Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mpho Efe eo re ka e Fang Jehova?

Ke Mpho Efe eo re ka e Fang Jehova?

JESU o kile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Nnete ena ya motheo e ama kamano ya rona le Jehova. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Jehova o re file dimpho tse ngata tse re thabisang, empa re ka thaba le ho feta ka hore re mo fe mpho e itseng. Jwale ke mpho efe eo re ka e fang Jehova? Liproverbia 3:9 e re: “Hlompha Jehova ka dintho tsa hao tsa bohlokwa.” Dintho tsa rona tsa bohlokwa di akarelletsa nako ya rona, ditalenta le matla a rona haesitana le matlotlo a rona. Jwale, ha re sebedisa ntho tsena ho ntshetsa pele borapedi ba nnete, ho tshwana le ha re fa Jehova mpho mme sena se re tlisetsa thabo e kgaphatsehang.

Ha ho tluuwa matlotlong ao re nang le ona, keng e tla re thusa hore re se ke ra hlokomoloha ho fa Jehova mpho? Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakorinthe hore ba “behelle ka thoko ho hong” bakeng sa ho nehela. (1 Bakor. 16:2) Jwale o ka etsang haeba o batla tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le mekgwa ya ho nehela e fumanehang sebakeng seo o leng ho sona? Re kopa o ke o shebe lebokose lena le ka tlase.

Ke nnete hore dinaheng tse ding ha ho kgonahale ho ntsha monehelo ka Inthanete. Le ha ho le jwalo, o tla fumana tlhahisoleseding ya ka moo o ka ntshang monehelo ka teng mona websaeteng ya rona. Dinaheng tse ding, websaete ya rona e kenyelletsa linki ho araba dipotso tse botswang kgafetsa mabapi le ho nehela.