Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tiisetso Ke ho Mamella ka Lebaka

Tiisetso Ke ho Mamella ka Lebaka

MEHLENG ena batho ba Jehova ba lokela ho tiisetsa kaha ba phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Tim. 3:1-5) Re phela le batho ba ichebileng bobona, ba sa lumellaneng le mang kapa mang le ba se nang boitšoaro. Hangata batho ba joalo ha ba na mamello. Kahoo Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa lipotso tse kang: ‘Na ke se ke hloka mamello joaloka batho ba sa rapeleng Jehova? Ho tiisetsa kapa ho mamella e le kannete ho bolela’ng? Nka etsa’ng hore ke lule ke e-na le mamello ke be ke tiisetse?’

HO TIISETSA HO BOLELA’NG?

Ka Bibeleng, ho tiisetsa ha se feela ho mamella boemo bo boima. Motho ea tiisetsang o mamella hobane a e-na le sepheo. Ha a ichebe boeena, empa o nahanela maikutlo a motho ea mo foselitseng. Kahoo, ha motho ea nang le tiisetso a foselitsoe kapa a utloisitsoe bohloko, ha a lahle tšepo ea hore ba tla lokisa likamano. Ha ho makatse hore ebe ha Bibele e bua ka makhabane, e re motho o “tiisetsa” hobane a le lerato. * (1 Bakor. 13:4) Hape Bibele e re “tiisetso” ke e ’ngoe ea “litholoana tsa moea.” (Bagal. 5:22, 23) Empa re lokela ho etsa’ng hore re be le mamello?

U KA ETSA’NG HORE U TIISETSE?

Re lokela ho rapela Jehova hore a re fe moea o halalelang e le hore o re thuse ho mamella kaha o fana ka oona ho batho ba mo tšepileng. (Luka 11:13) Le hoja moea oa Molimo o le matla, re lokela ho phetha karolo ea rona ka hore re etse lintho tse lumellanang le lithapelo tsa rona. (Pes. 86:10, 11) Kahoo, re lokela ho tiisetsa letsatsi le letsatsi e le hore re tle re nolofalloe ho mamella maemong ’ohle. Empa ka linako tse ling ha ho bonolo hore re lule re tiisetsa. Re ka thusoa ke eng?

Re tla tiisetsa haeba re ithuta ka Jesu ’me re mo etsisa. Ha Pauluse a bua ka ho apara “botho bo bocha” bo akarelletsang “tiisetso,” o ile a re re lokela ho lumella ‘khotso ea Kreste hore e laole ka lipelong tsa rona.’ (Bakol. 3:10, 12, 15) Re tla lula re e-na le khotso haeba re etsisa Jesu ka hore re be le tumelo ea hore Molimo o tla lokisa lintho ka nako ea hae. Ha re etsisa Jesu, re ke ke ra felloa ke mamello ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng.—Joh. 14:27; 16:33.

Le hoja re labalabela ho bona lefatše e e-ba paradeise, re tla khona ho mamella kapa re tiisetse haeba re nahana kamoo Jehova a re mameletseng kateng. Bibele e re: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Ha re nahana ka tsela eo Jehova a re mameletseng ka eona, le rona re utloa re batla ho mamella batho ba bang. (Bar. 2:4) Kahoo, re tlameha ho mamella kapa ho tiisetsa ha ho le joang?

MAEMO A RE HLOKANG HO MAMELLA KAPA HO TIISETSA

Ho na le lintho tse ngata tse ka re hlokang ho mamella. Mohlala, haeba u utloa eka ho na le ntho ea bohlokoa eo u batlang ho e bua, u lokela ho ba le mamello e le hore u se ke oa kena batho ba bang hanong. (Jak. 1:19) U boetse u lokela ho ba le mamello ha u sebelisana le Bakreste-’moho le uena ba nang le litloaelo tseo u sa li rateng. Ho e-na le hore u potlakele ho teneha, u lokela ho nahana hore na Jehova le Jesu ba mameletse mefokolo ea hao hakae. Ha ba lule ba shebile liphoso tsa rona tse nyenyane. Ho e-na le hoo, ba sheba lintho tse ntle tseo re li etsang ’me baa re mamella ha re ntse re leka ho fetoha.—1 Tim. 1:16; 1 Pet. 3:12.

Re boetse re lokela ho mamella ha re hlokomelisoa phoso eo re e entseng. Hangata re potlakela ho koata kapa ho itokafatsa. Leha ho le joalo, Bibele ha e re khothalletse ho etsa joalo. E re: “Ea sa feleng pelo o molemo ho feta ea ikhohomosang. . . . U se ke ua potlaka . . . hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.” (Moek. 7:8, 9) Kahoo, le haeba re qosoa ka ntho eo re sa e etsang, re lokela ho nahana hantle hore na re tla araba joang. Jesu o ile a etsa joalo ha batho ba mo hlokela toka.—Mat. 11:19.

Batsoali ba lokela ho mamella haholo-holo ha ba khalemela bana ba bona ka lebaka la mekhoa e mebe eo e ka ’nang eaba ba na le eona. Mohlala, mor’abo rona Mattias o Bethele ea Scandinavia. Ha a sa le mocha, bana bao a kenang sekolo le bona ba ne ba mo soma ka lebaka la tumelo ea hae. Qalong, batsoali ba hae ba ne ba sa tsebe ka taba ena. Leha ho le joalo, ba ile ba hlokomela bothata bo bakoang ke taba ena kaha mora oa bona o ile a ba botsa hore na bolumeli ba bona ke ba ’nete. Ntate oa Mattias e leng Gillis o ile a re: “Boemo bo joalo bo hloka hore motsoali a be le mamello.” O re ka linako tse ling Mattias o ne a botsa lipotso tse kang: “Molimo ke mang? Na ehlile Bibele ke Lentsoe la Molimo? Re tseba joang hore ke eena ea lokelang ho re behela melao? Ke hobane’ng ha batho ba nkahlola ha ke sa lumele lintho tseo ba li lumelang?””

Mor’abo rona Gillis o re: “Ka linako tse ling mora oa ka o ne a botsa lipotso a halefile. Empa o ne a sa halefele ’na kapa ’mè oa hae. O ne a halefisoa ke hore bolumeli ba hae bo mo thatafalletsa bophelo.” Mor’abo rona Gillis o ile a sebetsana le bothata boo joang? O re: “Ke ne ke qeta lihora ke ntse ke bua le mora oa ka. Ke ne ke mo mamela ebe ke mo botsa lipotso mona le mane e le hore ke utloisise hantle hore na o ikutloa joang. Ka linako tse ling ke ne ke mo bolella taba ebe ke kopa hore a nahane ka eona letsatsi pele re buisana ka eona. Ka matsatsi a mang ke ne ke mo bolella hore ke hloka nako e le hore ke batlisise taba eo re tla buisana ka eona. Kaha ke ne ke buisana le Mattias ka tsela ena, butle-butle o ile a utloisisa lintho tse kang thekollo, bobusi ba Molimo le tsela eo a re ratang ka eona. Ho nkukile nako ho mo thusa ebile ho ne ho le thata, empa butle-butle o ile a rata Jehova. Hona joale ’na le mohats’aka re thabile hore ebe re ile ra mamella ’me ra thusa mora oa rona ho ba le kamano e ntle le Jehova.”

Mor’abo rona Gillis le mohats’a hae ba ne ba tšepile Jehova ha ba ntse ba thusa mora oa bona. Ha mor’abo rona Gillis a nahana ka nako eo o re: “Ke ne ke atisa ho bolella Mattias hore kaha ’na le ’mè oa hae re ne re rata Jehova, re ile ra mo kopa hore a re thuse.” Batsoali ba Mattias ba motlotlo kaha ba ile ba mamella ha ba ntse ba mo thusa.

Bakreste ba lokela ho thusa ba malapa a bona hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Ba boetse ba lokela ho ba le mamello ha ba hlokometse beng ka bona le metsoalle ha ba kula. Mohlala, nahana ka morali’abo rona Ellen * eo le eena a lulang Scandinavia.

Lilemong tse ka bang robeli tse fetileng, molekane oa hae o ile a otloa ke setorouku ka makhetlo a mabeli eaba boko ba hae ha bo sa sebetsa hantle. Kahoo, ha a sa khona ho utloela batho bohloko, ho thaba kapa ho koata. Boemo bona bo imela morali’abo rona Ellen haholo. O re: “Ke lokela ho mamella le ho rapela haholo. Lengolo leo ke le ratang ke la Bafilipi 4:13 le reng: ‘Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.’” Matla ao a thusitse morali’abo rona Ellen hore a mamelle a be a tšepe Jehova ka hohle.—Pes. 62:5, 6.

E-BA LE MAMELLO JOALOKA JEHOVA

Jehova ke eena ea khonang ho mamella ka tsela e phethahetseng ’me re lokela ho mo etsisa. (2 Pet. 3:15) Ho na le litemana tse ngata tse re rutang kamoo Jehova a ileng a bontša kateng hore o na le mamello. (Neh. 9:30; Esa. 30:18) Mohlala, Jehova o ile a etsa’ng ha Abrahama a mo kopa hore a se ke a felisa baahi bohle ba Sodoma? Bibele e re Jehova o ile a lumella Abrahama hore a itlhalose. O ile a mamela ka hloko ha Abrahama a ntse a mo botsa lipotso a bile a fana ka mabaka. Ka mor’a moo, Jehova o ile a bontša hore o mametse ka hore a phete lintho tseo Abrahama a neng a li bua a ba a mo tiisetsa hore a ke ke a ba timetsa haeba motseng oo ho e-na le batho ba leshome ba lokileng. (Gen. 18:22-33) Ke mohlala o motle oa ho mamela ka hloko le ho se fele pelo.

Ho mamella ke karolo ea bohlokoa ea botho bo bocha boo Bakreste ba lokelang ho bo apara. Haeba re sebetsa ka thata hore re be le mamello, re thabisa Jehova. Kahoo o tla re balella har’a “bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.”—Baheb. 6:10-12.

^ ser. 4 Re buile ka lerato lihloohong tse fetileng tse buang ka litholoana tsa moea.

^ ser. 15 Mabitso a fetotsoe.