Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 7

Eba Bonolo e le Hore o Thabise Jehova

Eba Bonolo e le Hore o Thabise Jehova

“Le batle Jehova, lona bohle ba bonolo ba lefatshe . . . le batle bonolo.”—SOF. 2:3.

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Moshe e ne e le motho ya jwang, hona keng seo a ileng a se etsa? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho lwanela ho ba batho ba bonolo?

BIBELE e re Moshe “o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le hodima lefatshe.” (Num. 12:3) Na see se bolela hore e ne e le motho ya fokolang, ya hlolehang ho etsa diqeto kapa ya tshabang batho? Batho ba bang ba ka nna ba hlalosa motho ya bonolo ka tsela ena. Empa seo ha se nnete. Moshe e ne e le motho ya matla, ya tsebang ho etsa diqeto ebile e le mohlanka wa Modimo ya sebete. Ka thuso ya Jehova, o ile a kgona ho tobana le mmusi ya matla wa Egepeta, a tataisa batho ba ka bang 3 milione lefeelleng, a ba a thusa Baiseraele hore ba hlole dira tsa bona.

2 Ke nnete hore ha re tobane le mathata ao Moshe a ileng a tobana le ona. Empa letsatsi le letsatsi, re sebetsana le batho kapa maemo a re thatafalletsang hore re be bonolo. Le ha ho le jwalo, re na le mabaka a utlwahalang a ho lwanela ho ba batho ba bonolo. Etswe Jehova o tshepisa hore “ba bonolo ba tla rua lefatshe.” (Pes. 37:11) Na o ka re o motho ya bonolo? Hona na ba bang bona ba o nka o le motho ya bonolo? Pele re araba dipotso tsena tsa bohlokwa, re lokela ho tseba hore na ha e le hantle ho ba bonolo ho bolelang.

HO BA BONOLO HO BOLELANG?

3-4. (a) Re ka tshwantsha bonolo le eng? (b) Ke dintho dife tseo re lokelang ho ba le tsona e le hore re be batho ba bonolo, hona hobaneng?

3 Re ka tshwantsha bonolo * le setshwantsho se setle se toroilweng. Empa ka tsela efe? Feela jwalo ka ha motho ya toroyang a kopanya mebala e mengata e le hore a etse setshwantsho se setle, le rona ho na le dintho tseo re lokelang ho ba le tsona e le hore re be batho ba bonolo. Tse ka sehloohong ho tsona ke boikokobetso, ho mamela le ho ba sebete. Feela ke hobaneng ha re lokela ho ba le dintho tsena e le hore re thabise Jehova?

4 Ke batho ba ikokobeditseng feela ba ka etsang thato ya Modimo. Re tla hopola hore thato ya Modimo ke hore re be batho ba bonolo. (Mat. 5:5; Bagal. 5:23) Empa Satane o halefa hampempe ha re etsa thato ya Modimo. Sena se etsa hore le hoja re le batho ba ikokobeditseng le ba bonolo jwalo, batho ba tshehetsang Satane ba re hloye. (Joh. 15:18, 19) Ka lebaka leo he, re lokela ho ba sebete e le hore re hanele Satane.

5-6. (a) Ke hobaneng ha Satane a hloile batho ba bonolo hakaale? (b) Re tlo araba dipotso dife?

5 Motho ya seng bonolo, o a iphahamisa, ha a kgone ho laola bohale ebile ha a mamele Jehova. Sena se hlalosa seo Satane a leng sona hantle. Ke ka hona a hloileng batho ba bonolo hakana. Lebaka ke hore ba bontsha pepenene hore ha e le hantle ha a na matla. Ho hobe le ho feta, ba paka hore ke raleshano. Ebe ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane ho sa tsotellehe dipuo le diketso tsa hae, a ke ke a thibela batho ba bonolo hore ba sebeletse Jehova.—Jobo 2:3-5.

6 Ke tlasa maemo afe ho leng boima hore re be bonolo? Hona ke hobaneng ha re lokela ho lwana ka thata hore re be batho ba bonolo? E le hore re arabe dipotso tsena, a re tshohleng mohlala wa Moshe, Baheberu ba bararo le Jesu.

KE TLASA MAEMO AFE HO LENG BOIMA HORE RE BE BONOLO?

7-8. Moshe o ile a etsang ha batho ba sa mo hlomphe?

7 Ha o fuwe bolaodi bo itseng: Ho ka ba thata hore batho ba nang le bolaodi bo itseng ba dule ba le bonolo, haholoholo haeba motho eo ba mo laolang, a sa ba hlomphe kapa a re ha ba tsebe ho etsa diqeto tse hlaphohetsweng. Na seo se kile sa o etsahalla? Ho thweng haeba setho sa lelapa se sa o hlomphe? O ne o tla etsang? Ela hloko ka moo Moshe a ileng a sebetsana le boemo bo jwalo ka teng.

8 Jehova o ile a kgetha Moshe hore e be moetapele wa Baiseraele, a ba a mo fa le monyetla wa hore a ngole melao e neng e tla ba tataisa. Ho hlakile hore Jehova o ne a tshehetsa Moshe. Le ha ho le jwalo, kgaitsedi ya Moshe e leng Miriame le abuti wa hae Arone, ba ile ba nyatsa qeto eo Moshe a ileng a e etsa ha a ne a kgetha mosadi. Batho ba bang ba nang le matla a bolaodi jwalo ka Moshe, ba ka be ba ile ba halefa le ho leka ho iphethetsa, empa eseng Moshe. Ha a a ka a kwata ka pele. O ile a ba a kopa Jehova hore a se ke a fa Miriame kotlo. (Num. 12:1-13) Ebe ke hobaneng ha Moshe a ile a sebetsa ditaba ka tsela ee?

Moshe o kopa Jehova ka tiyo hore a se ke a fa Miriame kotlo (Sheba serapa sa 8)

9-10. (a) Keng seo Jehova a ileng a thusa Moshe hore a se utlwisise? (b) Dihlooho tsa malapa le baholo, ba ka ithutang ho Moshe?

9 Moshe o ile a dumella Jehova hore a mo kwetlise. Empa dilemo tse ka bang 40 pejana ho moo, ha Moshe e ne e le setho sa lelapa la borena kwana Egepeta, e ne e se motho ya bonolo. Ebile e ne e le sefelapelwana hona hoo a ileng a ba a bolaya monna e mong eo ho ya ka yena, a neng a re ha a tshware batho hantle. Ka ho etsa sena, Moshe o ne a nahana hore o thabisa Jehova. Yaba Jehova o qeta dilemo tse 40 kaofela a thusa Moshe ho utlwisisa hore ha a hloke ho ba sebete feela e le hore a etelle Baiseraele pele. Empa o boetse hape o hloka ho ba motho ya bonolo. Jwale e le hore e be motho ya bonolo, o ne a lokela ho ikokobetsa le ho mamela. Ka hoo, Moshe o ile a mamela keletso ena mme ya ba moetapele ya hlwahlwa.—Ex. 2:11, 12; Lik. 7:21-30, 36.

10 Kajeno dihlooho tsa malapa le baholo, ba lokela ho etsisa Moshe. Ha batho ba bang ba sa o hlomphe, o se ke wa be o se o kwata ka pele. Ikokobetse mme o amohele hore le wena o na le ho etsa diphoso. (Moek. 7:9, 20) Mamela tataiso ya Jehova e mabapi le hore na o ka rarolla mathata jwang. Mme ka mehla o arabe ka mosa. (Liprov. 15:1) Ha dihlooho tsa malapa le ba etellang pele ba sebetsa ditaba ka tsela ena, ba thabisa Jehova, ba etsa hore ho rene kgotso mme ba beha mohlala o motle wa ka moo motho a ka bang bonolo ka teng.

11-13. Baheberu ba bararo ba re behetse mohlala ofe?

11 Ha re hloriswa: Ho theosa le histori ya batho, babusi ba nnile ba hlorisa bahlanka ba Jehova. Ba ka nna ba re phara ka melato e mengata, empa re tla kgetha ho “mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.” (Lik. 5:29) Re ka nna ra songwa, ra tshwarwa kapa ra otlwa. Empa re ke ke ra busetsa molamu sefateng hobane re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa. Re tla dula re le bonolo esita le tlasa maemo a thata.

12 A re ke re hlahlobe mohlala oo Baheberu ba bararo e leng Hanania, Mishaele le Azaria ba re behetseng ona. * O tla hopola hore morena wa Babylona, o ne a ile a ba laela hore ba kgumamele setshwantsho se seholo sa kgauta. Empa ka bonolo, ba hlalosetsa morena hore na ke hobaneng ha ba ke ke ba etsa jwalo. Ba ile ba mamela Modimo, ho sa tsotellehe ditshoso tsa morena tsa ho ba lahlela ka seboping sa mollo. Jehova o ile a kgetha ho ba pholosa hanghang, le hoja bona ba ne ba sa itshepisa hore o tla ba pholosa. Ho e na le hoo, ba ne ba ikemiseditse ho amohela ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a tla dumella hore e etsahale. (Dan. 3:1, 8-28) Ka sebele ba ile ba paka hore batho ba bonolo ba sebete. Ka hona, ebang babusi ba re laela hore re se ke ra mamela Jehova kapa mohlomong re a hloriswa, re ke ke ra kgaotsa ho fa Jehova “boinehelo bo kgethehileng.”—Ex. 20:4, 5.

13 Re ka etsisa Baheberu bana ba bararo jwang ha botshepehi ba rona ho Modimo bo lekwa? Ka hore re ikokobetse mme re tshepe hore Jehova o tla re hlokomela. (Pes. 118:6, 7) Hape re ka boela ra etsa sena ka hore ka bonolo le ka tlhompho re arabe ba re qosang. (1 Pet. 3:15) Qetellong, re lokela ho hana ho etsa ntho le ha e le efe e ka senyang kamano ya rona le Ntate wa rona ya lerato.

Ha ba bang ba re hanyetsa, re lokela ho araba ka tsela e bontshang tlhompho (Sheba serapa sa 13)

14-15. (a) Ho ka etsahalang ha re le tlasa kgatello? (b) Ho ya ka Esaia 53:7, 10, ke hobaneng ha re ka re Jesu ke mohlala o motle ka ho fetisisa wa motho ya ileng a bontsha bonolo le tlasa kgatello?

14 Ha re le tlasa kgatello: Kaofela ha rona re ba tlasa kgatello ka mabaka a sa tshwaneng. E ka nna yaba re ile ra utlwa re le tlasa kgatello ha re ne re tlameha ho ngola test sekolong kapa re lokela ho etsa mosebetsi o itseng. Kapa mohlomong re ka utlwa re le tlasa kgatello ha re nahana ka pheko eo re ka nnang ra e fuwa. Ehlile ha re le tlasa kgatello ho ka ba thata hore re be bonolo. Esita le dintho tseo pele di neng di sa re letho, di ka nna tsa qala ho re tena. Jwale ha sena se etsahala, re ka iphumana re se re hlaba ba bang ka mantswe kapa re sa ba tshware hantle. Haeba o se o kile wa utlwa o le tlasa kgatello, hlokomela seo o ka ithutang sona mohlaleng wa Jesu.

15 Dikgweding tsa ho qetela ha Jesu a le lefatsheng, o ne a le tlasa kgatello ena ya haesale. O ne a tseba hore o mothating wa ho utlwiswa bohloko mme qetellong a bolawe. (Joh. 3:14, 15; Bagal. 3:13) Dikgwedi tse mmalwa pele a hlokahala, o ile a re o tshwenyehile. (Luka 12:50) Athe matsatsi a seng makae pele a bolawa, o ile a re: “Ke kgathatsehile.” Mantswe a ileng a a sebedisa thapelong, a bontsha hore o ne a ikokobeditse a bile a mamela Modimo. O ile a re: “Ntate, mpholose horeng ena. Le ha ho le jwalo, ke ka lebaka lena ke fihlileng horeng ena. Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” (Joh. 12:27, 28) Jwale ha nako ya hore Jesu a bolawe e fihla, ka sebete o ile a ikisa ho dira tsa Modimo, tse ileng tsa mo bolaya ka sehloho le ka tsela e hlabisang dihlong ka ho fetisisa. Jesu o ile etsa thato ya Modimo ho sa tsotellehe kgatello le bohloko boo a ileng a bo utlwa. Ka hona re ka bua re sa hlathe kwana le kwana hore Jesu ke mohlala o motle ka ho fetisisa, wa motho ya ileng a bontsha bonolo le hoja a ne a le tlasa kgatello.—Bala Esaia 53:7, 10.

Jesu ke mohlala o motle ka ho fetisisa wa ho bontsha bonolo (Sheba serapa sa 16-17) *

16-17. (a) Keng seo metswalle ya Jesu e ileng ya se etsa se ileng sa mo thatafalletsa hore a be bonolo? (b) Hona re ka etsisa Jesu jwang?

16 Bosiung ba ho qetela ha Jesu a le lefatsheng, metswalle ya hae e ile ya etsa ntho e ileng ya mo thatafalletsa hore a be bonolo. O se o ka inahanela feela hore na e tlameha ebe Jesu o ne a le tlasa kgatello e kae bosiung boo. Na o ne a tla dula a tshepahala ho fihlela a hlokahala? Hopola hore bophelo ba batho ba dibilione bo ne bo itshetlehile ka yena. (Bar. 5:18, 19) Ha bohlokwa le ho feta, botumo ba Ntate wa hae le bona bo ne bo ameha tabeng ena. (Jobo 2:4) Jwale eitse ha a ntse a ja dijo tsa ho qetela le baapostola, ha tsoha “phehisano e tjhesang” hara bona, “ka hore na ke ofe ho bona ya neng a bonahala eka ke e moholo.” Jesu o ne a kile a kgalemela metswalle ena ya hae ka makgetlokgetlo ka taba ena, esita le nakwana pele ho moo hona bosiung boo. Ho makatsang ke hore Jesu ha a a ka a tenwa ke taba ena. Ho e na le hoo, o ile a dula a kgobile matshwafo. Yaba ka mosa empa a tiile, o ba hlalosetsa hape hore na ha e le hantle ba lokela ho ba le boikutlo bofe. Qetellong, o ile a ba babatsa ka hore ebe ba ile ba mo tshehetsa ka botshepehi.—Luka 22:24-28; Joh. 13:1-5, 12-15.

17 Wena o ne o tla etsang ha o ne o ka ba boemong bo tshwanang? Le rona jwalo ka Jesu, re ntse re ka kgona ho ba bonolo esita le tlasa kgatello e itseng. Re ka etsa sena ka ho ikemisetsa ho mamela taelo ya Jehova ya hore re ‘tswele pele re mamellana.’ (Bakol. 3:13) Re tla nolofallwa ke ho mamela taelo ena ha feela re hopola hore le rona re ye re etse le ho bua dintho tse tenang ba bang. (Liprov. 12:18; Jak. 3:2, 5) Hape o itlwaetse ho babatsa ba bang ha ba entse hantle.—Baef. 4:29.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO DULA RE LE BATHO BA BONOLO?

18. Jehova o thusa batho ba bonolo jwang hore ba etse diqeto tse hantle, empa le bona ba lokela ho etsang?

18 Haeba re le batho ba bonolo, re tla etsa diqeto tse hantle. Ha re tlameha ho etsa diqeto tse itseng empa re sa tsebe hore na re qale kae, Jehova a ka re thusa, le teng ha feela re le batho ba bonolo. Etswe o re tshepisa hore o tla kgotsofatsa “ditakatso tsa ba bonolo.” (Pes. 10:17) Ha e le hantle o tla etsa se fetang seo. Bibele e re: “O tla etsa hore ba bonolo ba tsamaye qetong ya hae ya boahlodi, O tla ruta ba bonolo tsela ya hae.” (Pes. 25:9) Jehova o re fa tataiso ka Bibele, dingolwa * le ka mananeo ao re a fuwang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ka lebaka leo, re lokela ho bapala karolo ya rona ka ho dumela hore re hloka thuso ya Jehova, ka ho ithuta dintho tseo a re fileng tsona le ka ho sebedisa seo re ithutileng sona.

19-21. Ke phoso efe eo Moshe a ileng a e etsa ha a le Kadeshe, hona rona re ka ithutang ho yona?

19 Haeba re le batho ba bonolo, re tla qoba ho etsa diphoso. A ko nahane hape ka Moshe. O ile a dula a le bonolo ka dilemolemo ebile a mamela Jehova. Le ha ho le jwalo, ho elella qetellong ya leeto le boima la dilemo tse 40 lefeelleng, o ile a hloleha ho bontsha bonolo. Ausi wa hae o ne a sa tswa hlokahala mme a patwa Kadeshe. Ha ka nqena, Baiseraele ba ipelaetsa ka hore ha ba fuwe tshwaro e ntle. Kgetlong lena ba ne ba se ba lla ka hore ba bolawa ke lenyora. Ke hore ba ne ba se ba lebetse tsohle tse ntle tseo Moshe a di entseng, haesitana le mehlolo eo Jehova a ileng a mo sebedisa hore a e etse. Ha ba a ka ba korotlela taba ya metsi feela, empa ba ne ba se ba tshwayatshwaya Moshe diphoso, jwalo ka ha eka ke yena ya entseng hore ba hloke metsi.—Num. 20:1-5, 9-11.

20 Sena se ile sa etsa hore Moshe a lolome ke bohale. Ho e na le hore a bue le lefika jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse, o ile tlakoloha ka bohale. Yaba o otla lefika habedi mme ha tswa metsi a mangata. Boikgohomoso le bohale di ile tsa etsa hore a etse phoso e kgolo. (Pes. 106:32, 33) Ka lebaka la hore o ile a hloleha ho ba bonolo ka nakwana, ha a a ka a dumellwa ho kena Naheng e Tshepisitsweng.—Num. 20:12.

21 Hona le ntho ya bohlokwa eo re ka ithutang yona ketsahalong ena. Ntlha ya pele, re lokela ho sebetsa ka thata hore re dule re le batho ba bonolo. Hobane haeba re ka hloleha esita le hanyenyane feela, boikgohomoso bo tla itshohlometsa ebe jwale re se re iphumana re buile kapa re entse dintho ka bowatla. Ntlha ya bobedi, ho ka ba thata hore re be batho bonolo ha re le tlasa kgatello ya maikutlo.

22-23. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho dula re le bonolo? (b) Polelwana e ho Sofonia 2:3 e bontshang?

22 Haeba re le batho ba bonolo, re tla sirelletswa. Haufinyane, Jehova o tla fedisa batho bohle ba kgopo lefatsheng, a siye ba bonolo feela. Ebe ho rena kgotso lefatsheng. (Pes. 37:10, 11) Jwale na o tla ba hara bao ba bonolo? O ka ba hara bona haeba feela o mamela temoso ya Jehova e tlalehilweng lengolong la Sofonia.—Bala Sofonia 2:3.

23 Ke hobaneng ha lengolo la Sofonia 2:3 le re: “Mohlomong le ka patwa”? Polelwana ena ha e bolele hore Jehova ha a na bokgoni ba ho sirelletsa batho ba batlang ho etsa thato ya hae le bao a ba ratang. Ho fapana le seo, e bontsha hore ho na le seo le rona re lokelang ho se etsa e le hore re sirelletsehe. Ka mantswe a mang, ho ho rona hore na re tla pholoha “letsatsing la bohale ba Jehova” kapa tjhe. Ka hona, haeba re etsa boiteko bohle hona jwale ba ho lwanela ho ba batho ba bonolo le ba etsang thato ya Jehova, re tla phela ka ho sa feleng.

PINA YA 120 Eba Bonolo Jwalo ka Kreste

^ par. 5 Ha ho motho ya tswetsweng a le bonolo ka tlhaho. Ka hoo, re lokela ho lwanela ho ba bonolo. Ka dinako tse ding re ka kgona ho ba bonolo ha re sebedisana le batho ba senang dikgathatso. Empa maemong a mang, ho ba thata ho ba bonolo ha re sebedisana le batho ba ikgohomosang. Sehloohong sena, re tlo tshohla hore na ke mathata afe ao re lokelang ho a hlola e le hore re be batho ba bonolo.

^ par. 3 TLHALOSO YA LENTSWE: Bonolo. Batho ba bonolo, ba sebedisana le ba bang ka mosa mme ha ba fele pelo esita le ha ba qholotswa. Boikokobetso. Batho ba ikokobeditseng, ha ba ikakase empa ba nka ba bang ba ba phahametse. Ha ho buuwa ka hore Jehova o ikokobeditse, seo se bolela hore o tshwara batho ba tlasana ka lerato ebile o ba bontsha mohau.

^ par. 12 Bababylona ba ile ba fa Baheberu ba bararo mabitso ana: Shadrake, Meshake le Abednego.—Dan. 1:7.

^ par. 18 Ka mohlala, sheba sehlooho se reng “Etsa Diqeto Tse Tlotlisang Modimo” ho Tora ya ho Lebela ya April 15 2011.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o kgalemela barutuwa ba hae ka mosa ka mora hore ba etse seteraeke ka hore na ke mang hara bona ya moholo.