Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Synagoge ya Mehleng ya Baapostola: Moaho ona, o bontsha dikarolo tse ding tsa synagoge ya mehleng ya baapostola e fumanehang kwana Gamla (Gamala), e ahuweng dikhilomithara tse ka bang 10 ka leboyabotjhabela ho Lewatle la Galilea. Moaho ona o re bontsha ka moo e ka nnang yaba synagoge ya mehleng ya pele e ne e le ka teng.

Synagoge e simolohile hokae?

LENTSWE “synagoge,” le tswa lentsweng la Segerike le bolelang “kopano” kapa “ho bokana ha mmoho.” Ho a utlwahala hore ebe lentswe lena le hlaloswa jwalo, hobane mehleng ya Bajuda, disynagoge di ne di sebediswa e le dibaka tsa ho kopana ha mmoho bakeng sa borapedi le ho fuwa tataiso. Mangolo a Seheberu ha a hlalose lentswe synagoge ka ho hlaka. Empa Mangolong a Segerike a Bakreste teng, le ya hlaka hobane dibaka tsa ho kopana ha mmoho bakeng sa borapedi, di ne di se ntse di le teng le pele ho mehla ya baapostola.

Ditsebi tse ngata di dumela hore disynagoge di qadile ho ba teng nakong eo ka yona Bajuda e neng e le makgoba Babylona. Buka ya Encyclopaedia Judaica e re: “Ka ha Bajuda ba ne ba isitswe naheng eo ba sa e tsebeng, ba ne ba sa kgone ho ya Tempeleng. Ka lebaka leo, ba ne ba kopana nako le nako, mohlomong ka Disabatha e le hore ba kgothatsane.” Ho bonahala eka ha Bajuda bana ba lokollwa bokgobeng, ba ile ba nna ba kopana bakeng sa ho rapela le ho bala Mangolo le ho haha disynagoge hohle moo ba neng ba fihlela teng.

Ho fihlela mehleng ya baapostola, disynagoge e ne e le ditsi tsa borapedi tsa Bajuda le moo baahi ba neng ba dula haufi le Mediterranean, ba neng ba tshwarela dimmoka tsa bona teng. Disynagoge di ile tsa namela le ho pholletsa le Middle East haesitana le Iseraele. Profesa Lee Levine wa The Hebrew University of Jerusalem o re: “[Disynagoge] e ne e le dibaka tsa ho ithutela, ho jella dijo tse neng di sebediswa ka Sabatha, ho tshwarela dinyewe le ho tlisa tjhelete ya setjhaba. E ne e bile e le sebaka sa ho tshwarela ditaba tsa dipolotiki le dintho tse amang setjhaba.” O phaella ka hore: “Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa, di ne di sebediswa e le dibaka tsa borapedi.” Ka hona, ha ho makatse he, hore ebe Jesu o ne a atisa ho ya disynagogeng. (Mar. 1:21; 6:2; Luka 4:16) Ke hona mona moo a neng a ruta, a fana ka ditaelo le ho kgothatsa batho teng. Ka mora hore ho thehwe phutheho ya Bokreste, moapostola Pauluse le yena o ile a etsa mosebetsi wa ho ruta ka disynagogeng. Jwale, batho ba neng ba thabela ditaba tsa hae, ba ne ba tla synagogeng. Ke ka hona hangata ha Pauluse a ne a fihla motseng o itseng, a neng a ya synagogeng ho ya ruta teng.—Lik. 17:1, 2; 18:4.