hore re ba ahlole le hoja re se na mabaka a utlwahalang. (1 Tim. 6:4, 5) Ka hona, ha re a lokela ho jella badumedimmoho le rona mona. Ho e na le hore re jare barababo rona ka pelo, re lokela ho hopola hore Jehova o batla re ba rate ka pelo yohle re be re ba tshwarele ka bolokolohi.—Bala Bakolose 3:12-14.

RE TLA SIRELETSWA KE MELAOMOTHEO YA BIBELE

19, 20. (a) Ke melaomotheo efe ya Bibele e ka re thusang hore re hlahlobisise hore na tlhahisoleseding e itseng ke nnete? (b) Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

19 Ho thata ho fumana dintlha kaofela tabeng e itseng le ho hlahlobisisa hore na tlhahisoleseding e itseng e nepahetseng kapa tjhe. Lebaka ke hore ha re a phethahala ebile kajeno batho ba bangata ha ba ntshe dintlha kaofela ha ba fana ka ditlaleho. Jwale ebe re ka thuswa keng? Re ka thuswa ke ho tseba melaomotheo le ho e sebedisa. O mong wa melaomotheo eo o re ke bowatla ho araba taba le pele o e utlwa hantle. (Liprov. 18:13) O mong wona o re ha re a lokela ho kgolwa taba pele re e batlisisa. (Liprov. 14:15) Ho sa tsotellehe hore na re sebeleditse Jehova ka dilemo tse kae, ha re a lokela ho itshetleha ka kutlwisiso ya rona. (Liprov. 3:5, 6) Melaomotheo e tla re sireletsa haeba re sebedisa tlhahisoleseding e nepahetseng hore re etse diqeto ka bohlale.

20 Ho boetse ho na le lebaka le leng hape le ka etsang hore ho be thata ho fumana nnete. Lebaka leo, ke ho tlwaela ho ahlola dintho ho latela seo re se bonang feela. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba dikotsi tsa ho ahlola dintho ho latela seo re se bonang. Re tla boela re bone ka moo re ka ho qobang kateng.

^ par. 8 Bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004, leq. 111-112, le Buka ea Selemo ea 2008, leq. 133-135.