Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Tla Tsamaya Nneteng ya Hao”

“Ke Tla Tsamaya Nneteng ya Hao”

“Jehova, nthupele ka tsela ya hao ke tla tsamaya nneteng ya hao.”—PES. 86:11.

DIPINA: 31, 72

1-3. (a) Re lokela ho ikutlwa jwang ka nnete ya Bibele? Hlalosa. (Sheba setshwantsho se qalong) (b) Re tlo tshohla dipotso dife sehloohong sena?

HO TLWAELEHILE hore batho ba kgutlise dintho tseo ba di rekileng shopong. Diphuphutso di bontsha hore dinaheng tse ding, batho ba rekang dintho inthaneteng ba di kgutlisa ka bongata. Mohlomong mabaka a bareki ke hore ba fumane ntho ena eo ba e rekileng ehlile e sa ba kgotsofatse tjena, e se ntho eo ba neng ba e lebelletse kapa hona hore ba utlwa ba sa e rate. Ka lebaka leo, ba ka e kgutlisa kapa ba ikopela hore ba kgutlisetswe tjhelete ya bona.

2 Le hoja re ka batla ho kgutlisetswa tjhelete ya ntho e sa re kgotsofatseng eo re e rekileng, le ka mohla ha re batle ho kgutlisa kapa ho “rekisa” “tsebo e nepahetseng” ya nnete ya Bibele eo re e ‘rekileng.’ (Bala Liproverbia 23:23; 1 Tim. 2:4) Jwalo ka ha re se re ithutile sehloohong se fetileng, re ile ra fumana nnete ka ho sebedisa nako e ngata ho ithuta yona. Ho ekelletsa ho seo, e ka nna yaba re ile ra lokela ho tela dintho tse kang mosebetsi o patalang hantle, dikamano tsa rona le ba bang, mekgwa le ditlwaelo tseo Modimo a di hloileng kapa esita le ho kgaotsa ho itshwara le ho nahana ka tsela eo Modimo a sa e batleng. Le ha ho le jwalo, ditlhohonolofatso tseo re di fumaneng, di feta hole dintho tseo re ileng ra lokela ho di tela hore re reke nnete.

3 Ha ho tluuwa tabeng ya nnete ya Bibele, maikutlo a rona a tshwana le a monna ya papisong ya Jesu. Ha Jesu a bontsha bohlokwa ba ho batla nnete ya Mmuso wa Modimo, o ile a bua ka morekisi ya tsamayang, ya batlang perela e ntle mme a e fumana. Ha e le hantle, perela ena e ne e le ya boleng bo phahameng hoo monna enwa a sa kang a senya nako mme a rekisa dintho tsohle e le hore a tle a e reke. (Mat. 13:45, 46) Ka tsela e tshwanang, nnete eo re e fumaneng, e leng nnete ya Mmuso wa Modimo, haesitana le eo re ithutang yona Bibeleng, e na le boleng bo phahameng hoo re ka bang ra tela ntho le ha e le efe hore feela re dule re na le yona. Ka hona, ha feela re utlwisisa boleng le bohlokwa ba nnete ena, “le ka mohla” re ke ke ra e “rekisa.” Ntho e utlwisang bohloko ke hore bahlanka ba bang ba Modimo ba ile ba lahlehelwa ke pono ya boleng ba nnete ena mme ka bomadimabe ba e rekisa. E se eka hle, seo se ke ke sa re etsahalla le rona. E le hore re bontshe hore re fela re nka nnete e le letlotlo leo le ka mohla re sa batleng ho iphumana re se re le rekisitse, re lokela ho mamela keletso ya Bibele mme re dule re “tsamaya nneteng.” (Bala 3 Johanne 2-4.) Ho tsamaya nneteng ho bolela ho phelela nnete, ho e nka e le ya bohlokwa ho feta eng kapa eng bophelong le ho phela tumellanong le yona. Jwale, a re ke re tshohleng dipotso tsena tse latelang: Ke hobaneng ha ba bang ba “rekisa” nnete? Ba entse seo jwang ba sa elellwe le ho elellwa? Re ka qoba ho etsa phoso e jwalo jwang? Hona re ka ikemisetsa ho dula re “tsamaya nneteng” jwang?

KE HOBANENG HA BA BANG BA “REKISA” NNETE, HONA BA KA ETSA SEO JWANG BA SA ELELLWE LE HO ELELLWA?

4. Ke hobaneng ha ba bang mehleng ya Jesu ba ile ba “rekisa” nnete?

4 Ba bang ba ileng ba ithuta nnete mehleng ya Jesu, ha ba a ka ba tshwarella ho yona. Ka mohlala, ka mora hore Jesu a fepe letshwele la batho ka mohlolo, le ile la mo latela ho ya ka lehlakoreng le leng la Lewatle la Galilea. Yaba Jesu o ba bolella ntho e nngwe e ileng ya ba nyarosa: “Ntle le hore le je nama ya Mora motho le ho nwa madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona.” Ho e na le hore ba re Jesu a itlhakise hantle, ba ile ba kgopeha mme ba re: “Puo ena e a tshosa; ke mang ya ka e mamelang?” Ka lebaka leo, “ba bangata ho barutuwa ba hae ba tloha ho ya dinthong tse ka morao mme ba ne ba se ba sa tsamaye le yena.”—Joh. 6:53-66.

5, 6. (a) Ke hobaneng ha ba bang morao tjee ba sa tshwarelle nneteng? (b) Motho a ka tlohella nnete jwang hanyane ka hanyane a sa lemohe?

5 Ka maswabi, ba bang ha ba tshwarelle nneteng. Ba bang ba ile ba kgopiswa ke ha ho lokiswa tsela eo re neng re utlwisisa temana e itseng ya Bibele ka yona. Kapa ha morabo rona ya nang le boikarabelo bo phahameng ebile a tsebahala a bua ntho e ba kgopisang kapa a ba hata khonse. Athe ba bang bona, ba kwatiswa ke ho se utlwane le Bakrestemmoho le ha ba fuwa keletso ya Mangolo. Ba bang ba se ba tshehetsa bakwenehi le ba buang hampe ka seo re se dumelang. Ka lebaka la seo, mohato ka mohato ba bang ba ile ba “suthela hole” le Jehova le phutheho ya hae. (Baheb. 3:12-14) Ho ne ho tla ba molemo hakaakang haeba le bona ba ne ba ile ba dula nneteng feela jwalo ka ha Petrose a ile a etsa. Ha Jesu a botsa baapostola hore na ke hobaneng ha bona ba ne ba sa batle ho tsamaya, hanghang Petrose o ile a araba a re: “Morena, re tla tloha re ye ho mang? Ke wena ya nang le dipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:67-69.

6 Batho ba bang ba tlohetse nnete butle butle ba sa elellwe le ho elellwa. Batho ba tlohelang nnete ka tsela eo, ba tshwana le seketswana seo butle butle se suthelang hole le lebopo la noka. Bibele e hlalosa taba ena e le ho “hoholeha.” (Baheb. 2:1) Ho fapana le motho eo ka maikemisetso a suthelang hole le nnete, motho ya hoholehang ha a etse hoo ka boomo. Le ha ho le jwalo, motho ya hoholehang, o kotsing ya ho lahlehelwa ke kamano e ntle eo a nang le yona la Jehova. Ebe re ka qoba tlokotsi eo jwang?

RE KA QOBA HO REKISA NNETE JWANG?

7. Ke mohato ofe wa pele oo re lokelang ho o nka e le hore re qobe ho rekisa nnete?

7 Ele hore re tsamaye nneteng, re tshwanela ho amohela le ho mamela sohle seo Jehova a se buang. Re lokela ho nka nnete e le ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona mme re phele ka melaomotheo ya Bibele. Ha Morena Davida a rapela, o ile a re ho Jehova: “Ke tla tsamaya nneteng ya hao.” (Pes. 86:11) Davida o ne a ikemiseditse. Le rona ka ho tshwanang re lokela ho ikemisetsa ho tsamaya nneteng ya Modimo. Hobane haeba re sa etse jwalo, re tla ba le dipelaelo ka dintho tseo re ileng ra di tela hore re reke nnete, ebe jwale qetellong re kgutlela ho tsona. Ho e na le hoo, a re tshwarelleng ka tiyo nneteng. Re a utlwisisa hore re ke ke ra kgona ho ikgethela hore na ke nnete efe eo re tla e amohela kapa eo re tla e hana. Ntho feela eo re lokelang ho e etsa, ke hore re tsamaye “nneteng yohle.” (Joh. 16:13) A re ke re ikgopotseng dintho tse hlano tseo re ileng ra lokela ho patala ka tsona e le hore re reke nnete. Ha re hopola dintho tsena, re tla ikemisetsa le ho feta hore re se ke ra dumella eng kapa eng ho re qhekanyetsa hore re kgutlele morao.—Mat. 6:19.

8. Tsela eo Mokreste a sebedisang nako ya hae ka yona e ka etsa hore a suthele hole le nnete jwang? Fana ka mohlala.

8 Nako. E le hore re se ke ra tloha ra iphumana re se re suthetse hole le nnete, re lokela ho ba bohlale ha re sebedisa nako ya rona. Haeba re sa hlokomele, re ka qetella jwale re senya nako e ngata boikgathollong le boithabisong, inthaneteng kapa re shebelletse TV. Le hoja tjhe ho etsa dintho tsena ho se phoso, empa di ka re jella nako eo re neng re e sebedisetsa ho ithuta re le bang kapa re etsa dintho tse ding tse neng di matlafatsa kamano ya rona le Jehova. A re ke re hlahlobeng mohlala wa moradiwabo rona e mong ya bitswang Emma. * Haesale a rata ho palama dipere ho tloha ha a le monyane. E ne ere ha a na le monyetla fela, a be a ipalamela dipere. Empa ka mora nakonyana, o ile a utlwa a se a sa phuthuloha ha a sheba nako e ngata eo a e senyang a le boithabisong. Ka hoo, o ile a etsa diphetoho mme a atleha. O ile a ba a kgothatswa ke mohlala wa moradiwabo rona e mong ya bitswang Cory Wells eo le yena, a neng a rata ho palama dipere. * Hona jwale Emma o thabile, hobane o qeta nako e ngata a matlafatsa kamano ya hae le Jehova, a na le lelapa labo la Bokreste le metswalle. O utlwa a le haufi haholo le Jehova ebile a na le kgotso hobane a tseba hore o sebedisa nako ya hae hantle.

9. Ho batlana le maruo ho ka etsa hore ba bang ba rekise nnete jwang?

9 Menyetla ya ho rua. Haeba re batla hore re nne re tsamaye nneteng, ha re a lokela ho etsa hore maruo a tle pele bophelong ba rona. Ha re ne re qala ho ithuta nnete, re ile ra hlokomela hore ho ba le kamano e ntle le Jehova ho molemo ho feta ho ba le maruo. Ka lebaka leo, re ile ra thabela ho etsa diphetoho mme ra reka nnete ka menyetla le ha e le efe ya ho rua. Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse e ya, re ka nna ra bona batho ba ba le difouno, dithabolete le dikhompiyutha tsa moraorao kapa ba rua. Yaba re se re ba kgalla mme re bona eka jwale re a fetwa. Haeba re sa hlokomele, re ka qetella re se re sa kgotsofalla seo re nang le sona ebe jwale ha re sa na taba le Jehova. Boikutlo bo jwalo bo re hopotsa boo monna e mong ya bitswang Demase a neng a na le bona. O ile a rata le ho kgalla dintho tsa ka nako eo tsa sejwalejwale, hoo a ileng a ba a kgaotsa ho sebetsa le moapostola Pauluse. (2 Tim. 4:10) Empa ke hobaneng ha Demase a ile a tlohela Pauluse jwalo feela? Ebang o ne a rata maruo kapa a itjhebile boyena feela, Bibele ha e re bolelle. Re lokela ho tiisa hore le ka mohla ha re tsosolose takatso ya ho batla ho rua, yaba jwale re kgaotsa ho rata nnete.

10. Haeba re batla ho dula re tsamaya nneteng, ke kgatello efe eo re lokelang ho e hlola?

10 Dikamano tsa rona le ba bang. Haeba re batla ho dula re tsamaya nneteng, ha re a lokela ho inehela kgatellong ya ba bang. Ha re qala ho tsamaya nneteng, dikamano tsa rona le batho bao e seng Dipaki Tsa Jehova le beng ka rona di ile tsa fetoha. Ke nnete hore tjhe ba bang ba ne ba se na bothata le rona. Empa ba bang bona ba ile ba hla ba re hanyetsa di tloha feela. (1 Pet. 4:4) Le hoja re leka ka hohle ho tshwara beng ka rona ka mosa le ho boloka dikamano tsa rona le bona di le ntle, re lokela ho ikelahloko hore re se ke ra tloha ra rekisa nnete moo re reng feela re batla ho ba thabisa. Tjhe le ha ho le jwalo ha se ho bolela hore re ba lahlile. Empa le teng, re lokela ho ba le metswalle feela le batho ba ratang Jehova jwalo ka ha re lemoswa ho 1 Bakorinthe 15:33.

11. Re ka qoba ditlwaelo tseo Modimo a di hloileng jwang?

11 Boitshwaro le tsela ya ho nahana eo Modimo a e hloileng. Batho bohle ba tsamayang nneteng ba lokela ho halalela. (Esa. 35:8; bala 1 Petrose 1:14-16.) Kaofela ha rona ha re ithuta nnete, re ile ra lokela ho etsa diphetoho tse itseng e le hore re phele ka ditekanyetso tsa Bibele. Ba bang bona ba ile ba lokela ho etsa diphetoho tse kgolo bophelong ba bona. Ho sa tsotellehe hore na re ile ra telang, le ka mohla ha re no rekisa bophelo ba rona bo hlwekileng ka bophelo ba boitshwaro bo bobe. Empa re ka qoba ho inehela boitshwarong bo bobe jwang? Re ka etsa seo ka ho nahanisisa ka tefo eo Jehova a e patetseng e le hore re halalele, e leng madi a Mora wa hae Jesu Kreste. (1 Pet. 1:18, 19) Ka hona, re lokela ho nahanisisa ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu, e le hore re dule re hlwekile ka pela Jehova.

12, 13. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho ba le pono ya Jehova ka matsatsi a phomolo? (b) Re tlo tshohlang dirapeng tse latelang?

12 Meetlo le ditlwaelo tse kgahlanong le Bibele. Basebetsimmoho, baithutimmoho kapa beng ka rona, ba ka leka ho re hokahoka hore re ba joene ha ba keteka matsatsi a itseng a phomolo. Jwale, re ka hlola kgatello ya ho inehela meetlong le ditlwaelong tseo Jehova a di hloileng jwang? Ka ho ba le pono e tshwanang le ya hae ka dintho tsena. Ntho e nngwe e ka re thusang, ke ho hlahlobisisa dingolwa tsa rona mme re bone dihlooho tse buang ka hore na matsatsi a phomolo a qadile hokae. Ha re ikgopotsa hore na ke hobaneng ha Bibele e re re se ke ra keteka matsatsi ana, re tla kgodiseha le ho feta hore re tsamaya nneteng le hore re etsa “se amohelehang ho Morena.” (Baef. 5:10) Ha re tshepa Jehova le Lentswe la hae la nnete, seo se tla re sireletsa hore re se ke ra “thothometswa ke batho.”—Liprov. 29:25.

13 Ho tsamaya nneteng ke motjha o tjhele mme re tla dula nneteng ho ya ho ile. Jwale re ka ikemisetsa ho tsamaya nneteng jwang? A re boneng ditsela tse tharo.

IKEMISETSE HO TSAMAYA NNETENG

14. (a) Ho dula re reka nnete ho tla re thusa jwang hore re ikemisetse hore le ka mohla re se ke ra e rekisa? (b) Ke hobaneng ha bohlale, tayo le kutlwisiso e le tsa bohlokwa?

14 Tsela ya pele, dula o ithuta nnete e ka Lentsweng la Modimo mme o nahanisise ka yona. Reka nnete ka ho behella nako ka thoko e le hore o ithute Lentswe la Modimo. Ka tsela eo, o tla ananela nnete mme o ikemisetse le ho feta hore le ka mohla o se ke wa e rekisa. Ho phaella tabeng ya ho reka nnete, Liproverbia 23:23 e re re lokela hape re reke le “bohlale le tayo le kutlwisiso.” Ho ba le tsebo feela ha ho a lekana. Re lokela ho e sebedisa bophelong ba rona. Ho ba le kutlwisiso, ho re thusa hore re lemohe hore dintho tsohle tseo Jehova a di buang di a dumellana. Athe ho ba le bohlale, ho re thusa hore re etse seo re ithutileng sona. Ka dinako tse ding, nnete e a re laya mme e re bontsha moo re lokelang ho etsa diphetoho teng bophelong ba rona. E se eka re ka ikokobelletsa tataiso e jwalo. Boleng ba yona bo feta hole silevera.—Liprov. 8:10.

15. Lebanta la nnete le re sireletsa jwang?

15 Tsela ya bobedi, ikemisetse ho phela ka nnete letsatsi le letsatsi. Itlame letheka ka lebanta la nnete. (Baef. 6:14) Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, lebanta la lesole le ne le le tshehetsa le bile le le sireletsa letheka le ditho tse ding tse ka hare. Le ha ho le jwalo, e le hore lebanta leo le sireletse lesole, le ne le lokela ho faswa ka thata. Lebanta le kgwehlang le ka ba kotsi. Jwale ke jwang mabanta a rona a tshwantshetso a nnete a ka re sireletsang? Haeba re tiisa nnete ka thata jwalo ka lebanta la sebele, e tla re thusa hore re hane dithuto tsa bohata mme re etse diqeto tse hlaphohetsweng. Haeba re lekeha ho etsa ntho e itseng kapa re tobana le teko, nnete ya Bibele e tla re thusa hore re etse se lokileng. Jwalo ka ha lesole le ne le ke ke la lora le se le le moleng wa ntwa le sa tlama lebanta, ka tsela e tshwanang, le rona re lokela ho ikemisetsa hore le ka mohla re se ke ra tlamolla mabanta a rona a nnete. Ho e na le hoo, re a boloka a tiile ka thata mmeleng wa rona ka hore re phelele nnete. Mosebetsi o mong wa lebanta la lesole, e ne e le ho hokela sabole. Sena se re tlisa tseleng ya boraro eo re ka dulang re tsamaya nneteng ka yona.

16. Ho bolella ba bang nnete, ho tla re thusa jwang hore re ikemisetse ho dula re tsamaya ho yona?

16 Tsela ya boraro, etsa sohle seo o ka se kgonang ho ruta ba bang nnete ya Bibele. Sena se tla o thusa hore o dule o tshwere sabole ya hao ya tshwantshetso ka matla, e leng “lentswe la Modimo.” (Baef. 6:17) Kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsang ho ntlafatsa e le hore re be ba “tshwarang lentswe la nnete ka nepo.” (2 Tim. 2:15) Ha re sebedisa Bibele ho thusa batho ba bang hore ba tlohele dithuto tsa bohata mme ba reke nnete, nnete e tla mela ka metso dikelellong le dipelong tsa rona. Ka tsela ena, re tla ikemisetsa le ho feta hore re dule re tsamaya nneteng.

17. Ke hobaneng ha nnete e le ya bohlokwa ho wena?

17 Nnete ke mpho ya bohlokwa e tswang ho Jehova. Ka lebaka la mpho ena, re kgonne ho ba le kamano e ntle le Ntate wa rona ya lehodimong, e leng ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re ka bang le yona bophelo. Empa le ha ho le jwalo, seo Jehova a re rutileng sona ho fihlela jwale, e sa le dinyane feela, dikgolo di sa tla. O re file pasela ya bophelo bo sa feleng hodima nnete eo re seng re ntse re e rekile. Ka hona, nka nnete e le ya bohlokwa jwalo ka perela yane ya boleng bo phahameng. Dula o “reka nnete mme o se ke wa e rekisa.” Jwale le wena jwalo ka Davida, o tla kgona ho phethahatsa tshepiso ena e latelang ho Jehova: “Ke tla tsamaya nneteng ya hao.”—Pes. 86:11.

^ par. 8 Lebitso le fetotswe.

^ par. 8 Kena ho JW Broadcasting ebe o sheba tlasa INTERVIEWS AND EXPERIENCES > TRUTH TRANSFORMS LIVES.