Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 2

Rorisa Jehova Hara Phutheho

Rorisa Jehova Hara Phutheho

“Ke tla o rorisa hara phutheho.”—PES. 22:22.

PINA YA 59 Rorisa Jah le Nna

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Davida o ne a ikutlwa jwang ka Jehova, hona boikutlo boo bo ile ba mo susumelletsa hore a etseng?

MORENA DAVIDA o kile a re: “Jehova o moholo mme o lokela ho roriswa haholo.” (Pes. 145:3) O ne a rata Jehova mme lerato leo la mo susumelletsa hore a mo rorise “hara phutheho.” (Pes. 22:22; 40:5) Re a tseba hore le wena o rata Jehova le hore o dumellana le mantswe a Davida a reng: “Ho ke ho bokwe wena, Jehova Modimo wa Iseraele ntate wa rona, ho tloha nakong e sa lekanyetswang ho isa nakong e sa lekanyetswang.”—1 Likron. 29:10-13.

2. (a) Re ka rorisa Jehova jwang? (b) Bara le baradi ba bang babo rona ba thatafallwa keng, hona re tlo ithutang?

2 Kajeno, tsela e nngwe eo re rorisang Jehova ka yona ke ka ho fana ka dikarabo ha re le dibokeng. Empa bara le baradi ba bang babo rona ba fumana ho le thata ho arabela ha ba le dibokeng. Tjhe bona ba na le tabatabelo ya ho arabela, empa letswalo ke lena. Ebe ba ka hlola letswalo leo jwang? Hona ke ditlhahiso dife tse ka re thusang hore kaofela re fane ka dikarabo tse kgothatsang? Pele re arabela dipotso tsena, a re ke re tshohleng mabaka a mane a hore na ke hobaneng ha re lokela ho fana ka dikarabo ha re le dibokeng.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO ARABA HA RE LE DIBOKENG?

3-5. (a) Ho ya ka Baheberu 13:15, ke hobaneng ha re lokela ho araba ha re le dibokeng? (b) Na jwale kaofela ha rona re lokela ho araba ka tsela e tshwanang? Hlalosa.

3 Jehova o file e mong le e mong wa rona monyetla wa ho mo rorisa. (Pes. 119:108) Ha re araba ha re le dibokeng, re fana ka “sehlabelo sa thoriso” mme ha ho ya ka fanang ka sehlabelo seo molemong wa rona. (Bala Baheberu 13:15.) Na ebe Jehova o lebelletse hore re fane ka sehlabelo se tshwanang kapa re arabe ka tsela e tshwanang? Ha ho jwalo.

4 Jehova o a tseba hore matla le maemo a rona ha a tshwane. Ka hoo, o ananela mahlabelo ao re kgonang ho fana ka ona. Re bona sena ka mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba fana ka ona. Baiseraele ba bang ba ne ba kgona ho fana ka nku kapa podi. Empa Moiseraele ya neng a futsanehile yena, o ne a ka nna a fana ka “maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi.” Jwale haeba Moiseraele a ne a ke ke a kgona ho fana ka dinonyana tse pedi, Jehova o ne a re a ka fana ka “karolo ya leshome ya efa ya phofo e thumisehileng [ke hore e fene.]” (Lev. 5:7, 11) Phofo e ne e le tjhipi mehleng eo, empa Jehova o ne a ntse a e amohela e le sehlabelo ho ntse ho le jwalo, ha feela le teng e ne e le phofo e fene.

5 Modimo wa rona ya mosa o ntse a ikutlwa ka tsela e tshwanang le kajeno. Ha a lebella hore re be dikgeleke jwalo ka Apolose kapa re fane ka dikarabo tse kgothatsang jwalo ka Pauluse. (Lik. 18:24; 26:28) Ntho eo Jehova a e batlang feela, ke hore re fane ka dikarabo ho latela bokgoni ba rona, ke phetho ke tu! Hopola mohlolohadi yane ya ileng a fana ka ditjheletana tse pedi feela tsa tshepe. Jehova o ile a mo nka e le wa bohlokwa hobane a ne a fane ka sohle seo a se kgonang.—Luka 21:1-4.

Ho araba ho tswela rona le ba re mametseng molemo (Sheba serapa sa 6-7) *

6. (a) Ho ya ka Baheberu 10:24, 25, dikarabo tseo re di utlwang ha re le dibokeng di ka re ama jwang? (b) O ka bontsha jwang hore o ananela dikarabo tse kgothatsang tsa bara le baradibabo rona?

6 Re a kgothatsana ha re arabela. (Bala Baheberu 10:24, 25.) Kaofela ha rona re thabela ho utlwa dikarabo tse fapafapaneng tse fanwang ha re le dibokeng. Re thabela esita le karabo ya ngwana e monyenyane e bonolo le e tobang taba. Re boetse hape re angwa ke thabo ya motho ya arabang ka nnete e itseng eo a sa tswa e ithuta yona. Ebile re thaba le ba ileng ba “iteta sebete” mme ba fana ka karabo le hoja ba le dihlong kapa e le hona ba ntseng ba ithuta puo ya rona. (1 Bathes. 2:2) Jwale ebe re ka bontsha jwang hore re ananela boiteko boo ba bo etsang? Re ka ba leboha ka mora diboka ka dikarabo tsa bona tse kgothatsang. Tsela e nngwe hape, ke ka hore le rona re arabe. Jwale ha re etsa jwalo, re tla kgothatswa re be re kgothatse le ba bang.—Bar. 1:11, 12.

7. Ke melemo efe e meng eo re tla e fumana ha re arabela dibokeng?

7 Hona le melemo eo re tla e fumana ha re arabela dibokeng. (Esa. 48:17) Ke efe? Wa pele, re susumelletseha ho lokiselletsa hantle haeba re ikemiseditse ho arabela dibokeng. Haeba re sa otle dintho dihloohong feela ha re lokisetsa, re tla fumana kutlwisiso e tebileng ya Lentswe la Modimo. Jwale ha re na le kutlwisiso e tebileng, re tla kgona ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona. Wa bobedi, re tla thabela diboka le ho feta hobane re ile ra nka karolo. Wa boraro, ka ha re nkile matsapa ho arabela, re tla dula re hopola dintlha tseo re ileng ra di bua ha re araba esita le nako e telele ka mora moo.

8-9. (a) Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Malakia 3:16, o nahana hore Jehova o ikutlwa jwang ha re arabela dibokeng? (b) Keng seo ba bang ba se tshabang?

8 Re thabisa Jehova ha re arabela. Re ka kgodiseha hore Jehova o a mamela ebile o ananela boiteko boo re bo etsang ba ho arabela ha re le dibokeng. (Bala Malakia 3:16.) O etsa sena ka ho re hlohonolofatsa ha re lwanela ho etsa thato ya hae.—Mal. 3:10.

9 Ho hlakile hore re na le mabaka a utlwahalang a hore re arabe ha re le dibokeng. Ho ntse ho le jwalo, ba bang ba tshaba ho phahamisa letsoho. Haeba le wena o a tshaba, o se ke wa nyahama. A re ke re tshohleng melaomotheo ya Bibele, mehlala e mmalwa le ditlhahiso tse ka re thusang hore re leke ho araba ha re le dibokeng.

RE KA HLOLA BOTHATA BA HO TSHABA HO ARABA HA RE LE DIBOKENG JWANG?

10. (a) Ba bangata ba rona re tshabang? (b) Hona ho tshaba hona ho ka nna ha bontshang?

10 Na o ye o utlwe o sewa ke mala ha o tlameha ho phahamisa letsoho? Haeba ho jwalo, tseba hore ha o mong. Nnete ke hore bongata ba rona re a tshoha ha re arabela. Ho tseba hore na ke hobaneng ha o tshoha ha o tlameha ho araba, ho tla o thusa. Na o tshaba hore o tla tloha o lebala ntho eo o neng o tlo e bua kapa o tshaba hore o tla tloha o fosa karabo? Kapa na o tshwenyeha ka hore karabo ya hao e ke ke ya ba monate jwalo ka tsa ba bang? Ha e le hantle ho tshoha hona ho ka bontsha ho hong. Ho ka bontsha hore o ikokobeditse ebile o nka ba bang ba o phahametse. Hopola hore Jehova o rata batho ba ikokobeditseng. (Pes. 138:6; Bafil. 2:3) Empa o boetse o batla hore o mo rorise o be o kgothatse bara le baradibeno ha o le dibokeng. (1 Bathes. 5:11) O a o rata mme o tla o thusa hore o be sebete.

11. Bibele e ka re thusa jwang hore re hlole tshabo ya ho araba?

11 A re ke re hlahlobeng ditemana tse ding tsa Bibele tse ka re thusang hore re hlole tshabo. Bibele e re kaofela ha rona re etsa diphoso ka seo re se buang le ka tsela eo re se buang ka yona. (Jak. 3:2) Feela jwalo ka ha Jehova a sa lebella hore re phethahale, bara le baradibabo rona le bona, ha ba a lebella hore re phethahale. (Pes. 103:12-14) Ke banababo rona mme ba a re rata. (Mar. 10:29, 30; Joh. 13:35) Ba a utlwisisa hore ka nako tse ding dikarabo tsa rona ha di tswe hantle.

12-13. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla Nehemia le Jonase?

12 Ho na le mehlala e meng ya Bibele e ka o thusang hore o hlole tshabo. O mong ke wa Nehemia. O ne a sebeletsa ntlong ya morena ya matla. Nehemia o ne a le bohloko haholo ha a utlwela hore mabota le dikeiti tsa Jerusalema di sentswe. (Neh. 1:1-4) O se o ka inahanela feela hore na e tlameha ebe o ne a tshohile hakaakang ha morena a ne a re a hlalose hore na ke hobaneng ha a shebahala a se mahlong tjena. Nehemia o ile a etsa thapelo ka pele mme a fana ka karabo. Ha morena a utlwa mabaka a Nehemia, a etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa bahlanka ba Modimo. (Neh. 2:1-8) Mohlala o mong ke wa Jonase. Ha Jehova a mo roma Ninive, Jonase o ne a tshohile hona hoo a ileng a ba a baleha a ya sebakeng se fapaneng. (Jon. 1:1-3) Empa Jehova o ile a mo thusa hore a phethe thomo ya hae. Molaetsa wa Jonase o ile wa thusa baahi ba Ninive. (Jon. 3:5-10) Mohlaleng wa Nehemia, re ithuta bohlokwa ba hore re rapele pele re fana ka karabo. Ho wa Jonase teng, re ithuta hore Jehova a ka re thusa hore re mo sebeletse ho sa tsotellehe letswalo. Le ha ho se ho ka ba hathwe, bara le baradibabo rona ba ke ke ba tshwana le Baninive ba mehleng ya Jonase. Ka hoo, ha re a lokela ho ba tshaba.

13 Ke ditlhahiso dife tse ka o thusang hore o be sebete sa ho arabela dibokeng? A re ke re tshohleng tse seng kae.

14. Ke hobaneng ha re lokela ho lokiselletsa diboka hantle, hona re ka nna ra etsa seo neng?

14 Lokiselletsa seboka se seng le se seng. Ha o rwalla le sa sele mme o lokisetsa hantle, o ke ke wa tshaba ho araba. (Liprov. 21:5) Ke nnete hore re lokisetsa diboka ka tsela tse fapaneng. Nkgono e mong ya bitswang Eloise, ya dilemong tsa bo 80, o lokisetsa Tora ya ho Lebela maqalong a beke. O re: “Ke thabela diboka le ho feta haeba ke ile ka lokisetsa esale pele.” Le hoja Joy a sebetsa, o behella nako ka thoko ka Moqebelo bakeng sa ho lokisetsa Tora ya ho Lebela. O re: “Ke ya sebokeng ke ntse ke hopola dintlha haeba ke lokiseditse ka la maobane.” Moholo e mong wa pulamadiboho ya bitswang Ike, o re: “Ke fumana ho le molemo ho lokiselletsa hanyane ka hanyane hara beke, ho feta ho di otla kaofela ka nako e le nngwe.”

15. Wena o ka lokiselletsa diboka jwang?

15 O lokela ho etsang ha o lokiselletsa diboka? Qala ka ho kopa hore Jehova a o fe moya o halalelang pele o lokisetsa. (Luka 11:13; 1 Joh. 5:14) Nka metsotso e seng mekae o hlahlobisisa sepheo sa taba e ithutwang. Hlahlobisisa dihlooho, dihloohwana, dipapiso, ditshwantsho le mabokose a ithutwang. Ebe jwale ha o ntse o tshohla serapa se seng le se seng, o leka ho bala mangolo a mangata ka moo o ka kgonang ka teng a serapeng seo. Ja masapo a hlooho ka seo o ntseng o se bala mme o tsepamise maikutlo ka ho kgetheha dintlheng tseo o batlang ho araba ka tsona. Ha o lokiselletsa hantle, o tla fumana molemo mme ho tla ba bonolo hore o arabele ha o le dibokeng.—2 Bakor. 9:6.

16. Ke dintho dife tse ka o thusang ha o lokisetsa, hona o ka di sebedisa jwang?

16 Haeba ho kgoneha, sebedisa dithulusi tsa elektronike tse teng ka puo ya hao. Jehova o sebedisa mokgatlo wa hae ho re fa dithulusi tsena tse re thusang ha re lokisetsa. Ka mohlala, JW Library® app, e re thusa ho downloada dingolwa tse ithutwang dithaboleteng kapa difounong tsa rona. Jwale re ka kgona ho bala, ho ithuta kapa ho mamela dintho tse rekotilweng kae kapa kae neng kapa neng. Ba bang ba sebedisa app ena ho ithuta nakong ya kgefu mosebetsing, sekolong kapa ha ba nka maeto. Re boetse hape re na le Watchtower Library le Laebrari e Inthaneteng ya Watchtowertse re thusang ho etsa dipatlisiso ka dintlha tseo re batlang ho ithuta haholwanyane ka tsona.

Wena o lokisetsa neng? (Sheba serapa sa 14-16) *

17. (a) Ke hobaneng ha o lokela ho lokiselletsa dikarabo tse ngatanyana? (b) O ithutileng videong ya Eba Motswalle wa Jehova—Lokisetsa?

17 Ha ho kgoneha, lokiselletsa dikarabo tse ngatanyana. Hobaneng? Hobane ha se ka mehla o tla dula o kgethwa ha o phahamisitse letsoho. E ka nna yaba ba bang ba phahamisitse matsoho ka nako e le nngwe le wena, ebe moqhubi o kgetha bona eseng wena. E le hore seboka se ka tswa ka nako, moqhubi a ka nna a lokela ho fokotsa palo ya batho bao a tlang ho ba kgetha. Ka hona, o se ke wa kwata kapa wa nyahama haeba a sa o kgethe qalong ya thuto. Jwale haeba o ile wa lokisetsa dikarabo tse ngatanyana, bonyane o tla tswa o tshwasitse. Karabo e nngwe eo o ka nahanang ka ho e lokiselletsa, ke ho bala lengolo. Empa hape haeba o kgona, o ka lokiselletsa hore o arabele ka mantswe a hao. *

18. Ke hobaneng ha o lokela ho fana ka karabo e kgutshwane?

18 Fana ka karabo e kgutshwane. Hangata dikarabo tse kgothatsang, ke tse kgutshwane le tse bonolo. Ka hona, lwanela hore o fane ka dikarabo tse kgutshwane. Leka hore bonyane di be ka tlasa metsotswana e ka bang 30. (Liprov. 10:19; 15:23) Haeba jwale ke kgale o fana ka dikarabo dibokeng, o na le boikarabelo ba hore o behele ba bang mohlala mme o arabe ka bokgutshwanyane. Haeba o fana ka karabo tse rarahaneng le tse telele, o tla tshabisa ba bang, ba nke hore atjhe bona ba ke ke ba kgona ho araba jwalo ka wena. Hape dikarabo tse kgutshwane di fa ba bang monyetla wa hore le bona ba arabele ha ba le dibokeng. Fana ka karabo e bonolo le e tobang taba, haholoholo haeba o kgethwa pele. O se ke wa batla ho hohola dintlha tsohle tse serapeng. Ka mora hore ntlhakgolo ya serapa e tshohlwe, o ka nna wa fana ka dintlha tse ding tse tlatsetsang.—Sheba lebokose le reng: “ Nkareng ha ke Araba?

19. Moqhubi wa thuto a ka o thusa jwang, empa le wena o lokela ho etsang?

19 Tsebisa moqhubi hore na o ka rata ho arabela serapeng sefeng. Sena se bolela hore o tla lokela ho mo tsebisa pele seboka se qala. Jwale he, ere ha le kena serapeng seo, o be o phahamisetsa letsoho la hao hodimo le hona ka pele e le hore moqhubi a o bone.

20. Ke ka tsela efe diboka di tshwanang le dijo tseo re di jang le metswalle?

20 Nka diboka di tshwana le dijo tseo o di jang le metswalle. Ha re re ka mohlala, metswalle ya hao ka phuthehong e o memela braaing mme jwale e o kopa hore o etse dijo tse bobebe. O ne o tla ikutlwa jwang? Ke nnete hore o ne o ka nna wa kgathatseha ka hore na ebe o tla tla le eng, empa o ne tla leka ka hohle hore o tle le dintho tseo metswalle ena ya hao e ka di thabelang. Ka tsela e tshwanang, Jehova o sebedisa diboka ho re fepa dijo tse mathemalodi tseo re di thabelang. (Pes. 23:5; Mat. 24:45) O a thaba haeba re mo fa sohle seo re ka se kgonang. Ka hona, lokisetsa hantle e le hore o ka etsa sohle se matleng a hao hore o arabele ha o le dibokeng. Sena se ke ke sa tswela wena feela molemo empa le ditho tsa phutheho ya heno.

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

^ par. 5 Jwalo ka Davida, kaofela ha rona re rata Jehova mme re thabela ho mo rorisa. Re na le monyetla o kgethehileng wa ho bontsha seo ha re bokane ha mmoho le ditho tsa phutheho ya habo rona bakeng sa borapedi. Le ha ho le jwalo, ho ba bang ba rona ehlile ho a nyolosetsa ho arabela ha re le dibokeng. Haeba le wena o fumana ho le thata, sehlooho sena se tla o thusa hore o tsebe hore na ke hobaneng ha ho le jwalo, le hore na o ka hlola bothata bona jwang.

^ par. 63 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA LEQEPHE LA 9: Bara le baradibabo rona ba a arabela thutong ya Tora ya ho Lebela.

^ par. 65 LEQEPHE LA 10-11: Bana, ke bara le baradibabo rona ba kopanelang phuthehong e bontshitsweng ka hodimo mme jwale ba lokisetsa Tora ya ho Lebela. Le hoja maemo a bona a sa tshwane, ba behella nako ka thoko bakeng sa ho lokiselletsa seboka.