Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 2

Rorisang Jehova Har’a Phutheho

Rorisang Jehova Har’a Phutheho

“Ke tla u rorisa har’a phutheho.”​—⁠PES. 22:⁠22.

PINA EA 59 A re Roriseng Jehova

SELELEKELA *

1. Morena Davida o ne a ikutloa joang ka Jehova, hona o ile a etsa’ng?

MORENA DAVIDA o kile a re: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa.” (Pes. 145:⁠3) O ne a rata Jehova hoo a neng a mo rorisa “har’a phutheho.” (Pes. 22:​22; 40:⁠5) Kaha le uena u rata Jehova, e tlameha ebe u lumellana le mantsoe a Morena Davida a reng: “Ho ke ho bokoe uena, Jehova Molimo oa Iseraele ntat’a rona, ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—⁠1 Likron. 29:​10-⁠13.

2. (a) Tsela e ’ngoe eo re ka rorisang Jehova ka eona ke efe? (b) Bara le barali babo rona ba bang ba na le bothata bofe, hona re tl’o ithuta’ng?

2 Mehleng ena, e ’ngoe ea litsela tseo re ka rorisang Jehova ka tsona ke ka hore re arabele ha re le ka libokeng. Empa bara le barali babo rona ba bang baa tšaba le hoja ba batla ho araba. Ebe ba ka thusoa ke eng hore ba hlole bothata boo? Hona re ka thusoa ke eng hore re khothatse bohle ha re araba? Pele re araba lipotso tsena, re tl’o ithuta mabaka a mane a ho araba ka libokeng.

MABAKA A HO ARABA

3-5. (a) Baheberu 13:​15 e re Jehova o re file boikarabelo bofe? (b) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha likarabo tsa rona li ke ke tsa tšoana.

3 Jehova o file e mong le e mong boikarabelo ba hore a mo rorise. (Pes. 119:​108) Ha re araba, re etsetsa Jehova “sehlabelo sa thoriso” seo ho se nang motho ea ka re etsetsang sona. (Bala Baheberu 13:​15.) Empa ha a lebella hore re arabe ka tsela e tšoanang.

4 Jehova oa tseba hore ha re tšoane ebile maemo a rona a fapane, ke kahoo a ikemiselitseng ho amohela sehlabelo sa e mong le e mong. Ak’u nahane ka mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba mo etsetsa ’ona. Ba bang ba ne ba khona ho etsa sehlabelo ka konyana kapa poli. Empa ba neng ba kolla ntsi hanong bona ba ne ba tlisa “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.” Ho ba bang, le ’ona maebana ao e ne e e-⁠ba bothata empa Jehova o ne a amohela le “karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng.” (Lev. 5:​7, 11) Le hoja e ne e le chipi, Jehova o ne a e amohela hafeela e ‘thumisehile.’

5 Le mehleng ena Jehova ha a e-⁠s’o fetohe. Ha a lebella hore re be likheleke joaloka Apolose kapa hore re tsebe ho susumetsa batho joaloka Pauluse. (Lik. 18:​24; 26:​28) Ntho feela eo Jehova a e batlang ke hore re etse sohle se matleng a rona. Na u sa hopola ’mè oa mohlolohali ea ileng a fana ka lichelete tse peli tsa tšepe? O ile a thabisa Jehova haholo kaha o ne a fane ka sohle seo a nang le sona.​—⁠Luka 21:​1-⁠4.

Re itsoela molemo ha re araba ebile re thusa le ba bang (Sheba serapa sa 6 le sa 7) *

6. (a) U ikutloa joang ha batho ba bang ba araba? (b) U ka bontša joang hore u ananela likarabo tsa bona?

6 Rea khothatsana. (Bala Baheberu 10:​24, 25.) Kaofela ha rona rea thaba ha batho ba araba ka libokeng. Mohlala, rea thaba ha ngoana a arabela, ha motho a bua a thabile ka ntho eo a ithutileng eona le ha motho ea ithutang puo ea rona kapa ea lihlong a “iteta sebete” ’me a araba. (1 Bathes. 2:⁠2) Empa re ka bontša joang hore re ananela likarabo tsa bona? Ka hore re ba babatse ka mor’a liboka. Re ka boela ra ba khothatsa ka hore le rona re arabe. Kahoo, ha re le libokeng rea khothatsana.​—⁠Bar. 1:​11, 12.

7. U tla fumana melemo efe ha u araba?

7 Re itsoela molemo. (Esa. 48:​17) Taba ea pele, re tlameha ho lokisetsa hantle e le hore re arabele. Haeba re etsa joalo re tla tseba Lentsoe la Molimo hantle. Ha re le tseba re tla khona ho etsa thato ea hae. Ea bobeli, liboka li tla re natefela. Ea boraro ke hore pele u araba oa nahanisisa, kahoo u ke ke oa lebala karabo eo habonolo.

8-9. (a) Malakia 3:​16 e re Jehova o ikutloa joang ka likarabo tsa rona? (b) Batho ba bang ba na le bothata bofe?

8 Re thabisa Jehova ha re bua ka tumelo ea rona. Re lokela ho kholiseha hore Jehova oa mamela ha re araba ebile o ananela likarabo tsa rona haholo. (Bala Malakia 3:​16.) O bontša kananelo eo ka hore a re hlohonolofatse.​—⁠Mal. 3:⁠10.

9 Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a hore re arabe. Ho ntse ho le joalo, batho ba bang ba ntse ba ka tšaba ho phahamisa letsoho. U se ke oa nyahama haeba u ikutloa joalo. A re hlahlobeng Mangolo a mang a Bibele, mehlala e seng mekae le lintho tse ka re thusang hore re khone ho araba.

U SE KE OA TŠOHA

10. (a) Boholo ba rona re na le bothata bofe? (b) Na ha motho a tšaba ho araba ke lekoala?

10 Mohlomong u sehoa ke mala ha u tlameha ho araba. Ha se uena feela. Boholo ba rona re tšetšethoa ke letsoalo ha re tlameha ho araba. E le hore u se ke oa tšoha, u lokela ho tseba hore na ke eng e u tšosang. Mohlomong u tšoha hore u tla lebala karabo ea hao kapa u tla fana ka e fosahetseng. Kapa mohlomong u nahana hore karabo ea hao e ke ke ea e-⁠ba monate joaloka tsa ba bang. Letsoalo leo ha le bontše u le lekoala empa le bontša hore u ikokobelitse kaha u nka ba bang ba u phahametse. Ebile Jehova o rata batho ba ikokobelitseng. (Pes. 138:⁠6; Bafil. 2:⁠3) Empa o batla hore u mo rorise u be u khothatse balumeli-’moho le uena ka hore u arabe. (1 Bathes. 5:​11) Kholiseha hore oa u rata ebile u tla u thusa hore u be sebete.

11. Ke Mangolo afe a Bibele a ka re thusang?

11 A re hlahlobeng Mangolo a Bibele a ka re thusang. Kaofela ha rona re etsa liphoso ha re bua. (Jak. 3:⁠2) Ebile Jehova le bara le barali babo rona ha baa lebella hore re phethahale. (Pes. 103:​12-14) Baa re rata kaha re lelapa. (Mar. 10:​29, 30; Joh. 13:​35) Hape baa tseba hore ka linako tse ling leleme le ka thella.

12-13. Re ithuta’ng mohlaleng oa Nehemia le oa Jonase?

12 Nahana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng e ka u thusang ho ba sebete. Nehemia ea neng a sebetsa ntlong ea morena, o ne a utloile bohloko haholo hobane o ile a utloela hore marako a Jerusalema le keiti ea eona li ne li senyehile. (Neh. 1:​1-⁠4) U se u ka inahanela hore na o ile a otloa ke letsoalo hakae ha morena a mo botsa hore na ke hobane’ng a sa thaba. O ile a rapela kapele eaba oa mo araba. Ka mor’a moo, morena o ile a etsa lintho tse ngata e le hore a thuse sechaba sa Molimo. (Neh. 2:​1-⁠8) Athe Jonase eena o ile a baleha ha Jehova a mo roma hore a il’o bolella batho ba Ninive molaetsa oa hae. (Jon. 1:​1-⁠3) Empa Jehova o ile a mo thusa hore a phethe mosebetsi oo. Molaetsa oa hae o ile oa pholosa Baninive. (Jon. 3:​5-10) Mohlaleng oa Nehemia re ithuta hore re lokela ho rapela pele re ka araba. Ho oa Jonase teng re ithuta hore Jehova a ka re thusa hore re be sebete. Ha re se re bua ’nete, ho araba ka libokeng ha ho tšoane le ho bolella Baninive hore ba tl’o timetsoa.

13 Lirapeng tse latelang, re tl’o ithuta hore na ke lintho life tse ka re thusang hore re be sebete e le hore re khone ho araba.

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho lokisetsa hantle, hona re ka lokisetsa neng?

14 Lokisetsa liboka tsohle. Ha u lokiselitse hantle u tla ba le sebete sa ho araba. (Liprov. 21:⁠5) Ke ’nete hore ha re lokisetse ka tsela e tšoanang. Mohlala, nkhono Eloise o qala ho lokisetsa Molula-Qhooa qalong ea beke. O re: “Ke natefeloa ke liboka haholo ha ke lokisetsa nako e sa lumela.” Le hoja morali’abo rona Joy a sebetsa, o ipha nako ea ho lokisetsa Molula-Qhooa ha e le Moqebelo. O re: “Ke rata ho ea libokeng ke ntse ke hopola hore na Molula-Qhooa o bua ka eng.” Mor’abo rona Ike eo e leng moholo hape e le pula-maliboho eena o re: “Ke rata ho lokisetsa liboka hanyane ka hanyane ho e-⁠na le hore ke lule fatše nako e telele ke ntse ke lokisetsa.”

15. Ho lokisetsa hantle ho akarelletsa’ng?

15 Ho lokisetsa hantle ho akarelletsa’ng? Qala ka ho rapela Jehova hore a u fe moea o halalelang. (Luka 11:​13; 1 Joh. 5:​14) Nahana ka sehlooho, lihloohoana, mehlala le mabokose. Ebe u qeta nako e seng kae u sheba hore na se bua ka’ng. Ha u ea serapa ka serapa, bala mangolo a hlahang serapeng. Qetellong, nahanisisa ka lintlha tseo ebe u tšoaea tseo u batlang ho araba ka tsona. Ha u lokisetsa ka tsela ena, u tla rua molemo ebile ho tla ba bonolo hore u arabe.​—⁠2 Bakor. 9:⁠6.

16. Ke lintho life tseo Jehova a re fileng tsona, hona re ka li sebelisa joang?

16 Haeba ho khoneha, u ka balla fonong kapa tableteng. Re ka khona ho ba le JW Library® app eo Jehova a re fileng eona e le ho re thusa ho bala le ho mamela lingoliloeng hohle moo re leng teng. Ba bang ba e sebelisa ha ba le sekolong, mosebetsing kapa ba le leetong. Re boetse re na le Watchtower Library le Watchtower ONLINE LIBRARYtse re thusang ho etsa lipatlisiso.

U lokisetsa liboka neng? (Sheba serapa sa 14 ho ea ho 16) *

17. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u lokisetse likarabo tse ngata? (b) Video ea E-⁠ba Motsoalle oa Jehova​—⁠Lokisetsa e u thusitse joang?

17 Leka ho araba sebokeng se seng le se seng. Ha ho na le seo u sa se lokisetsang, ho ka etsahala hore u tsoe u sa araba. Mohlomong u ka phahamisa letsoho hong le ba bang eaba ho khethoa bona. Kapa mor’abo rona a ka khutsufatsa seboka e le hore se be nakong. Kahoo, u se ke oa nyahama haeba u sa khethoe. Haeba u lokisetsa likarabo tse ngata o tla ba le menyetla e mengata ea ho araba. Tsela e ’ngoe eo u ka arabang ka eona ke ka hore u ithaopele ho bala lengolo. U ka boela oa leka ho araba u sa bale. *

18. Likarabo tse khutšoanyane li bohlokoa hakae?

18 U se ke oa ea lolololo. Hangata likarabo tse khothatsang e ba tse khutšoanyane le tse hlakileng. Kahoo, ikemisetse ho araba ka metsotsoana e 30. (Liprov. 10:​19; 15:​23) Haeba e se e le khale u araba ka libokeng, u ka thusa bao e leng hona ba qalang. Ha u bua ntho e telele, ba bang ba ka ’na ba nyahama ba utloa eka ba ke ke ba khona. Likarabo tse khutšoanyane tsona li tla nolofalletsa ba bang hore ba arabe. Haeba u khethoa pele araba ka bokhutšoanyane u se ke oa bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e serapeng. Ha motho e mong a se a arabile ka tsela e tobileng, u ka bua ka lintho tse ling tse tlatsetsang.​—⁠Bala lebokose le reng “ Nka Araba Joang?

19. U ka etsa’ng haeba u batla ho araba?

19 Kopa mor’abo rona hore a tle a u khethe ha ho fihloa serapeng se itseng. Haeba u khetha ho etsa joalo, u lokela ho buisana le eena pele liboka li qala. Ha e le nako ea hore u arabe, u phahamise letsoho kapele le ka tsela eo a tla u bona.

20. Liboka li tšoana joang le mokete?

20 Ha u ile libokeng ho tšoana le ha u ile lijong le metsoalle. Haeba u ne u memetsoe lijong joale u kopuoa hore u phehise ka ho hong u ne u tla etsa joang? Mohlomong u ne u ka ikutloa u le mosesaane empa u ne u ka leka ka hohle hore motho e mong le e mong a thabele ntho eo u tlileng le eona. Kaha Jehova o entse mokete, oa re mema. (Pes. 23:⁠5; Mat. 24:​45) Hape oa thaba ha re phehisa ka lintho tsa rona tsa bohlokoa. Kahoo, lokisetsa hantle u be u arabe ka hohle kamoo u ka khonang. Ha u etsa joalo u tla be u sa tle moketeng oa Jehova u phuthile matsoho.

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

^ ser. 5 Re rata Jehova ebile re batla ho mo sebeletsa joaloka Morena Davida. Re ka bontša hore rea mo rata ka hore re khothatse batho bohle ka ho arabela ha re le libokeng empa bothata ke hore bara le barali babo rona ba bang baa tšaba. Haeba u ikutloa ka tsela eo, sehlooho sena se tla u thusa hore u hlole bothata boo.

^ ser. 17 Shebella video E-⁠ba Motsoalle oa Jehova​—⁠Lokisetsa e hlahang ho jw.org/st. Kena ho LITHUTO TSA BIBELE > BANA.

^ ser. 63 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Batho bohle ba thabela ho araba thutong ea Molula-Qhooa.

^ ser. 65 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Batho ba neng ba phahamisitse libokeng baa lokisetsa le hoja maemo a bona a sa tšoane.