Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Lintho Life Tseo Molimo a li Entseng?

Ke Lintho Life Tseo Molimo a li Entseng?

Ke ntho e utloahalang hore ha u batla ho tseba motho u ithute ka lintho tseo a li entseng le hore na ke mathata afe ao a ileng a kopana le ’ona. Ka tsela e tšoanang, ha re batla ho tseba Molimo re lokela ho ithuta ka lintho tseo a li entseng. Ha u ntse u ithuta ka Molimo, u tla hlokomela hore o entse lintho tse ngata tse re tsoelang molemo hona joale le tse tla re thusa nakong e tlang.

MOLIMO O BOPILE LINTHO TSOHLE MOLEMONG OA RONA

Jehova ke ’Mopi e Moholo ’me “litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha popong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.” (Baroma 1:​20) “Ke Moetsi oa lefatše ka matla a hae, ea tiisang ka thata ka bohlale ba hae naha e behang, le eo ka kutloisiso ea hae a otlolotseng maholimo.” (Jeremia 10:​12) Lintho tsohle tseo Molimo a li bopileng li paka hore oa re rata.

Rea hlokomela hore Jehova o re talima re le ba bohlokoa kaha o re bopile “ka setšoantšo sa hae.” (Genese 1:​27) Le hoja a re phahametse, o re bopile re e-⁠na le makhabane a tšoanang le a hae. Hape o re bopile re e-⁠na le bokhoni ba ho tseba lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Haeba re etsa lintho tseo a li ratang re tla phela re thabile. Ka holimo ho tsohle, Jehova o boetse o re file monyetla oa ho ba le kamano e ntle le eena.

Ha re sheba lintho tseo Molimo a li bopileng rea hlokomela hore ha e le hantle oa re rata. Ke kahoo Pauluse a itseng Molimo ha aa “ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a [re] fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa [rona] ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Liketso 14:​17) Molimo o re file lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re phele. O bopile lintho tse ngata tse re thusang hore re thabele bophelo. Lintho tsena kaofela esale linyane, likholo li sa tla!

Molimo o bopile lefatše e le hore batho ba phele ho lona ka ho sa feleng. Bibele e re: “Lefatše o le file bara ba batho,” ’me ha aa ka ‘a le bopela lefeela, empa o le etselitse hore le be le baahi.’ (Pesaleme ea 115:​16; Esaia 45:​18) Molimo o ne a rerile hore ho phele batho ba joang lefatšeng hona e le ka nako e kae? “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”​—⁠Pesaleme ea 37:⁠29.

Jehova o ile a bopa Adama le Eva, a ba beha serapeng sa Edene “ho se lema le ho se hlokomela.” (Genese 2:​8, 15) Molimo o ile a ba laela, a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:​28) Banyalani bao ba pele ba ne ba e-⁠na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ka masoabi ba ile ba khetha ho se mamele Molimo ’me ba lahleheloa ke monyetla oa ho ba har’a “ba lokileng ba tla rua lefatše.” Leha ho le joalo, taba ea hore ha baa ka ba mamela, ha ea ka ea fetola morero oa Molimo oa qalong ka lefatše. Ha re boneng hore na Molimo o entse’ng e le hore a phethe morero oa hae.

MOLIMO O ILE A ETSA HORE BIBELE E NGOLOE

Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ebe ke hobane’ng ha a ile a etsa hore e ngoloe? Lebaka le ka sehloohong ke hobane o batla hore re ithute ka eena. (Liproverbia 2:​1-⁠5) Ke ’nete hore Bibele e ke ke ea araba lipotso tsohle tseo re nang le tsona ka Molimo, ebile ha ho na buka e ka arabelang lipotso tsohle. (Moeklesia 3:​11) Leha ho le joalo, Bibele e ka re thusa hore re tsebe Molimo. Re ka hlokomela hore na ke Molimo ea joang ha re bona tsela eo a sebetsanang le batho ka eona. Re ka boela ra ithuta hore na ke liketso life tseo Jehova a li ratang le tseo a li hloileng. (Pesaleme ea 15:​1-⁠5) Hape, re ithuta hore na Molimo o batla hore re mo rapele joang, re itšoare joang le hore na re be le pono efe ka maruo. Ha re bala Bibele, re ka boela ra ithuta ka makhabane a Jehova linthong tseo Jesu Kreste a neng a li bua le tseo a neng a li etsa.​—⁠Johanne 14:⁠9.

Lebaka le leng leo ka lona Jehova a ileng a etsa hore Bibele e ngoloe ke hobane o ne a batla hore re phele re thabile. Ha re bala Bibele re tla tseba hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re be le malapa a thabileng, re khotsofale re be re mamelle mathata ao re kopanang le ’ona. Joalokaha re tla bona lihloohong tse latelang, Bibele e araba lipotso tsa bohlokoa bophelong tse kang: Ke hobane’ng ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko? Ho tla etsahala’ng nakong e tlang? Bibele e boetse e hlalosa hore na Molimo o tla etsa’ng ho phethahatsa morero oa hae oa hore batho ba phele ka ho sa feleng.

Har’a libuka tse teng, Bibele ke buka e ikhethang e bontšang hore mongoli oa eona ke Molimo. E ngotsoe ka lilemo tse ka holimo ho 1 600 e ngoloa ke banna ba 40, empa molaetsa oa eona oa tšoana hobane ba ne ba tataisoa ke Molimo. (2 Timothea 3:​16) Ho fapana le libuka tsa mehleng ea khale, Bibele e ile ea kopitsoa ka ho nepahala ea ba ea sireletsoa. Ho sa tsotellehe boiteko bo ileng ba etsoa ba hore Bibele e se ke ea fetoleloa, ea ajoa kapa ea baloa, e ntse e fumaneha. Joale mehleng ena e hatisoa le ho ajoa ho feta buka leha e le efe e kileng ea ngoloa. Taba ea hore e be Bibele e ntse e fumaneha hona joale ke bopaki ba hore “Lentsoe la Molimo oa rona, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—⁠Esaia 40:⁠8.

MOLIMO O TŠEPISA HORE O TLA PHETHAHATSA MORERO OA HAE

E le hore Molimo a phethahatse morero oa hae, ho na le ntho ea bohlokoa eo a e hlophisitseng. Joalokaha ho boletsoe pejana, Molimo o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng. Leha ho le joalo, ha Adama a khetha ho se mamele Molimo, o ile a lahleheloa ke monyetla ona kahoo, le batho bohle ba ile ba lahleheloa ke monyetla oo. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:​12) Sebe sena sa Adama se ile sa thunthetsa morero oa Molimo. Ebe Jehova o ne a tla etsa’ng?

Seo Jehova ileng a ileng a se etsa se totobatsa makhabane a hae. Jehova o ile a bontša toka ka hore a lumelle Adama le Eva hore ba latsoe liphello tsa ho se mo mamele, empa a tšepisa bana ba bona bokamoso bo molemo kaha o ne a ba rata. Ka bohlale Jehova o ile a nahana hore na a ka rarolla bothata bona joang ’me hang-hang a fana ka tharollo. (Genese 3:​15) O ile a fana ka mora oa hae hore a re lopolle sebeng le lefung. Ebe Jesu o ne a tla re lopolla joang?

E le ho lopolla batho sebeng le lefung, Jehova o ile a romela mora oa hae lefatšeng ho tla ruta batho ho etsa thato ea Molimo le ho “fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” * (Matheu 20:​28; Johanne 14:⁠6) Jesu o ne a ka lopolla batho hobane o ne a se na sebe joaloka Adama. Ho fapana le Adama, Jesu o ile a tšepahala ho isa lefung. Kaha Jesu o ne a sa lokela ho shoa, Jehova o ile a mo tsosa hore a eo phela leholimong. Jesu o ile a fana ka tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Adama a neng a bo lahlile. Bibele e re: “Etsoe feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” (Baroma 5:​19) Kaha Jesu o ile a re shoela, Molimo o tla phethahatsa morero oa hae oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng.

Ha re bona kamoo Jehova a ileng a rarolla mathata a bakiloeng ke ho se mamele ha Adama, rea hlokomela hore ha ho letho le ka mo sitisang ho phethahatsa morero oa hae hobane lentsoe la hae “ka sebele le tla atleha.” (Esaia 55:​11) Sena se etsa hore re ananele lerato leo Jehova a re bontšitseng lona. “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rona ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rona.”​—⁠1 Johanne 4:​9, 10.

Kaha Molimo ha aa ka “a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rona bohle,” kahoo re kholisehile hore o tla “re fa lintho tse ling kaofela” tseo a li tšepisitseng. (Baroma 8:​32) Molimo o tšepisitse hore o tla re etsetsa’ng? U tla fumana karabo sehloohong se latelang.

KE LINTHO LIFE TSEO MOLIMO A LI ENTSENG? Jehova o bopile batho e le hore ba tle ba phele ka ho sa feleng lefatšeng. O ile a etsa hore Bibele e ngoloe e le hore re ka ithuta ka eena. Jehova o ile a fana ka mora oa hae hore a re shoele e le hore a ka phethahatsa morero oa hae

^ ser. 16 Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka thekollo, u ka bala khaolo ea 5 ea buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka boela oa e fumana ho www.pr418.com/st.