Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O se ke wa Ahlola ho ya ka Seo o se Bonang

O se ke wa Ahlola ho ya ka Seo o se Bonang

“Kgaotsang ho ahlola ka ponahalo ya ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.”—JOH. 7:24.

DIPINA: 142, 123

1. Esaia o ile a profetang ka Jesu, hona ke hobaneng ha seo e le se kgothatsang?

BOPROFETA ba Esaia bo buang ka Morena wa rona Jesu Kreste bo a re kgothatsa ebile bo re fa le tshepo. Esaia o ile a bolela esale pele hore Jesu “a ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a kgalemela feela ho ya ka ntho e utlwilweng ke ditsebe tsa hae.” O ile a boela a re Jesu “o tla ahlola ba tlase ka ho loka.” (Esa. 11:3, 4) Ke hobaneng ha taba ena e le e kgothatsang? Lebaka ke hobane kajeno batho ba a kgetholla ebile ba leeme. Ka hona, re lebelletse ka tjantjello e kgolo hore ho be le Moahlodi ya sa ahloleng ho latela seo a se bonang.

2. Jesu o ile a re laela hore re etseng, hona re tlo ithutang sehloohong sena?

2 Letsatsi le tjhabang le le dikelang re ahlola batho ba bang. Taba ke hore ka ha ha re a phethahala, re ke ke ra kgona ho ahlola ba bang ka tsela e phethahetseng jwalo ka Jesu. Hangata re susumetswa ke seo re se bonang. Ho fapana le hoo, ha Jesu a le lefatsheng o ile a re: “Kgaotsang ho ahlola ka ponahalo ya ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.” (Joh. 7:24) Ho hlakile hore Jesu o batla hore re tshwane le yena mme re se ke ra ahlola ba bang ho ya ka seo re se bonang. Jwale sehloohong sena, re tla tshohla maemo a mararo a ka susumetsang tsela eo re ahlolang ba bang ka yona. (1) Morabe wa motho, (2) maemo a hae a ditjhelete le (3) dilemo tsa hae. Boemong bo bong le bo bong, re tla boela re bone hore na re ka mamela taelo ya Jesu jwang.

O SE KE WA AHLOLA BATHO HO YA KA MORABE WA BONA

3, 4. (a) Ke diketsahalo dife tse ileng tsa thusa moapostola Petrose hore a fetole tsela eo a neng a tadima Baditjhaba ka yona? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Jehova o ile a ruta Petrose nnete efe e ntjha?

3 Ako nahane feela hore na moapostola Petrose o ne a ikutlwa jwang ha a bitsetswa Cesarea ntlong ya moditjhaba ya bitswang Korneliase. (Lik. 10:17-29) Petrose o hotse a nka hore Baditjhaba ha ba a hlweka feela jwalo ka Bajuda ba mehleng ya hae. Empa ho ile ha etsahala dintho tse ileng tsa thusa Petrose hore a fetole pono ya hae. Ka mohlala, Modimo o ne a sa tswa mo bontsha pono. (Lik. 10:9-16) O ile a bonang ponong eo? O ile a bona ntho e nngwe tjena e kang lesela le leholo le tshetseng diphohofolo tse sa hlwekang le theolwa ho tswa lehodimong. Yaba o utlwa lentswe le re: “Petrose, ema, o hlabe mme o je!” Empa Petrose a hana. Yaba lentswe le re ho yena: “O kgaotse ho bitsa dintho tseo Modimo a di hlwekisitseng hore di silafetse.” Ka mora hore a bone pono eo, o ne a sa utlwisise seo lentswe le se bolelang. Hang feela ka mora moo, morumuwa ya tswang ha Korneliase a fihla. Yaba moya o halalelang o re Petrose a ye ha Korneliase mme ka hoo, a tsamaya le morumuwa eo.

4 Haeba Petrose a ne a ile a ahlola ditaba ho ya ka seo a se bonang feela, a ka be a sa ka a kena le ho kena ha Korneliase. Hobane Bajuda ba ne ba sa batle le ho le beha matlong a Baditjhaba. Ebe ke hobaneng ha Petrose a ile a fetola pono ya hae ho sa tsotellehe tsela eo a hotseng ka yona? O ile a ameha maikutlo ke pono eo a ileng a e bontshwa le thuso ya moya o halalelang. Ka mora ho mamela seo Korneliase a ileng a mo bolella sona, moya o halalelang o ile wa mo susumelletsa hore a re: “Kannetenete ke a lemoha hore Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka o a amoheleha ho yena.” (Lik. 10:34, 35) Ena e ne e le nnete e ntjha ho Petrose mme o ile a e thabela. Le rona re ka ithuta thuto e molemo ho yona. Empa jwang?

5. (a) Keng seo Jehova a batlang hore Bakreste bohle ba se utlwisise? (b) Ke maikutlo afe ao haeba re sa hlokomele re ka bang le ona le hoja re tseba nnete?

5 Mohlala wa Petrose o re ruta hore Jehova ha a leeme. Ha a kgethe nku ka pere. Ka mantswe a mang, o amohela bohle ho sa tsotellehe morabe, setso, puo kapa setjhaba seo motho a tswang ho sona. Modimo o amohela bohle ba mo tshabang le ba etsang se lokileng. (Bagal. 3:26-28; Tšen. 7:9, 10) Ha ho potang hore le wena o dumellana le seo. Empa hothweng haeba o holetse sebakeng kapa lelapeng le tletseng kgethollo? Esita le ha wena o nahana hore ha o na leeme, o ka fumana hore ha o itlhahlobisisa hantle, ho na le mesaletsanyana pelong. Etswe le yena Petrose ya ileng a thusa batho hore ba tsebe hore Jehova ha a leeme, o ile a iphumana a se a na le kgethollo. (Bagal. 2:11-14) Jwale, re ka mamela Jesu jwang mme ra kgaotsa ho ahlola ba bang ho ya ka seo re bonang?

6. (a) Keng e ka re thusang hore re fothole kgethollo ka metso dipelong tsa rona? (b) Tlaleho eo moholo e mong a ileng a e etsa e ile ya senola eng?

6 Re hloka ho itlhahlobisisa re sebedisa Bibele ho bona hore na ebe botebong ba pelo ha re na kgethollo na. (Pes. 119:105) Re ka kopa motswalle eo re mo tshepang ya hlokometseng hore jwale re se re batla re na le leeme hore a re thuse, etswe tshwene ha e ipone makopo. (Bagal. 2:11, 14) Ho ka etsahala hore ebe mekgwa ena e se e metse ka metso hona hoo re seng re sa hlokomele le ho hlokomela. Sena se ile sa etsahalla moholo e mong ya ileng a fana ka tlaleho e ntle ka banyalani ba bang ba tshebeletsong ya nako e tletseng. Monna banyalaning bana, o ne a tswa mofuteng wa batho ba neng ba kgellwa fatshe jwalo ka moroho wa thepe. Ho bonahala moholo enwa a ne a sa hlokomele hore le yena o ne a ntse a ba kgella fatshe. Ke nnete hore o ne a buile dintho tse ngata tse ntle ka monna enwa. Le ha ho le jwalo a qetella ka hore: “Le hoja tjhe yena a tswa [setjhabeng sena], mekgwa le tsela eo a etsang dintho ka yona e thusa batho ho utlwisisa hore ho ba [wa morabe ona], ehlile ha ho bolele hore motho o tla lokela a be bohlaswa kapa a be ditshila kapa hona ho ba maemong a fatshe.” Jwale re ithutang tabeng ena? Re ithuta hore ho sa tsotellehe boikarabello boo re nang le bona ka mokgatlong wa Jehova, re lokela ho ikokobetsa mme re amohele thuso e le hore re fothole kgethollo ka metso dipelong tsa rona. Keng hape eo re ka ithutang yona?

7. Re ka bontsha ka ditsela dife hore re rata batho ka pelo yohle?

7 Lerato le tla nkela kgethollo sebaka haeba re hlile re rata batho. (2 Bakor. 6:11-13) Na o tlwaetse ho etsa metswalle le batho ba morabe, setjhaba le puo ya hao feela? Haeba ho jwalo, o lokela ho atoloha. Mohlomong o ka mema bara le baradibabo rona ba dimelo tse sa tshwaneng hore ba o tjhakele ha hao kapa o ye tshimong le bona. (Lik. 16:14, 15) Ha o etsa jwalo, lerato le tla tsholoha ka pelong ya hao hoo kgethollo e se nang feela le sebaka sa ho dula. Ka dinako tse ding re ka iphumana re se re ahlola batho ho ya ka maemo a bona a ditjhelete. A re ke re boneng hore na seo se ka etsahala jwang.

O SE KE WA AHLOLA MOTHO HO YA KA MAEMO A HAE A DITJHELETE

8. Levitike 19:15 e bontsha hore ho rua le ho futsaneha ho ka ama tsela eo re ahlolang ba bang ka yona jwang?

8 Maemo a ditjhelete le ona a ka ama tsela eo re tadimang ba bang ka yona. Levitike 19:15 e re: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tshwara mofutsana ka leeme, mme le se ke la emela morui. Le ahlole wa habo lona ka toka.” Empa maemo a motho a ditjhelete, a ka ama tsela eo re mo tadimang ka yona jwang?

9. Ke nnete efe eo re ke keng ra e qoba eo Solomone a ileng a ngola ka yona, hona e re rutang?

9 Moya o halalelang o ile wa susumelletsa Solomone hore a ngole nnete eo re ke keng ra e qoba ka batho ba sa phethahalang. O ile a re ho Liproverbia 14:20: “Ya nang le ho honyenyane o hloilwe le ke wa habo, empa metswalle ya morui e mengata.” Lengolo lena le re rutang ha e le hantle? Haeba re sa hlokomele, re ka iphumana re se re na le takatso ya ho etsa metswalle le bara le baradibabo rona ba ruileng ebe ka nqena re nyatsa ba futsanehileng. Ke hobaneng ha ho le kotsi ho ahlola ba bang re itshetlehile ka maemo a bona a ditjhelete?

10. Jakobo o ile a re lemosa ka bothata bofe?

10 Haeba re ahlola ba bang ho ya maemo a bona a ditjhelete, re tla qetelletse re se re bakile dikarohano ka phuthehong. Morutuwa Jakobo o ile a lemosa hore bothata bona bo ne bo baka dikarohano diphuthehong tsa mehleng ya hae. (Bala Jakobo 2:1-4.) Ka hona, re lokela ho itebela hore monahano ona o mobe o se ke wa kena diphuthehong kajeno. Empa re ka qoba ho ahlola batho ho ya ka seo ba nang le sona jwang?

11. Na ho ka etsahala hore maemo a motho a ditjhelete a ame kamano ya hae le Jehova? Hlalosa.

11 Re lokela ho tadima bara le baradibabo rona ka tsela eo Jehova a ba tadimang ka yona. Ha se hore motho e ba wa bohlokwa ho Jehova hobane feela a ruile kapa a futsanehile. Le ka mohla kamano ya rona le Jehova e ke ke ya lekanyetswa ka dintho tseo re nang le tsona kapa tseo re se nang tsona. Le hoja e le nnete hore Jesu o itse “e tla ba ntho e thata hore morui a kene mmusong wa mahodimo,” o ne a sa re ho ke ke ha kgoneha. (Mat. 19:23) Ka lehlakoreng le leng, o ile a re: “Ho thaba lona mafutsana, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.” (Luka 6:20) Empa sena se ne se sa bolele hore bafutsana bohle ba ne ba tla hlohonolofatswa ka tsela e kgethehileng le hore ba mamele Jesu. Bafutsana ba bangata ha ba a ka ba mo mamela. Ntlha ke hore, re ke ke ra ahlola kapa ra lekanyetsa kamano ya motho le Jehova ka dintho tseo a nang le tsona.

12. Ke tataiso efe ya Mangolo e fuwang batho ba ruileng le ba futsanehileng?

12 Re a thaba ho ba le bara le baradibabo rona ba sebeletsang Jehova ka pelo yohle, ho sa tsotellehe maemo a bona a ditjhelete. Mangolo a re barui “ba se ke ba beha tshepo ya bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Modimo.” (Bala 1 Timothea 6:17-19.) Ka nako e tshwanang, Bibele e lemosa bahlanka bohle ba Modimo hore ebang ba ruile kapa ba futsanehile ba itebele kgahlanong le ho rata tjhelete. (1 Tim. 6:9, 10) Ka sebele, ha re tadima bara le baradibabo rona jwalo ka ha Jehova a ba tadima, re ke ke ra lekeha ho ba ahlola re itshetlehile ka dintho tseo ba nang le tsona. Empa hothweng ka dilemo tsa motho? Na ebe ho a utlwahala hore re ahlole batho re itshetlehile ka dilemo tsa bona? A re ke re boneng.

O SE KE WA AHLOLA O ITSHETLEHILE KA DILEMO

13. Bibele e re rutang mabapi le ho hlompha ba hodileng?

13 Bibele e re ruta ka makgetlo hore re hlomphe ba hodileng. Levitike 19:32 e re: “O eme pela moriri o moputswa, mme o nahanele motho ya tsofetseng, mme o tshabe Modimo wa hao.” Liproverbia 16:31 le yona e re “hlooho e putswa ke moqhaka wa botle ha e fumanwa tseleng ya ho loka.” Ka tsela e tshwanang, Pauluse o ile a lemosa Timothea hore a se ke a nyatsa banna ba baholo ka matla. Ho e na le hoo, a ba nke jwalo ka Bontate mme ba batjha jwalo ka barababo. (1 Tim. 5:1, 2) Le hoja Timothea a ne a na le bolaodi bo itseng hodima barababo rona ba hodileng, o ne a lokela ho ba hlompha le ho ba qenehela.

14. Ke maemong afe moo re ka lokelang ho kgalemela kapa ho eletsa motho ya moholo ho rona?

14 Hothweng haeba motho ya moholo ho rona a etsa sebe ka boomo kapa a tshehetsa ntho e sa thabiseng Jehova? Jehova a ke ke a ahlola ho ya ka seo a se bonang, kapa hona hore a se ke a fana ka kotlo ho moetsadibe ya sa bakeng hobane feela a le moholo. Ela hloko molaomotheo o boletsweng ho Esaia 65:20 o reng: “Moetsadibe, le hoja a le dilemo di lekgolo o tla rohakwa.” Molaomotheo o tshwanang o ile wa bonahala ponong ya Ezekiele. (Ezek. 9:5-7) Ka hona, ntho ya bohlokwa eo re lokelang ho ameha ka yona kamehla, ke ho hlompha Moholoholo wa Matsatsi e leng Jehova Modimo. (Dan. 7:9, 10, 13, 14) Haeba re etsa jwalo, re ke ke ra tjha ntshi ha re lokela ho fa motho keletso ho sa tsotellehe dilemo tsa hae.—Bagal. 6:1.

Na o hlompha barababo rona ba banyenyane? (Sheba serapa sa 15)

15. Ke thuto efe eo re ithutang yona ho moapostola Pauluse le Jesu mabapi le ho hlompha barababo rona ba banyenyane?

15 Jwale hothweng he ka barababo rona ba banyenyane ka phuthehong? Wena o ba tadima jwang? Moapostola Pauluse o ile a re ha a bua le mohlankana Timothea: “Ho se ke ha ba le motho eo le ka mohla a kgellang botjha ba hao tlase. Ho fapana le hoo, ho ba tshepahalang o be mohlala ho bueng, boitshwarong, leratong, tumelong, tlhwekong.” (1 Tim. 4:12) Ho ka etsahala hore ebe ha Pauluse a bua mantswe ana, Timothea o ne a ka ba dilemo di 30. Ho ntse ho le jwalo, Pauluse o ne a mo abetse boikarabello bo boima. Re ithutang mona? Re ithuta hore ha re a lokela ho ahlola barababo rona ba banyenyane ho ya ka dilemo tsa bona. Re tla be re etsa hantle ha re hopola hore esita le Morena wa rona Jesu, o phethile dikabelo tsohle tsa hae mona lefatsheng ho tloha ha a le dilemo di 30 ho fihlela a le 33.

16, 17. (a) Baholo ba bona jwang ha morabo rona a se a tshwaneleha hore a ka buellwa jwalo ka mohlanka ya sebeletsang kapa moholo? (b) Maikutlo a motho kapa setso, di ka lwantshana jwang le Mangolo?

16 E ka nna yaba setsong sa rona, ho tlwaelehile hore bahlankana ba kgellwe fatshe. Ka lebaka lena, baholo diphuthehong mona ba ka nna ba ba lesisitheho ho buella barababo rona ba banyenyane ba tshwanelehang hore e be bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. Baholo bohle ba lokela ho hopola hore Mangolo ha a fane ka dilemo tse itseng tseo ka tsona monna a ka buellwang hore e be mohlanka ya sebeletsang kapa moholo. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Ka hoo, haeba moholo a ipehela molao a itshetlehile ka setso sa hae, ha a sebetse tumellanong le Mangolo. Baholo ba lokela ho hlahloba barababo rona ba banyenyane ba sebedisa Bibele e seng maikutlo kapa ditso tsa bona.—2 Tim. 3:16, 17.

17 Haeba baholo ba sa latele tataiso ya Bibele, ba ka tshwara tswelopele ya barababo rona ba tshwanelehang hore ba ka buellwa. Ka mohlala, naheng e nngwe kwana, mohlanka e mong ya sebeletsang o ne a fuwe mesebetsi ya bohlokwa ka phuthehong. Ka ha o ne a e phetha hantle, baholo ba ile ba dumellana ka hore o finyella ditshwaneleho tsa Mangolo hore e ka ba moholo. Le ha ho le jwalo, baholo ba bang ba hodileng, ba ile ba re o bonahala a le monyane haholo hore e ka ba moholo. Ka lebaka leo, ha ba a ka ba mo buella. Ka hona, mora eo wabo rona ha a a ka a buellwa ka lebaka feela la tsela eo a neng a shebahala ka yona. Ho bonahala eka tsela ena ya ho nahana ke kobo anela. Ke habohlokwa hore re itshetlehe ka Mangolo ho e na le ho tsitlella setsong le maikutlong a rona. Ena ke yona feela tsela ya ho bontsha hore re mamela Jesu ka ho kgaotsa ho ahlola ba bang ho ya ka seo re se bonang.

AHLOLA KA HO LOKA

18, 19. Re lokela ho etsang e le hore re tadime batho jwalo ka ha Jehova a ba tadima?

18 Le hoja re sa phethahala, re ka kgona ho tadima batho ka tsela eo Jehova a ba tadimang ka yona. (Lik. 10:34, 35) Empa ha ho na iketsahalla feela tjee. Re lokela ho sebetsa ka thata mme re bale Bibele. Ha re sebedisa seo re ithutileng sona Bibeleng, re tla be re mamela taelo ya Jesu ya hore re kgaotse ho ahlola ba bang ho ya ka seo re se bonang.—Joh. 7:24.

19 Ho se ho se hokae mme Morena wa rona Jesu Kreste, o tla ahlola batho bohle eseng ho ya ka seo a se bonang kapa seo a se utlwang. Empa o tla ahlola ka ho loka. (Esa. 11:3, 4) Ruri re lebelletse seo ka tjantjello e kgolo.