Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 7

E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova

E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova

“Le batle Jehova, lona bohle ba bonolo ba lefatše.  . . Le batle bonolo.”​—SOF. 2:3.

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

SELELEKELA *

1-2. (a) Bibele e hlalosa Moshe joang, hona o ile a etsa’ng? (b) Ke lebaka lefe le re susumeletsang ho ba batho ba bonolo?

BIBELE e re Moshe o ne “a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Num. 12:3) Na taba ee e bolela hore Moshe e ne e le lekoala, a tšaba ho etsa liqeto a bile a tšaba litaba? Batho ba bang ba hlalosa motho ea bonolo ka tsela ena. Empa taba ena ha se ’nete. Moshe e ne e le mohlanka oa Molimo ea matla le ea sebete. Jehova o ile a mo thusa hore a bue le morena ea matla oa Egepeta, a etelle pele sechaba sa Iseraele sa batho ba ka bang 3 000 000 lehoatateng le ho se thusa ho hlola lira tsa sona.

2 Ke ’nete hore ha re kopane le maemo a tšoanang le ao Moshe a ileng a kopana le ’ona, empa letsatsi le letsatsi re kopana le batho le ho sebetsa tlas’a maemo a re sitisang ho ba bonolo. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le re susumeletsang ho sebetsa ka thata hore re be batho ba bonolo. Jehova o tšepisa hore batho “ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pes. 37:​11) Na u motho ea bonolo? Na batho ba bang ba ka u hlalosa u le motho ea bonolo? Pele re ka araba lipotso tsena, re lokela ho tseba hore na ho ba motho ea bonolo ho bolela’ng.

HO BA BONOLO HO BOLELA’NG?

3-4. (a) Re ka tšoantša ho ba bonolo le eng? (b) Ke makhabane afe ao re a hlokang e le hore re be batho ba bonolo, hona hobane’ng?

3 Re ka tšoantša ho ba bonolo * le setšoantšo se setle se takiloeng. Joang? Feela joalokaha setaki se kopanya ’mala e fapaneng hore se etse setšoantšo se setle, le rona re hloka ho ba le makhabane a fapakaneng e le hore re be batho ba bonolo. A mang a makhabane ao ke boikokobetso, ho mamela, mosa le sebete. Re lokela ho ba le makhabane ana e le hore re thabise Jehova.

4 Ke batho ba ikokobelitseng feela ba khonang ho mamela Molimo le ho etsa thato ea hae. Molimo o batla hore re be batho ba bonolo. (Mat. 5:5; Bagal. 5:​23) Satane ha a thabe ha re etsa thato ea Molimo. Le hoja re le batho ba ikokobelitseng le ba bonolo, batho ba bangata ba lefatše lena ba re hloile. (Joh. 15:​18, 19) Kahoo, re lokela ho ba sebete e le hore re hlole Satane.

5-6. (a) Ke hobane’ng ha Satane a hloile batho ba bonolo? (b) Re tl’o araba lipotso life?

5 Hangata batho ba seng bonolo baa ikhohomosa, ba bohale bo tšosang ebile ha ba mamele Jehova. Satane o joalo hantle! Ha se feela a hloileng batho ba bonolo. Ba senola hore ke motho ea khopo kaha ba na le makhabane a matle ao a se nang ’ona. ’Me ba paka taba ea hore o leshano. Hobane’ng? Hobane ho sa tsotellehe hore na o etsa’ng kapa o buang, a ke ke a thibela batho ba bonolo hore ba sebeletse Jehova.​—Jobo 2:​3-5.

6 Ke maemong afe ao ho ka bang thata ho ba batho ba bonolo? Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re le batho ba bonolo? E le ho fumana likarabo tsa lipotso tsena, a re ke re hlahlobeng mohlala oa Moshe, oa Baheberu ba bararo ba neng ba le botlamuoeng Babylona le oa Jesu.

KE MAEMONG AFE AO HO KA BANG THATA HO BA BATHO BA BONOLO?

7-8. Moshe o ile a etsa’ng ha Arone le Miriame ba bua hampe ka mosali eo a mo nyetseng?

7 Ha re filoe boikarabelo. Batho ba fuoeng boikarabelo bo itseng ba ka thatafalloa ke hore ba lule ba le bonolo haholo-holo ha batho ba boikarabellong ba bona ba sa ba hlomphe. Na ntho eo e kile ea u etsahalla? U ka etsa’ng haeba setho sa lelapa se ka itšoara joalo? U ne u tla ikutloa joang? A re hlahlobeng ho re na Moshe o ile a etsa’ng ha a le boemong bo tšoanang.

8 Jehova o ile a fa Moshe boikarabelo ba ho etella sechaba sa Iseraele pele, a ba a mo fa tokelo ea ho ngola melao bakeng sa sechaba seo. Ruri Jehova o ne a tšehelitse Moshe. Ho ntse ho le joalo, abuti oa Moshe e leng Arone le ausi oa hae Miriame, ba ile ba bua Moshe hampe ka mosali oa hae. Ha motho e mong a ne a le boemong bo tšoanang le ba Moshe, a ka be a ile a halefa a ba a iphetetsa. Empa Moshe ha aa ka a etsa joalo hobane e ne e se sefela-peloana. O ile a ba a kopa Jehova hore a tšoarele Miriame. (Num. 12:​1-13) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a etsa joalo?

Moshe o kopa Jehova hore a tšoarele Miriame (Sheba serapa sa 8)

9-10. (a) Jehova o ile a thusa Moshe hore a utloisise’ng? (b) Lihlooho tsa malapa le balebeli ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Moshe?

9 Moshe o ile a lumella Jehova hore a mo koetlise. Lilemo tse 40 tseo Moshe a li qetileng a le Egepeta, e ne e se motho ea bonolo. Ha a le moo, o kile a fela pelo eaba o bolaea monna oa Moegepeta. O ne a nahana hore Jehova o tla lumellana le ntho eo a e entseng. Jehova o ile a qeta lilemo tse 40 a thusa Moshe hore a utloisise hore o hloka ho ba sebete a be a be bonolo e le hore a etelle sechaba sa Iseraele pele. E le hore e be motho ea bonolo, o ne a lokela ho ba mosa, a mamele a be a ikokobetse. O ile a ithuta eaba e e-ba molebeli ea molemo.​—Ex. 2:​11, 12; Lik. 7:​21-30, 36.

10 Lihlooho tsa malapa le baholo ba lokela ho etsisa mohlala oa Moshe. Ha baa lokela ho khopeha habonolo ha lintho li sa ba tsamaele hantle. Empa ba lokela ho ikokobetsa, ba lumele liphoso tsa bona. (Moek. 7:​9, 20) Ba lokela ho latela tataiso ea Jehova ea hore na ba ka sebetsana le mathata a ka hlahang joang. Kamehla ba lokela ho bua ka tsela e bonolo. (Liprov. 15:1) Ha lihlooho tsa malapa le balebeli ba etsa joalo, ba tla thabisa Jehova ebile e tla ba mehlala e metle ea ho ba bonolo.

11-13. Re ka etsisa mohlala oa Baheberu ba bararo joang?

11 Ha re hlorisoa: Haesale bahlanka ba Jehova ba hlorisoa ke babusi. Ba ka ’na ba re qosa hobane ba re re tlotse molao, empa ha e le hantle ba re qosa hobane re “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:​29) Re ka ’na ra hobosoa, ra koalloa literonkong, kapa ra khakhathoa. Maemong a joalo, Jehova o tla re thusa hore re se ke ra iphetetsa, empa re lule re khobile matšoafo.

12 A re ke re hlahlobeng mohlala oa Baheberu ba bararo ba neng ba le botlamuoeng Babylona, e leng Hanania, Mishaele le Azaria. * Morena oa Babylona o ile a ba laela hore ba khumamele setšoantšo se seholo sa khauta. Ka bonolo ba ile ba hlalosetsa morena hore na ke hobane’ng ha ba ke ke ba khumamela setšoantšo seo. Ba ile ba mamela Molimo leha morena a ne a ba tšosa ka hore o tla ba chesa ka seboping sa mollo. Ba ne ba sa mamele hobane ba tšepile hore Jehova o tla ba sireletsa, leha ho le joalo o ile a ba pholosa hang-hang. Ba ne ba ikemiselitse ho amohela eng kapa eng eo Jehova a neng a tla lumella hore e etsahale. (Dan. 3:​1, 8-28) Mohlala oa bona o tiisa taba ea hore batho ba bonolo ba sebete, ’me ebang ba hlorisoa ke marena, baa khakhathoa, kapa ba tšoaroa hampe ba ke ke ba khaotsa ho rapela Jehova a le mong.​—Ex. 20:​4, 5.

13 Re ka etsisa mohlala oa Baheberu baa ba bararo joang? Ka hore re ikokobetse ’me re tšepe hore Jehova o tla re hlokomela. (Pes. 118:​6, 7) Ka ho araba ka tsela e bonolo le e hlomphang ha batho ba re jajabetsa ka bohale. (1 Pet. 3:​15) Le ka ho hana eng kapa eng e ka thunthetsang kamano ea rona le Jehova.

Ha batho ba re jajabetsa ka bohale, re ba araba ka tsela e bonolo (Sheba serapa sa 13)

14-15. (a) Ho ka ’na ha etsahala’ng ha re imetsoe kelellong? (b) Ho ea ka Esaia 53:​7, 10, ke hobane’ng ha re ka re Jesu ke mohlala o babatsehang oa motho ea ileng a lula a le bonolo le hoja a ne a imetsoe kelellong?

14 Ha re imetsoe kelellong: Kaofela ha rona re imeloa kelellong ke lintho tse fapa-fapaneng. Re ka ’na ra ikutloa re imetsoe pele re ngola litlhahlobo sekolong kapa pele re etsa mosebetsi o itseng o thata. Hape re ka ’na ra ikutloa re imetsoe ha re nahana ka ho ea sebetsoa ngakeng. Ho thata hore re be batho ba bonolo ha re imetsoe kelellong. Lintho tse etsahalang tseo ka tloaelo li sa re tšoenyeng li ka qala ho re tšoenya. Re ka ’na ra bua mantsoe a hlabang kapa ra etsa lintho tse ka utloisang batho ba bang bohloko. Haeba u kile oa imeloa kelellong, mohlala oa Jesu o ka u thusa haholo.

15 Likhoeling tsa ho qetela Jesu a le lefatšeng, o ne a imetsoe haholo kelellong. O ne a tseba hore o tl’o ahloleloa lefu ’me a hlokofatsoe. (Joh. 3:​14, 15; Bagal. 3:​13) Nakoana pele ho lefu la hae o ile a re o khathatsehile haholo. (Luka 12:​50) Eaba matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, Jesu o re: “Moea oa ka o khathatsehile.” Mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ha a ne a rapela Ntate oa hae a bontša hore o ikokobelitse le hore oa mamela, o ile a re: “Ntate, mpholose horeng ena. Leha ho le joalo, ke ka lebaka lena ke fihlileng horeng ena. Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” (Joh. 12:​27, 28) Ha nako ea teng e fihla, Jesu o ile a inehela ho lira tsa Molimo tse ileng tsa mo tlotlolla le ho mo bolaea ka sehloho. Ka bonolo Jesu o ile a phetha thato ea Molimo, le hoja a ne a imetsoe kelellong a bile a ntse a hlokofatsoa. Ruri re ka cho ka phatla e phahameng hore Jesu ke mohlala o babatsehang oa motho ea ileng a lula a le bonolo le hoja a ne a imetsoe kelellong!​—Bala Esaia 53:​7, 10.

Jesu ke motho ea bonolo ka ho fetisisa (Sheba serapa sa 16 le sa 17) *

16-17. (a) Baapostola ba Jesu ba ile ba etsa’ng e neng e ka mo thatafaletsa ho ba motho ea bonolo? (b) Re ka etsisa mohlala oa Jesu joang?

16 Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatšeng, metsoalle ea hae e ile ea itšoara ka tsela e neng e ka mo thatafaletsa ho ba motho ea bonolo. E tlameha ebe Jesu o ne a imetsoe haholo bosiung boo. Na o ne a tla tšepahala ho isa lefung? Bophelo ba batho ba libilione bo ne bo le mahetleng a hae. (Bar. 5:​18, 19) Habohlokoa le ho feta, tsela eo a neng a tla etsa lintho ka eona e ne e tla ama botumo ba Ntate oa hae. (Jobo 2:4) Lijong tsa mantsiboea tsa ho qetela a e-na le baapostola ba hae lefatšeng, ho ile ha qhoma “phehisano e chesang” har’a bona mabapi le “hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” Jesu o ne a ile a bua le baapostola ba hae ka taba ena, ho akarelletsa le pejana hona letsatsing leo. Empa, Jesu ha aa ka a ba tenehela. O ile a lula a khobile matšoafo. Ka mosa o ile a ba hlakisetsa hore na ke hobane’ng ha ba sa lokela ho itšoara ka tsela eo. Eaba o qetella ka ho ba babatsa ka hore haesale ba mo tšehelitse.​—Luka 22:​24-28; Joh. 13:​1-5, 12-15.

17 U ne u tla itšoara joang ha u ne u le boemong bo kang ba Jesu? Re lokela ho etsisa Jesu ka hore re lule re khobile matšoafo le ha re imetsoe kelellong. Ka boikokobetso re ka mamela taelo ea Jehova e reng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.” (Bakol. 3:​13) Re ka nolofalloa ho mamela taelo ena haeba re hopola hore kaofela ha rona re na le ho utloisa batho ba bang bohloko ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. (Liprov. 12:​18; Jak. 3:​2, 5) Hape, re lokela ho babatsa batho ba bang ka lintho tse ntle tseo ba li etsang.​—Baef. 4:29.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LULA RE LE BATHO BA BONOLO?

18. Jehova o thusa batho ba bonolo joang, hona rona re lokela ho etsa’ng?

18 Re tla etsa liqeto tse nepahetseng. Haeba re le batho ba bonolo, Jehova o tla re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng. O tšepisitse hore o “tla utloa litakatso tsa ba bonolo.” (Pes. 10:​17) Hape o tla ba araba. Bibele e re: “O tla etsa hore ba bonolo ba tsamaee qetong ea hae ea boahloli, o tla ruta ba bonolo tsela ea hae.” (Pes. 25:9) Jehova o ruta ba bonolo a sebelisa Bibele, lingoliloeng * le liboka tse hlophisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:​45-47) Re ka bontša hore re amohela thuso eo Jehova a re fang eona ka hore re ithute lingoliloeng tseo re li fuoang re be re sebelise lintlha tseo re ithutileng tsona.

19-21. Moshe o ile a etsa phoso efe ha a le Kadeshe, hona re ithuta lintlha life tsa bohlokoa?

19 Re tla qoba ho etsa liphoso. Nahana hape ka mohlala oa Moshe. O ile a qeta lilemo e le motho ea bonolo a bile a thabisa Jehova. Ho elella qetellong ea lilemo tse 40 ba le lefeelleng, Moshe o ile a hloleha ho ba motho ea bonolo. Ausi oa hae eo mohlomong e leng eena ea ileng a mo pholosa Egepeta, o ne a sa tsoa patoa ha ba le Kadeshe. Hape, Baiseraele ba ne ba boetse ba tletleba ka hore ha baa hlokomeloa hantle. Lekhetlong lena, ba ne ba “qabana le Moshe” ka hore ha ho na metsi. Le hoja Moshe a ile a qeta nako e telele a eteletse sechaba seo pele, ebile Jehova a ile a mo sebelisa hore a etse mehlolo, sechaba seo se ne se ntse se korotla. Ba ne ba korotlela Moshe ka hore ha ba na metsi joalokaha eka ke eena ea entseng hore a be sieo.​—Num. 20:​1-5, 9-11.

20 Moshe o ile a halefa haholo eaba o hloleha ho itšoara. Ho e-na le hore Moshe a bue le lefika joalokaha Jehova a ne a laetse, o ile a halefela sechaba a ba a se bolella hore ke eena ea tl’o etsa mohlolo. Eaba o otla lefika habeli ’me metsi a tsoa a le mangata. Ho halefa le ho hloka boikokobetso ke hona ho ileng ha etsa hore Moshe a etse phoso e kholo. (Pes. 106:​32, 33) Ka lebaka la ho hloleha ho ba bonolo, ha aa ka a lumelloa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.​—Num. 20:12.

21 Mohlaleng ona, re ithuta lintlha tsa bohlokoa. Ntlha ea pele, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re be batho ba bonolo. Haeba re ka hloleha le ka motsotsoana feela, boikhohomoso bo ka re nanarela ebe re etsa lintho ka tsela e booatla. Ea bobeli, ha re imetsoe kelellong ho ka ba thata hore re be batho ba bonolo, kahoo re lokela ho leka ka hohle hore re be bonolo le tlas’a maemo a thata.

22-23. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re le batho ba bonolo? (b) Ke hobane’ng ha Sofonia 2:3 e re, “Mohlomong le ka patoa”?

22 Jehova o tla re sireletsa. Haufinyane, Jehova o tla felisa batho bohle ba khopo ’me ho tla sala batho ba bonolo feela. Kannete lefatšeng ho tla ba le khotso. (Pes. 37:​10, 11) Na u tla ba teng har’a batho bao ba bonolo? U ka ba har’a bona haeba u ka etsa ntho eo Jehova a reng u e etse e hlahang ho Sofonia 2:3 (E bale).

23 Ke hobane’ng ha Sofonia 2:3 e re, “Mohlomong le ka patoa”? Temana eo ha e bolele hore Jehova a ka hloleha ho sireletsa bahlanka ba hae. Empa e re bahlanka ba hae ba lokela ho etsa ho hong e le hore ba sireletsoe. Re na le monyetla oa hore re pholohe “letsatsing la bohale ba Jehova” ’me re phele ka ho sa feleng haeba re ka lula re le batho ba bonolo ebile re thabisa Jehova.

PINA EA 120 E-bang Bonolo Joaloka Kreste

^ ser. 5 Kaofela ha rona ha rea hlaha re le batho ba bonolo. Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata hore re be batho ba bonolo. Re ka ’na ra nolofalloa ho ba bonolo haeba re sebelisana le batho ba seng bohale empa ho ka ba thata haeba e le batho ikhohomosang. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba a mang a mathata ao re lokelang ho a hlola ha re ntse re ikitlaelletsa ho ba batho ba bonolo.

^ ser. 3 TLHALOSO: Bonolo. Batho ba bonolo ke ba sebelisanang le batho ba bang ka mosa ’me ba lula ba khobile matšoafo maemong ’ohle. Boikokobetso. Batho ba ikokobelitseng ha ba ikhohomose ebile ba nka batho ba bang ba ba phahametse. Re bona boikokobetso ba Jehova tseleng e mohau le e lerato eo a sebelisanang le batho ba tlaasana ka eona.

^ ser. 12 Bababylona ba ile ba reha Baheberu bana ba bararo mabitso a Shadrake, Meshake le Abednego.​—Dan. 1:7.

^ ser. 18 Mohlala, sheba Molula-Qhooa oa April 15, 2011, sehloohong se reng, “Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo.”

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o lula a khobile matšoafo ha a thusa baapostola ba hae ka mor’a hore ba phehisane ka hore na ke mang ea moholo har’a bona.