Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 8

E-ba Motho ea Lebohang

E-ba Motho ea Lebohang

“Le iponahatse le le ba lebohang.”​—BAKOL. 3:15.

PINA EA 46 Rea U Leboha, Jehova

SELELEKELA *

1. Mosamaria eo Jesu a mo folisitseng o ile a bontša joang hore oa leboha?

HO NE ho e-na le Basamaria ba leshome ba neng ba le maqakabetsing. Ba ne ba e-na le lepera ’me ba bona eka ba ke ke ba fola. Ka letsatsi le leng ba ile ba bona Jesu a le hojana. Kaha ba ne ba ile ba utloela hore Jesu o khona ho phekola maloetse a mefuta eohle, le bona ba ne ba kholisehile hore a ka ba phekola. Eaba baa mo hoeletsa ba re: “Jesu, Morupeli, re hauhele!” Jesu o ile a folisa Basamaria bao. Kaofela ha bona ba ile ba thaba hore ebe Jesu o ba bontšitse mosa. Leha ho le joalo, e mong oa bona ha aa ka a thabela feela hore o folisitsoe empa o ile a bontša ka liketso hore o leboha Jesu. Mosamaria eo o ile a susumelletseha ho rorisa Jehova “ka lentsoe le phahameng.”​—Luka 17:​12-19.

2-3. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re ka lebala ho leboha?(b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

Joaloka Mosamaria eo, le rona re lokela ho bontša ka liketso ha re leboha batho ba re bontšang mosa. Empa ka linako tse ling, ho ka etsahala hore lebale ho bontša hore rea ba leboha.

3 Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lebohe ka mantsoe le ka liketso. Re tla ithuta mehlaleng ea batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba leboha le ba sa kang ba etsa joalo. Re boele re hlahlobe litsela tseo ka tsona re ka bontšang hore re batho ba lebohang.

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE BATHO BA LEBOHANG?

4-5. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore re batho ba lebohang?

4 Mohlala oo re ka o etsisang ke oa Jehova hobane o ile a bontša hore ke motho ea lebohang. O etsa joalo ka hore a putse batho ba mo mamelang. (2 Sam. 22:​21; Pes. 13:6; Mat. 10:​40, 41) Bibele e re khothaletsa hore re “be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baef. 5:1) Kahoo, lebaka leo ka lona re susumelletsehang ho bontša hore re batho ba lebohang, ke hobane re batla ho etsisa Jehova.

5 A re hlahlobeng lebaka le leng leo ka lona re ka bontšang hore re batho ba lebohang. Re ka tšoantša ho leboha le lijo tse lutlisang mathe, tse re natefelang haholo ha re li arolelana le batho ba bang. Rea thaba ha batho ba re leboha. Ka tsela e tšoanang, ha re bontša batho hore rea ba leboha, re etsa hore le bona ba thabe. Ha re etsa joalo, batho ba re bontšitseng mosa ba tla hlokomela hore re batho ba ananelang. Kahoo, maqhama a setsoalle pakeng tsa rona le bona a tla tiea le ho feta.

6. Lintho tseo re li buang li ka tšoantšoa joang le liapole tse entsoeng ka khauta?

6 Lintho tseo re li etsang le tseo re li buang ha re bontša hore rea leboha li bohlokoa haholo. Bibele e re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liprov. 25:​11) Ak’u nahane hore na apole e entsoeng ka khauta e ka ba ntle hakaakang ha e lutse ka sejaneng sa silevera. Ha re sa re letho ka boleng ba eona! U ne u tla ikutloa joang ha u ka fuoa mpho e joalo? Mantsoe ao re a buang ha re leboha batho ba bang, ke a bohlokoa joaloka apole eo. Apole e entsoeng ka khauta e ka lula e le teng nako e telele. Ka tsela e tšoanang, batho bao re ileng ra bontša hore rea ba leboha ha ba re etselitse ntho e itseng, ba ka lula ba hopola taba eo bophelo bohle ba bona.

BA ILE BA BONTŠA HORE BAA LEBOHA

7. Pesaleme ea 27:4 e re Davida le litloholo tsa Asafe ba ile ba bontša joang hore ba leboha Jehova?

7 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba bontša hore ke batho ba lebohang. E mong oa bona ke Davida. (Bala Pesaleme ea 27:4.) O ile a bontša ka liketso hore o lumela hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa. O ile a fana ka thepa ea bohlokoa e neng e tla sebelisoa ha ho hahoa tempele. Litloholo tsa Asafe li ile tsa bontša hore lia leboha ka ho ngola Lipesaleme tse neng li rorisa Jehova. Pesalemeng e ’ngoe, li ile tsa leboha Jehova ka lebaka la mesebetsi ea hae e hlollang. (Pes. 75:1) Davida le litloholo tsa Asafe ba ile ba bontša hore ba leboha Jehova ka lintho tse molemo tseo a ba etselitseng tsona. Le rona re ka etsisa batho bana ka hore re batle litsela tseo re ka lebohang Jehova ka tsona.

Lengolo leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma le re thusa joang hore re be batho ba lebohang? (Sheba serapa sa 8 le sa 9) *

8-9. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o rata Bakreste-’moho le eena, hona phello e ile ea e-ba efe?

8 Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša hore o rata Bakreste-’moho le eena ka lintho tseo a neng a li bua ka bona. O ne a leboha Jehova ka bona lithapelong tseo a neng a li etsa ha a le mong. O ne a boetse a etsa hore ba tsebe hore na ba bohlokoa hakae ha a ba ngoletse. Mohlala, ho Baroma khaolo ea 16 litemaneng tse 15 tse qalang, moapostola Pauluse o buile ka Bakreste-’moho le eena ba 27 a ba bitsa ka mabitso. Ka ho khetheha o ile a re Priska le Akuila ba ile ba ‘ipeha kotsing’ bakeng sa hae eaba o re Fibi e bile “mosireletsi oa ba bangata” ho akarelletsa le eena. O ile a babatsa Bakreste-’moho le eena bao ba ratehang.​—Bar. 16:​1-15.

9 Pauluse o ne a tseba hore Bakreste-’moho le eena ha baa phethahala empa nakong eo a neng a fera lengolo la Baroma, o ile a bua haholo ka makhabane a bona. U se u ka inahanela hore na Bakreste bao ba ile ba khothala hakaakang ha lengolo leo Pauluse a neng a le ngotse le balloa phutheho. Ka lebaka leo, ho ka etsahala hore ebe setsoalle sa bona le moapostola Pauluse se ile sa e-ba matla le ho feta. Na nako le nako u lula u leboha bara le barali beno ka lintho tse molemo tseo ba li etsang le tseo ba li buang?

10. Jesu o bontša joang hore o ananela mosebetsi oo balateli ba hae ba o etsang?

10 Ha Jesu a ne a bua le liphutheho tse ling tse Asia Minor, o ile a bontša hore o ananela mosebetsi oo balateli ba hae ba o etsang. Mohlala, ha a ne a bua le Bakreste ba Thyatire, o ile a re: “Ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.” (Tšen. 2:​19) Jesu o ile a ba babatsa ka mosebetsi o motle oo ba o etsang le ka makhabane a bona a neng a ba susumelletsa ho etsa lintho tse molemo. Le hoja Jesu a ne a batla ho laea Bakreste ba Thyatire, o ile a qala ka ho ba babatsa ’me a qetella ka eona tsela e tšoanang. (Tšen. 2:​25-28) Kaofela rea tseba hore Jesu o na le matla kaha ke hlooho ea liphutheho. Kahoo, ha ho na letho le mo tlamang hore a re lebohe ka mosebetsi oo re mo etsetsang oona. Ho ntse ho le joalo, oa re babatsa ha re entse hantle. Kannete Jesu ke mohlala o motle oo baholo ba ka o etsisang.

HA BAA KA BA LEBOHA

11. Ho ea ka Baheberu 12:​16, Esau o ile a bontša joang hore ke motho ea sa ananeleng?

11 Ka Bibeleng, ho boetse ho na le mehlala ea batho ba sa kang ba leboha. E mong oa bona ke Esau. Le hoja a ne a holisitsoe ke batsoali ba ratang Jehova le ba mo hlomphang, ha aa ka ananela lintho tse halalelang. (Bala Baheberu 12:​16.) O ile a bontša joang hore ke motho ea sa ananeleng? Ka hore a rekisetse moen’ae Jakobo tokelo ea hae joaloka letsibolo hore feela a mo fe sechu. (Gen. 25:​30-34) Hamorao, Esau o ile a ikoahlaela qeto eo a ileng a e etsa. Kaha e ne e se motho ea ananelang, o ne a se na lebaka la hore a ka belaela ha a amohuoe tokelo ea hae joaloka letsibolo.

12-13. Baiseraele ba ile ba bontša joang hore ha se batho ba ananelang, hona phello e ile ea e-ba efe?

12 Baiseraele ba ne ba e-na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. Ka mor’a hore Jehova a otle Baegepeta ka Likotlo Tse Leshome, o ile a lokolla Baiseraele bokhobeng. O ile a boela a ba sireletsa Leoatleng le Lefubelu leo a ileng a timetsa lebotho la Baegepeta ho lona. Baiseraele ba ne ba thabile hoo ba ileng ba binela Jehova pina ea tlholo. Empa na ba ile ba lula ba ananela?

13 Nakong eo Baiseraele ba neng ba thulana le mathata ba ile ba lebala tu! ka lintho tseo Jehova a ba etselitseng tsona. Ba ile ba bontša hore ha se batho ba ananelang. (Pes. 106:7) Joang? Bibele e re: “Phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea qala ho korotlela Moshe le Arone.” Ha e le hantle ba ne ba koretlela Jehova. (Ex. 16:​2, 8) Ntho eo ba ileng ba e etsa e ile ea utloisa Jehova bohloko. Kahoo, o ile a re moloko oohle oa Iseraele o tla shoella lefeelleng ntle le Joshua le Kalebe. (Num. 14:​22-24; 26:​65) A re boneng hore na re ka etsa’ng e le hore re be batho ba lebohang.

BONTŠA HORE U MOTHO EA LEBOHANG

14-15. (a) Ke’ng e ka thusang banyalani hore ba atamelane? (b) Batsoali ba ka etsa’ng ho ruta bana ba bona hore ba lokela ho bontša hore baa leboha?

14 Ka lapeng. Bohle baa thaba ka lapeng ha kaofela ha bona ba tseba ho bontša hore baa leboha. Banyalani ba atamelana le ho feta ha ba bolellana hore baa leboha. Ebile ho ba bonolo hore ba tšoarelane ha ba entse liphoso. Monna ea ratang mosali oa hae o hlokomela lintho tse ntle tseo mosali oa hae a li buang le tseo a li etsang “ ’me oa mo rorisa.” (Liprov. 31:​10, 28) Mosali le eena o lokela ho bolella monna oa hae lintho tse ntle tseo a li ratang ka eena.

15 Batsoali ba ka thusa bana ba bona hore e be batho ba bontšang ka liketso hore baa leboha. Ba lokela ho hopola hore bana ke liipone tsa malapa a bo bona. Kahoo, nako le nako ha ba etsa lintho ba hopole ho leboha e le hore bana ba bona ba ka ba etsisa. Hape ba ka ruta bana ba bona ho leboha ha batho ba bang ba ba etselitse lintho. Batsoali, le ka boetse la thusa bana ba lona hore ba lebohe ho tsoa pelong le hore mantsoe ao baa buang ekaba a bohlokoa haholo ho batho ba bang. Mohlala, ’mè e mong ea bitsoang Clary o re: “Ha ’Mè a le lilemo li 32, o ile a tlameha ho re holisa a le mong re le bana ba bararo. Ha ke ne ke e-ba lilemo li 32, ke ile ka ipotsa hore na ho ne ho le boima hakae hore ’Mè a re holise a le mong. Kahoo, ke ile ka mo leboha ka boiteko bohle boo a ileng a bo etsa ba hore a re holise. Morao tjena o ile a mpolella hore o lula a nahana ka mantsoe ao a ka ’me a etsa hore a lule a thabile.”

Thusa bana ba hao hore ba ithute ho bontša hore baa leboha (Sheba serapa sa 15) *

16. Mohlala oa mor’abo rona Jorge o re ruta’ng?

16 Ka phuthehong. Bara le barali babo rona baa khothala ha re ba bontša hore re ananela lintho tse molemo tseo ba re etsetsang tsona. Mohlala, moholo e mong eo lebitso la hae e leng Jorge, ea lilemo li 28 o ile a kula haholo. O ile a qeta khoeli a sa ee libokeng. Leha a se a khutletse libokeng, o ne a ntse a sa khone ho phetha boikarabelo ba hae ka phuthehong. Jorge o re: “Ke ne ke ikutloa ke se na thuso ka lebaka la hore ke ne ke sa khone ho phetha boikarabelo ba ka ka phuthehong. Ka letsatsi le leng ka mor’a liboka, mor’abo rona e mong o ile a re ho ’na: ‘Kea leboha kaha o mohlala o motle ho ’na le lelapa la ka. Re ruile molemo haholo lipuong tseo u neng u li fana lilemong tse fetileng. Li matlafalitse tumelo ea rona haholo.’ Ke ile ka ameha maikutlo hoo ke ileng ka lla. Mantsoe a hae a ile a nkhothatsa haholo.”

17. Bakolose 3:​15 e re re lokela ho etsa’ng?

17 Ho Jehova Molimo. Jehova o re file Lentsoe la hae le lingoliloeng tseo re li fuoang ke Lekhoba le Tšepahalang. Mohlala, re fumana tataiso e tsoang ho Jehova ha re le libokeng, ha re bala limakasine le ha re sebelisa websaete ea rona. Na u kile oa mamela puo, oa bala sehlooho se seng kapa oa shebella Khaso ea JW eaba u fumana hore taba e buuang moo e u ama ka ho toba? Re ka etsa’ng ho bontša Jehova hore rea mo leboha? (Bala Bakolose 3:​15.) Nako le nako ha re rapela re ka mo leboha ka limpho tsena tse molemo tseo a re fileng tsona.​—Jak. 1:17.

Ha re kenya letsoho ho hloekiseng Holo ea ’Muso, re tla be re bontša hore re leboha Jehova (Sheba serapa sa 18)

18. Re ka bontša Jehova joang hore rea mo leboha ka libaka tsa rona tsa borapeli?

18 Re ka boetse ra bontša Jehova hore rea mo leboha ka hore re boloke libaka tsa rona tsa borapeli li le makhethe li bile li hloekile. Re etsa tsoho la monna ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso ’me le batho ba sebetsang lefapheng la molumo ba ba hlokolosi hore ba se ke ba senya thepa. Liholo tsa rona tsa ’Muso li tla lula li le maemong a matle ’me li ke ke tsa hloka hore li lokisoe hangata ha re lula re li hlokometse. Ha re etsa joalo, re baballa chelete e ka sebelisoang ho haha Liholo tse ling tsa ’Muso le ho lokisa tse hlokang ho lokisoa lefatšeng lohle.

19. Re ithuta’ng mohlaleng oa banyalani ba bapotolohi?

19 Ho ba sebetsang ka thata molemong oa rona. Ha re leboha ho tsoa pelong, mantsoe ao re a buang a ka ’na a thusa batho ho hlola mathata ao ba thulanang le ’ona. Nahana ka mohlala o latelang oa molebeli oa potoloho le mohats’ae. Ka mor’a ho sebetsa tšimong letsatsi lohle ho bile ho bata, ba ile ba khutlela moo ba lulang teng ba khathetse. Ho ne ho bata hoo morali’abo rona a ileng a robala a ntse a apere jase. Hoseng ha a tsoha o ile a bolella monna oa hae hore o utloa eka ha a sa batla ho tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho. Hamorao hona hoseng hoo, ba ile ba fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala le neng le ngolletsoe morali’abo rona ka ho toba. O ne a babatsoa ka mosebetsi o motle oo a o etsang le ka mamello ea hae. A babatsoa ka boiteko bohle boo a bo etsang ba hore beke le beke a ee sebakeng se secha. Ha monna oa hae a hlalosa o re: “Mohats’aka o ile a ameha maikutlo haholo ke khothatso eo a ileng a e fuoa ’me ka mor’a moo ha aa ka a hlotse a bua ka taba ea hore o batla ho tlohela tšebeletso ea hae. Ho e-na le hoo, e ne e se e le eena ea nkhothatsang ha ke utloa hore ha ke sa khona.” Banyalani bana ba ile ba tsoela pele ka tšebeletso ea bona e le bapotolohi ka lilemo tse ka bang 40.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

20 E se eka letsatsi le letsatsi re ka ikemisetsa ho ba batho ba lebohang ka mantsoe le ka liketso. Kaha re thulana le mathata letsatsi le letsatsi, ha re leboha batho ka lintho tse molemo tseo ba re etselitseng tsona, re ka ’na ra etsa hore ba be matla. Ha re lula re leboha, re tla ba le metsoalle ea sebele. Habohlokoa le ho feta, re tla be re etsisa Ntate oa rona Jehova, ea tsebang ho leboha.

PINA EA 20 U re File Mora oa Hao

^ ser. 5 Re ka ithuta’ng tseleng eo Jehova, Jesu le Mosamaria oa molepera ba ileng ba bontša hore ke batho ba lebohang? Sehloohong sena, re tl’o ithuta ka mehlala ea bona le e meng. Re tl’o boela re ithuta bohlokoa ba ho ba batho ba lebohang le hore na re ka bontša seo joang.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Baroma le balloa phutheho; Akuila, Prisilla, Fibi le ba bang ba thabela ho utloa mabitso a bona a bitsoa.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: ’Mè o thusa moralinyana oa hae hore a bontše nkhono hore oa leboha ka mohlala oa hae o motle oo a o bontšitseng.