Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Ke ka tsela efe Moapostola Pauluse a ileng “a nkelwa a le jwalo lehodimong la boraro” le “paradeiseng”?—2 Bakor. 12:2-4.

Ho 2 Bakorinthe 12:2, 3, Pauluse o bua ka motho ya itseng ya ileng “a nkelwa a le jwalo lehodimong la boraro.” Ebe e ne e le mang? Lengolong leo a ileng a le ngolla phutheho ya Korinthe, Pauluse o ile a hlakisa hore Modimo o ne a mo sebedisa e le moapostola. (2 Bakor. 11:5, 23) O ile a bua ka ‘dipono . . .  le ditshenolo tsa Morena.’ Boemong bona Pauluse ha a a ka a bua ka barababo rona ba bang. Ka hona, ho hlakile hore Pauluse o ne a bua ka yena ha a ne a bua ka motho ya neng a fumane dipono le ditshenolo.—2 Bakor. 12:1, 5.

Ho a utlwahala hore ebe ke Pauluse ya ileng “a nkelwa lehodimong la boraro” le “paradeiseng.” (2 Bakor. 12:2-4) O ile a sebedisa lentswe ‘ditshenolo’, e le ho bontsha hore o ne a senola se tlang ho etsahala nakong e tlang.

Pauluse o ile a bona ‘lehodimo la boraro’ e le eng?

Ka Bibeleng, lentswe ‘lehodimo’, le ka bolela lehodimo la sebele leo re le bonang. (Gen. 11:4; 27:28; Mat. 6:26) Le ha ho le jwalo, lentswe lena le ka sebediswa hape ho fana ka moelelo o mong. Maemong a mang, le ka hlalosa puso ya batho. (Dan. 4:20-22) Kapa le ka emela Mmuso wa Modimo.—Tšen. 21:1.

Pauluse o ile a bona lehodimo la boraro.’ Ebe o ne a bolelang ka see? Hangata Bibele e hatisa taba ka makgetlo a mararo ho bontsha botebo ba yona. (Esa. 6:3; Ezek. 21:27; Tšen. 4:8) Ka moo ho bonahalang ka teng, ha Pauluse a ne a bua ka ‘lehodimo la boraro’, o ne a bua ka mmuso o phahameng ka ho fetisisa e leng Mmuso wa Bomesia moo Jesu Kreste a tlang ho busa le ba 144 000. (Sheba Insight on the Scriptures, Vol. 1, leq. 1059, 1062.) Le Moapostola Petrose o ile a re, re letetse “mahodimo a matjha” ao Modimo a re tshepisitseng ona.—2 Pet. 3:13.

“Paradeise” eo Pauluse a ileng a bua ka yona e bolelang?

Lentswe “paradeise”, le lona le ka bolela dintho tse ngata: (1) Le ka bolela paradeise ya sebele eo re e letetseng mona lefatsheng, e leng hona moo batho ba tlang ho phela teng. (2) Le ka boela la bolela kamano e ntle eo bahlanka ba Modimo ba tlang ho ba le yona le yena lefatsheng le letjha. (3) Hape le ka bolela maemo a thabisang a teng lehodimong, jwalo ka ha a hlaloswa e le ‘paradeise ya Modimo’ ho Tšenolo 2:7.—Sheba Tora ya ho Lebela ya July 15, 2015, leq. 8. ser. 8.

Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a bua ka mokgwa o sa tobang ka diketsahalo tse tharo tseo a buileng ka tsona ho 2 Bakorinthe 12:4.

Ha re akaretsa:

‘Lehodimo la boraro’ leo ho buuwang ka lona ho 2 Bakorinthe 12:2, leo hape ho thweng ke “mahodimo a matjha”, e ka nna yaba le emela Mmuso wa Bomesia oo Jesu Kreste a tlang ho busa ho ona le ba 144 000.—2 Pet. 3:13.

Mmuso wa Modimo o bitswa ‘lehodimo la boraro’, hobane o phahametse mebuso yohle ya batho.

“Paradeise” eo Pauluse a ileng a “nkelwa ho yona” ponong, e ka nna ya bolela (1) Paradeise ya sebele e tla ba teng lefatsheng, (2) paradeise ya tshwantshetso e tla ba teng tlasa Mmuso wa Kreste, e fetang eo re nang le yona hona jwale hara mokgatlo wa Jehova, le (3) “paradeise ya Modimo” e lehodimong, e tla ba ka nako e le nngwe le e tla ba teng lefatsheng.

Hantlentle, mahodimo a matjha le lefatshe le letjha tse tla ba teng nakong e tlang, ke tsona lefatshe le letjha. Ena e tla be e le tokisetso e ntjha le ya pele, eo ho yona Mmuso o lehodimong o tlang ho busa batho ba mamelang le ba sebeletsang Jehova lefatsheng la paradeise.