Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

A re Ruteng Batho Nnete

A re Ruteng Batho Nnete

“Jehova, . . . boleng ba lentswe la hao ke nnete.” —PES. 119:159, 160.

DIPINA: 29, 53

1, 2. (a) Ke mosebetsi ofe o neng o tla pele bophelong ba Jesu, hona hobaneng? (b) Re lokela ho etsang e le hore re atlehe jwalo ka “basebetsimmoho le Modimo”?

JESU KRESTE e ne e le mmetli wa mapolanka hape e le mmoledi wa ditaba tse molemo. (Mar. 6:3; Bar. 15:8) O ne a ipabola mesebetsing eo ka bobedi. Jwalo ka mmetli wa mapolanka, o ile a ithuta ho sebedisa dithulusi tsa hae hantle hoo a neng a kgona ho fetola patsi hore e be thepa e ka sebediswang. Athe ka lehlakoreng le leng, jwalo ka mosuwe wa ditaba tse molemo, o ile a sebedisa bokgoni le tsebo ya hae ya Mangolo ho thusa batho hore ba utlwisise nnete ya Lentswe la Modimo. (Mat. 7:28; Luka 24:32, 45) Ha Jesu a le dilemo di 30, o ile a tlohela ho ba mmetli wa mapolanka, hobane a ne a tseba hore ho ba mmoledi ke mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong. O ile a re lebaka le leng le ileng la etsa hore Modimo a mo romele mona lefatsheng, e ne e le hore a tlo bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. (Mat. 20:28; Luka 3:23; 4:43) Ntho e neng e tla pele bophelong ba Jesu e ne e le ho bolela ditaba tse molemo mme o ne a batla le hore batho ba bang ba mo joene mosebetsing ona.—Mat. 9:35-38.

2 Ke nnete hore e ka nna yaba rona ha re babetli ba mapolanka, empa ka sebele re baboledi ba ditaba tse molemo. Mosebetsi ona ke wa bohlokwa hona hoo Modimo a bileng a kenellang. Ke ka hona Bibele e reng re “basebetsimmoho le Modimo.” (1 Bakor. 3:9; 2 Bakor. 6:4) Re a lemoha hore “boleng ba lentswe la [Jehova] ke nnete.” (Pes. 119:159, 160) Ke ka lebaka leo re etsang bonnete ba hore re ba “tshwarang lentswe la nnete ka nepo” ha re le tshebeletsong. (Bala 2 Timothea 2:15.) Ho ekelletsa moo, re dula re leotsa bokgoni ba rona ba ho sebedisa Bibele, ka ha ke thulusi e ka sehloohong eo re e sebedisang ho ruta nnete ka Jehova, Jesu le ka Mmuso. Mokgatlo wa Jehova o fane ka dithulusi tsa mantlha tseo ho hlokahalang hore re tlwaelane le tsona haholwanyane e le hore re atlehe tshebeletsong. Dithulusi tsena di bitswa, Dintho Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Ruta Batho Bibele.

3. Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re le tshebeletsong, hona lengolo la Liketso 13:48 le ka re thusa jwang?

3 Mohlomong o ntse o ipotsa hore na ke hobaneng ha ho thwe ke Dintho Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Ruta Batho Bibele e seng Dintho Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Bolella Batho Molaetsa wa Bibele. Lebaka ke hore ho “bolela” ke ho fetisa molaetsa feela. Athe ho “ruta” ke ho finyella pelo e le hore motho a nke kgato. Nakong ena e setseng pele bofelo bo fihla, sepheo sa rona tshimong e lokela ho ba ho batla batho ba thahasellang ho ithuta Bibele mme re ba rute nnete. Sena se bolela hore re lokela ho etsa boiteko bohle ba ho batla ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” mme re ba thuse hore e be Dipaki Tsa Jehova.—Bala Liketso 13:44-48.

4. Ke batho ba mofuta ofe ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,” hona re ka ba fumana jwang?

4 Re ka fumana batho ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” jwang? Feela jwalo ka ha ho ile ha etsahala mehleng ya baapostola, tsela feela eo re ka ba fumanang ka yona ke ka ho bolela ditaba tse molemo. Ka hona he, re lokela ho etsa hantle feela jwalo ka ha Jesu a laetse: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho wona ya tshwanelehang.” (Mat. 10:11) Ha re a lebella hore batho ba se nang taba le rona, ba ikakasang kapa ba sa batleng ho utlwa letho ka Modimo ba amohele ditaba tse molemo. Re batla batho ba tshepahalang, ba ikokobeditseng le ba lapetseng nnete. Re ka tshwantsha mosebetsi ona le seo Jesu a neng a se etsa ha e ntse e le mmetli wa mapolanka. E ka nna yaba o ne a lokela ho batla lepolanka le loketseng bakeng sa ho etsa feneshara, mamati, dijoko le dintho tse ding. Hang ha a fumane thepa e loketseng, o ne a nka dithuluse tse betlang mapolanka ebe o sebedisa bokgoni ba hae ho etsa ntho e itseng. Le rona re lokela ho etsa se tshwanang, ka hore re batle batho ba thahasellang ho ithuta Bibele mme re ba etse barutuwa.—Mat. 28:19, 20.

5. Keng seo re lokelang ho se tseba ka Dintho Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Ruta Batho Bibele? Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho se qalong.)

5 Thulusi e nngwe le e nngwe e ka hara lebokose la dithulusi, e na le mosebetsi wa yona. Ka mohlala, nahana ka dithulusi tse betlang mapolanka tseo e ka nnang yaba Jesu o ne a di sebedisa. * O ne a hloka dithulusi bakeng sa hore a tshwaye le ho lenkanya mapolanka. O ne a boetse a di hloka bakeng sa hore a kgaole mapolanka, a a fefe a be a a kopanye. Ka tsela e tshwanang, thulusi e nngwe le e nngwe e ka Dinthong Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Ruta Batho Bibele, e na le mosebetsi wa yona. Jwale, a re ke re nyareleng ka hara tsona mme re bone hore na re ka di sebedisa jwang ka tsela e molemonyana.

DITHULUSI TSE ETSANG HORE BATHO BA TSEBE KA RONA

6, 7. (a) O se o kile wa sebedisa dikarete tsa jw.org jwang? (b) Memo eo re e sebedisang ho mema batho hore ba tle dibokeng e etsa mesebetsi efe e mmedi?

6 Dikarete Tsa jw.org. Dikarete tsena ke dithulusi tse ka bonahalang di le nyenyane, empa di tsebisa batho ka rona ebile di ba lebisa le websaeteng ya rona. Websaeteng moo, ba ka kgona ho ithuta ka rona le ho kopa ho ithuta Bibele. Ho fihlela lena le hodimo, batho ba fetang 400 000 ba se ba kopile ho ithuta Bibele websaeteng ya jw.org, mme ba bangata letsatsi le letsatsi ba ntse ba tswela pele ho etsa kopo e jwalo. Ka hona, o ka nna wa nka tse mmalwa ha o ntse o etsa mesebetsi ya letsatsi le letsatsi ele hore o sebedise monyetla o mong le o mong o hlahang hore o bolele molaetsa wa Bibele.

7 Dimemo. Memo eo re e sebedisang ho memela batho dibokeng, e otla nonyana tse pedi ka lejwe le le leng. E re: “Re a o mema hore o ithute Bibele le Dipaki Tsa Jehova.” Ebe e bontsha motho hore na a ka ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova jwang, “dibokeng tsa rona” “kapa [a] fumane Paki eo [a] ka ithutang le yona.” Thulusi ena ha e tsebise batho ka rona feela, empa e boetse hape e mema bohle ba thabelang ho ithuta Bibele le rona hore ba tle dibokeng. (Mat. 5:3) Ke nnete hore batho ba ntse ba ka tla dibokeng tsa rona le hoja ba sa ithute Bibele le rona. Haeba ba ka tla dibokeng, ba tla bona hore na ke dintho tse ngata hakae tseo ba ka ithutang tsona Bibeleng.

8. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore bonyane batho ba tle le ha e se e ka ba ha nngwe feela dibokeng tsa rona? Fana ka mohlala.

8 Ke ha bohlokwa hore re kgothalletse batho hore bonyane ba tle dibokeng tsa rona le ha e se e ka ba ha nngwe feela. Hobaneng? Hobane ba tla bona hore ho na le phapang e kgolo pakeng tsa dithuto tse rutwang ke Dipaki Tsa Jehova le tse rutwang ke dikereke tsa bohata. (Esa. 65:13) Ka mohlala, dilemo tse fetileng Ray le Linda, e leng banyalani ba bang ba dulang United States kwana, ba ile ba bona phapang eo. Ba ile ba etsa qeto ya hore ba ke ba qalelle ho ya kerekeng. Ka ha ba ne ba dumela ho Modimo ba bile ba batla ho ba le kamano e ntle le yena, ba ile ba qala ho ya dikerekeng tsohle, ba tswa ho ena, ba kena ho yane. Ho ne ho na le dikereke tse ngata le dihlopha tse ding tsa bodumedi. Pele ba qalella ka leeto lena la bona, ba ile ba dumellana ka dintho tse pedi tseo ba neng ba batla ho di bona kerekeng e itseng pele ba e joena. Ntho ya pele, ba ne ba batla hore bonyane ba tswe ba ithutile ntho e itseng ya bohlokwa kerekeng eo. Ntho ya bobedi, ba ne ba batla hore ha ba ile kerekeng eo ba neng ba tla e joena, ba fumane batho ba moo ba apere ka tsela e tshwanelang Bakreste. Ka mora ho qeta dilemo ba tjhentjha dikereke jwalo, ba ile ba phoqeha ha bohloko. Ba ne ba se ba tsamaile dikereke tsohle sebakeng seo ba dulang ho sona, empa ba ne ba fumana ditho tsa kereke di sa apare ka tsela eo ba neng ba e lebeletse. Ha ba tswa kerekeng ya ho qetela lethathamong la dikereke tseo ba neng ba itse ba tla ya ho tsona, Linda o ile a ya mosebetsing mme Ray yena a ya hae. Ha Ray a le tseleng e yang hae, o ile a feta Holo ya Mmuso yaba o re ka pelong: ‘Eseng nke ke kene mo, ke bone hore na teng ho jwang?’ O ile a fumana seo a neng a sa se lebella. Bohle ka Holong ya Mmuso ba ne ba le botswalle ba bile ba apere jwalo ka Bakreste. Ray o ile a dula ka pele mme a rata seo a ileng a se utlwa. Ho ile ha ba jwalo ka ha moapostola Pauluse a kile a tjho ka motho ya qalang ho tla dibokeng tsa Bokreste ka kgetlo la pele mme a re: “Ka sebele Modimo o hara lona.” (1 Bakor. 14:23-25) Ka mora moo, Ray o ile a ya dibokeng Sontaha se seng le se seng, yaba ha morao o se a ya le sebokeng sa hara beke. Linda le yena o ile a qalella ho ya dibokeng. Ha ba le dilemong tsa bo 70, ba ile ba ithuta Bibele mme ba kolobetswa.

DITHULUSI TSEO RE DI SEBEDISANG HO QADISA MOQOQO

9, 10. (a) Ke hobaneng ha ho le bonolo ho sebedisa dipampitshana? (b) Hlalosa ka moo pampitshana ya Mmuso wa Modimo Keng? e ka sebediswa ka teng.

9 Dipampitshana. Re na le dipampitshana tse 8 tseo ho leng bonolo ho di sebedisa jwalo ka dithulusi tsa ho qadisa moqoqo. Ho se ho printilwe tse ka bang 5 bilione ho tloha ka 2013 ha di lokollwa. Ntho e monate ka tsona ke hore ha o ka ithuta ho sebedisa e le nngwe feela, o se o tla nolofallwa ke ho di sebedisa kaofela hobane di entswe ka tsela e tshwanang. Jwale ebe ke jwang o ka sebedisang pampitshana ho qadisa moqoqo?

10 Mohlomong o ka kgetha ho sebedisa pampitshana ya Mmuso wa Modimo Keng? Bontsha motho eo o ntseng o qoqa le yena potso e ka ntle pampitshaneng ena, ebe o re: “Na o kile wa ipotsa hore na Mmuso wa Modimo keng? Na o ne o ka re ke . . . ?” Ebe o a mo botsa hore na o ne a ka kgetha karabo efe ho tsena tse tharo. Ho e na le hore o mo bolella hore na o nepile kapa tjhe, bula pampitshana ebe o ya tlasa “Bibele Yona e Reng?” jwale ebe o bua le yena ka Daniele 2:44 le Esaia 9:6. Haeba maemo a le dumella, tswelang pele ka puisano. Qetellong, mo bontshe potso e ka morao pampitshaneng tlasa sehlooho se reng “O ka Nna wa Ipotsa”: “Bophelo bo tla ba jwang ha Mmuso wa Modimo o se o busa?” Seo se tla rala motheo bakeng sa leeto la ho boela. Ha o kgutlela ho yena, o ka mo lebisa thutong ya 7 bukaneng ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! e leng e nngwe ya dithulusi tseo re di sebedisang ho qadisa ho ithuta Bibele le batho.

DITHULUSI TSEO RE DI SEBEDISANG HO THUSA BATHO HORE BA RATE NNETE YA BIBELE

11. Dimakasine tsa rona di entswe ka sepheo sefe, hona keng eo re lokelang ho e tseba ka tsona?

11 Dimakasine. Tora ya ho Lebela le Fadimehang! ke dimakasine tse printwang le tse fetolelwang ka bongata bo tshabehang lefatsheng. Ka ha dinaheng tse fapaneng batho ba bala dimakasine tsena tsa rona, dihlooho tsa tsona tse ka ntle di fetolelwa le ho etswa ka tsela e ipiletsang. Ka hona, re lokela ho di sebedisa jwalo ka dithulusi ho thusa batho hore ba tsepamise maikutlo dinthong tsa bohlokwa haholo bophelong. E le hore re di sebedise hantle, re lokela ho tseba hore na di etseditswe bo mang.

12. (a) Fadimehang! e etseditswe bo mang, hona sepheo sa yona ke sefe? (b) O ile wa atleha jwang ha o sebedisa thulusi ena morao tjee?

12 Fadimehang! e etseditswe batho ba nang le tsebo e fokolang kapa ba sa tsebeng Bibele hohang. E ka nna yaba ha ba tsebe letho ka dithuto tsa Bokreste kapa ha ba tshepe bodumedi. Kapa mohlomong ha ba elellwe hore Bibele e ka ba tswela molemo bophelong. Sepheo se ka sehloohong sa Fadimehang! ke ho kgodisa mmadi hore Modimo o teng. (Bar. 1:20; Baheb. 11:6) E boetse e thusa mmadi hore a dumele hore Bibele “kannete . . . [ke] lentswe la Modimo.”(1 Bathes. 2:13) Dikgatiso tse tharo tsa Fadimehang! ya 2018, di na le dihlooho tse reng: “O ka Fumana Thabo ya Sebele Jwang Bophelong?” “Dintlha Tse 12 Tse ka Thusang Malapa Hore a Atlehe.” le “Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?

13. (a) Tora ya ho Lebela ya batho bohle e etseditswe batho ba mofuta ofe? (b) O ile wa atleha jwang ha o sebedisa thulusi ena morao tjee?

13 Tora ya ho lebela ya batho bohle, e reretswe ho thusa batho ba seng ba ntse ba hlompha Modimo le Lentswe la hae hore ba be le kamano e ntle le yena. Ke nnete hore e ka nna yaba ba na le lesedinyana le itseng la Bibele, empa ha ba na kutlwisiso e nepahetseng ya seo e se rutang. (Bar. 10:2; 1 Tim. 2:3, 4) Dikgatiso tse tharo tsa Tora ya ho Lebela ya 2018, di na le dihlooho tse reng: “Na Ehlile Bibele e Tswile Fesheneng?,” “O Nahana Hore Bokamoso bo o Tshwaretseng?” le “Na Modimo o a o Kgathalla?”

DITHULUSI TSEO RE DI SEBEDISANG HO SUSUMETSA BATHO

14. (a) Sepheo sa divideo tse nne tseo re di sebedisang ha re le tshimong ke sefe? (b) O ile wa atleha jwang ha o bontsha batho divideo tsee?

14 Divideo. Mehleng ya Jesu, mmetli wa mapolanka o ne a sebedisa dithulusi tsa matsoho feela. Athe mehleng ena teng, babetli ba mapolanka ba se ba sebedisa dithulusi tsa motlakase tse kang, disakga, diboro, metjhini e fefang le e kokotellang dipekere le dintho tse ding. Ho phaella dingolweng tse printwang, re na le divideo tse nne tse monate tseo re ka di sebedisang tshimong, tse kang: Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele?, Ho Etsahalang Thutong ya Bibele?, Ho Etsahalang Holong ya Mmuso? le Dipaki Tsa Jehova—Re bo Mang? Re ka sebedisa divideo tsa metsotso e ka tlase ho e mmedi ha molemo leetong la pele. Athe tse telele tsona re ka di sebedisa maetong a ho boela kapa haeba re fumana motho a na le nako e ngata. Dithulusi tsena tse babatsehang, di ka susumetsa batho hore ba rate Bibele le hore ba tle dibokeng tsa rona.

15. Batho ba ikutlwa jwang ka mora ho shebella divideo tsa rona ka puo ya bona? Fana ka mohlala.

15 Mohlala o mong ke wa moradi wabo rona ya ileng a kopana le Mme e mong ya tswang Micronesia ya buang Seyapese, yaba moradiwabo rona a mo bontsha video ya Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? ka puo ya hae. Ha video e qala ho bapala, Mme eo o ile a re: “Jo! ha ke kgolwe tsebe tsa ka. Ena ke puo ya ka. Ke utlwa feela le ka tsela eo a buang ka yona hore le ha ho ka ba ha thwe, o tswa haeso. O bua puo ya ka.” Ka mora moo, o ile a re o tlo bala le ho shebella ntho e nngwe le e nngwe e ho jw.org ka puo ya hae. (Bapisa le Liketso 2:8, 11) Mohlala o mong hape ke wa moradi e mong wabo rona wa United States, ya ileng a romela motjhana wa hae molaetsa o mo romelang videong e tshwanang, ka puo ya hae. O ile a e shebella mme a re ho moradiwabo rona ka E-meile: “E nkgahlile haholo. Ke ratile karolo e reng Satane ke yena ya laolang lefatshe. Ke   ile ka ba ka tlatsa le foromo e moo websaeteng, ya ho ithuta Bibele.” Motjhana o dula naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho yona.

DITHULUSI TSEO RE DI SEBEDISANG HO RUTA BATHO NNETE YA BIBELE

16. Hlalosa hore na re ka sebedisa dibukana tsena tse latelang jwang: (a) Mamela Modimo Mme o Phele ka ho sa Feleng. (b) Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! (c) Ke bo Mang ba Etsang Thato ya Jehova Kajeno?

16 Dibukana. Ebe o ka ruta motho nnete jwang empa a sa tsebe ho bala kapa ho se na sengolwa ka puo ya hae? Pheko e teng, ke bukana ya Mamela Modimo Mme o Phele ka ho sa Feleng. * Athe thulusi e loketseng eo re ka qalang ho ithuta Bibele le batho ka yona, ke bukana ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! O ka bontsha motho eo o ntseng o bua le yena dihlooho tse 14 tse ka morao bukaneng, ebe o a mo botsa hore na ke sefeng ho tsona seo a utlwang a se rata haholo. Ebe jwale o so ntso o qadisa thuto hona sehloohong seo. Na o se o kile wa leka mokgwa oo leetong la ho boela? Bukana ya boraro eo re ka e sebedisang ke e reng, Ke bo Mang ba Etsang Thato ya Jehova Kajeno? Yona e etseditswe ho ruta batho bao re ithutang Bibele le bona ka mokgatlo wa Jehova. E le hore o bone hore na o ka e sebedisa jwang ha o ithuta Bibele le motho, sheba Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya March 2017.

17. (a) Morero wa dibuka tseo re ithutang Bibele le batho ka tsona ke ofe? (b) Keng se hlokahalang e le hore motho a kolobetswe, hona hobaneng?

17 Dibuka. Ka mora hore o qadise ho ithuta Bibele le motho le sebedisa bukana, neng kapa neng o ntse o ka nna wa mo fetisetsa bukeng ya Bibele e re Rutang? Thulusi ena e tla thusa motho hore a be le tsebo e pharalletseng ka dithuto tsa motheo tsa Bibele. Ka mora hore le qete ho bala buka mme jwale le motho a se a bontsha tswelopele, le ka fetela bukeng ya Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo. Jwale thulusi ena yona, e tla mo thusa hore a sebedise melaomotheo ya Bibele bophelong ba hae letsatsi le letsatsi. Hopola hore esita le ka mora hore motho a kolobetswe, o ntse a lokela hore a nne a ithute ho fihlela jwale a se a qetile dibuka tsena ka bobedi. Sena se tla mo thusa hore a mele ka metso nneteng ya Lentswe la Modimo.—Bala Bakolose 2:6, 7.

18. (a) Lengolo la 1 Timothea 4:16 le re kgothalletsa hore re etseng jwalo ka matitjhere a nnete ya Lentswe la Modimo, hona ditlamorao e tla ba dife? (b) Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re ntse re sebedisa Dintho Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Ruta Batho Bibele?

18 Ka ha re Dipaki Tsa Jehova, re fuwe tlotla e kgolo ya ho bolela “nnete ya ditaba . . . tse molemo” tse ka pholosang batho. (Bakol. 1:5; bala 1 Timothea 4:16.) Ka lebaka leo he, re fuwe dithulusi tseo re di hlokang hore re phethe mosebetsi ona. (Sheba lebokose le reng: “ Dintho Tseo re ka di Sebedisang Tshimong ha re Ruta Batho Bibele?”) E se e ka re ka sebedisa dithulusi tsena ka boqhetseke bohle. Mohweletsi e mong le e mong a ka ikgethela hore na o tla sebedisa thulusi efe hona neng, ha a kopana le motho ya thabelang molaetsa. Le ha ho le jwalo, sepheo sa rona ha se ho fana ka dingolwa. Kapa hona hore re di siele motho ya se nang taba le rona. Empa ho e na le hoo, sepheo sa rona se ka sehloohong ke ho etsa batho barutuwa, e leng ba tshepahalang, ba ikokobeditseng, ba lapetseng nnete le ba nang “le tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Lik. 13:48; Mat. 28:19, 20.

^ par. 5 Sheba sehlooho se reng “Mmetli wa Mapolanka” le lebokose le reng “Lebokose la Dithulusi la Mmetli wa Mapolanka” makasineng ya Tora ya ho Lebela ya August 1, 2010.

^ par. 16 Haeba motho a sa tsebe ho bala, o ka mo fa bukana ya Mamela Modimo mme a nne a tsamaisane le wena le sebedisa ditshwantsho.