Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 8

Ke Hobaneng ha o Lokela ho ba Motho ya Ananelang?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho ba Motho ya Ananelang?

“Le iponahatse le le ba lebohang.”—BAKOL. 3:15.

PINA YA 46 Re a o Leboha, Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Monna e mong wa Mosamaria eo Jesu a ileng a mo fodisa, o ile a bontsha jwang hore ke motho ya ananelang?

BANNA ba bang ba 10, ba ne ba tobane le boemo bo sithabetsang. Ba ne ba na le lepera mme ba se na tshepo ya hore ba tla ke ba fole. Empa ka letsatsi le leng ba ile ba bona Jesu Mosuwe e Moholo, a hlaha le mane. Ba ne ba ile ba utlwela hore Jesu o phekotse mafu a mefuta yohle, jwale ba kgodisehile hore le bona o tla ba fodisa. Ka lebaka leo, ba hweletsa ba re: “Jesu, Morupedi, re hauhele!” Yaba banna bana ba a fola. Ntle ho pelaelo kaofela ha bona ba ile ba ananela mosa oo Jesu a ba bontshitseng ona. Le ha ho le jwalo, e mong wa bona o ile a etsa se fetang feela ho ananela *, o ile a bontsha seo ka diketso . Monna eo wa Mosamaria o ile a susumelletseha ho tlotlisa Modimo “ka lentswe le phahameng.”—Luka 17:12-19.

2-3. (a) Ke hobaneng ha ka dinako tse ding re ka nna ra hloleha ho bontsha kananelo? (b) Re tlo tshohlang sehloohong see?

2 Le rona jwalo ka Mosamaria eo re buileng ka yena, re batla ho bontsha batho ba re tshwarang ka mosa hore re a ba ananela. Empa maemong a mang, re ka lebala ho bolella ba bang hore re a ba ananela kapa hona ho ba bontsha ka diketso.

3 Sehloohong sena, re tlo tshohla hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore dipuo le diketso tsa rona di bontshe hore re batho ba ananelang. Re tla ithuta ka mehlala ya batho ba boletsweng ka Bibeleng, ba ileng ba bontsha kananelo le ba sa kang ba e bontsha. Re tla boela re tshohle ditsela tse mmalwa tse ka re bontshang hore na ke jwang re ka bang batho ba ananelang.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO BA BATHO BA ANANELANG?

4-5. Ke hobaneng ha re lokela ho ba batho ba ananelang?

4 Jehova o re behela mohlala o motle wa ho bontsha kananelo. Tsela e nngwe eo a etsang sena ka yona, ke ka ho hlohonolofatsa ba mo thabisang. (2 Sam. 22:21; Pes. 13:6; Mat. 10:40, 41) Bibele e re: “Le be baetsisi ba Modimo, jwalo ka bana ba ratwang.” (Baef. 5:1) Ka hona, lebaka le ka sehloohong la hore re be batho ba ananelang, ke hobane re batla ho etsisa Jehova.

5 Hlokomela lebaka le leng hape le etsang hore re batle ho bontsha ba bang hore re a ba ananela. Jwalo ka ha dijo di ba monate ha o di arolelana le ba bang, ka tsela e tshwanang ho bontsha ba bang kananelo le hona ho monate. Re a thaba ha re utlwa hore ba bang ba a re ananela. Ha re bontsha ba bang kananelo le bona ba a thaba. Ha re bontsha motho e mong kananelo ha a re thusitse kapa a re file ntho eo re neng re e hloka, seo se tla etsa hore a bone hore boiteko ba hae ha se ba lefeela. Ka lebaka leo, setswalle sa rona le yena se tla tiya.

6. Mantswe a bontshang hore re a ananela a tshwana jwang le diapole tsa kgauta?

6 Mantswe a rona a bontshang hore re a ananela ke a bohlokwa haholo. Etswe le Bibele e re: “Lentswe le builweng ka nako e nepahetseng le jwalo ka diapole tsa kgauta ka dijaneng tse betlilweng tsa silevera.” (Liprov. 25:11) A ko nahane feela hore na apole e entsweng ka kgauta, e behilweng ka hara sejana sa silivera e ntle hakaakang! O bo so inahanela feela hore na e ka ba ya boleng bo bokae. O ne o tla ikutlwa jwang ha o ne o ka fuwa mpho e jwalo? Ka hoo, mantswe ao re a buang ho bontsha kananelo, ke a bohlokwa feela jwalo. Hape o hopole hore apole e entsweng ka kgauta e ba teng ka ho sa feleng. Ka tsela e tshwanang, motho eo o mo bolelletseng mantswe a bontshang kananelo, o tla dula a a hopola bophelo bohle ba hae.

BA ILE BA BONTSHA KANANELO

7. Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Pesaleme ya 27:4, Davida le bangodi ba bang ba dipesaleme ba ile ba bontsha jwang hore ke batho ba ananelang?

7 Bahlanka ba bangata ba Modimo ba nakong e fetileng, ba ile ba bontsha hore ke batho ba ananelang. E mong wa bona e ne e le Davida. (Bala Pesaleme ya 27:4.) O ne a nka borapedi bo hlwekileng e le ba bohlokwa. Sena re se bona ka seo a ileng a se etsa. O ile a fana ka thepa ya hae ya bohlokwa ha ho ne ho hahwa tempele. Ditloholo tsa Asafe le tsona di ile tsa bontsha kananelo ka ho ngola dipesaleme kapa dipina tsa thoriso. Pineng e nngwe, di ile tsa leboha Modimo mme tsa tsota le “mesebetsi ya [hae] e makatsang.” (Pes. 75:1) Ho totobetse hore bahlanka bana ba Jehova, ba ne ba batla ho bontsha Jehova ka moo ba ananelang ka teng ditlhohonolofatso tsohle tseo a ileng a ba fa tsona. Na le wena o ka nahana ka ditsela tseo o ka ba etsisang ka tsona?

Lengolo leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma le re rutang ka ho bontsha kananelo? (Sheba serapa sa 8-9) *

8-9. Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o ananela bara le baradibabo, hona ditlamorao e ile ya ba dife?

8 Moapostola Pauluse o ne a ananela bara le baradibabo mme a bontsha seo ka tsela eo ka yona a neng a bua ka bona. O ne a dula a ba lebohela ho Modimo dithapelong tsa hae. O ile a boela a bontsha hore o ne a ba ananela ha a ba ngolla. Ditemaneng tse 15 tse qalang tsa Baroma 16, Pauluse o bitsa Bakrestemmoho le yena ba 27 ka mabitso. Ka ho toba o ile a hopola hore Priska le Akuila ba ile ‘ba ipeha kotsing’ molemong wa hae mme a hlalosa hore Fibi ke “mosireletsi wa ba bangata.” O ile a babatsa bara le baradi bao babo rona ba neng ba sebetsa ka thata.—Bar. 16:1-15.

9 Pauluse o ne a tseba hore bara le baradi bao babo, ha ba a phethahala. Empa ho ntse ho le jwalo, mantsweng a hae a qetellang lengolong leo a ileng a ba ngolla lona, o ile a kgetha ho bua ka makgabane a bona. E tlameha ebe bara le baradi bao babo rona ba ile ba kgothala hakaakang ha ba utlwa mantswe ao a Pauluse a ballwa hodimo ka phuthehong. Ha ho potang hore sena se ile sa etsa hore setswalle sa bona le Pauluse se be matla le ho feta. Na ka mehla o bontsha kananelo ka dintho tse ntle tseo ditho tsa phutheho ya heno di di buang le ho di etsa?

10. Re ka ithutang tseleng eo Jesu a ileng a bontsha ka yona hore o ananela balatedi ba hae?

10 Mangolong ao Jesu a ileng a a ngolla diphutheho tse itseng tsa Asia Minor, o ile a bontsha hore o ananela balatedi ba hae ka mosebetsi oo ba ileng ba o etsa. Ka mohlala, o ile a qala lengolo leo a ileng a le ngolla phutheho ya Thyatire ka ho bua mantswe ana: “Ke tseba diketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ya hao, le hore diketso tsa hao tsa morao di feta tsa pele.” (Tšen. 2:19) Jesu ha a a ka a bua feela ka hore ba ntlafaditse tshebeletsong, empa o ile a boela a ba babatsa ka makgabane a bona a ileng a ba susumetsa hore ba etse diketso tse ntle. Le hoja a ne a lokela ho kgalemela ba bang phuthehong eo ya Thyatire, o ile a qala ka ho ba kgothatsa a ba a qetella ka ho ba kgothatsa. (Tšen. 2:25-28) Nahana ka bolaodi boo Jesu a nang le bona jwalo ka hlooho ya diphutheho tsohle. Ha a tlangwe ke letho hore a re lebohe ka mosebetsi oo re mo etsetsang ona. Ho ntse ho le jwalo, o etsa bonnete ba ho re bontsha hore o a re ananela. Ruri o behetse baholo mohlala o motle!

HA BA A KA BA BONTSHA KANANELO

11. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Baheberu 12:16, Esau o ne a na le boikutlo bofe ka dintho tse halalelang?

11 Ka maswabi, batho ba bang bao Bibele e buang ka bona ba ile ba hloleha ho bontsha kananelo. Ka mohlala, le hoja Esau a hodisitswe ke batswadi ba neng ba rata Jehova ba bile ba mo hlompha, o ile a hloleha ho bontsha kananelo bakeng sa dintho tse halalelang. (Bala Baheberu 12:16.) Ebe boikutlo boo ba hae ba ho hloka kananelo bo ile ba totobala jwang? Ka lepotlapotla Esau o ile a rekisetsa moena wa hae Jakobo tokelo ya hae ya ho ba letsibolo ka lebaka la sekotlolwana feela sa setjhu. (Gen. 25:30-34) Yaba ha morao o ikwahlaela kgetho eo a e entseng. Empa ka ha o ne a hlolehile ho bontsha kananelo, o ne a se na lebaka la ho tletleba ha a sa fumane ditlhohonolofatso tse neng di tshwanela ho fuwa letsibolo.

12-13. Baiseraele ba ile ba hloleha ho bontsha kananelo jwang, hona ditlamorao e ile ya ba dife?

12 Baiseraele ba ne ba na le mabaka a mangata a ho bontsha kananelo. Etswe Jehova o ne a ile a ba lokolla bokgobeng Egepeta ka mora ho otla Baegepeta ka Dikotlo Tse Leshome. A boela a ba lopolla ka ho fedisa lebotho la Baegepeta Lewatleng le Lefubedu. Baiseraele ba ne ba thabile hona hoo ba ileng ba ba ba bina le pina ya tlholo e le ho rorisa Jehova. Empa na ba ile ba dula ba bontsha kananelo?

13 Ha Baiserale ba tobana le diphephetso tse ding, ka pelepele ba ile ba lebala dintho tse ntle tseo Jehova a neng a ba etseditse tsona. Yaba ba etsa dintho tse bontshang hore ba haellwa ke kananelo. (Pes. 106:7) Ba ile ba etsa seo jwang? “Phutheho yohle ya bara ba Iseraele ya qala ho korotlela Moshe le Arone.” Mme ho ne ho tshwana le ha ba korotlela Jehova ka ho toba. (Ex. 16:2, 8) Ka lebaka leo, Jehova o ile a utlwa bohloko hore ebe ba hlolehile ho bontsha kananelo. O ile a ba a bolela esale pele hore moloko wohle wa Iseraele o tla shwella lefeelleng ntle ho Joshua le Kalebe. (Num. 14:22-24; 26:65) Jwale, a re ke re boneng hore na ke jwang re ka qobang ho latela mehlala ena e mebe mme ra leka ho etsisa e metle.

BONTSHA HORE O MOTHO YA ANANELANG

14-15. (a) Banyalani ba ka bontshana kananelo jwang? (b) Batswadi ba ka ruta bana ba bona jwang hore ba bontshe kananelo?

14 Ka lapeng. Lelapa lohle le fumana melemo e itseng ha setho se seng le se seng sa lelapa se bontsha kananelo. Ha banyalani ba bontshana kananelo, ba tla ratana le ho feta. Ebile ho tla ba bonolo feela hore ba tshwarelane. Monna eo ehlileng a ananelang mosadi wa hae, ha a ele hloko feela dintho tseo mosadi wa hae a di buang kapa a di etsang. Empa o boetse “o a tsoha, mme o a mo rorisa.” (Liprov. 31:10, 28) Athe ka lehlakoreng le leng, mosadi ya bohlale o etsa bonnete ba hore o bolella monna wa hae hore na keng eo ka ho kgetheha a e ratang ka yena.

15 Batswadi, le ka ruta bana ba lona hore ba bontshe kananelo jwang? Le hopole hore bana ba lona ba shebile hore na le buang kapa le etsang. Ka hoo, ba tla le etsisa. Ka lebaka leo, ba beheleng mohlala ka hore le re, ‘ke a leboha’ ha ba le etseditse ho itseng. Ho ekelletsa ho seo, ba ruteng hore ba re, ‘ke a leboha’ ha batho ba bang ba ba etseditse dintho tse itseng. Thusang bana ba lona hore ba utlwisise hore ho bontsha kananelo, ho lokela ho tswa botebong ba pelo le hore mantswe a bona a ka kgothatsa ba bang. Ka mohlala, Clary o re: “Ha mama a le dilemo di 32, o ile a iphumana a tlameha ho hodisa bana ba bararo a le mong. Jwale, eitse ha le nna ke ba dilemo di 32, ka bona hore na e tlameha ebe ho ne ho nyolosetsa hakaakang ho yena ka nako eo. Ka hona, ke ile ka mo bolella ka moo ke ananelang ka teng hore ebe o ile a re hodisa. Haufinyane tjena o sa tswa mpolella hore mantswe aka a ile a mo ama maikutlo haholo. Hape o re o dula a nahana ka ona le hore a etsa hore a dule a thabile.”

Ruta bana ba hao hore ba bontshe kananelo (Sheba serapa sa 15) *

16. Fana ka mohlala o bontshang ka moo ho ananela ho ka kgothatsang ba bang ka teng.

16 Ka phuthehong. Ha re bontsha bara le baradibabo rona hore re a ba ananela, ba a kgothala. Nka ka mohlala, morabo rona e mong ya bitswang Jorge ya dilemo di 28, o ile a kula haholo. O ile a ba a qeta kgwedi kaofela a sa kgone ho ya dibokeng. Esita le ha a ne a ya dibokeng, o ne a ntse a sa kgone ho fana ka dipuo. O re: “Ke ne ke utlwa ke se na thuso hobane ke ne ke sa kgone ho phetha boikarabelo baka ka phuthehong. Empa ka mora seboka se seng tjena, morabo rona e mong o ile a re ho nna: ‘Ke rata ho o leboha hle Ntate ka ho behela lelapa la ka mohlala o motle. Ha o tsebe ka moo re neng re thabela dipuo tsa hao ka teng dilemonyana tse fetileng. Di entse hore kamano ya rona le Jehova e be matla.’ Ke ile ka ameha maikutlo mme dikeledi tsa keleketla marameng aka. Mantswe ana a hae a ile a tla hantle ka nako eo ke neng ke a hloka ka yona.”

17. Jwalo ka ha ho hlalositswe ho Bakolose 3:15, re ka ananela mosa oo Jehova a re bontshang ona jwang?

17 Ho Modimo wa rona ya mosa. Jehova o re file dintho tse ngata tse ka re thusang hore re be le kamano e ntle le yena. Ho tea mohlala, re fuwa tataiso ka diboka, dimakasine le diwebsaete tsa rona. Na o kile wa mamela puo, wa bala sehlooho se itseng kapa wa shebella broadcast, yaba o re ‘Sena ke sona seo ke neng ke se hloka?’ Re ka bontsha jwang hore re ananela Jehova ka seo a re etseditseng sona? (Bala Bakolose 3:15.) Tsela e nngwe eo re ka etsang sena ka yona, ke ka hore letsatsi le letsatsi re mo lebohe ka dimpho tsena.—Jak. 1:17.

Ho thusa ha ho hlwekiswa Holo ya Mmuso, ke tsela e ntle eo re ka bontshang ka yona hore re batho ba ananelang (Sheba serapa sa 18)

18. Re ka bontsha jwang hore re ananela Holo ya rona ya Mmuso?

18 Re boetse re bontsha hore re ananela Jehova ka ho boloka dibaka tsa rona tsa borapedi di hlwekile di bile di le makgethe. Re etsa sena ka hore ka mehla re kenye letsoho ha ho hlwekiswa kapa ho lokiswa Diholo tsa rona tsa Mmuso. Athe ba sebetsang ka thepa ya elektronike bona, ba etsa sena ka ho ba sedi ha ba e sebedisa. Ha re boloka Diholo tsa rona tsa Mmuso di le boemong bo botle, di tla lasta nako e telele hape di ke ke tsa hloka ho lokiswa kgafetsa kgafetsa. Jwale ka tsela eo, re tla be re boloka tjhelete e hlokahalang bakeng sa ho haha le ho ntjhafatsa Diholo tsa Mmuso lefatsheng lohle.

19. O ithutileng ho se ileng sa etsahalla molebedi e mong wa potoloho le mosadi wa hae?

19 Ho ba sebetsang ka thata molemong wa rona. Ha re bontsha hore re batho ba ananelang, mantswe a rona a ka nna a fetola tsela eo motho e mong a ikutlwang ka yona ka diphephetso tseo a tjamelanang le tsona. Mohlala wa sena ke wa molebedi e mong wa potoloho le mosadi wa hae. Ka mora ho qeta letsatsi le le telele la mariha ba le tshimong, ba ile ba kgutlela moo ba fihletseng teng ba sa ipatle ke mokgathala. Ho ne ho bata hona hoo moradiwabo rona a ileng a ba a robala a ntse a apere jase. Eitse hoseng ho latelang, moradiwabo rona a bolella monna wa hae hore atjhe yena jwale o utlwile ho lekane ke mosebetsi wa potoloho. Nakwana ha morao hona hoseng hoo, lengolo le tswang ofising ya lekala le ile la fihla, le bile le tobisitswe ho yena ka ho kgetheha. Lengolo lena le ile la mo babatsa ka tshebeletso le mamello ya hae. Le ile la supa hore tjhe teng ha ho bonolo ho tloha bodulong bo bong ho ya ho bo bong beke le beke. Monna wa hae o re: “Lengolo lena le ile la mo ama maikutlo hona hoo a ileng a kgaotsa ho bua ka ho tlohela mosebetsi wa potoloho. Ha e le hantle, e ile ya ba yena jwale ya seng a nkgothatsa ha ke ne ke batla ho nyahlatsa mosebetsi ona.” Banyalani bana ba ile ba dula mosebetsing wa potoloho ka dilemo tse ka bang 40 kaofela.

20. Re lokela ho leka ho etsang letsatsi le letsatsi, hona hobaneng?

20 E se eka letsatsi le letsatsi re ka leka ho iponahatsa re le ba lebohang ka dipuo le diketso tsa rona. E ka nna yaba mantswe a rona a tswang botebong ba pelo kapa diketso tsa rona, e ka ba hantle sona seo motho e mong a neng a se hloka e le hore a hlole mathata le matshwenyeho a letsatsi le letsatsi. Etswe re phela lefatsheng la batho ba sa ananeleng. Hape ha re bontsha hore re batho ba ananelang, setswalle sa rona le ba bang se tla tshwarella ho ya ho ile. Ha bohlokwa le ho feta, re tla be re etsisa Ntate wa rona ya mosa le ya ananelang Jehova.

PINA YA 20 O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

^ par. 5 Re ka ithutang ho Jehova, Jesu le Mosamaria ya neng a na le lepera mabapi le ho bontsha kananelo? Sehloohong sena, re tlo ithuta ka mehlala ya bona ha mmoho le ya ba bang. Re tla boela re ithute hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re be batho ba ananelang. Hape re tlo tshohla ka moo re ka bontshang kananelo ka teng.

^ par. 1 TLHALOSO YA LENTSWE: Ho ananela motho e mong, ho bolela ho mo nka e le wa bohlokwa. Athe ho ananela ntho e itseng, ho bolela ho e nka e le ya boleng. Lentswe lena le ka bolela maikutlo a tswang botebong ba pelo a bontshang hore o a ananela.

^ par. 55 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Phutheho ya Roma e ballwa lengolo le tswang ho Pauluse; Jwale, Akuila, Prisilla, Fibi le ba bang ba thabetse ho utlwa mabitso a bona a ballwa hodimo.

^ par. 57 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mme o thusa moradinyana wa hae hore a bontshe kananelo bakeng sa mohlala o motle wa moradiwabo rona ya seng a hodile.