Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 12

Nahanela Batho ba Bang

Nahanela Batho ba Bang

“Kaofela ha lona le . . . [bontše] ho utloelana bohloko.”​—1 PET. 3:8.

PINA EA 90 Le Khothatsane

SELELEKELA *

1. Ho ea ka 1 Petrose 3:​8, ke hobane’ng ha re rata ho ba har’a batho ba re tsotellang?

RE THABELA ho ba har’a batho ba re tsotellang. Ba lekang ho ikenya lieteng tsa rona ka hore ba nahane hore na re ikutloa joang. Ba ela hloko lintho tseo re li hlokang ’me ba re thusa ka tsona le pele re ba kopa. Re rata batho ba joalo, ba bontšang hore ba re ‘utloela bohloko.’ *​—Bala 1 Petrose 3:8.

2. Ke hobane’ng ha ho se bonolo ho bontša hore re nahanela batho?

2 Kaha re Bakreste, re batla ho bontša hore re nahanela batho kapa re ba utloela bohloko. Empa ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo. Ebe ke hobane’ng? Lebaka ke hobane ha rea phethahala. (Bar. 3:​23) Kahoo, re lokela ho loantša tloaelo ea ho inahana borona feela. Hape, ntho e ’ngoe e ka re sitisang ho bontša ho nahanela batho ke tsela eo re holisitsoeng ka eona kapa lintho tse re etsaheletseng bophelong. Lebaka le leng ke hobane re susumetsoa ke batho bao re phelang le bona. Mehleng ena ea bofelo, batho ba bangata ha ba nahanele maikutlo a batho ba bang. Empa ke “baithati.” (2 Tim. 3:​1, 2) Joale re ka thusoa ke’ng hore re bontše hore re nahanela batho?

3. (a) Re ka thusoa ke’ng hore re bontše hore re nahanela batho? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Haeba re etsisa Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste, re ka hlola bothata bona. Jehova ke Molimo ea lerato, ’me o re behetse mohlala o motle oa ho bontša ho nahanela batho. (1 Joh. 4:8) Jesu o ile a khona ho etsisa Ntate oa hae ka hohle-hohle. (Joh. 14:9) Ha a ntse a le lefatšeng mona, o ile a re behela mohlala o motle oa ho utloelana bohloko. Sehloohong sena, re tl’o qala ka ho ithuta hore na Jehova le Jesu ba ile ba bontša joang hore ba nahanela maikutlo a batho. Ebe rea ithuta hore na re ka ba etsisa joang.

MOHLALA OA JEHOVA

4. Esaia 63:​7-9 e paka joang hore Jehova o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae?

4 Bibele e ruta hore Jehova o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae. Mohlala, ela hloko hore na Jehova o ile a ikutloa joang ha Baiseraele ba ne ba utloisoa bohloko. Bibele e re: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” (Bala Esaia 63:​7-9.) Hamorao Jehova o ile a bululela moprofeta Zakaria hore a hlalose hore ha batho ba hae ba tšoaroa hampe ho tšoana le ha ho tšoaroa Jehova hampe. Jehova o ile a re ho sechaba sa hae: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zak. 2:8) Ruri Jehova o ile a hatisa ntlha ena ka tsela e matla haholo!

Ka mosa Jehova o ile a lopolla Baiseraele Egepeta (Sheba serapa sa 5)

5. Fana ka mehlala ea kamoo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae kateng ha ba e-na le mathata.

5 Jehova o thusa bahlanka ba hae ha ba e-na le mathata. Mohlala, ha Baiseraele e le makhoba Egepeta, Jehova o ile a ba utloela bohloko ’me a susumetseha ho ba lopolla. Jehova o ile a re ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka . . . , ’me ke utloile mohoo oa sona . . . ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang. Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta.” (Ex. 3:​7, 8) Jehova o ile a lopolla Baiseraele bokhobeng kaha o ne a ba utloela bohloko. Lilemo tse makholo hamorao ha Baiseraele ba se ba le Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba hlaseloa hangata ke ba lireng. Jehova o ile a etsa’ng? O ile “a ikutloa a soabisitsoe [kapa a utloisitsoe bohloko] ke ho bobola ha bona ka lebaka la bahatelli ba bona le ba neng ba ba tšoenya.” Le lekhetlong lena, Jehova o ile a ba utloela bohloko eaba oa ba thusa. O ile a romela baahloli hore ba thuse Baiseraele lireng tsa bona.​—Baahl. 2:​16, 18.

6. Fana ka mohlala oa kamoo Jehova a ileng a bontša hore o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae esita le ha a fosahetse.

6 Jehova o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae, esita le ha ba nahana ka tsela e fosahetseng. Nahana ka mohlala oa Jonase. Jehova o ile a roma moprofeta enoa hore a il’o phatlalatsa molaetsa oa kahlolo ho Baninive. Ha ba mamela molaetsa oo ’me ba baka, Jehova o ile a khetha ho ba tšoarela. Empa qeto eo ea Jehova e ile ea halefisa Jonase. O ile “a tuka ke bohale” kaha boprofeta ba hae ha boa ka ba phethahala. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo mamella a ba a mo thusa hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona. (Jon. 3:​10–4:​11) Hamorao Jonase o ile a utloisisa thuto eo Jehova a neng a mo ruta eona, kahoo o ile a khona ho sebelisoa hore a ngole tlaleho ena molemong oa rona.​—Bar. 15:4. *

7. Tsela eo Jehova a ’nileng a tšoara bahlanka ba hae ka eona e re tiisetsa’ng?

7 Tsela eo Jehova a ’nileng a tšoara bahlanka ba hae ka eona e bontša hore o nahanela maikutlo a batho. O tseba mathata ao e mong le e mong oa rona a thulanang le ’ona. Jehova o tseba “lipelo tsa bara ba moloko oa batho hantle.” (2 Likron. 6:​30) O utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona esita le mefokolo ea rona. Hape ‘a ke ke a re tlohela hore re lekoe ho feta seo re ka se jarang.’ (1 Bakor. 10:​13) Mantsoe aa a khothatsa hakaakang!

MOHLALA OA JESU

8-10. Ke mabaka afe a ileng a susumelletsa Jesu hore a tsotelle batho?

8 Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ne a tsotella batho. Har’a mabaka a mangata a ileng a susumelletsa Jesu hore a tsotelle batho, re tl’o bua feela ka a mararo. La pele, joalokaha re boletse qalong, Jesu o khona ho etsisa Ntate oa hae ka hohle-hohle. Joaloka Ntate oa hae, Jesu le eena o ne a rata batho. Le hoja a ile a natefeloa ke ho thusa Ntate oa hae ha a ntse a bopa lintho tsohle, ka ho khetheha Jesu o ne a “rata . . .  bara ba batho.” (Liprov. 8:​31) Jesu o ne a susumetsoa ke lerato hore a tsotelle batho.

9 La bobeli, joaloka Jehova, Jesu o khona ho bala lipelo. O khona ho tseba menahano le maikutlo a batho. (Mat. 9:4; Joh. 13:​10, 11) Kahoo, ha Jesu a ne a hlokomela hore batho ba utloile bohloko, o ne a susumelletseha hore a ba thuse.​—Esa. 61:​1, 2; Luka 4:​17-21.

10 La boraro, ha Jesu a le lefatšeng, o ile a thulana le mathata ao batho ba kopanang le ’ona. Mohlala, Jesu o holetse lelapeng le ikapang le itlohela. Ha a ntse a sebetsa le ntate ea mo holisitseng e leng Josefa, Jesu o ile a ithuta ho itšoarela ka matsoho. (Mat. 13:​55; Mar. 6:3) Ho ka etsahala hore ebe Josefa o ile a hlokahala nakoana pele Jesu a qala tšebeletso ea hae. Kahoo, Jesu o ne a tseba bohloko ba ho shoeloa ke motho eo a mo ratang. Hape Jesu o ne a tseba hore na ke ntho e joang ho phela lelapeng la batho ba nang le litumelo tse fapaneng. (Joh. 7:5) Mabaka ana le a mang a mangata a ile a etsa hore Jesu a utloisise mathata a batho le hore na ba ikutloa joang.

Jesu o ile a ea hole le letšoele eaba o folisa monna ea neng a sa utloe litsebeng (Sheba serapa sa 11)

11. Jesu o ile a bontša joang hore o nahanela batho? Hlalosa. (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

11 Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore o nahanela batho nakong eo a neng a etsa mehlolo. O ne a sa etse mehlolo ho phetha molao feela. Ha a ne a bona batho ba le mahlomoleng, o ne a “susumetsoa ke khauho” hore a ba thuse. (Mat. 20:​29-34; Mar. 1:​40-42) Mohlala, u nahana hore Jesu o ile a ikutloa joang ha a ne a kopa monna ea neng a sa utloe litsebeng hore a tle le eena ’me a mo folisetsa ka thoko ho letšoele le ha a ne a tsosa mora ea mong to! oa mohlolohali? (Mar. 7:​32-35; Luka 7:​12-15) Jesu o ile a utloela batho bao bohloko ’me a ba thusa.

12. Johanne 11:​32-35 e bontša joang hore Jesu o ne a nahanela Maria le Maretha?

12 Jesu o ile a bontša hore o nahanela Maria le Maretha. O ile “a ntša meokho” ha a ba bona ba siametse khaetseli ea bona e leng Lazaro. (Bala Johanne 11:​32-35.) O ne a sa llisoe ke hobane a se a ke ke a kopana le Lazaro. Jesu o ne a tseba hore o tl’o tsosa motsoalle eo oa hae. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a lla hobane a utloela Maria le Maretha bohloko kaha o ne a bona mesarelo ea bona.

13. Ho tseba hore Jesu o khona ho utloela batho bohloko ho etsa hore re ikutloe joang?

13 Ho tseba hore Jesu o khona ho utloela batho bohloko hoa re khothatsa. Ke ’nete hore ha rea phethahala joalokaha a ne a phethahetse. Leha ho le joalo, rea mo rata hobane o ne a utloela batho bohloko. (1 Pet. 1:8) Re boetse re khothatsoa ke ho tseba hore hona joale ke Morena ’Musong oa Molimo. Le hore haufinyane o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko. Kaha Jesu o kile a phela lefatšeng mona, ke eena ea loketseng ho re lopolla pusong ea Satane, hobane o utloisisa hantle bohloko le mahlomola ao re phelang ho ’ona. Rea thaba hore ebe re na le Morena ea khonang ho “utloela mefokolo ea rona bohloko.”​—Baheb. 2:​17, 18; 4:​15, 16.

ETSISA MOHLALA OA JEHOVA LE OA JESU

14. Baefese 5:​1, 2 e re susumetsa hore re etse’ng?

14 Ho tseba hore Jehova le Jesu ba utloela batho bohloko, ho re susumetsa hore le rona re batle ho bontša hore re utloela batho bohloko. (Bala Baefese 5:​1, 2.) Ho fapana le Jehova le Jesu, ha re khone ho tseba se ka pelong ea motho. Leha ho le joalo, re ka leka ho utloisisa maikutlo a hae le lintho tseo a li hlokang. (2 Bakor. 11:​29) Ha re tšoane le batho ba sa rapeleng Jehova ba lefatše lena. Kaha re loanela ho se “hlokomele lithahasello tsa litaba tsa [rona] feela, empa hape [re] hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafil. 2:4.

(Sheba serapa sa 15 ho ea ho sa 19) *

15. Ka ho khetheha ke bo-mang ba lokelang ho bontša hore ba nahanela batho?

15 Ka ho khetheha baholo ba lokela ho bontša hore ba nahanela batho. Kaha baa tseba hore ba tla ikarabella ho Jehova ka tsela eo ba tšoarang linku tsa hae ka eona. (Baheb. 13:​17) Baholo ba lokela ho nahanela litho tsa phutheho e le hore ba khone ho li thusa. Baholo ba ka bontša joang hore ba nahanela batho?

16. Moholo ea nahanelang o etsa’ng, hona ke hobane’ng ha ho etsa joalo ho le bohlokoa?

16 Moholo ea nahanelang o ipha nako ea ho ba le Bakreste-’moho le eena. O buisana le bona, o bile o ba mamela ka hloko. Taba ena kea bohlokoa haholo nakong eo Mokreste a batlang ho ntša se ka pelong ea hae, empa a sa khone ho etsa joalo hantle. (Liprov. 20:5) Ha moholo a ipha nako ea ho ba le bahoeletsi, ba khona ho mo tšepa, ho ba metsoalle le ho mo rata haholoanyane.​—Lik. 20:37.

17. Bara le barali babo rona ba bangata ba re ba rata baholo ba joang? Fana ka mohlala.

17 Bara le barali babo rona ba bangata ba re ba rata baholo ba nang le kutloelo-bohloko. Ebe ke hobane’ng ha ho le joalo? Morali’abo rona Adelaide o re: “Ho bonolo ho buisana le bona kaha kea tseba hore ba tla nkutloisisa. Tsela eo ba arabang ka eona ha ke bua le bona, ea ntiisetsa hore ba nkutloela bohloko.” Mor’abo rona e mong o re: “Ke ile ka bona mahlo a moholo e mong a tlala likhapha ha ke ntse ke mo bolella mathata a ka. Ke ntse ke hopola letsatsi leo hantle le kajeno.”​—Bar. 12:15.

18. Re ka bontša joang hore re rata bara le barali babo rona?

18 Ha se baholo feela ba lokelang ho nahanela batho. Empa kaofela re lokela ho nahanela batho ba bang. Joale re ka bontša joang hore rea ba nahanela? Leka ho ikenya lieteng tsa litho tsa lelapa le Bakreste-’moho le uena. Iphe nako ea ho qoqa le bacha ka phuthehong, ea ho etela ba kulang le ba holileng, hammoho le ba oeleng ka phatla. Ba botse hore na ba ntse ba e-ea joang. Ebe u ba mamela ka hloko ha ba itlhalosa. Ba bontše hore u fela u ba utloela bohloko. Ithaopele ho ba thusa moo u ka khonang. Ha re etsa lintho tsena re bontša hore re rata bara le barali babo rona.​—1 Joh. 3:18.

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho tenyetseha le maemo ha re thusa batho?

19 Ke hobane’ng ha re lokela ho tenyetseha le maemo ha re thusa batho? Hobane batho ba sebetsana le mathata ka litsela tse fapaneng. Batho ba bang ba khona ho bua ka mathata a bona, ha ba bang ba le leqe ho etsa joalo. Le hoja re batla ho ba thusa, re lokela ho qoba ho ba botsa lipotso tse ka etsang hore ba hlajoe ke lihlong. (1 Bathes. 4:​11) Esita le ba khonang ho bua, ho ka ’na ha etsahala hore re se ke ra lumellana le lintho tse itseng tseo ba li buang. Kahoo, re lokela ho lula re hopola hore ao ke maikutlo a bona. Re lokela ho potlakela ho mamela, empa re liehe ho bua.​—Mat. 7:1; Jak. 1:19.

20. Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

20 Ho phaella ho nahanela Bakreste-’moho le rona, re boetse re lokela ho bontša hore re nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong. Re ka bontša joang hore rea ba nahanela? Re tla araba potso ena sehloohong se latelang.

PINA EA 130 Tšoarelanang

^ ser. 5 Jehova le Jesu ba nahanela maikutlo a batho. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na re ka ba etsisa joang. Re tla boela re ithute hore na re ka bontša joang hore re nahanela maikutlo a batho le hore na re ka etsa seo joang.

^ ser. 1 TLHALOSO: “Ho utloelana bohloko” ho ka hlalosoa e le ho leka ho utloisisa hore na motho e mong o ikutloa joang, ebe re ikenya lieteng tsa hae. (Bar. 12:​15) Sehloohong sena, re tl’o bua ka “ho utloelana bohloko” le “ho nahanelana.”

^ ser. 6 Jehova o ile a boela a bontša hore o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae ba neng ba nyahame kapa ba tšohile. Ba bang ba bona ke Anna (1 Sam. 1:​10-20), Elia (1 Mar. 19:​1-18) le Ebede-meleke (Jer. 38:​7-13; 39:​15-18).

^ ser. 65 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Libokeng re ba le menyetla ea ho bontša hore re nahanela Bakreste-’moho le rona. Re bona (1) moholo a thusa moshanyana le ’mè oa hae, (2) ntate le morali ba thusa nkhono hore a ee koloing le (3) baholo ba babeli ba mametse ka hloko ha morali’abo rona a ba bolella mathata a hae.