Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka la Hore o Phele

Lebaka la Hore o Phele

Faizal o ile a lokela ho etsa opereishene ya pelo selemo ka mora hore mosadi wa hae a hlokahale. O re: “Ha ke bala lengolo la Jobo ke utlwa ekare Jehova o nngolletse lona. Re a kgothala ha re bala Bibele mme re utlwa ka batho ba ileng ba hlahelwa ke mathata a tshwanang le a rona.” O boetse o re: “Ho ntse ho na le lebaka la hore ke phele.”

Tarsha o ne a le monyane ha mme wa hae a hlokahala. O re: “Ho tseba Mmopi wa rona ho etsa hore re tsebe hore na re phelelang, re be le tshepo hape re thabe ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang. Jehova o na le matla ohle a ho re thusa hore re mamelle mathata a rona.”

DIHLOOHO tse fetileng di bontshitse maemo a thata, a ileng a hlahela batho ao ho neng ho le thata hore ba a mamelle. Ha o ntse o mamelletse mathata ao o nang le ona o ka nna wa ipotsa hore na ho na le lebaka la hore o phele kapa na ho na le motho ya o kgathallang. Kgodiseha hore Modimo o bona mathata a o hlahelang le hore o motho wa bohlokwa ho yena.

Mongodi wa Pesaleme ya 86 o ile a bontsha hore o tshepa Jehova ha a ne a re: “Letsatsing la mahlomola a ka ke tla ipiletsa ho wena, etswe o tla nkaraba.” (Pesaleme ya 86:7) O ka nna wa ipotsa hore na Modimo o tla o araba jwang ‘letsatsing la mahlomola a hao.’

Le hoja Modimo a ke ke a fedisa mathata a rona ka yona nako eo, Lentswe la hae e leng Bibele le re tiisetsa hore o tla re fa kgotso e le hore re mamelle, le re: “Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi hammoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello [le menahano ya lona.]” (Bafilipi 4:6, 7) Re kopa o hlokomele ka moo ditemana tsa Bibele tse latelang di re kgodisang ka teng ho re Modimo o a re kgathalla.

Modimo o a o Kgathalla

“Ha ho [serobele] le se seng sa tsona se lebalwang ka pela Modimo. . . .le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.” Luka 12:6, 7.

NAHANA KA SENA: Dinonyana tse nyane tse bitswang dirobele di ka bonahala e se tsa bohlokwa hakaalo ho batho ba bangata empa ho Modimo ke tsa bohlokwa. Modimo o hlokomela serobele se seng le se seng hobane ke sa bohlokwa ho yena. Le ha ho le jwalo, ho yena batho ke ba bohlokwa ho feta dirobele. Modimo o nka batho e le ba bohlokwa haholo hobane o ba entse ka “setshwantsho” sa hae ebile ba ka kgona ho ba le makgabane a tshwanang le a hae haesita le ho a bontsha.—Genese 1:26, 27.

“Jehova, o ntlhahlobisisitse ka hohle, mme wa ntseba. . . . O etse hloko monahano wa ka . . . Ntlhahlobe, mme o tsebe menahano ya ka e ntlhokisang botsitso.”Pesaleme ya 139:1, 2, 23.

NAHANA KA SENA: Modimo o o tseba hantle. O tseba dintho tse o tshwenyang le hore na o ikutlwa jwang. Le hoja batho ba bang ba ka nna ba se ke ba utlwisisa mathata a hao, Modimo yena o a o kgathalla ebile o batla ho o thusa. Na leo ha se lona lebaka la ho phela?

Bophelo ba Hao ke ba Bohlokwa

“Jehova, o utlwe thapelo ya ka; e se eka mohoo wa ka o kopang thuso o ka tla ho wena. . . . Ntshekehele tsebe; letsatsing leo ka lona ke howang, o potlake, o nkarabe. . . . Ka sebele o tla retelehela thapelong ya ba nketsweng ntho e nngwe le e nngwe.”Pesaleme ya 102:1, 2, 17.

NAHANA KA SENA: Jehova haesale a ntse a bona dintho tse re llisang ho tloha ha batho ba ne ba qala ho hlahelwa ke mathata. (Pesaleme ya 56:8) Modimo o hopola mathata ohle le dintho tse ileng tsa o llisa hobane o motho wa bohlokwa ho yena.

“O se ke wa tadima kwana le kwana, etswe ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa. Ka sebele ke tla o thusa . . . nna, Jehova Modimo wa hao, ke . . . nna Ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’”Esaia 41:10, 13.

NAHANA KA SENA: Modimo o ikemiseditse ho o thusa. Ha o nyahame, o tla o kgothatsa.

Dintho di Tla Loka Nakong e Tlang

“Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.”Johanne 3:16.

NAHANA KA SENA: O motho wa bohlokwa ho Modimo hoo ka lerato a ileng a fana ka mora wa hae Jesu, e le sehlabelo molemong wa hao. Sehlabelo sena se o fa monyetla wa hore o tlo phela ka ho sa feleng lefatsheng ebile o thabile. *

^ par. 19 E le hore o fumane ho eketsehileng ka molemo oo o ka o fumanang sehlabelong sa Jesu, sheba video e reng Ikgopotse Lefu la Jesu e fumanwang ho www.pr418.com/st-za. Sheba tlasa DINGOLWA > DIVIDEO > DIBOKA LE TSHEBELETSO YA RONA.

Le hoja o na le mathata ebile o imetswe, ho bala Bibele ho ka o thusa hore o matlafatse tumelo ya hao e le hore o be le tshepo dinthong tseo Modimo a di tshepisitseng. Ho feta moo ho bala Bibele ho ka boela ha etsa hore o thabe o be o kgodisehe hore ho na le lebaka la hore o phele.