Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Keng e ileng ya etsa hore morutuwa Setefane a dule a kgobile matshwafo nakong eo ka yona a neng a hloriswa?

SETEFANE o ne a tjametswe ke sehlopha sa banna ba kgopo. Ere ka ha banna bana ba 71 e ne e le ditho tsa lekgotla le phahameng Iseraele la Sanhedrine, ba ne ba le matla ka ho fetisisa setjhabeng. Ba ne ba kgobokantswe ke Moprista ya Phahameng Kaifase, e leng yena ya neng a etella nyewe ya Jesu pele dikgwedi tse mmalwa pejana ho moo ha a tla ahlolelwa lefu. (Mat. 26:57, 59; Lik. 6:8-12) Ha banna bana ba ntse ba tlisa dipaki tse buang leshano, ba ile ba elellwa ntho e nngwe e makatsang sefahlehong sa hae. “Se ne se le jwalo ka sefahleho sa lengeloi.”—Lik. 6:13-15.

Keng e ileng ya etsa hore morutuwa Setefane a dule a kgobile matshwafo le ha a le boemong bo neng bo tshosa hakale? Ha Setefane a tla hlaha ka pela lekgotla la Sanhedrine, o ne a ntse a sebetsa ka thata mosebetsing wa boboledi, a thuswa ke moya o halalelang. (Lik. 6:3-7) Nakong eo tumelo ya hae e neng e lekwa, moya ona o halalelang o ile wa mo matlafatsa ka ho mo tshedisa le ho mo hopotsa dintho tseo a neng a ithutile tsona. (Joh. 14:16) Ha Setefane a ntse a fana ka bopaki bo matla ka pela lekgotla jwalo ka ha ho boletswe ho Liketso kgaolo ya 7, moya o halalelang o ile wa mo hopotsa ditlaleho tsa Bibele tse ka bang 20 kapa ho feta, tse ka Mangolong a Seheberu. (Joh. 14:26) Ho ekelletsa moo, tumelo ya Setefane e ile ya boela ya matlafala ha a bona pono ya ha Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo.—Lik. 7:54-56, 59, 60.

Le rona ka le leng ho ka etsahala hore re tshoswe kapa re iphumane re hloriswa. (Joh. 15:20) Haeba re iphepa Lentswe la Modimo ka mehla re bile re sa hlokwe tshimong, re tla be re dumella moya o halalelang hore o sebetse ho rona. Re tla boela re fumane matla a hore re kgobe matshwafo ha re hanyetswa.—1 Pet. 4:12-14.