Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tshepa Jehova Mme o Phele.

Tshepa Jehova Mme o Phele.

“Tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle mme o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.”—LIPROV. 3:5.

DIPINA: 3, 8

1. Ke hobaneng ha kaofela re hloka matshediso?

KAOFELA ha rona re hloka ho tshediswa. Mohlomong dintho tse kang ho tshwenyeha, ho swetseha le ho utlwa bohloko, e se e bile e le karolo ya bophelo ba rona. E ka nna yaba re utlwiswa bohloko ke botsofadi, ho kula, ho hlokahallwa kapa mohlomong ho tshwarwa hampe. Ke nnete hore re kgodisehile hore ‘dinako tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ke bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Mme letsatsi le leng le le leng le dikelang, le re atametsa haufi le lefatshe le letjha. (2 Tim. 3:1) Empa e ka nna yaba re bona eka jwale re se re eme nako e telele pele re bona Jehova a phethahatsa ditshepiso tsa hae. Jwale ka nqena re bona mathata a rona a ntse a hlwa mekwalaba. Ebe jwale re ka fumana matshediso hokae?

2, 3. (a) Re tsebang ka Habakuke? (b) Ke hobaneng ha re tlo tshohla lengolo la Habakuke?

2 E le hore re fumane karabo, a re ke re hlahlobeng lengolo la Habakuke. Le hoja tjhe Mangolo a sa fane ka dintlha tse tobileng ka bophelo ba Habakuke le dintho tseo a di entseng, lengolo le reheletsweng ka yena ke mohlodi wa kgothatso. E ka nna yaba lebitso la hae le bolela “Matsoho a Mofuthu.” Sena se ka bolela tsela e mofuthu eo Jehova a re tshedisang ka yona, kapa tsela eo barapedi ba hae ba mo kgomarelang ka yona. Habakuke o ile a bua le Modimo, a mo botsa dipotso tse fatang maikutlo. Ha e le hantle re ka re Habakuke o botsitse dipotso tseo molemong wa rona. Hobane ke mona Jehova ka moya o halalelang, o entse hore a ngole puisano ena ya bona.—Hab. 2:2.

3 Ntho feela eo Mangolo a buang ka yona ka moprofeta enwa ya neng a tsielehile, ke puisano eo a bileng le yona le Jehova. Lengolo lena la Habakuke, ke karolo ya “dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa ka [Bibeleng] nakong e fetileng, . . . e le hore ka mamello ya rona le ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo.” (Bar. 15:4) Ebe lengolo lena la Habakuke le ka re thusa jwang? Le ka re thusa hore re bone hore na ha e le hantle ho bolelang ho tshepa Jehova. Ho phaella ho seo, boprofeta bona ba Habakuke bo a re kgodisa hore ho a kgoneha hore motho a kgobe matshwafo ho sa tsotellehe mahlomola le mathata a hae. Re ntse re nahanne ka dintlha tseo, a re ke re tshohleng lengolo la Habakuke ka botlalo.

IPILETSE HO JEHOVA

4. Ke hobaneng ha Habakuke a ne a kgathatsehile?

4 Bala Habakuke 1:2, 3Habakuke o phetse mehleng e thata le e nang le diphephetso tse ngata. O ile a sithabela haholo hobane o ne a potolohilwe ke batho ba ratang ntwa le ba kgopo. Habakuke o ne a ipotsa: ‘Ebe bokgopo bona ba batho bana bo tla fela neng? Ke hobaneng ha Jehova a dieha hakaale hore a nke kgatho?’ O ile a ipotsa tjena hobane hohle moo a neng a re o qamaka teng, o ne a bona batho ba etsang dintho tse mpe, ba hatellang le ba leeme. Esita le bona Baiseraele ba habo, ba ne ba kenelletse dinthong tsena. O ile a utlwa a se na thuso. Ke ka lebaka leo a ileng a ipiletsa ho Jehova. E ka nna yaba o ne a se a nahana hore e se ke ya tloha yaba jwale Jehova ha a sa na taba le yena. O ne a bona eka Jehova o dieha ho nka kgato. Na le wena o kile wa ikutlwa jwalo ka mohlanka eo wa Modimo?

5. Re ithuta thuto efe ya bohlokwa lengolong la Habakuke? (Sheba setshwantsho se qalong.)

5 Na sena se bolela hore Habakuke o ne a se a lahlile tshepo ho Jehova? Na o ne a se a sa tshepe le ho tshepa hore Jehova e tla ba motho wa mantswe a hae? Le hanyenyane feela. Taba ya hore ebe o ile a bolella Jehova feela maikutlo a hae, e bontsha ka ho hlaka hore o ne a sa lahlela thaole. Ke nnete hore o ne a tsielehile hobane o ne a sa utlwisise tsela eo Jehova a balang nako ka yona le lebaka la hae la ho dumella maemo a bohloko tjena hore a mo hlahele. Ha Jehova a fa Habakuke moya o halalelang hore a ngole maikutlo a hae fatshe, o ne a re ruta thuto ya bohlokwa: Ya hore le ka mohla, ha re a lokela ho tshaba ho mo bolella mathata le dintho tse re hlophang. Ha e le hantle o re re mo phetlele sefuba. (Pes. 50:15; 62:8) Liproverbia 3:5 e re kgothalletsa hore re tshepe Jehova ka dipelo tsa rona tsohle mme re se ke ra itshetleha ka kutlwisiso ya rona. E ka nna yaba Habakuke le yena o ne a tseba mantswe ana mme a a tebisetsa pelong.

6. Ke hobaneng ha thapelo e le ya bohlokwa?

6 Habakuke o ile a etsa boiteko ba ho atamela haufi le Jehova, e leng Motswalle le Ntate eo a ka mo tshepang. Ha a a ka a itshetleha ka kutlwisiso ya hae kapa a dumella hore maemo a hae a mo ferekanye. Ho e na le hoo, o ile a rapela, a ntsha maikutlo a hae le se mo tshwenyang mme ka ho etsa jwalo, a re behela mohlala oo re ka o latelang. Ho feta moo, Modimo wa rona ya utlwang dithapelo e leng Jehova, o re re mo tshepe mme re mo tshollele se ka dipelong tsa rona. (Pes. 65:2) Seo se tla re thusa hore le rona re inwese ka nkgo mme re bone ha Jehova a arabela thapelo tsa rona, ka ho re fa tataiso e mosa le e mofuthu. (Pes. 73:23, 24) O tla be a re thuse le hore re tsebe hore na o ikutlwa jwang ka rona ha re hlahelwa ke mathata. Ho rapela Jehova ka pelo yohle, ke e nngwe ya ditsela tseo re mo bontshang ka tsona hore re a mo tshepa.

MAMELA JEHOVA

7. Jehova o ile a etsang ha Habakuke a mo bolella mathata a hae?

7 Bala Habakuke 1:5-7. Ka mora hore Habakuke a siye tsohle matsohong a Jehova, e ka nna yaba o ile a sala a ipotsa hore na ebe Jehova o tla etsang. Ka ha Jehova ke Ntate ya mohau le ya utlwisisang, ha a a ka a kgalemela Habakuke ha a ne a ipelaetsa jwalo. O ne a tseba hore ehlile Habakuke o ne a lokela ho ikutlwa jwalo ka lebaka la maemo a hae. Le ha ho le jwalo, o ile a mo bolella hore na o tla etsang ka Bajuda bana ba neng ba tswile tseleng. Eka nna yaba sena se ile sa etsa hore Habakuke e be motho wa pele ka nako eo, wa ho tseba hore na Jehova o rerile ho tla etsang ka batho ba kgopo ba mehleng ya hae.

8. Ke hobaneng ha tsela eo Jehova a ileng a sebetsa ditaba ka yona e ile ya makatsa Habakuke?

8 Jehova o ile a bontsha Habakuke hore o ne a ikemisedise ho nka bohato. Seo a ileng a mo bolella sona, se ne se bolela hore Bajuda ba tlo kotula seo ba se jetseng. Ho ne ho nkga phafa feela bakeng sa Bajuda bana ba neng ba le kgopo. Bakalde kapa Bababylona, ba ne ba le hlaha ba bile ba le kgopo le ho feta bona batho bana ba habo Habakuke ba neng ba tseba seo Jehova a se batlang le seo a se hloileng. Ha Jehova a re “matsatsing a lona,” o ne a bontsha Habakuke hore o tlo ahlola batho ba kgopo hona mehleng eo ya hae kapa mehleng ya Baiseraele ba phetseng ka nako e le nngwe le yena. Empa Habakuke o ne a sa lebella hore Jehova a sebetse ditaba jwalo. Na ena e ne e le karabo ya dithapelo tsohle tsa hae? Jwale ke hobaneng ha Jehova a ne a ka sebedisa bahetene ba kgopo jwalo hore ba tlisetse setjhaba sa hae tlokotsi feela? Wena o ka be o ile wa etsang ha o ne o le Habakuke?

9. E ka nna yaba Habakuke o ile a ipotsa dipotso dife?

9 Bala Habakuke 1:12-14, 17. Habakuke o ne a utlwisisa hore Jehova o tla sebedisa Bababylona ho ahlola le ho otla batho ba neng ba le diketso di mpe. Empa o ne a ntse a ferekane. Le ha ho le jwalo, o ile a ikokobetsa mme a re ho Jehova, o tla dula o le “Lefika” la ka. (Deut. 32:4; Esa. 26:4) Ho hlakile hore Habakuke o ne a ikemiseditse ho letela Jehova, a tshepile hore o tla sebetsa ditaba ka mosa le ka lerato. Ke ka hona a ileng a nna a ipiletsa ho Jehova hape. Ka mohlala, o ile a re: ‘Ke hobaneng ha Modimo a dumelletse hore dintho di nne di mpefale le ho feta mona Juda. Ke hobaneng ha a sa nke kgato hanghang? Ke hobaneng ha ya Matla ohle a dumelletse hore ho nne ho be le masisapelo a makanakana? Ke hobaneng ha a ka itholela feela ha batho ba babe ba ntse ba eketseha tjee?’ Ho feta moo, ke mohalaledi, mahlo a hae a hlwekile haholo hore a ka talima se sebe.

10. Ke maemong afe ao ho ona re ka nnang ra ikutlwa jwalo ka Habakuke?

10 Ka dinako tse ding, le rona re ka nna ra ikutlwa jwalo ka Habakuke. Ke nnete hore re mamela Jehova. Re a mo tshepa, re bala Bibele ebile re ithuta yona mme sena se re fa tshepo. Tataiso eo a fanang ka yona ka mokgatlo wa hae, e re thusa ho tseba dintho tseo a re tshepisitseng tsona. Empa ho ntse ho le jwalo, re ka nna ra ipotsa, ‘Ebe mathata a rona a tla ke a fele neng?’ Re ka ithutang ho seo Habakuke a ileng a se etsa ha morao?

LETELA JEHOVA

11. Habakuke o ne a ikemiseditse ho etsang ka mora hore a mamele Jehova?

11 Bala Habakuke 2:1. Puisano eo Habakuke a bileng le yona le Jehova, e ile ya mo thoba pelo. Ka lebaka leo, o ile a ikemisetsa ho letela Jehova, a kgodisehile hore o tla nka bohato. Empa hona e ne e se ho nkeha maikutlo feela tjee, hobane ha morao o ile a hatisa boikemisetso ba hae ka hore, “ke lokela ho letela ka kgutso letsatsi la mahlomola.” (Hab. 3:16) Bahlanka ba bang ba Modimo ba tshepahalang le bona ba ile ba bontsha mamello e jwalo mme ba mo tshepa. Sena se a re kgothatsa hore le rona, re se ke ra tela ho letela Jehova hore a nke bohato.—Mik. 7:7; Jak. 5:7, 8.

12. Ke dintho dife tseo re ka ithutang tsona mohlaleng wa Habakuke?

12 Boikemisetso ba Habakuke bo re rutang? Ntlha ya pele, bo re ruta hore le ka mohla, ha re a lokela ho kgaotsa ho rapela Jehova ho sa tsotellehe hore na re welwa ke mathata afe. Ntlha ya bobedi, re lokela ho mamela seo Jehova a re bolellang sona a sebedisa Lentswe la hae le mokgatlo wa hae. Ntlha ya boraro, re lokela ho letela Jehova ka mamello, re tshepile hore ka nako ya hae, o tla re imolla maimeng. Haeba le rona jwalo ka Habakuke re rapela Jehova ka tiyo, re mo mamela re bile re mo letela, seo se tla re thoba dipelo se be se re thuse hore re mamelle. Tshepo eo re nang le yona e tla re thusa hore re mamelle mme re thabe ho sa tsotellehe matshwenyeho ao re leng ho ona. Tshepo ena, e tla re kgodisa hore Ntate wa rona ya lehodimong o tla nka kgato.—Bar. 12:12.

13. Habakuke 2:3 e re fa kgodiseho efe?

13 Bala Habakuke 2:3. Ntle ho pelaelo ya letho Jehova o ile a thabela Habakuke ka qeto eo a ileng a e etsa ya ho mo letela. Ho hlakile hore ya Matla ohle, o ne a etse hloko maemo a Habakuke a hlobaetsang. Ka hoo, Modimo o ile a kgodisa moprofeta Habakuke hore o tla tloha a araba dipotso tsane tseo esale a batla dikarabo tsa tsona. Tharollo ya dipelaelo tsa hae e ne e le monyako. Ha e le hantle ho ne ho tshwana le ha Modimo a ne a re ho Habakuke: “Wena eba le mamello feela, o ntshepe. Ke tla araba thapelo ya hao, esita le ha ho ka bonahala eka e nka nako e telele.” Jehova o ile a ba a mo hopotsa hore ho na le nako eo a e behileng ho phethahatsa ditshepiso tsa hae. Ka hona, a mo kgothalletsa hore a lete ho fihlela ditshepiso tsa hae di phethahala. Qetellong, moprofeta enwa wa batho o ne a ke ke a ikwahlaela hore ebe o ile a leta.

Ke hobaneng ha re ikemiseditse ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho sebeletsa Jehova? (Sheba serapa sa 14)

14. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang dinakong tsa mathata?

14 Ho letela Jehova ka mamello le ho mamela ka hloko sohle seo a re bolellang sona, ho tla re thoba dipelo ho sa tsotellehe mathata ao re leng ho ona. Etswe le Jesu o ile a re kgothalletsa hore re se ke ra tsepamisa maikutlo ho “dinako kapa mehla” eo Modimo a sa re bolellang yona. Ho e na le hoo, a re mo tshepeng mme re kgobe matshwafo ka ha o tseba nako ho feta mang kapa mang. (Lik. 1:7) Ka hona, e se e ka le ka mohla re ke ke ra tela ho emela Jehova ka boikokobetso mme re be le tumelo ho yena. Ha re ntse re mo letetse, a re sebediseng nako ya rona ka bohlale ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang hore re mo sebeletse.—Mar. 13:35-37; Bagal. 6:9.

HO TSHEPA JEHOVA HO TLISA BOPHELO LE BOKAMOSO BO KGANYANG

15, 16. (a) Ke ditshepiso dife tsa bohlokwa tseo re ka di fumanang lengolong la Habakuke? (b) Hona ditshepiso tseo di re ruta eng?

15 Jehova o fana ka tshepiso ena: “Ha e le ya lokileng, o tla nne a phele ka botshepehi ba hae” mme “lefatshe le tla tlala ho tseba kganya ya Jehova.” (Hab. 2:4, 14) Sena se bolela hore Jehova o tla fa batho bohle ba mo tshepileng le ba mamelletseng bophelo bo sa feleng.

16 Empa qalong, ho ka nna ha bonahala eka tshepiso e boletsweng ho Habakuke 2:4 ke tshomo feela tjee. Le ha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a hatisa nnete le bohlokwa ba temana ena ka hore a e qotse ka makgetlo a mararo. (Bar. 1:17; Bagal. 3:11; Baheb. 10:38) Ka hoo, re ka kgodiseha hore haeba re dula re tshepahalla Modimo re bile re na le tumelo ho yena ho sa tsotellehe mathata a rona, re tla bona ha a phethahatsa ditshepiso tsa hae. Jehova o batla hore re tsepamise mahlo a rona moputsong.

17. Lengolo la Habakuke le re fa kgodiseho efe?

17 Rona ba phelang dinakong tsena tsa ho qetela, lengolo la Habakuke le re ruta thuto ya bohlokwa. Re ithuta hore Jehova o tshepisa bohle ba bontshang tumelo ho yena le ba mo tshepileng bophelo bo sa feleng. Ka lebaka leo he, a re ikemisetseng le ho feta ho matlafatsa tumelo ya rona le ho tshepa Modimo ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ona. Re se re ithutile lengolong la Habakuke, hore Jehova o re tshepisa ho re tshehetsa le ho re lopolla. Ntho eo re lokelang ho e etsa feela ke ho mo tshepa le ho mo letela ka mamello. Etswe o se a ntse a behile dintho ka manane hore Mmuso wa hae o buse lefatshe. Jwale ka nako eo, lefatshe lohle le tla tlala ka batho ba thabileng, ba nang le kgotso le ba rapelang yena feela.—Mat. 5:5; Baheb. 10:36-39.

TSHEPA JEHOVA MME O THABE

18. Mantswe a Jehova a ile a ama Habakuke jwang?

18 Bala Habakuke 3:16-19. Mantswe a Jehova a ile a ama Habakuke ka tsela e ikgethang. O ile a nahanisisa ka dintho tse hlollang tseo Jehova a ileng a di etsetsa bahlanka ba hae nakong e fetileng. Jwale sena sa mo thusa hore a mo tshepe le ho feta. O ne a bile a kgodisehile le hore Jehova o tla tloha a nka bohato. Ka lebaka leo, a tshediseha, le hoja a ne a ntse a tseba hore mathata a hae a tla nne a tswele pele ka nakwana. Le hoja ho bonahala eka qalong Habakuke o ne a na le dipelaelonyana, empa ho a thabisa hore ebe qetellong o ile a tshepa Jehova. Ha e le hantle seo a se buileng temaneng ya 18, se bontsha hore o ne a hlile a tshepa Jehova. Ebile le ditsebi tse ding di nahana hore e ka nna yaba mantswe ana a hae a ne a re: “Thabo ya ka e tla kgapatseha ka pela Morena, Ke tla tlolatlola ka pela Modimo.” Ka sebele mantswe ana a re kgothatsa haholo. Na ha ho jwalo? Modimo ha a re bolelle feela ka ditshepiso tsa hae, empa o re fa le kgodiseho ya hore hona jwale, o ntse a lokisa dintho e le hore a phethahatse ditshepiso tseo.

19. Re ka fumana matshediso a tshwanang le ao Habakuke a ileng a a fumana jwang?

19 Ha ho potang hore molaetsa wa bohlokwa oo re ithutileng ona ho Habakuke, ke ho tshepa Jehova. (Hab. 2:4) E le hore re nne re tshepe Jehova, re lokela ho matlafatsa kamano ya rona le yena. Ka hoo, re lokela (1) Ho rapela ka tiyo mme re mo bolelle mathata ohle a rona le dintho tse re tshwenyang. (2) Re lokela ho bala le ho ithuta Bibele mme re latele tataiso eo re e fuwang ke mokgatlo wa Jehova. (3) Re lokela ho mo tshepahalla re be re mo letele ka mamello. Ke sona seo Habakuke a ileng a se etsa. Le hoja tjhe a ne a nyahame ha a qala ho bua le Jehova, empa qetellong o ne a se a kgothetse a bile a thabile. E se eka le rona re ka etsisa Habakuke mme ra tshediswa ke letsoho le mofuthu la Ntate wa rona ya lehodimong e leng Jehova. Na ho na le matshediso a fetang ao re ka a fumanang ho Jehova lefatsheng lena le lefifing?