Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 13

Bontsha Kutlwelobohloko ha o le Tshimong

Bontsha Kutlwelobohloko ha o le Tshimong

[O ile] a susumetswa ke kgauho bakeng sa bona, . . . [Yaba o] qala ho bo ruta dintho tse ngata.”—MAR. 6:34.

PINA YA 70 Le Batle ba Tshwanelehang

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke eng e ikgethang ka botho ba Jesu? Hlalosa.

NTHO e ka sehloohong e ikgethang ka botho ba Jesu le e re amang dipelo ka ho fetisisa, ke bokgoni boo a nang le bona ba ho utlwisisa mathata ao batho ba sa phethahalang ba tobanang le ona. Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ne a ‘thaba le batho ba thabileng’ a bile a ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:15) Ka mohlala, ha barutuwa ba hae ba 70 ba kgutla ba thabile ka mora ho etsa mosebetsi wa boboledi, o ile “a nyakalla ka moya o halalelang.” (Luka 10:17-21) Athe ka lehlakoreng le leng, ha a ne a bona ka moo batho ba neng ba utlwile bohloko ka teng ka lebaka la lefu la Lazaro, o ile “a bobola moyeng mme a kgathatseha.”—Joh. 11:33.

2. Keng e thusitseng Jesu hore a bontshe batho ba bang kutlwelobohloko?

2 Keng e thusitseng Jesu hore a be mohau a be a qenehele batho ba sa phethahalang? Lebaka le ka sehloohong ke hore o ne a rata batho. Jwalo ka ha re se re bone sehloohong se fetileng, Jesu o ne a rata batho ka ho fetisisa. (Liprov. 8:31) Lerato leo Jesu a neng a rata batho ka lona le ile la ba la mo susumelletsa hore a utlwisise tsela eo batho ba nahanang ka yona. Ke ka hona eitseng ha moapostola Johanne a bua ka Jesu, a ileng a re: “O ne a tseba se leng ho motho.” (Joh. 2:25) Sena se bontsha hore Jesu o ne a utlwela batho bohloko. Batho ba ne ba bile ba amohela molaetsa wa hae hobane ba ne ba utlwa hore ka nnete o fela a ba kgathalla. Jwale le rona re ka atleha tshebeletsong, haeba re bontsha ba bang kutlwelobohloko jwalo ka Jesu.

3-4. (a) Ho ba le kutlwelobohloko ho tla re thusa hore re be le pono efe ka tshebeletso? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong see?

3 Moapostola Pauluse o ne a tseba hantle hore boikarabelo ba hae, ke ho bolela molaetsa wa Bibele mme le rona ho jwalo fela. (1 Bakor. 9:16) Le ha ho le jwalo, haeba re hlile re na le kutlwelobohloko, re ke ke ra tadima ho bolela molaetsa wa mmuso e le boikarabelo fela tjee boo re tlamehang ho bo phetha. Empa re tla bontsha hore re kgathalla batho ebile re ikemiseditse le ho ba thusa. Etswe re tseba hantle hore “ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Ka hoo, haeba re ba le pono e jwalo ka mosebetsi wa boboledi, re tla o thabela le ho feta.

4 Jwale sehloohong sena, re tlo tshohla ka moo re ka bontshang kutlwelobohloko ka teng ha re le tshimong. Re tla qala ka ho bona seo re ka ithutang sona tseleng eo Jesu a neng a ikutlwa ka yona ka batho. Ebe re tshohla ditsela tse nne tseo re ka mo etsisang ka tsona.—1 Pet. 2:21.

JESU O NE A BONTSHA BA BANG KUTLWELOBOHLOKO HA A NE A BA RUTA

Kutlwelobohloko e ile ya susumelletsa Jesu hore a fane ka molaetsa wa matshediso (Sheba serapa sa 5-6)

5-6. (a) Jesu o ile a bontsha bo mang kutlwelobohloko? (b) Jwalo ka ha Esaia 61:1, 2 e bontshitse, ke hobaneng ha Jesu a ne a hauhela batho bao a neng a ba ruta?

5 Ela hloko mohlala wa ka moo Jesu a neng a bontsha kutlwelobohloko ka teng. Ka tsatsi le leng, Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba tswa tshimong ba sa ipatle ke mokgathala. Ba ne ba so ka ba ba le nako “esita le ya ho ja dijo” feela. Ka lebaka leo, Jesu a nkela barutuwa ba hae ho “ya sebakeng se thoko ba le bang” e le hore ba “phomole hanyenyane.” Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ba ile ba sala Jesu le barutuwa morao. Jwale Jesu o ile a etsang ha a fihla moo mme a bona batho bana? O ile “a susumetswa ke kgauho * bakeng sa bona, hobane [ba] ne [ba] le jwalo ka dinku tse se nang modisa. A qala ho [ba] ruta dintho tse ngata.”—Mar. 6:30-34.

6 Hlokomela hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a hauhela batho. Hopola hore o itse ke hobane a ne a bona batho ba “le jwalo ka dinku tse se nang modisa.” Mohlomong o ne a bona hore ba bang ba bona ba ne ba futsanehile mme jwale ba lokela ho sebetsa ka thata ho hlokomela malapa a bona. Kapa e ka nna yaba ba bang ba ne ba hlokahalletswe. Haeba ho jwalo, e tlameha ebe Jesu o ne a utlwisisa maemo a bona hantle. Hobane jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, e ka nna yaba Jesu le yena o ile a tobana le a mang a mathata ana. Ka ha o ne a nahanela maikutlo a batho ba bang, o ile a susumelletseha ho ba tshedisa.—Bala Esaia 61:1, 2.

7. Re ka etsisa Jesu jwang?

7 Re ithutang mohlaleng ona wa Jesu? Jwalo ka Jesu, le rona re potolohilwe ke batho ba “jwalo ka dinku tse se nang modisa.” Ba na le mathata a mangata. Jwale, re na le seo ba se hlokang, e leng molaetsa wa Mmuso wa Modimo. (Tšen. 14:6) Ka hoo, e le hore re etsise Monghadi wa rona Jesu, re bolela ditaba tse molemo hobane re “utlwela ya tlaase bohloko le ya futsanehileng.” (Pes. 72:13) Re hauhela batho mme re batla ho etsa ho hong ho ba thusa.

RE KA BONTSHA BA BANG KUTLWELOBOHLOKO JWANG HA RE LE TSHIMONG?

Nahanela ditlhoko tsa motho e mong le e mong (Sheba serapa sa 8-9)

8. Ke tsela efe e nngwe eo ka yona re ka bontshang batho kutlwelobohloko ha re le tshimong? Fana ka mohlala.

8 Keng e ka re thusang hore re bontshe batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele kutlwelobohloko? Re batla ho nahanela batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele mme re ba tshware jwalo ka ha le rona re ne re ka batla ho tshwarwa. * (Mat. 7:12) Jwale a re ke re tshohleng ditsela tse nne tseo re ka etsang seo ka tsona. Tsela ya pele, nahanela ditlhoko tsa motho e mong le e mong. Ha re bolela ditaba tse molemo, re phetha mosebetsi o tshwanang le wa ngaka. Ka mohlala, ngaka e hlwahlwa, e nahanela ditlhoko tsa mokudi e mong le e mong. E botsa dipotso ebe e mamela ka hloko ha mokudi a hlalosa bothata ba hae. Ho e na le hore ngaka e fane feela ka pheko ho latela seo e se nahanang, e ema hanyane hore ho fete nakwana e itseng e le hore e bone matshwao a mokudi mme qetellong e tla nolofallwa ke ho fana ka pheko e nepahetseng. Ka tsela e tshwanang, ha re a lokela ho dula re sebedisa mokgwa o le mong feela wa ho ruta, mothong e mong le e mong eo re kopanang le yena tshimong. Ho fapana le seo, re lokela ho nahana ka maemo a motho e mong le e mong, etswe batho ba na le pono tse sa tshwaneng.

9. Keng seo re sa lokelang ho se etsa? Hlalosa.

9 Ha o kopana le motho tshimong, o se ke wa nahana hore o tseba maemo a hae kapa hore na o dumelang le hore na hobaneng a dumela jwalo. (Liprov. 18:13) Empa mo botse dipotso ka bohlale e le hore o utlwe hore na ebe o dumelang. (Liprov. 20:5) O ka mo botsa ka mosebetsi wa hae, lelapa la hae, dintho tseo a ileng a feta ho tsona le pono ya hae ka dintho tse itseng, le teng haeba seo se tlwaelehile tshimong ya heno. Ha re botsa batho dipotso jwalo, re tla tseba hantle hore na ke batho ba jwang le hore na ba tshwanelwa ke molaetsa ofe. Jwale ha re se re ba tseba, re tla kgona ho ba bontsha kutlwelobohloko re be re nahanele ditlhoko tsa bona feela jwalo ka ha Jesu a ile a etsa.—Bapisa le 1 Bakorinthe 9:19-23.

Ikenye dieteng tsa motho eo o mo bolellang molaetsa wa Bibele (Sheba serapa sa 10-11)

10-11. Ho latela 2 Bakorinthe 4:7, 8, ke tsela efe e nngwe ya bobedi eo re ka bontshang kutlwelobohloko ka yona? Fana ka mohlala.

10 Tsela ya bobedi, leka ho ikenya dieteng tsa bona. E ka nna yaba le rona re kile ra ba boemong bo tshwanang le ba bona. Etswe le rona re hlahelwa ke mathata a hlahelang batho kaofela. (1 Bakor. 10:13) Re a tseba hore ehlile bophelo bo a nyolosetsa matsatsing ana. Empa ka thuso ya Jehova re ka o besa wa tuka. (Bala 2 Bakorinthe 4:7, 8.) A ko nahane feela ka batho ba se nang kamano e ntle le Jehova. E tlameha ebe ba fumana ho le thata ho phela lefatsheng lena ka ntle ho thuso ya hae. Le rona jwalo ka Jesu, re a ba hauhela mme re susumelletseha ho ba fa “ditaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.”—Esa. 52:7.

11 Ela hloko mohlala wa morabo rona Sergey. Pele a ithuta nnete, o ne a le dihlong. Ho ne ho le thata hore a bue le batho ba bang. Ha nako e ntse e ya o ile a ithuta Bibele. O re: “Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka ithuta hore Bakreste ba na le boikarabelo ba ho bolella ba bang seo ba se dumelang. Empa ke ne ke sa bone hore ke tla ke ke etse seo.” Le ha ho le jwalo, Sergey o ile a nahanisisa ka batho bao hohang ba so kang ba utlwa nnete, hore e tlameha ebe bophelo ba bona bo boima hakaakang ha ba se na kamano e ntle le Jehova. O di beha tjena: “Dintho tse ntjha tseo ke neng ke ithuta tsona, di ile tsa ntlisetsa thabo e kgapatsehang le kgotso ya sebele. Ke ne ke tseba hore batho ba bang le bona ba lokela ho ithuta nnete ena.” Ha Sergey a utlwela batho bana ba sa tsebeng letho ka Jehova bohloko, seo se ile sa mo susumelletsa hore a be sebete sa ho ba bolella molaetsa wa Bibele. O re: “Ke ne ke hlolletswe ha ke bona hore ho bolella ba bang molaetsa wa Bibele ho nthusitse hore ke be sebete. Hape ho ba bolella seo ke se dumelang, ho matlafaditse tumelo ya ka.” *

Ho ka nka nako hore ba bang ba nke kgato (Sheba serapa sa 12-13)

12-13. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re ntse re ruta batho Bibele tshimong? Hlalosa.

12 Tsela ya boraro, eba le mamello ha o ruta batho Bibele. Hopola hore e ka nna yaba ha ba so ka ba nahana ka nnete ya Bibele eo rona re e tsebang. Hape ba bang o ke ke wa ba etsa letho ka tumelo ya bona. Ba tshwarelletse tumelong ya bona tjena hobane ba nka hore e ba kopanya le ba malapa, setso ebile e etsa hore ba ratwe ke batho ba sebakeng sa habo bona. Jwale ebe re ka ba thusa jwang?

13 Nahana ka mohlala ona o latelang: Hana ho etsahalang ha borokgo e se e le ba kgale ebile bo se bo senyehile mme jwale bo hloka ho ntjhafatswa? Hangata o tla bona ho hahwa bo botjha ha bona ba kgale bo ntse bo sebediswa. Jwale ere ha bona bo botjha bo se bo qetuwe, ebe bane ba kgale bo a thubuwa. Ka tsela e tshwanang, pele re ka re batho ba tlohele bodumedi ba bona, re lokela ho qala pele ka ho ba thusa hore ba hahe tumelo e ntjha ya nnete ya Bibele. Ka mora moo, ba tla nolofallwa ke ho tlohela tumelo ya bona ya mathomo. Hopola hore ho nka nako ho thusa motho hore a etse diphetoho tsena.—Bar. 12:2.

14-15. Re ka thusa batho ba se nang tsebo e kaalo kapa ba sa tsebeng hohang ka tshepo ya bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatsheng jwang? Fana ka mohlala.

14 Haeba re na le mamello ho batho ha re le tshimong, re ke ke ra lebella hore ba dumele nnete ya Bibele di sa tloha feela. Ho e na le hoo, kutlwelobohloko e tla etsa hore re thuse batho hore ba nahanisise ka seo Bibele e se rutang empa re sa ba tatisi. Nka ka mohlala, ebe re ka thusa motho jwang hore a utlwisise tshepo ya ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatsheng? Hopola hore batho ba bangata ha ba tsebe hakaalo kapa ehlile ha ba tsebe hohang ka thuto ena. Ka hoo, e ka nna yaba ba dumela hore ha motho a hlokahetse, ke tshomo ka mathetho. Kapa mohlomong ba dumela hore batho ba lokileng ba ya lehodimong ha ba hlokahala. Jwale re ka ba thusa jwang?

15 Morabo rona e mong o re bolella seo a se etsang ha a thusa batho hore ba utlwisise hore ho na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. O qala ka ho balla motho Genese 1:28. Ebe o a mo botsa hore na temana ee e re Modimo o ne a batla hore batho ba dule hokae le tlasa maemo a jwang. Batho ba bangata ba araba ka le reng: “O ne a batla hore ba phele ha monate ba thabile mona lefatsheng.” Ka mora moo, morabo rona o mo balla Esaia 55:11, ebe jwale o a mo botsa hore na seo Modimo a neng a se batlela batho se fetohile na. Hangata mongantlo o tla re tjhe. Qetellong, morabo rona o mo balla Pesaleme ya 37:10, 11, ebe o a mo botsa hore na temana tsena di re batho ba tla ba le bokamoso bo jwang. Ka ho sebedisa Mangolo ka tsela ena, morabo rona o thusitse batho ba bangata ho utlwisisa hore Modimo o batla hore batho ba lokileng, ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng lefatsheng.

Ntho e nyane jwalo ka ho romella motho lengolo la matshediso, e ka etsa ho hoholo (Sheba serapa sa 16-17)

16-17. Re ntse re nahanne ka Liproverbia 3:27, re ka bontsha batho kutlwelobohloko jwang? Fana ka mohlala.

16 Tsela ya bone, nahanisisa ka ditsela tseo ka tsona o ka bontshang batho hore o a ba kgathalla. Ka mohlala, na ha o le tshimong o se o kile wa fihla lapeng la motho ka nako eo a sa kgoneng ho bua le wena ka yona? Re ka kopa tshwarelo mme re kope ho kgutla ka nako e nepahetseng. Jwale ho thweng haeba mongantlo a hloka thuso ka mosebetsinyana o itseng? Kapa ho thweng haeba o fumana motho ya sa kgoneng ho tswa ka tlung ka baka la ho kula kapa botsofadi, a hloka ho thuswa ka ntho e itseng? Maemong a jwalo, re ka nna ra thusa motho eo.—Bala Liproverbia 3:27.

17 Moradiwabo rona e mong o ile a etsa ntho e ka bonahalang eka ha se ya bohlokwa hakaalo. O ile a susumetswa ke kgauho mme a ngola lengolo ho tshedisa lelapa le ileng la hlokahallwa ke ngwana ka mora hore a hlahe. Lengolong leo, o ne a kenyelleditse ditemana tsa Bibele tse kgothatsang. Lelapa leo le ile la ikutlwa jwang? Mme wa ngwana o re: “Ke bile le letsatsi le lebe maobane. Ha o tsebe hore na lengolo lena leo o re ngolletseng lona le re tshedisitse hakae! Ke utlwa ebile ke fellwa le ke mantswe a ho hlalosa ka moo re lebohileng ka teng. Ke a kgolwa ke le badile ka makgetlo a fetang 20 maobane. Ke hore ke kgothetse hona hoo ke sa tsebeng hore na ke reng. Re o leboha ho tswa botebong ba pelo tsa rona.” Ntle ho pelaelo ya letho, re tla kgola ditholwana tse monate ha re ikenya dieteng tsa batho ba nang le mathata le ha re etsa ho hong ho ba thusa.

ETSA SOHLE SEO O KA SE KGONANG HORE O ATLEHE TSHEBELETSONG YA HAO

18. Ho ya ka 1 Bakorinthe 3:6, 7, keng seo re batlang ho se hopola ka tshebeletso ya rona, hona hobaneng?

18 Taba ke hore re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka tshebeletso ya rona. Ke nnete hore re kgatha tema ho thusa batho hore ba ithute ka Modimo, empa re se ke ra nahana hore ke rona ba ba hulelang ho yena. (Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.) Hopola hore ke mosebetsi wa Jehova ho hulela batho ho yena. (Joh. 6:44) Qetellong ya letsatsi, hore na motho o a mamela kapa tjhe, ho itshetlehile ka boemo ba hae ba pelo. (Mat. 13:4-8) Hopola hore esita le mehleng ya Jesu kwana, batho ba bangata ba ne ba sa batle le ho utlwa letho ka molaetsa wa hae le hoja e ne e le Mosuwe ya hlwahlwa hakaalo. Ka hona he, ha re na lebaka la ho nyahama haeba batho ba bangata ba se na taba le rona ha re leka ho ba thusa.

19. Ke melemo efe e tliswang ke ho bontsha batho ba bang kutlwelobohloko ha re le tshimong?

19 Re tla kgola ditholwana ha re bontsha batho kutlwelobohloko ha re le tshimong. Re tla be re thabele mosebetsi wa rona wa ho bolela le ho feta. Re tla boela re bone thabo e tliswang ke ho fana. Hape re tla etsa ho be bonolo hore ba nang “le tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,” ba amohele ditaba tse molemo. (Lik. 13:48) Ka hoo, “hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” (Bagal. 6:10) Jwale, thabo ya rona e tla kgapatseha ka ha re tla be re tlotlisa Ntate wa rona ya lehodimong.—Mat. 5:16.

PINA YA 64 Ho Kotula ka Thabo

^ par. 5 Ha re bontsha ba bang kutlwelobohloko, re tla thabela tshimo mme le batho ba tla amohela molaetsa wa rona. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Sehloohong sena, re tlo bona hore na re ka etsisa mohlala wa Jesu jwang tabeng ena. Re tla boela re bone ditsela tse nne tseo re ka bontshang ba bang kutlwelobohloko ka tsona ha re le tshimong.

^ par. 5 TLHALOSO YA LENTSWE: Lentswe lena kgauho le sebedisitsweng sehloohong sena, le bolela ho bontsha kutlwelobohloko ho motho ya nang le mathata kapa ya tshwerweng hampe. Kgauho e ka susumelletsa motho hore a etse sohle seo a ka se kgonang ho thusa ba bang.

^ par. 8 Sheba sehlooho sa Tora ya ho Lebela ya May 15 2014, se reng: “Bonahatsa Mekgwa e Metle ha o le Tshimong.

^ par. 11 Sheba Tora ya ho Lebela ya August 1, 2011, leq. 21-22.