Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke ka kutloisiso efe moapostola Pauluse “a ileng a nkeloa. . . leholimong la boraro” le “paradeiseng”?​—2 Bakor. 12: 2-4.

Ho 2 Bakorinthe 12:​2, 3, Pauluse o bua ka monna e mong ea ileng a nkeloa “leholimong la boraro.” E ne e le mang? Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Korinthe, o ile a hatisa taba ea hore Molimo o ne a mo sebelisa e le moapostola. (2 Bakor. 11: 5, 23) Ka mor’a moo o ile a bua ka ‘lipono tse phahametseng matla a tlhaho le litšenolo tsa Morena.’ Pauluse ha aa ka a bua ka bara babo ba bang ka lekhetlo lena. Ka hona, hoa hlaka hore o ne a supa eena ha a bua ka monna ea bontšitsoeng lipono le litšenolo.​—2 Bakor. 12: 1, 5.

Kahoo, Pauluse ke eena ea ileng a nkeloa “leholimong la boraro” le “paradeiseng.” (2 Bakor. 12: 2-4) O ile a sebelisa lentsoe “litšenolo,” ho totobatsa hore o bolelletsoe seo e leng hona se tla etsahala.

Pauluse o ile a bona’ng “leholimong la boraro”?

Ka linako tse ling ha Bibele e bua ka “leholimo” e bolela lena le leputsoa. (Gen. 11:4; 27:​28; Mat. 6: 26) Empa “leholimo” le ka boela la tšoantšetsa lintho tse ling. Le ee le tlohe le tšoantšetse puso ea batho. (Dan. 4:​20-22) Maemong a mang, le tšoantšetsa bobusi ba Molimo e leng moo a busang a sebelisa ’Muso oa Hae.​—Tšen. 21:1.

Pauluse o bone ‘leholimo la boraro.’ O ne a bolela’ng? Bibele e na le ho pheta ntho hararo e le ho e hatisa, ho e totobatsa kapa hona ho bontša hore e bohlokoa. (Esa. 6:3; Ezek. 21:​27; Tšen. 4:8) Ho bonahala hore ha Pauluse a bua ka ‘leholimo la boraro,’ o ne a totobatsa hore ke ’Muso o phahameng ka ho fetisisa. E leng ’Muso oa Mesia hammoho le babusi-’moho le eena ba 144 000. (Bala Insight on the Scriptures, Vol. 1, leq. 1059, 1062.) Sena se nyallana hantle le seo moapostola Petrose a ileng a se ngola ha a re re letetse “maholimo a macha” ao Molimo a re tšepisitseng ’ona.​—2 Pet. 3: 13.

Pauluse o ne a bua ka’ng ha a bua ka “paradeise”?

Lentsoe “paradeise” le lona le ka bolela lintho tse fapakaneng: (1) Haeba motho a nahanne kamoo batho ba neng ba phela teng qalong, “paradeise” e ka bolela tikoloho e ntle eo batho ba tl’o phela ho eona mona lefatšeng. (2) E ka boela ea bolela boemo bo khethehileng ba khutso boo Jehova a tl’o bo fa bahlanka ba hae lefatšeng le lecha. (3) Ntle ho moo, e ka bolela boemo bo ikhethang bo leholimong e leng boo Lengolo la Tšenolo 2:7 le bo bitsang, “paradeise ea Molimo.” Bala Molula-Qhooa oa July 15, 2015, leq. 8. ser. 8.

Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a bua ka maemo ana a le mararo ho 2 Bakorinthe 12:4 ha a hlalosa seo a se boneng.

Ha re li fera:

‘Leholimo la boraro’ leo ho buuoang ka lona ho 2 Bakorinthe 12:2 ho ka etsahala hore ebe ke ’Muso oa Mesia o laoloang ke Jesu Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000, e leng se boetseng se bitsoa “maholimo a macha.”​—2 Pet. 3: 13.

Ke ‘leholimo la boraro’ hobane ’Muso oo o phahame haholo hoo ho seng o ka lekanngoang le oona.

“Paradeise” eo Pauluse a ileng a “nkeloa” ho eona ponong e bolela (1) Paradeise ea sebele e tl’o ba mona lefatšeng, (2) Boemo bo ikhethang ba khutso bo tla ba teng ka nako eo, bo fetang hole bo teng hona joale har’a bahlanka ba Molimo, le (3) “paradeise ea Molimo” e tla ba leholimong le eo ka nako e tšoanang e tla rena lefatšeng le lecha.

Ka tsela e joalo, lefatše le lecha le kopanyelletsa maholimo a macha le lefatše le lecha. E tla be e le tokisetso kapa puso e ncha, e akarelletsang ’Muso o leholimong le batho ba sebeletsang Jehova paradeiseng e tla be e le mona lefatšeng.