Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 12

Bontsha Hore o Nahanela Maikutlo a Batho ba Bang

Bontsha Hore o Nahanela Maikutlo a Batho ba Bang

“Kaofela ha lona le . . . [utlwelane] bohloko.”—1 PET. 3:8.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho ya ka 1 Petrose 3:8, ke hobaneng ha re thabela ho ba hara batho ba re kgathallang?

RE THABELA ho ba hara batho ba re kgathallang. Lebaka ke hore ba leka ho lemoha seo re se nahanang le ka moo re ikutlwang ka teng. Hape ba hlokomela ditlhoko tsa rona mme ba a re thusa, ka dinako tse ding esita le pele re ba kopa. Ka nnete re ananela batho ba re ‘utlwelang bohloko.’ *Bala 1 Petrose 3:8.

2. Ke hobaneng ha re lokela ho bontsha ba bang mohau?

2 Ka ha re Bakreste, re batla ho bontsha ba bang mohau le kutlwelobohloko. Empa le ha ho le jwalo, ha ho bonolo ka nnete. Hobaneng? Lebaka ke hobane ha re a phethahala. (Bar. 3:23) Ka hona, re lokela ho lwantshana le tlwaelo eo re tswetsweng le yona ya ho inahana borona feela. Lebaka le leng hape e ka ba tsela eo re hodisitsweng ka yona kapa dintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Kapa re ka nna ra susumetswa ke batho ba re potolohileng. Mehleng ena ya ho qetela, batho ba bangata ha ba na taba le maikutlo a ba bang. Hobane ke “baithati.” (2 Tim. 3:1, 2) Ebe jwale re ka thuswa keng hore re bontshe ba bang hore re nahanela maikutlo a bona?

3. (a) Re ka ntlafatsa jwang tabeng ya ho bontsha ba bang kutlwelobohloko? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong sena?

3 Ntho e ka re thusang ho ntlafatsa tabeng ya ho bontsha ba bang kutlwelobohloko, ke ka ho etsisa Jehova Modimo le Mora hae Jesu Kreste. Ka ha Jehova ke Modimo ya lerato, o re behela mohlala o motle wa ka moo re ka bontshang ba bang kutlwelobohloko ka teng. (1 Joh. 4:8) Jesu o ile a etsisa Ntate wa hae ka ho phethahetseng. (Joh. 14:9) O ile a etsa sena ka hore ha a ntse a le lefatsheng, a bontshe ba bang qenehelo. Jwale sehloohong sena, re tlo tshohla ka moo Jehova le Jesu ba ileng ba bontsha hore ba nahanela maikutlo a ba bang ka teng. Ebe re a ithuta hore na re ka ba etsisa jwang.

JEHOVA O NAHANELA MAIKUTLO A BATHO BA BANG

4. Esaia 63:7-9 e bontsha jwang hore Jehova o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae?

4 Bibele e ruta hore Jehova o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae. Ka mohlala, hlokomela ka moo a ileng a ikutlwa ka teng ha Baiseraele ba ne ba thulana le diteko tse fapafapaneng. Bibele e re: “Nakong ya mahlomola ohle a bona le yena o ile a hlomoha.” (Bala Esaia 63:7-9.) Ha morao o ile a sebedisa moprofeta Zakaria ho phatlalatsa hore ha batho ba sa tshware bahlanka ba hae hantle, ba a mo qala. Re bona sena ha a ne a re ho bahlanka ba hae: “Ya le amang o ama leihlo la ka.” (Zak. 2:8) Ruri ona ke mohlala o motle oo Jehova a re behetseng ona wa ho nahanela bahlanka ba hae.

Jehova o ile a qenehela Baiseraele hoo a ileng a ba lokolla bokgobeng Egepeta (Sheba serapa sa 5)

5. Fana ka mohlala o bontshang seo Jehova a ileng a se etsa ho thusa bahlanka ba hae dinakong tsa mathata.

5 Jehova o etsa ho fetang feela ho utlwela bahlanka ba hae bohloko ha ba na le mathata. O nka kgato ho ba thusa. Nka ka mohlala, ha Baiseraele e ne e le makgoba Egepeta, Jehova o ile a utlwisisa bohloko boo ba neng ba bo utlwa, hoo a ileng a susumelletseha ho ba lopolla. O ile a re ho Moshe: “Ke bone mahloreho a setjhaba sa ka . . .  mme ke utlwile mohoo wa sona . . .  ke tseba hantle bohloko boo se bo utlwang. Ke a theoha ho ya se lopolla matsohong a Baegepeta.” (Ex. 3:7, 8) Jehova o ile a lopolla bahlanka ba hae bokgobeng hobane a ne a ba utlwela bohloko. Dilemo tse makgolo ha morao ha Baiseraele ba se ba le Naheng e Tshepisitsweng, dira tsa bona di ile tsa ba hlasela. Jwale Jehova o ile a etsang? O ile “a ikutlwa a swabisitswe ke ho bobola ha bona ka lebaka la bahatelli ba bona le ba neng ba ba tshwenya.” Le lekgetlong lena, Jehova o ile a susumetswa ke kgauho hore a ba thuse. O ile a etsa sena ka ho romela baahlodi hore ba sireletse Baiseraele ho dira tsa bona.—Baahl. 2:16, 18.

6. Fana ka mohlala o bontshang ka moo Jehova a ileng a nahanela maikutlo a Jonase ka teng le hoja a ne a na le pono e fosahetseng.

6 Jehova o nahanela maikutlo a bahlanka ba hae, esita le ha ka dinako tse ding ba na le pono e fosahetseng. Mohlala wa sena ke wa Jonase. Jehova o ne a ile a roma moprofeta enwa hore a phatlalatse molaetsa wa kahlolo ho Baninive. Eitse ha Baninive ba baka, Jehova a kgetha ho se ba fedise. Le ha ho le jwalo, Jonase o ne a sa thabela qeto ena. O ile “a tuka ke bohale” hobane jwale boprofeta ba hae ha bo a ka ba phethahala jwalo ka ha a ne a lebelletse. Empa Jehova o ile a nahanela maikutlo a Jonase mme a mo thusa hore a fetole pono ya hae. (Jon. 3:10–4:11) Ha morao Jonase o ile a utlwisisa seo Jehova a neng a mo ruta sona, hoo a ileng a ba a sebediswa ho ngola tlaleho ena molemong wa rona.—Bar. 15:4. *

7. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a tshwara bahlanka ba hae ka yona?

7 Tsela eo Jehova a tshwarang bahlanka ba hae ka yona, e re ruta hore o ba utlwela bohloko. O ela hloko bohloko le mathata ao e mong le e mong a thulanang le ona. Etswe le Bibele e re o tseba “dipelo tsa bara ba moloko wa batho hantle.” (2 Likron. 6:30) O utlwisisa menahano ya rona, maikutlo a rona a tebileng le mefokolo ya rona. Ka hona “a ke ke a [re] tlohela hore [re] lekwe ho feta seo [re] ka se jarang.” (1 Bakor. 10:13) Ka nnete tshepiso ena e a kgothatsa. Na ha ho jwalo?

JESU O NAHANELA MAIKUTLO A BATHO BA BANG

8-10. Keng e ileng ya susumelletsa Jesu hore a nahanele batho ba bang?

8 Ha Jesu a le lefatsheng, o ne a nahanela batho ba bang. E tlameha ebe dintho tsena tse tharo tse latelang, ke tsona tse ileng tsa mo susumelletsa hore a etse jwalo. Ntlha ya pele, jwalo ka ha re se re boletse qalong, Jesu o ile a etsisa Ntate wa hae ya lehodimong ka ho phethahetseng. Le yena jwalo ka Ntate wa hae, o ne a rata batho. Hara dintho tsohle tseo a ileng a thusa Jehova ho di bopa, o ne a rata batho ka ho fetisisa. (Liprov. 8:31) Lerato le ile la susumelletsa Jesu hore a nahanele maikutlo a batho ba bang.

9 Ntlha ya bobedi ke hore jwalo ka Jehova, Jesu o kgona ho bona dipelo. A ka kgona ho bona sepheo le maikutlo a batho. (Mat. 9:4; Joh. 13:10, 11) Ka lebaka leo, ha Jesu a ne a lemoha hore batho ba ne ba utlwile bohloko, o ile a ba tshedisa hobane a ne a ba qenehela.—Esa. 61:1, 2; Luka 4:17-21.

10 Ntlha ya boraro, Jesu o kile a tobana le a mang a mathata ao batho ba neng ba tobana le ona. Ka mohlala, ho bonahala eka Jesu o holetse lelapeng le kojwana di mahetleng. Hape o ile a ithuta ho etsa mosebetsi wa matsoho ha a ntse a sebetsa le Ntate wa hae Josefa. (Mat. 13:55; Mar. 6:3) Ho bonahala eka Josefa o hlokahetse nakwana pele Jesu a qala tshebeletso ya hae. Ka hona, ho a utlwahala hore ebe Jesu o ile a utlwa bohloko ba ho hlokahallwa. Hape Jesu o a tseba hore na ho jwang ho phela lelapeng le seng bodumeding bo le bong. (Joh. 7:5) Jwale e tlameha ebe maemo ana le a mang, a ile a thusa Jesu ho utlwisisa mathata le maikutlo a batho.

Jesu o bontsha qenehelo ka hore a fodise monna wa setholo thoko ho batho (Sheba serapa sa 11)

11. Ke neng moo ka ho kgetheha Jesu a ileng a bontsha hore o nahanela maikutlo a batho ba bang? Hlalosa. (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

11 Jesu o ile a bontsha hore o nahanela maikutlo a batho ba bang ka mehlolo eo a ileng a e etsa. O ne a sa etse mehlolo hobane feela a tlamehile. Ho e na le hoo, o ne a hauhela batho. (Mat. 20:29-34; Mar. 1:40-42) Ka mohlala, a ko nahane feela hore na Jesu o ne a ikutlwa jwang ha a nkela monna wa setholo hole le batho e le hore a mo fodise. Kapa o nahane ha a ne a tsosa mora a le mong feela wa mohlolohadi. (Mar. 7:32-35; Luka 7:12-15) Jesu o ne a batla ho thusa batho bana hobane a ne a ba qenehela.

12. Johanne 11:32-35 e bontsha jwang hore Jesu o ile a ba le kutlwelobohloko ho Maretha le Maria?

12 Jesu o ile a bontsha Maretha le Maria kutlwelobohloko. Eitse ha a bona ba lla ka lebaka la ho utlwa bohloko ha kgaitsedi ya bona Lazaro e hlokahetse, “a ntsha meokgo.” (Bala Johanne 11:32-35.) O ne a sa llele ho lahlehelwa ke motswalle wa hae. Ka ha o ne a ntse a tseba hore o tlo mo tsosa. Ho e na le hoo, o ile a lla hobane a ne a utlwisisa bohloko ba pelo boo metswalle ena ya hae e bo utlwileng ka lefu la Lazaro.

13. Ho tseba hore Jesu o utlwela batho bohloko ho re kgothatsa jwang?

13 Ho tseba hore Jesu o utlwela batho bohloko ho a re kgothatsa. Re a mo rata hobane o bontshitse ba bang qenehelo. (1 Pet. 1:8) Re boetse re kgothatswa ke ho tseba hore hona jwale ke Morena wa Mmuso wa Modimo. Haufinyane feela o tla tlosa mathata ohle a batho. Ka ha Jesu o kile a phela lefatsheng mona, o boemong bo botle ba ho thusa batho hore ba fole matetetsong a puso e kgopo ya Satane. Ruri re lehlohonolo ho ba le Mmusi ‘ya utlwelang mefokolo ya rona bohloko.’—Baheb. 2:17, 18; 4:15, 16.

ETSISA JEHOVA LE JESU

14. Baefese 5:1, 2 e re susumelletsa ho etsang?

14 Ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova le Jesu ba nahanelang batho ba bang ka yona, le rona re susumelletseha ho bontsha ba bang kutlwelobohloko. (Bala Baefese 5:1, 2.) Ke nnete hore rona ha re na bokgoni ba ho bona se ka pelong. Ho ntse ho le jwalo, re ka kgona ho leka ho utlwisisa maikutlo le ditlhoko tsa ba bang. (2 Bakor. 11:29) Ho fapana le batho ba itjhebileng bo bona feela, rona re leka hore re se ke ra hlokomela “dithahasello tsa ditaba tsa [rona] feela, empa hape [re hlokomele le] dithahasello tsa ba bang.”—Bafil. 2:4.

(Sheba serapa sa 15-19) *

15. Ke bomang bao ka ho kgetheha ba lokelang ho bontsha ba bang kutlwelobohloko?

15 Baholo ke bona bao ka ho kgetheha ba lokelang ho bontsha ba bang kutlwelobohloko. Ba a tseba hore ba a ikarabella ho Jehova ka tsela eo ka yona ba tshwarang dinku tse behilweng tlhokomelong ya bona. (Baheb. 13:17) Ka lebaka leo he, baholo ba lokela ho ba mohau e le hore ba thuse bara le baradibabo bona. Empa baholo ba ka bontsha kutlwelobohloko jwang?

16. Moholo ya mohau o etsang, hona ke hobaneng ha seo e le sa bohlokwa?

16 Moholo ya mohau o qeta nako le bara le baradibabo. O botsa dipotso ebe o mamela ka hloko. Hape o na le mamello. Seo ke sa bohlokwa, haholoholo haeba e nngwe ya dinku tsena tse ratehang e batla ho ntsha maikutlo, empa jwale e sokola mantswe. (Liprov. 20:5) Ha moholo a ithaopela ho fana ka nako ya hae, sena se tla etsa hore bara le baradibabo ba mo nke e le motswalle eo ba ka mo tshepang.—Lik. 20:37.

17. Bara le baradi ba bang babo rona ba re ba rata baholo ba jwang? Fana ka mohlala.

17 Bara le baradi ba bang babo rona ba re ba rata baholo ba nahanelang maikutlo a batho ba bang. Hobaneng? Adelaide o re: “Ho bonolo ho bua le bona, hobane o a tseba hore jwang kapa jwang ba tla ikenya dieteng tsa hao.” O phaella ka hore: “O kgona le ho lemoha hore ba o utlwela bohloko ho latela tsela eo ba arabelang ka yona ha o bua le bona.” Morabo rona e mong o ananela tsela eo moholo e mong a ileng a mo tshwara ka yona. O re: “Ke ile ka bona a tlala dikgapha ka mahlong ha ke ntse ke mo hlalosetsa boemo ba ka. Le ka mohla nke ke ka lebala ketsahalo eo bophelo bohle ba ka.”—Bar. 12:15.

18. Re ka bontsha ba bang kutlwelobohloko jwang?

18 Bonneteng ha se baholo feela ba lokelang ho bontsha ba bang kutlwelobohloko. Kaofela ha rona re ka kgona ho bontsha kutlwelobohloko. Empa re ka etsa seo jwang? Leka ho utlwisisa hore na ditho tsa lelapa kapa badumedimmoho ba ntse ba ya jwang. Bontsha hore o kgathalla batjha ka phuthehong haesitana le ba kulang, ba hodileng le ba hlokahalletsweng. Ba botse maphelo. Mamela ka hloko ha ba ntsha maikutlo a bona. Etsa hore ba utlwe hore ka nnete o utlwisisa boemo ba bona. Ebe jwale o etsa sohle seo o ka se kgonang ho fana ka thuso. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha lerato la nnete.—1 Joh. 3:18.

19. Ke hobaneng ha re lokela hore re ikamahanye le maemo ha re ntse re leka ho thusa ba bang?

19 Re lokela ho ikamahanya le maemo ha re leka ho thusa ba bang. Hobaneng? Hobane batho ba itshwara ka tsela tse sa tshwaneng ha ba thulane le mathata. Ka mohlala, ba bang ba ikemiseditse ho bua, ha ba bang bona ba sa rate ho bua ka mathata a bona. Ka hoo, le hoja re batla ho thusa, re lokela ho qoba ho botsa dipotso tse tla etsa hore motho a se ke a phutholoha. (1 Bathes. 4:11) Esita le ha ba bang ba kgona ho ntsha maikutlo, ha se ka mehla re ka ba utlwisisang. Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore ena ke tsela eo ba ikutlwang ka yona. Ka hoo, re lokela ho potlakela ho utlwa mme re diehe ho bua.—Mat. 7:1; Jak. 1:19.

20. Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

20 Re boetse re batla ho bontsha kutlwelobohloko le ha re le tshimong. Ebe jwale re ka e bontsha jwang? Ke sona seo re tlo se tshohla sehloohong se latelang.

PINA YA 130 Tshwarelanang

^ par. 5 Jehova le Jesu ba kgathalla maikutlo a batho ba bang. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ke jwang re ka ba etsisang. Re tla boela re ithute hore na ke jwang re ka utlwelang ba bang bohloko le ka moo re ka etsang seo ka teng.

^ par. 1 TLHALOSO YA LENTSWE: Ho bontsha kutlwelobohloko, ho bolela ho leka ho utlwisisa ka moo ba bang ba ikutlwang ka teng, jwale ebe le rona re leka ho ikutlwa ka tsela e tshwanang. (Bar. 12:15) Ka hoo sehloohong sena, “ho utlwelana bohloko” le “ho nahanelana” di bolela ntho e le nngwe.

^ par. 6 Jehova o ile a bontsha qenehelo ho bahlanka ba bang ba hae ba neng ba nyahame kapa ba tshohile. E mong ke Anna. (1 Sam. 1:10-20) E mong ke Elia. (1 Mar. 19:1-18) E mong ke Ebede-meleke. (Jer. 38:7-13; 39:15-18)

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Diboka tsa rona di re fa menyetla e mengata ya ho bontshana kutlwelobohloko. Re bona (1) moholo ka mosa a bua le mohweletsi ya monyenyane ya nang le Mme wa hae. (2) Ntate le moradi wa hae ba thusa moradiwabo rona ya hodileng hore a kene koloing. (3) Baholo ba babedi ba mametse ka hloko ha moradiwabo rona a kopa thuso.