Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke oa Kala Batho ka Mahlo

U se ke oa Kala Batho ka Mahlo

“Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.”—JOH. 7:24.

LIPINA: 142, 123

1. (a) Moprofeta Esaia o ile a profeta eng ka Jesu? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe aa a re khothatsa?

MOPROFETA ESAIA o ile a re Jesu Kreste “a ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae.” Empa “o tla ahlola ba tlaase ka ho loka.” (Esa. 11:3, 4) Mantsoe ana a re khothatsa haholo hobane re phela har’a batho ba nang le khethollo. Kahoo, re labalabela ho ba le morena eo moprofeta Esaia a buileng ka eena hore o tla ahlola lichaba ka toka.

2. (a) Jesu o re laetse hore re etse’ng? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong see?

2 Kaha ha rea phethahala, re ke ke ra khona ho ahlola batho joaloka Jesu. Leha ho le joalo, letsatsi le letsatsi re lula re ahlola batho ba bang, re ba kala ka mahlo feela. Empa Jesu o ile a re: “Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.” (Joh. 7:24) Hoa hlaka hore Jesu o ne a batla hore re tšoane le eena ka hore re se ke ra ahlola batho ka maemo a bona. Sehloohong sena re tla hlahloba likarolo tse tharo tseo ho tsona batho ba atisang ho ahlola ba bang ka tsona, e leng morabe, maemo a lichelete le lilemo. Karolong ka ’ngoe re tla hlokomela hore na re ka mamela taelo ea Jesu joang.

MORABE

3, 4. (a) Ke’ng e ileng ea thusa moapostola Petrose hore a fetole tsela eo a neng a nahana ka eona? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Jehova o ile a thusa Petrose hore a utloisise eng?

3 Ak’u nahane hore na moapostola Petrose o ne a nahana ka eng ha a bitsetsoa motseng oa Cesarea ntlong ea molichaba ea bitsoang Korneliase. (Lik. 10:17-29) Petrose le Bajuda ba bang ba ne ba lumela hore balichaba ha baa hloeka. Empa ho na le ntho e ileng ea etsa hore Petrose a fetole tsela eo a nahanang ka eona. Mohlala, Molimo o ile a mo bontša pono. (Lik. 10:9-16) O ile a bona’ng? O ile a bona sejana se tšetseng liphoofolo tse sa hloekang se theoleloa ka pel’a hae joaloka lesela eaba o utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Petrose, ema, u hlabe ’me u je!” O ile a hana ka makhetlo a mararo. Makhetlong ana ao a hanneng ka ’ona, o ile a utloa lentsoe le tsoang leholimong le re a ‘khaotse ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng li silafetse.’ Ha a tsoha o ile a ipotsa hore na ebe Jehova o ne a batla ho mo ruta eng. Hang-hang, manģosa a Korneliase a ile a fihla ho Petrose. Ka mor’a hore Petrose a tataisoe ke moea o halalelang, kapele-pele o ile a tsamaea le manģosa ao ho ea ntlong ea Korneliase.

4 Kaha Petrose o ne a sa ahlole Korneliase ho latela boemo, o ile a lumela ho ea ntlong ea hae. Bajuda ba ne ba sa kene matlong a balichaba. Ke hobane’ng ha Petrose a ile a khaotsa ho ba le khethollo? O ile a thusoa ke moea o halalelang hammoho le pono eo a ileng a e bona. Ka mor’a hore Petrose a utloe mantsoe a Korneliase, o ile a susumelletseha hore a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:34, 35) Petrose o ile a ithuta thuto ea bohlokoa ea hore Jehova ha a leeme. Taba eo e ne e le bohlokoa haholo kaha e ne e tla tsoela Bakreste molemo.

5. (a) Ke ntho efe eo Jehova a batlang hore Bakreste bohle ba e hlokomele? (b) Ke bothata bofe boo re ka bang le bona le hoja re le Bakreste?

5 Petrose o ile a bululeloa hore a hlokomelise Bakreste bohle hore Jehova ha a leeme. Ha a nke hore ho na le morabe, sechaba kapa puo e phahametseng e ’ngoe. Jehova o amohela motho e mong le e mong ea mo hlomphang. (Bagal. 3:26-28; Tšen. 7:9, 10) Ha ho pelaelo hore le uena u lumellana le taba ena. Empa ho ka ba thata haeba u holetse har’a batho ba nang le khethollo ea morabe. Ka tsela e itseng re ka ’na ra ba le khethollo empa re sa hlokomele. Le hoja Petrose a ile a bolella batho ba bang hore Jehova ha a leeme, hamorao Petrose o ile a tšoara batho ka leeme. (Bagal. 2:11-14) Re ka mamela Jesu joang ’me ra qoba ho ahlola batho ho ea ka maemo a bona?

6. (a) Re ka thusoa ke eng hore re ntše khethollo ka metso lipelong tsa rona? (b) Tlaleho ea mor’abo rona e mong e ile senola boikutlo bofe?

6 Haeba re itlhahloba re sebelisa Bibele, re tla hlokomela haeba re e-na le khethollo. (Pes. 119:105) Re boetse re lokela ho mamela ha batho ba bang ba re hlokomelisa hore re na le khethollo le hoja rona re sa hlokomele. (Bagal. 2:11, 14) Mohlala, mor’abo rona e mong o ile a ngola lintho tse ngata tse ntle ka banyalani ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Hlooho ea lelapa leo e ne e le oa morabe o mong o neng o sa ratoe ke batho ba bang. Mor’abo rona enoa o ne a sa hlokomele hore le eena o na le khethollo empa tlaleho eo a e ngotseng e ile ea mo senola. Le hoja a buile lintho tse ngata tse ntle, mantsoe a eona a qetellang a ne a re: “Tsela eo mor’abo rona enoa a phelang ka eona ekare ha se motho oa morabe oa habo. Batho ba morabe oa hae ba litšilanyana hape ba sotlehile.” Na u bona ntlha ea bohlokoa? Ho sa tsotellehe boikarabelo boo re nang le bona, re lokela ho itlhahloba ka botšepehi re ikemisetse ho amohela thuso ea ho loantša khethollo ka ho feletseng ka lipelong tsa rona. Re ka boela ra etsa’ng hape?

7. Re ka bontša joang hore re rata batho?

7 Haeba re rata batho, re tla hlola khethollo. (2 Bakor. 6:11-13) Na u tloaelane le batho ba setso sa hao feela, ba morabe oa hao kapa bao u buang puo e le ’ngoe le bona? Haeba ho joalo, u lokela ho atoloha. U ka sebetsa tšimo le bara le barali babo rona bao maemo a bona a sa tšoaneng kapa u ba memele lijong? (Lik. 16:14, 15) Haeba u etsa joalo, u tla rata batho ebile u tla qoba ho ba le khethollo ka ho feletseng. Empa ka linako tse ling re ee re ahlole batho ho ea ka maemo a bona. Mohlala, a re bueng ka maemo a lichelete.

MAEMO A LICHELETE

8. Ho ea ka Levitike 19:15, maemo a batho a lichelete a ka ama tsela eo re ba tšoarang ka eona joang?

8 Maemo a batho a lichelete a ka etsa hore re ba tšoare ka litsela tse sa tšoaneng. Mohlala, Levitike 19:15 e re: “Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo. Le ahlole oa habo lōna ka toka.” Empa ke joang maemo a batho a lichelete a ka etsang hore re ba talime ka tsela e fosahetseng?

9. (a) Solomone o ile a bua ’nete efe e hlahang ho Liproverbia 14:20? (b) Mantsoe ao a re ruta’ng?

9 Moea o halalelang o ile oa susumelletsa Solomone hore a bue ’nete e hlahang ho Liproverbia 14:20 e reng: “Ea nang le ho honyenyane o hloiloe le ke oa habo, empa metsoalle ea morui e mengata.” Temana ee e re ruta’ng? Haeba re se hlokolosi, re ka iketsa metsoalle ea barui ebe ha re natse ba kollang ntsi hanong. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho kala batho ka maemo a bona a lichelete?

10. Jakobo o ile a re lemosa ka eng?

10 Haeba re kala batho ho ea ka maemo a bona, re ka etsa hore Bakreste-’moho le rona ba khethollane. Jakobo o ile a re bothata bona bo ne bo arola liphutheho tse ling tsa mehleng ea hae. (Bala Jakobo 2:1-4.) Le rona re lokela ho itebela e le hore re se ke ra lumella menahano e joalo ho arola phutheho. Ke joang re ka qobang ho kala batho ho ea ka maemo a bona a lichelete?

11. (a) Na maemo a rona a lichelete a ama kamano ea rona le Jehova? (b) Bibele e re’ng ka taba ee?

11 Re lokela ho sheba bara le barali babo rona ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona. Jehova ha a re nke re le bohlokoa ho eena hobane feela re ruile kapa re futsanehile. Motho e mong le e mong a ka ba le kamano e ntle le Jehova ho sa tsotellehe hore na o ruile kapa o futsanehile. Le hoja Jesu a ile a re “e tla ba ntho e thata hore morui a kene ’musong oa maholimo,” o ne a sa bolele hore ho ke ke ha khoneha. (Mat. 19:23) O ile a boela a re: “Ho thaba lōna mafutsana, hobane ’muso oa Molimo ke oa lōna.” (Luka 6:20) Empa Jesu o ne a sa bolele hore batho bohle ba futsanehileng ba hlohonolofalitsoe kapa hona hore ba mamela molaetsa oa hae. Ho na le batho ba bangata ba futsanehileng ba neng ba sa mo mamele. Ntlha ea bohlokoa ke hore ha rea lokela ho kala batho ba bang ka hore ha ba na kamano e ntle le Jehova ka lebaka la maemo a bona a lichelete.

12. Bibele e fana ka taelo efe ho sa tsotellehe hore na motho o ruile kapa o futsanehile?

12 Jehova o re hlohonolofalitse ka ho re fa bara le barali babo rona ba bangata ba mo ratang le ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle ebang ba ruile kapa ba futsanehile. Bibele e fana ka taelo ea hore batho ba ruileng “ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong . . . empa ba e behe ho Molimo.” (Bala 1 Timothea 6:17-19.) Empa Bibele e boetse e re bahlanka bohle ba Molimo ebang ba ruile kapa ba futsanehile, ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba rata chelete. (1 Tim. 6:9, 10) Haeba re sheba bara le barali babo rona ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona, re tla qoba ho ba kala ka lintho tseo ba nang le tsona kapa tseo ba se nang tsona. Empa na re lokela ho kala batho ka lilemo? A re boneng.

LILEMO

13. Bibele e re rutang mabapi le ho hlompha batho ba holileng?

13 Ka makhetlo Bibele e re laela hore re hlomphe batho ba holileng. Levitike 19:32 e re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng, ’me u tšabe Molimo oa hao.” Liproverbia 16:31 e bua ntho e tšoanang kaha e re “hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” Hape, Pauluse o ile a re Timothea a se ke a nyatsa monna e moholo ka matla. Ho e-na le hoo, o lokela ho mo nka e le ntate. (1 Tim. 5:1, 2) Le hoja Timothea a ne a fuoe boikarabelo bo itseng ho barab’abo rona ba holileng o ne a lokela ho ba hlompha.

14. Ke maemong afe moo re ka eletsang motho kapa ra mo khalemela le haeba a le moholo ho rona?

14 Empa na taba ee e bolela hore re lokela ho sebelisa molao-motheo oo maemong ohle? Mohlala, na re tlameha ho hlompha motho le haeba a etsa sebe ka boomo kapa a buella ntho eo Jehova a sa e rateng? Jehova a ke ke a ahlola motho ho ea ka lilemo tsa hae kapa a mo tšoarela ha a etsa sebe ka boomo hobane fela a holile. Hlokomela molao-motheo o hlahang ho Esaia 65:20 o reng: “Moetsalibe, le hoja a le lilemo li lekholo o tla rohakoa.” Re fumana molao-motheo o tšoanang Lengolong la Ezekiele. (Ezek. 9:5-7) Kahoo, taba e ka sehloohong ke hore ka linako tsohle re lokela ho hlompha Moholo-holo oa Matsatsi, e leng Jehova Molimo. (Dan. 7:9, 10, 13, 14) Haeba re etsa joalo, re ke ke ra tšaba ho eletsa motho ea hlokang thuso hobane feela a le moholo ho rona.—Bagal. 6:1.

Na u hlompha barab’abo rona ba lilemong tsa bocha? (Sheba serapa sa 15)

15. Re ithuta’ng ho moapostola Pauluse mabapi le ho hlompha barab’abo rona ba bacha lilemong?

15 Ka phuthehong ho na le barab’abo rona ba lilemong tsa bocha. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka bona? Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase. Ho fapana le hoo, ho ba tšepahalang u be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.” (1 Tim. 4:12) Timothea o ne a ka ba lilemo li 30 ha Pauluse a mo ngolla. Ka nako eo Pauluse o ne a mo file boikarabelo bo boima. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la hore a mo eletse e ne e le lefe, keletso eo e ne e hlakile. Ha rea lokela ho kala barab’abo rona ka mahlo feela hobane ba le banyenyane. Re lokela ho hopola hore Jesu le eena o ile a etsa tšebeletso ea hae ha a le lilemong tsa bo-30.

16, 17. (a) Ke lintho life tseo baholo ba lokelang ho li ela hloko ha ba buella barab’abo rona hore e be baholo kapa bahlanka ba sebeletsang? (b) Ke joang setso kapa tsela eo baholo ba shebang lintho ka eona e ka bang khahlanong le Mangolo?

16 Ho ka etsahala hore ebe batho ba bacha lilemong ba khelloa fatše litsong tsa habo bona. Ka lebaka leo, baholo ba ka ba leqe ho buella barab’abo rona ba bacha lilemong hore ebe baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Baholo bohle ba lokela ho hopola hore Bibele ha e bolele lilemo tseo motho a lokelang ho ba ho tsona e le hore a ka buelloa hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Haeba moholo a etsa lintho ho latela setso seo a leng ho sona, o tla be a sa etse lintho tumellanong le Mangolo. Baholo ba lokela ho buella barab’abo rona ba bacha lilemong ba sebelisa Lentsoe la Molimo ho e-na le ho latela maikutlo a bona kapa setso.—2 Tim. 3:16, 17

17 Ak’u nahane feela hore na ho joang ho se buelle mor’a bo rona ea tšoanelehang ka lebaka la setso. Naheng e ’ngoe, mor’abo rona e mong eo e leng mohlanka ea sebeletsang o ile a fuoa mesebetsi e mengata ka phuthehong. Le hoja baholo ba phutheho eo a neng a le ho eona ba ile ba lumellana hore oa tšoaneleha hore e ka ba moholo, ha ba aa ka ba mo buella. Baholo ba seng ba kae ba holileng ba ile ba re o shebahala a le monyenyane bakeng sa hore e ka ba moholo. Ho utloisa bohloko hore ebe mor’abo rona eo ha aa ka a buelloa ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka eona. Le hoja re buile ka tlaleho e le ’ngoe, ha se eona feela kaha litlaleho li bontša hore barab’abo rona ba bangata ba etsa lintho ka tsela e tšoanang. Baholo ba lokela ho tataisoa ke Mangolo ho e-na le ho etsa lintho ho latela setso sa bona kapa hore na ba sheba lintho joang. Ha ba etsa joalo, ba tla be ba mamela Jesu ’me ba ke ke ba kala batho ho ea ka hore na ba shebahala joang.

AHLOLA BATHO BA BANG KA HO LOKA

18, 19. Re lokela ho etsa’ng e le hore re shebe batho ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona?

18 Le hoja re sa phethahala re lokela ho sheba batho ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona, e le hore re se ke ra ba leeme. (Lik. 10:34, 35) Kahoo re lokela ho tsoela pele re sebetsa ka thata ’me re lule re ikhopotsa lintho tseo re ithutileng tsona ka Lentsoeng la Molimo. Haeba re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona, re tla tsoela pele re mamela taelo ea Jesu ea hore re khaotse ho ahlola batho ho ea ka tsela eo ba shebahalang ka eona.—Joh. 7:24

19 Haufinyane Morena oa rona Jesu Kreste o tla ahlola batho bohle eseng ho ea ka se bonahalang mahlong a hae kapa seo a se utloileng empa o tla ahlola ka ho loka. (Esa. 11:3, 4) Ena ke taba e thabisang e le kannete.