Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 9

Lerato le Toka, Mehleng ya Baiseraele

Lerato le Toka, Mehleng ya Baiseraele

“O rata ho loka le toka. Lefatshe le tletse mosa o lerato wa Jehova.”—PES. 33:5.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Keng seo kaofela ha rona re se labalabelang? (b) Hona re ka kgodiseha ka eng?

KAOFELA ha rona re labalabela ho ratwa le ho tshwarwa ka toka. Ke ka hona ereng ha batho ba sa re rate kapa ba sa re tshware ka toka, re utlwang eka ha re ba bohlokwa ebile ha re na thuso.

2 Jehova o a tseba hore re labalabela ho ratwa le ho tshwarwa ka toka. (Pes. 33:5) Jwale re ka kgodiseha hore Modimo wa rona o a re rata le hore o batla re tshwarwe ka toka. Bopaki ba sena re bo bona Molaong oo a ileng a o fa Baiseraele a sebedisa Moshe. Haeba o nyahamisitswe ke ho se bontshwe lerato le ho se tshwarwe ka toka, ela hloko ka moo Molao wa Moshe * o bontshang ka teng hore Jehova o amehile ka bahlanka ba hae.

3. (a) Re ithutang Molaong wa Moshe ho latela Baroma 13:8-10? (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

3 Ha re bala ka Molao wa Moshe, re ithuta ka moo Jehova e leng Modimo ya lerato ka teng. (Bala Baroma 13:8-10.) Sehloohong sena, re tlo hlahloba e meng ya melao e neng e fuwe Baiseraele, re be re arabe dipotso tsena tse latelang: Ke hobaneng ha re ka re Molao o ne o thehilwe leratong? Ke hobaneng ha re ka re Molao o ne o kgothalletsa toka? Ba neng ba na le matla a bolaodi, ba ne ba lokela ho phethahatsa Molao jwang? Hona ke bomang bao ka ho kgetheha Molao o neng o ba sirelletsa? Ho fumana dikarabo tsa dipotso tsena ho tla re kgothatsa, ho re fe tshepo, ho be ho re thuse hore re be le kamano e ntle le Ntate wa rona ya lerato.—Lik. 17:27; Bar. 15:4.

MOLAO O NENG O THEHILWE LERATONG

4. (a) Ke hobaneng ha re ka re Molao wa Moshe o ne o thehilwe leratong? (b) Ke ditaelo dife tseo Jesu a di totobaditseng ho Matheu 22:36-40?

4 Re ka re Molao wa Moshe o ne o thehilwe leratong, ka ha lerato ke lona le susumetsang dintho tsohle tseo Jehova a di etsang. (1 Joh. 4:8) Jehova o ile a theha molao ona ditaelong tsena tse pedi, e leng ho rata Modimo le ho rata moahelani. (Lev. 19:18; Deut. 6:5; bala Matheu 22:36-40.) Ke ka hona re ka lebellang hore ditaelo tse fetang 600 tse thehang Molao ona wa Moshe, di bontshe lerato la Jehova. A re ke re tshohleng mehlala e seng mekae.

5-6. Keng seo Jehova a se lebelletseng ho banyalani, hona keng eo a e elang hloko? Fana ka mohlala.

5 Tshepahalla molekane wa hao mme o hlokomele bana ba hao. Jehova o batla hore banyalani ba ratane ka ho sa feleng. (Gen. 2:24; Mat. 19:3-6) Bofebe ke e nngwe ya ditlolo tsa molao tse mpe ka ho fetisisa tseo motho a ka di etsang. Ke ka hona ho utlwahalang hore ebe molao wa bosupa Melaong e Leshome, o ne o hanela bofebe. (Deut. 5:18) Ha motho a ne a etsa bofebe, o ne a “sitelwa Modimo” mme seo e bile e le bokgopo le ho molekane wa hae. (Gen. 39:7-9) Sena se ne se tla utlwisa molekane e mong bohloko ka nako e telele.

6 Jehova o ela hloko tsela eo banyalani ba tshwaranang ka yona. Esita le mehleng ya Baiseraele, Jehova o ne a ntse a lebelletse hore banna ba tshware basadi hantle. Monna ya neng a hlompha Molao, o ne a tla rata mosadi wa hae mme o ne a ke ke a mo hlala feela ka mabaka a senang kelello. (Deut. 24:1-4; Mat. 19:3, 8) Empa haeba ho ne ho ameha taba e tebileng, o ne a ka nna a mo hlala ebe o mo fa lengolo la tlhalo. Jwale lengolo lena, le ne le sirelletsa mosadi hore a se ke a qoswa ka hore o etsa boitshwaro bo bobe. Ka mantswe a mang, haeba a ne a ka nyalwa hape, o ne a ka fana ka lengolo lena e le pontsho ya hore o lokolohile hore a ka nyalwa hape ho latela Molao wa Moshe. Ho phaella ho seo, pele monna a fa mosadi wa hae lengolo lena la tlhalo, o ne a lokela ho buisana le baholo ba motse. Sena se ne se fa baholo monyetla wa ho thusa banyalani bana hore ba lokise mathata a bona. Ka ha baholo ba ne ba emela Jehova ha ba etsa diqeto, ha ba ne ba sa sebetse ditaba ka toka kapa ba etsa bobodu, e ne eka Jehova ha a kenella ha monna a ne a hlala mosadi wa hae ka mabakanyana a boithati. Le ha ho le jwalo, o ne a bona ha mosadi enwa wa batho a itshela ka dikgapha mme jwale a mo utlwela bohloko.—Mal. 2:13-16.

Jehova o batla hore bana ba ikutlwe ba sireletsehile, ba rutwe ba be ba hodiswe ka lerato (Sheba dirapa 7-8) *

7-8. (a) Jehova o ile a laela batswadi hore ba etseng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.) (b) Hona re ithutang ho seo?

7 Molao o ne o bile o bontsha ka ho hlaka hore Jehova o kgathalla bana. Jehova o ile a laela batswadi hore ba thuse bana ba bona hore ba be le kamano e ntle le yena, eseng feela ho ba fa ditlhoko tsa bona tsa nama. Batswadi ba ne ba lokela ho sebedisa monyetla o mong le o mong oo ba neng ba o fumana, ho thusa bana ba bona hore ba utlwisise Molao wa Jehova mme ba mo rate. (Deut. 6:6-9; 7:13) Ha batswadi ba Baiseraele ba ne ba sa hlokomele bana ba bona feela, Jehova o ne a ba fa kotlo. (Jer. 7:31, 33) Ba ne ba sa lokela ho nka bana ba bona e le thepa feela tjee e se nang thuso, empa e le lefa kapa mpho e tswang ho Jehova.—Pes. 127:3.

8 Re ithutang? Re ithuta hore Jehova o ela hloko tsela eo banyalani ba tshwaranang ka yona. O batla hore batswadi ba rate bana ba bona mme o tla ba ahlola haeba ba sa ba tshware hantle.

9-11. Ke hobaneng ha Jehova a ne a fane ka molao o neng o thibela ho kgalla dintho tsa ba bang?

9 O se ke wa kgalla dintho tsa ba bang. Molao wa ho qetela Melaong e Leshome, o ne o thibela ho kgalla dintho tsa ba bang kapa ho ba le takatso e fosahetseng ka tsona. (Deut. 5:21; Bar. 7:7) Jehova o fane ka molao ona ho ruta bahlanka ba hae thuto ya bohlokwa, ya hore ba lokela ho sirelletsa menahano le maikutlo a bona. Etswe o a tseba hore diketso tse kgopo, di qala ka hore motho a be le maikutlo le menahano e mebe. (Liprov. 4:23) Ha Moiseraele a ne a ka dumella takatso e fosahetseng hore e hole ka ho yena, o ne a ka qetella a tshwere ba bang ka tsela e sa bontsheng lerato. Sena ke sona hantle se ileng sa etsahalla Morena Davida. Tjhe yena e ne e le motho ya hantle ka nnete. Empa ka tsatsi le leng o ile a lakatsa mosadi wa monna e mong. E leng se ileng sa qetella ka hore a etse sebe. (Jak. 1:14, 15) Davida o ile a etsa bofebe le mosadi wa motho, a ba a leka ho qhekella monna wa hae. Yaba qetellong o loha maqheka a hore monna enwa wa batho a bolawe.—2 Sam. 11:2-4; 12:7-11.

10 Ha Moiseraele a ne a tlola molao ona o neng o thibela ho kgalla dintho tsa ba bang, Jehova o ne a mo bona. Etswe o kgona ho bala dipelo. (1 Likron. 28:9) Molaong oo, Jehova o ile a bolella bahlanka ba hae hore ba lokela ho qoba menahano e neng e tla etsa hore qetellong, ba etse boitshwaro bo bobe. Ruri Jehova ke Ntate ya lerato le ya bohlale!

11 Re ithutang? Re ithuta hore Jehova o bona se fetang feela ponahalo ya motho ya ka ntle. O bona motho eo re hlileng re leng yena ka hare. (1 Sam. 16:7) Ha ho letho leo re ka mo patelang lona. O re batlela se setle feela. Hape o boetse o batla hore re laole menahano e mebe, le pele e qala ho re susumelletsa ho etsa diketso tse mpe.—2 Likron. 16:9; Mat. 5:27-30.

MOLAO O NENG O KGOTHALLETSA TOKA

12. Molao wa Moshe o re rutang?

12 Molao wa Moshe o boetse o re ruta hore Jehova o rata toka. (Pes. 37:28; Esa. 61:8) Jehova o re behetse mohlala o phethahetseng wa hore na ke jwang re ka tshwarang ba bang ka toka. Ha Baiseraele ba ne ba phetha melao ya hae, o ne a ba hlohonolofatsa. Empa ha ba ne ba iphapanyetsa yona, e ne e ba masisapelo feela. A re ke re tshohleng melao e meng e mmedi.

13-14. Melao e mmedi e qalang Melaong e Leshome, e ne e re Baiseraele ba lokela ho etsang, hona ha Baiseraele ba ne ba e mamela e ne e ba tswela molemo jwang?

13 Rapela Jehova feela. Melao e mmedi e qalang Melaong e Leshome, e ne e re Baiseraele ba lokela ho rapela Jehova feela. Ba ne ba sa lokela ho rapela medimo ya ditshwantsho. (Ex. 20:3-6) Ditaelo tseo di ne di tswela Baiseraele molemo eseng Jehova. Ba ne ba tla atleha haeba feela ba ne ba mo tshepahalla. Athe haeba ba ne ba rapela medimo e meng teng, dintho di ne di ke ke tsa ba tsamaela hantle.

14 Nka ka mohlala se ileng sa etsahalla Bakanana. Ba ne ba rapela ditshwantsho eseng Jehova. Ka lebaka leo, ba itlotlolla. (Pes. 115:4-8) Borapedi ba bona bo ne bo akarelletsa diketso tse nyontshang tsa thobalano le ho etsa bana mahlabelo. Ka tsela e tshwanang, ha Baiseraele ba ne ba iphapanyetsa Jehova mme ba rapela ditshwantsho, ba ne ba itlotlolla hape ba utlwisa le ba malapa a bona bohloko. (2 Likron. 28:1-4) Ha e le ba nang le matla a bolaodi bona, ba ne ba sa latele melao ya Jehova e mabapi le ho bontsha ba bang toka. Ba ne ba sebedisa matla a bona hampe ka ho hatella ba fokolang. (Ezek. 34:1-4) Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore o ne a tla ahlola ba neng ba hlekefetsa basadi le bana. (Deut. 10:17, 18; 27:19) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a hlohonolofatsa bahlanka ba hae haeba feela ba ne ba dula ba mo tshepahalla ba bile ba tshwarana ka toka.—1 Mar. 10:4-9.

Ka ha Jehova o a re rata, o a bona ha batho ba sa re tshware ka toka (Sheba serapa sa 15)

15. Keng seo re ithutang sona ka Jehova?

15 Re ithutang? Re ithuta hore ha re a lokela ho beha Jehova molato ha batho ba reng ba a mo sebeletsa, ba sa mamele melao ya hae mme jwale ba utlwisa bahlanka ba hae bohloko. Hopola hore Jehova o a re rata mme o a bona ha re sa tshwarwe ka toka. O ikenya dieteng tsa rona mme o utlwa bohloko bo fetang boo Mme a bo utlwang ha leseanyana la hae le sa ye hantle. (Esa. 49:15) Esita le hoja a ke ke a kenella hanghang, empa ka nako e nepahetseng o tla ahlola baetsi ba bobe ba sa kang ba tshwara ba bang ka toka.

MOLAO O NE O LOKELA HO PHETHAHATSWA JWANG?

16-18. Molao wa Moshe o ne o sebetsa maemong afe, hona re ka ithutang?

16 Molao wa Moshe o ne o sebetsa maemong a mangata. Ka hona, e ne e le ha bohlokwa hore banna ba kgethilweng ba ahlole bahlanka ba Jehova ka toka. Ba ne ba sa ikarabelle ka ho ahlola ditaba tse amanang le borapedi ba Jehova feela. Empa ba ne ba boetse ba lokela ho sebetsana le ditaba tse amanang le ntwa le tlolo ya molao. Ela hloko mehlala ena e latelang.

17 Haeba Moiseraele a ne a ka bolaya e mong, seo se ne se sa bolele hore jwang kapa jwang le yena o lokela ho bolawa. Empa baholo ba motse ba ne ba lokela ho batlisisa dintlha ka botlalo pele ba etsa qeto ya hore na o tshwanelwa ke lefu kapa tjhe. (Deut. 19:2-7, 11-13) Baholo ba ne ba boetse ba lokela ho sebetsana le ditaba tse amanang le thepa le mathata a lelapa. (Ex. 21:35; Deut. 22:13-19) Jwale ha baholo ba ne ba sebetsa ditaba ka toka mme Baiseraele ba mamela Molao, bohle ba ne ba fumana molemo, ebe sena se tlotlisa Jehova.—Lev. 20:7, 8; Esa. 48:17, 18.

18 Re ithutang? Re ithuta hore karolo e nngwe le e nngwe ya bophelo ba rona e bohlokwa ho Jehova. O batla hore re rate ba bang re be re ba tshware ka toka. Re se ke ra lebala hore o ela hloko seo re se buang le seo re se etsang esita le moo re sa bonweng ke batho.—Baheb. 4:13.

19-21. (a) Baholo le baahlodi ba ne ba lokela ho tshwara bahlanka ba Modimo jwang? (b) Molao wa Moshe o ne o sirelletsa batho jwang, hona re ithutang?

19 Jehova o ne a sirelletsa bahlanka ba hae tshusumetsong e mpe ya ditjhaba tse neng di dula haufi. Ka hoo, o ne a batla hore baholo le baahlodi, ba phethahatse Molao ba sa kgethe nku ka pere. Le ha ho le jwalo, seo se ne se sa ba fe marapo a hore jwale e be bompodi kapa batho ba sa tenyetseheng. Ho e na le hoo, ba ne ba lokela ho rata toka.—Deut. 1:13-17; 16:18-20.

20 Ka ha Jehova o utlwela bahlanka ba hae bohloko, o fana ka melao e tla ba sirelletsa ha ba tshwarwa ka leeme. Ka mohlala, Molao o ne o sirelletsa motho ya neng a qoswa ka bohata ka hore o entse tlolo ya molao. Moqosuwa o ne a na le tokelo ya ho tseba hore na ke mang ya mo qosang. (Deut. 19:16-19; 25:1) Pele moqosuwa a ka fumanwa a le molato, ho ne ho lokela hore ho be le dipaki tse pedi tse fanang ka bopaki. (Deut. 17:6; 19:15) Jwale ho thweng haeba Moiseraele a ne a entse tlolo ya molao empa a bonwe ke motho a le mong? O ne a sa lokela ho nahana hore o tjhopotse. Etswe Jehova o ne a ntse a mo bona. Ho thweng ka lapeng? Bontate ba ne ba fuwe bolaodi empa bo na le meedi. Malapeng a mang ha ho ne ho ba le diqabang, baholo ba motse ba ne ba na le boikarabelo ba ho kenella ebe ba etsa qeto.—Deut. 21:18-21.

21 Re ithutang? Re ithuta hore Jehova o re behela mohlala o phethahetseng. O etsa dintho tsohle ka toka. (Pes. 9:7) O hlohonolofatsa batho ba mamelang ditaelo tsa hae, athe ba sebedisang matla a bona a bolaodi hampe bona, o ba fa kotlo. (2 Sam. 22:21-23; Ezek. 9:9, 10) Ho bonahala eka batho ba bang ba etsang dintho tse mpe ba phonyoha ka soba la nale, empa Jehova o ntse a ba shebile. Ka nako e tshwanetseng, o tla ba ahlola. (Liprov. 28:13) Haeba ba sa bake, ese kgale ba tla ithuta hore “ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo ya phelang.”—Baheb. 10:30, 31.

MOLAO O NE O SIRELLETSA BOMANG KA HO KGETHEHA?

Baholo ba ne ba lokela ho rata batho le ho ba tshwara ka toka jwalo ka Jehova ha ba ne ba rarolla diqabang (Sheba serapa sa 22) *

22-24. (a) Molao o ne o sirelletsa bomang ka ho kgetheha, hona see se re rutang ka Jehova? (b) Ke temoso efe eo re e fumanang ho Exoda 22:22-24?

22 Ka ho kgetheha Molao o ne o sirelletsa dikgutsana, bahlolohadi esita le batho ba tswang dinaheng tse ding. Baahlodi ba ile ba fuwa taelo ena: “O seke wa kgopamisa kahlolo ya mojaki kapa ya moshanyana ya se nang ntate, mme o seke wa nka seaparo sa mohlolohadi hore e be tebeletso.” (Deut. 24:17) Sena se ne se bontsha hore Jehova o amehile ka batho ba neng ba sa kgone ho itshirelletsa. Ke ka lebaka leo a neng a ahlola ba neng ba sa ba tshware ka toka.—Bala Exoda 22:22-24.

23 Molao o ne o bile o thibela motho hore a seke a etsa thobalano le mong ka yena. (Lev. 18:6-30) Ho fapana le batho ba neng ba dula dibakeng tse potolohileng Iseraele, ba neng ba etsa thobalano le beng ka bona, bahlanka ba Jehova bona ba ne ba tadima ntho eo e le tlolo ya molao. Ka tsela eo, ba ne ba na le pono ya Jehova ka boitshwaro bona, ba bo nka e le ntho e manyala.

24 Re ithutang? Re ithuta hore Jehova o lebelletse hore ba nang le boikarabelo bo itseng, ba be le thahasello ho ba ka tlasana ho bona. O hloile ditlolo tsohle tsa molao tse mabapi le thobalano. Jwale o etsa bonnete ba hore bohle, haholoholo ba fokolang, ba sirelletswe ba be ba tshwarwe ka toka.

MOLAO KE “SERITI SA DINTHO TSE MOLEMO TSE TLANG HO TLA”

25-26. (a) Ke hobaneng ha re ka re lerato le toka di tshwana le moya le bophelo? (b) Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

25 Lerato le toka di tshwana le moya le bophelo. Ka mohlala, motho a ke ke a phela ka ntle ho tsona. Ka tsela e tshwanang, ha re kgodisehile hore Jehova o re tshwara ka toka, seo se tla etsa hore re mo rate le ho feta. Jwale ha re rata Modimo le melao ya hae e lokileng, re susumelletseha ho rata ba bang le ho ba tshwara ka toka.

26 Selekane sa Molao wa Moshe se ne se thusa Baiseraele hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Le ha ho le jwalo, Molao oo o ile wa fellwa ke nako ka mora sehlabelo sa Jesu sa thekollo mme jwale wa nkelwa sebaka ke ho hong ho molemohadi. (Bar. 10:4) Moapostola Pauluse o hlalosa Molao ona wa Moshe e le “seriti sa dintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheb. 10:1) Ka hona, sehloohong se latelang, re tlo tshohla tse ding tsa dintho tsena tse molemo. Re tla boela re bone ka moo lerato le toka e leng tsa bohlokwa ka teng phuthehong ya Bokreste.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

^ par. 5 Sehlooho sena ke sa pele ho tse nne tseo re tlo tshohla hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore ruri Jehova o a re rata. Athe dihlooho tse tharo tse qetellang, di tla hlaha ho Tora ya ho Lebela ya May 2019. Dihlooho tseo ke tsena tse latelang: “Lerato le Toka, ka Phuthehong,” “Lerato le Toka, ha re Tjamelane le Batho ba Kgopo” le se reng “Tshedisa Mahlatsipa a Tlhekefetso.”

^ par. 2 TLHALOSO YA LENTSWE: Ditaelo tse fetang 600 tseo Jehova a ileng a di fa Baiseraele a sebedisa Moshe, di bitswa “Molao wa Moshe.” Ho phaella moo, hangata mangolo a mahlano a Bibele e leng Genese ho ya ho Deuteronoma, a bitswa Molao. Ka dinako tse ding, lentswe lena Molao, le sebediswa ha ho buuwa ka Mangolo ohle a Seheberu.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mme wa Moiseraele o lokisa dijo le baradinyana ba hae mme ba a iqoqela, ho monate. Ntate yena ke yane morao mane o kwetlisa mora wa hae hore a hlokomele dinku.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Baholo ba motse ba thusa mohlolohadi le mora wa hae ba ileng ba tshwarwa hampe ke morekisi.