Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 13

Nahanela Batho Bao U Kopanang le Bona Tšimong

Nahanela Batho Bao U Kopanang le Bona Tšimong

“A susumetsoa ke khauho bakeng sa bona . . . A qala ho bo ruta lintho tse ngata.”​—MAR. 6:34.

PINA EA 70 Le Batle ba Lipelo li Ntle

SELELEKELA *

1. Ke ntho efe e ikhethang ka ho fetisisa ka Jesu? Hlalosa.

NTHO e ikhethang ka ho fetisisa ka Jesu ke hore o utloisisa mathata ao re thulanang le ’ona bophelong. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng mona, o ne a khona ho ‘thaba le batho ba thabileng’ le ho ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:​15) Mohlala, ha barutuoa ba hae ba 70 ba khutla ba thabile letšolong la ho paka, Jesu o ile “a nyakalla.” (Luka 10:​17-21) Ka lehlakoreng le leng, ha a bona kamoo lefu la Lazaro le utloisitseng batho bohloko kateng, Jesu o ile “a bobola moeeng ’me a khathatseha.”​—Joh. 11:33.

2. Ke’ng e thusitseng Jesu hore a nahanele batho?

2 Ke’ng e thusitseng Jesu hore a nahanele batho a be a ba utloele bohloko? Ntho e ka sehloohong e mo thusitseng ke hore o rata batho. Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Jesu o ne a “rata . . . bara ba batho.” (Liprov. 8:​31) Lerato le ile la mo susumetsa hore a batle ho tseba batho hantle. Moapostola Johanne o ile a re Jesu “o ne a tseba se leng ho motho.” (Joh. 2:​25) Jesu o ne a nahanela batho bohle. Batho ba ile ba bona hore oa ba rata ’me taba eo ea ba nolofaletsa ho mamela molaetsa oa hae. Le rona ha re ka ithuta ho etsisa mohlala oa Jesu, batho ba bangata ba tla thabela ho re mamela ha re le tšimong.​—2 Tim. 4:5.

3-4. (a) Ho nahanela batho ho ka re thusa joang ha re le tšimong? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

Joaloka moapostola Pauluse, le rona rea tseba hore re tlameha ho pakela batho. (1 Bakor. 9:​16) Empa haeba re nahanela batho, re ke ke ra etsa mosebetsi ona hobane feela re tlamehile. Lerato le tla re susumetsa hore re ikakhele ka setotsoana ho oona. Rea tseba hore “ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:​35) Ha re pakela batho hobane re batla ho ba thusa, re tla thabela mosebetsi oo haholo.

4 Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na ke joang re ka bontšang hore re nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong. Re tl’o qala ka ho bona hore na re ka ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a ikutloa ka eona ka batho. Ebe re ithuta litsela tse ’nè tseo re ka mo etsisang ka tsona.​—1 Pet. 2:21.

JESU O NE A NAHANELA BATHO TŠEBELETSONG EA HAE

Ho nahanela batho ho ile ha susumetsa Jesu hore a fane ka molaetsa o khothatsang (Sheba serapa sa 5 le 6)

5-6. (a) Fana ka mohlala oa moo Jesu a ileng a bontša hore o nahanela batho. (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a utloela batho bao a neng a ba pakela bohloko, joalokaha ho ile ha boleloa esale pele ho Esaia 61:​1, 2?

5 A re ke re hlahlobe mohlala oa moo Jesu a ileng a bontša hore o nahanela batho. Ka lekhetlo le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba khathetse ka mor’a ho qeta nako e telele ba pakela batho. Ba ne ba e-s’o be le nako “ea ho ja lijo.” Eaba Jesu o re barutuoa ba hae ba ee “boinotšing sebakeng se ka thoko” ’me ba “phomole hanyenyane.” Leha ho le joalo, letšoele le ile la ba latela. Ha ba fihla moo ba neng ba e-ea teng, Jesu o ile a etsa’ng ha a bona bongata boo? O ile “a susumetsoa ke khauho * bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. A qala ho bo ruta lintho tse ngata.”​—Mar. 6:​30-34.

6 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a utloela batho bao bohloko? Tlaleho e re batho bao ba ne ba le “joaloka linku tse se nang molisa.” Mohlomong Jesu o ile a bona hore ba bang ba bona ba ne ba kolla ntsi hanong ’me ba sehla ka thata ho hlokomela ba malapa a bona. E ka ’na eaba ba bang ba ne ba siame. Haeba ho joalo, Jesu o ne a ka utloisisa boemo ba bona hantle. Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, mohlomong Jesu o ile a feta ho a mang a mathata ao. Kaha Jesu o ne a utloela batho bohloko o ile a susumetseha ho ba tšelisa.​—Bala Esaia 61:​1, 2.

7. Re ka etsisa Jesu joang?

7 Re ka etsisa Jesu joang? Joaloka Jesu, le rona re pota-potiloe ke batho ba “joaloka linku tse se nang molisa.” Ba imetsoe ke mathata a mangata. Molaetsa o buang ka ’Muso oa Molimo o ka ba imolla. (Tšen. 14:6) Kahoo, re etsisa Jesu ka ho bolela litaba tse molemo kaha re “utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng.” (Pes. 72:​13) Re utloela batho bohloko ’me seo se re susumeletsa hore re batle ho ba thusa.

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE NAHANELA BATHO?

Nahanela litlhoko tsa motho ka mong (Sheba serapa sa 8 le 9)

8. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re nahanela batho ha re le tšimong ke efe? Fana ka mohlala.

8 Ke’ng e ka re thusang hore re nahanele batho bao re ba pakelang? Re batla ho ikenya lieteng tsa batho bao re kopanang le bona tšimong, ebe re ba tšoara ka tsela eo re neng re ka thabela hore le rona re tšoaroe ka eona. * (Mat. 7:​12) A re ke re tšohleng litsela tse ’nè tseo re ka etsang seo ka tsona. Ea pele, nahanela litlhoko tsa motho ka mong. Ha re pakela batho, mosebetsi oa rona o ka tšoantšoa le oa ngaka. Ngaka e nahanela litlhoko tsa mokuli e mong le e mong. E botsa lipotso, ebe e mamela ka hloko ha mokuli a hlalosa hore na ho bohloko kae. Ngaka ha e potlakele ho fa mokuli meriana empa e nka nako e ntse e hlahloba matšoao a ho mokuli e le hore qetellong e ka mo fa meriana e nepahetseng. Le rona ha rea lokela ho leka ho qala moqoqo ka tsela e tšoanang ho motho e mong le e mong eo re kopanang le eena tšimong. Empa, re lokela ho leka ho utloisisa maemo a batho a fapakaneng le maikutlo a bona.

9. Re lokela ho qoba’ng ha re le tšimong? Hlalosa.

9 Ha u qala ho kopana le motho tšimong qoba ho nahana hore u se u ntse u tseba maemo a hae, kapa hore na o lumela eng. (Liprov. 18:​13) Empa u ka mo botsa lipotso ka bohlale e le hore u utloe hore na o lumela eng. (Liprov. 20:5) Haeba e le ntho e lumellehang setsong sa heno, u ka mo botsa lipotso tse amanang le mosebetsi oa hae, lelapa la hae, hore na o tsoa hokae le hore na maikutlo a hae ke afe. Ha re botsa batho lipotso, re ba lumella hore e be bona ba re bolellang hore na ke hobane’ng ha ba hloka litaba tse molemo. Ha re se re tseba hore na ba ikutloa joang, re ka etsisa Jesu ka ho bontša hore rea ba nahanela le ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.​—Bapisa 1 Bakorinthe 9:​19-23.

Ikenye lieteng tsa motho eo u mo pakelang (Sheba serapa sa 10 le 11)

10-11. (a) Ho ea ka 2 Bakorinthe 4:​7, 8, tsela ea bobeli eo re ka bontšang hore re nahanela batho ka eona ke efe? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Sergey?

10 Ea bobeli, leka ho ikenya lieteng tsa batho. Ho isa boholeng bo itseng, re utloisisa boemo boo ba leng ho bona. Hobane kaofela ha rona ha rea phethahala kahoo re na le mathata a tšoanang. (1 Bakor. 10:​13) Rea tseba hore bophelo mehleng ena ea bofelo bo thata haholo. Jehova ke eena ea re thusang hore re mamelle. (Bala 2 Bakorinthe 4:​7, 8.) Joale ak’u nahane ka batho bao ho leng thata hore ba mamelle kaha ba se na kamano e ntle le Jehova. Joaloka Jesu, re ba utloela bohloko ebile re susumeletseha ho ba bolella “litaba tse molemo.”​—Esa. 52:7.

11 Nahana ka mohlala oa mor’abo rona e mong ea bitsoang Sergey. Pele Mor’abo rona Sergey e e-ba Paki, e ne e le motho ea lihlong haholo. O ne a thatafalloa ho bua le batho. Ka nako e ’ngoe o ile a lumela ho ithuta Bibele. Mor’abo rona Sergey o re: “Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore Bakreste ba tlameha ho bolella batho ba bang lintho tseo ba ithutileng tsona. Ke ne ke kholisehile hore eo taba e tla ntlhola.” Ho ntse ho le joalo, Mor’abo rona Sergey o ile a nahana ka batho ba e-s’o ka ba ithuta Bibele, ’me a hlokomela hore e tlameha ebe bophelo ba bona bo thata haholo kaha ha ba tsebe Jehova. O re: “Lintho tse ncha tseo ke neng ke ithuta tsona li ile tsa nthabisa haholo ’me tsa etsa hore ke lule ke khobile matšoafo. Ke ne ke tseba hore batho ba bang ba lokela ho ithuta lintho tsena.” Ho nahanela batho ho ile ha thusa Mor’abo rona Sergey hore a be le sebete sa ho ba pakela. O re: “Ntho e ileng ea ’makatsa ke hore, ho pakela batho ho ile ha nthusa hore ke se ke ka ba lihlong. Ho ile ha boela ha matlafatsa tumelo ea ka.” *

Ba bang ba ka ’na ba nka nako hore ba utloisise (Sheba serapa sa 12 le 13)

12-13. Bontša hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho fella batho bao re ithutang Bibele le bona pelo.

12 Ea boraro, u se ke oa fella batho pelo. Hopola hore, mohlomong ha ba e-s’o ka ba nahana ka tse ling tsa lintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng. Le hore ba bangata ba kholisehile hore lintho tseo ba li tsebang ke ’nete. Ba ka ’na ba nka hore bolumeli ba bona ke ba bohlokoa kaha bo ba momahanya le ba malapa a bona, setso sa bona le batho bao ba ahisaneng le bona. Joale re ka ba thusa joang?

13 Nahana ka papiso ke ena: Ho etsahala’ng ha borokho ba khale bo se bo se boemong bo botle joale bo lokela ho lihuoa ’me ho hahoe bo bong? Hangata, borokho bo bocha bo hahoa ba khale bo ntse bo le teng. Hang ha ho qetiloe, ho lihuoa ba khale. Ka tsela e tšoanang, pele re ka bolella batho hore ba tlohele lintho tseo ba ithutileng tsona khale ba bile ba li rata, re ka ’na ra tlameha ho qala pele ka ho ba thusa ho ananela lintho tse ncha tseo ba ntseng ba ithuta tsona ka Bibeleng. Ka mor’a moo, ba ka ’na ba lumela ho tlohela lintho tseo tsa khale tseo ba neng ba li rata. Ho ka ’na ha nka nako hore batho ba bang ba etse liphetoho tseo.​—Bar. 12:2.

14-15. Fana ka mohlala o bontšang hore na re ka thusa motho ea sa utloisiseng tšepo ea ho tla phela ka ho sa feleng lefatšeng joang.

14 Haeba re sa felle batho bao re kopanang le bona tšimong pelo, re ke ke ra lebella hore ba lumellane le rona ka lekhetlo la pele re bua le bona. Empa ho ba nahanela ho tla re susumeletsa hore re ba fe nako ea ho nahana ka botebo ka lintho tseo ba ntseng ba ithuta tsona ka Bibeleng. Mohlala, ak’u nahane hore na re ka thusa motho e mong joang hore a utloisise tšepo ea ho tla phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Batho ba bangata ha ba tsebe taba ena. E ka ’na eaba ba lumela hore ha motho a hlokahala ho felile ka eena. Kapa ba nka hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong. Re ka ba thusa joang?

15 A re ke re hlahlobeng tsela e ’ngoe eo mor’abo rona e mong a e sebelisang. O qala ka ho bala Genese 1:​28. Ebe o botsa mong’a ntlo hore na o nahana hore Molimo o ne a batla hore batho ba phele hokae le hore na ba phele joang. Batho ba bangata ba araba ka ho re, “O ne a batla hore batho ba phele ba thabile lefatšeng.” Ka mor’a moo, mor’abo rona o balla mong’a ntlo Esaia 55:​11, ebe oa mo botsa hore na o nahana hore morero oo oa Molimo o se o fetohile. Hangata, mong’a ntlo o re che. Qetellong, mor’abo rona o balla mong’a ntlo Pesaleme ea 37:​10, 11, ebe oa mo botsa hore na o nahana hore bokamoso bo tla ba joang. Ka tsela ena, mor’abo rona o se a thusitse batho ba bangata hore ba utloisise hore Molimo o ntse a batla hore batho ba lokileng ba tl’o phela lefatšeng mona ka ho sa feleng.

Ho etsa ntho e sa reng letho joaloka ho ngola lengolo, ho ka ’na ha e-ba le liphello tse ntle (Sheba serapa sa 16 le 17)

16-17. Re nahanne ka Liproverbia 3:​27, re ka bontša joang hore re nahanela batho ha re le tšimong? Fana ka mohlala.

16 Ea bone, nahana ka lintho tseo u ka li etsang ho bontša hore u nahanela batho. Mohlala, na re etetse mong’a ntlo ka nako eo a phathahaneng haholo? Re ka kopa tšoarelo, ebe re ithaopela ho khutla ka nako e ’ngoe. Re ka etsa’ng haeba mong’a ntlo a hloka hore re mo thuse ka ntho e itseng e nyenyane? Kapa re ka etsa’ng haeba re fumana mong’a ntlo a sa khone ho tsamaea, ’me a hloka motho eo a mo romang? Maemong ana, re ka ’na ra lokela ho mo thusa.​—Bala Liproverbia 3:27.

17 Morali’abo rona e mong o ile a ba le liphello tse ntle ka mor’a hore a thuse motho ka ntho e neng e ka bonahala e sa re letho. Kutloelo-bohloko e ile ea mo susumeletsa hore a ngolle lelapa le leng le neng le qeta ho hlokahalloa ke lesea. O ile a kenyeletsa litemana tsa Bibele tse khothatsang lengolong leo. Lelapa leo le ile la ikutloa joang? ’Mè oa teng o ile a re: “Maobane ke ne ke sithabetse habohloko. Lengolo la hao le ile la re thusa haholo. Ke felloa ke mantsoe ha ke nahana kamoo lengolo la hao le ileng la re tšelisa kateng. Maobane ke balile lengolo leo ka makhetlo a fetang 20. Ke ne ke hloletsoe ke tsela eo le neng le ngotsoe ka tsela e mosa, e nahanelang le e khothatsang ka eona. Re u leboha ho menahane.” Ha ho potang hore le rona re ka ba le liphello tse ntle haeba re nahana ka litsela tseo re ka thusang batho ba bang ka tsona.

TSEBA MOO MATLA A HAO A FELLANG TENG

18. 1 Bakorinthe 3:​6, 7 e re thusa joang hore re tsebe moo matla a rona a fellang teng?

18 Re lokela ho tseba moo matla a rona a fellang teng ha re ntse re etsa mosebetsi ona. Re kenya letsoho ho thuseng batho ho tseba Molimo, empa ha se rona ba etsang mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa. (Bala 1 Bakorinthe 3:​6, 7.) Jehova ke eena ea hulelang batho ho eena. (Joh. 6:​44) Qetellong, taba ea hore na motho o tla amohela litaba tse molemo kapa che e itšetlehile ka hore na pelo ea hae e sekametse hokae. (Mat. 13:​4-8) Hopola hore batho ba bangata ha baa ka ba amohela molaetsa oa Jesu le hoja e ne e le Mosuoe ea hloahloa ka ho fetisisa. Kahoo, ha rea lokela ho nyahama haeba batho ba bangata bao re lekang ho ba thusa ba sa amohele molaetsa oa rona.

19. Re tla ba le liphello life haeba re nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong?

19 Re tla ba le liphello tse ntle haeba re nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong. Re tla thabela mosebetsi oa boboleli haholoanyane. Re tla fumana thabo e tlisoang ke ho fana. Hape, re tla etsa hore ho be bonolo hore bohle ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba utloe litaba tse molemo. (Lik. 13:​48) Kahoo, “hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” (Bagal. 6:​10) Ha re etsa joalo re tla thabela hore ebe re tlotlisa Jehova Molimo oa rona.​—Mat. 5:16.

PINA EA 64 Re Kotula re Thabile

^ ser. 5 Ha re nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong re tla thabela tšebeletso ea rona ’me le batho ba tla thabela ho re mamela. Na ehlile ho joalo? Sehloohong sena, re tl’o tšohla hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu, re be re bone litsela tse ’nè tseo ka tsona re ka bontšang hore re nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong.

^ ser. 5 TLHALOSO: Lengolong lena, lentsoe khauho le bolela ho utloela motho ea nang le mathata bohloko kapa ea tšoeroeng ka ho hloka toka. Ha re utloela motho ea joalo bohloko re tla susumeletseha ho mo thusa.

^ ser. 8 Sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2014, sehloohong se reng, “Bonahatsa Mekhoa e Metle ha U le Tšimong.”