Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10

Ke Eng se Nthibelang ho Kolobetswa?

Ke Eng se Nthibelang ho Kolobetswa?

“Ka bobedi ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha; mme a le kolobetsa.”—LIK. 8:38.

PINA YA 52 Boinehelo ba Bokreste

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Adama le Eva ba ile ba lahlehelwa keng, hona ditlamorao ya ba dife?

KE MANG eo o nahanang hore o na le tokelo ya ho beha melaomotheo ya se lokileng le se fosahetseng? Ha Adama le Eva ba ne ba ja tholwana ya sefate sa tsebo ya botle le bobe, ba ne ba bontsha hore ho hang ha ba tshepe Jehova le melaomotheo ya hae. Yaba ka ho etsa jwalo ba ikgethela ho ipehela melao ya se lokileng le se fosahetseng. (Gen. 3:22) Empa bona hore na jwale ba lahlehetswe keng. Kamano ya bona le Jehova e ile ya senyeha. Ba ile ba ba ba lahlehelwa le ke monyetla wa ho phela ka ho sa feleng mme ka bomadimabe ba fetisetsa sebe le lefu ho bana ba bona. (Bar. 5:12) Qeto ena ya Adama le Eva e bowatla, e ile ya fella ka masisapelo feela.

Leqhalaha la Moethiopia le ile la batla ho kolobetswa hang ka mora hore le amohele Jesu (Sheba serapa sa 2-3)

2-3. (a) Leqhalaha la Moethiopia le ile la etsang ha Filipi a le bolella ditaba tse molemo? (b) Ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana ka ho kolobetswa, hona re tlo tshohla dipotso dife?

2 Ho fapana le Adama le Eva, Leqhalaha la Moethiopia lona le ile la amohela ditaba tse molemo tseo Filipi a neng a le bolella tsona. Leqhalaha lena le ile la ananela seo Jehova le Jesu ba le etseditseng sona, hoo le sa kang la senya nako empa la kolobetswa. (Lik. 8:34-38) Ha re inehela ho Modimo mme jwalo ka leqhalaha lela re kolobetswa, re bontsha hore re ananela seo Jehova le Jesu ba re etseditseng sona. Hape re bontsha hore re tshepa Jehova ebile re a dumela hore ke yena ya nang le tokelo ya ho beha melao ya se nepahetseng le se fosahetseng.

3 A ko nahane ka ditlhohonolofatso tseo re di fumanang ha re sebeletsa Jehova. Re na le monyetla wa ho fumana dintho tsohle tseo Adama le Eva ba di lahlileng, ho akarelletsa le bophelo bo sa feleng. Ha re bontsha tumelo ho Jesu Kreste, Jehova o a re tshwarela ebile o re fa le letswalo le hlwekileng. (Mat. 20:28; Lik. 10:43) Tlhohonolofatso e nngwe eo re e fumanang ke ho ba karolo ya lelapa la bahlanka ba Jehova, ba nang le bokamoso bo tjhabileng. (Joh. 10:14-16; Bar. 8:20, 21) Ho sa tsotellehe ditlhohonolofatso tseo Jehova a re tshepisang tsona, ba bang ba tshaba ho etsisa leqhalaha lane la Moethiopia ka hore ba inehele. Ebe keng e ba thibelang hore ba kolobetswe? Hona ba ka hlola bothata boo jwang?

DINTHO TSE THIBELANG BA BANG HO KOLOBETSWA

Mathata ao ba bang ba tobanang le ona ha ba batla ho kolobetswa

Ho se Itshepe (Sheba serapa sa 4-5) *

4-5. Ke bothata bofe boo Avery le Hannah ba neng ba na le bona?

4 Ho se itshepe. Batswadi ba Avery ke Dipaki Tsa Jehova. Ntate wa hae o tsebahala e le Ntate ya kgathallang lelapa la hae, hape e le moholo ya atamelehang mme seo se etsa hore a be le botumo bo botle. Ho ntse ho le jwalo, Avery o ne tshaba ho kolobetswa. Hobaneng? O re: “Ke ne ke sa bone hore ke tla kgona ho ba le botumo bo botle jwalo ka Papa.” Avery o ne a bile a inyatsa, a nahana hore a ke ke a kgona ho phetha boikarabelo boo a neng a ka nna a bo fuwa ka phuthehong. O re: “Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla kgona ho rapella phutheho, ho fana ka dipuo kapa ho etella sehlopha tshimong.”

5 Ngwanana e mong ya dilemo di 18 ya bitswang Hannah, le yena o ne a sa itshepe. Ka ho tshwanang, o hodisitswe ke batswadi ba Dipaki. Le ha ho le jwalo, o ne a sa bone hore o tla kgona ho phela ka melao ya Jehova. Hobaneng? Hobane o ne a ikgella fatshe. Ka dinako tse ding o ne a ikutlwela bohloko hoo a neng a bile a itematsa ka bomo. Empa sena se ne se sa mo thuse ka letho. O re: “Ha ho le ya mong eo ke ileng ka mo jwetsa ka taba ena, ke re esita le bona batswadi ba ka. Jwale ke ne ke utlwa eka Jehova a ke ke a hlola a nrata le ka mohla ka lebaka la seo ke neng ke se etsa.”

Tshusumetso ya Metswalle (Sheba serapa sa 6) *

6. Keng e neng e thibela Vanessa ho kolobetswa?

6 Tshusumetso ya metswalle. Ngwanana e mong ya dilemo di 22 ya bitswang Vanessa o re: “Ke ne ke na le motswalle eo re bileng bakgotsi ka dilemo tse ka bang 10.” Le ha ho le jwalo, motswalle enwa wa Vanessa o ne a sa mo tshehetse hohang ha a batla ho kolobetswa. Sena se ile sa utlwisa Vanessa bohloko hobane o re: “Ka ha ke ne ke fumana ho le thata ho etsa metswalle, ke ne ke tshoha hore ha setswalle sa rona se ka fela feela, nke ke ka hlola ke ba le motho eo re ntshanang se inong le yena.”

Ho Tshaba ho Etsa Diphoso (Sheba serapa sa 7) *

7. Ngwanana e mong ya bitswang Makayla o ne a tshabang, hona hobaneng?

7 Ho tshaba ho etsa diphoso. Makayla o ne a le dilemo di 5 ha Abuti wa hae a kgaolwa. Ha a ntse a hola, o ile a bona ka moo diketso tsa Abuti wa hae di utlwisitseng batswadi ba hae bohloko ka teng. O re: “Ke ne ke tshaba hore le nna ha nka kolobetswa, ke tla etsa phoso ebe jwale ke a kgaolwa. Mme sena se be se utlwisa batswadi ba ka bohloko bo fetang.”

Ho Tshaba ho Hanyetswa (Sheba serapa sa 8) *

8. Moshanyana e mong ya bitswang Miles o ne a tshaba eng?

8 Ho tshaba ho hanyetswa. Ntate wa Miles le mosadi eo a ileng a mo nyala, e ne e le dipaki, athe mme wa Miles ya mo tswalang yena e ne e se Paki. Miles o re: “Ke dutse le Mama ka dilemo tse 18 kaofela, ene ke ne ke tshaba ho mo bolella hore ke batla ho kolobetswa. Ke ile ka bona tsela eo a ileng a itshwara ka yona mohla Papa e neng e ba Paki ya Jehova. Jwale ke ne ke tshaba hore le nna a se ke a tloha a mpakela mathata.”

O KA HLOLA MATHATA A O THIBELANG HO KOLOBETSWA JWANG?

9. Ho ka nna ha etsahalang ha o ithuta ka moo Jehova a leng lerato a bileng a nang le mamello ka teng?

9 Adama le Eva ba ile ba kgetha ho se sebeletse Jehova hobane ba ne ba sa mo rate. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a ba dumella hore ba phele nakwana e le hore ba be le bana mme ba ba hodise ka melao eo ba iqapetseng yona. Ditlamorao di ile tsa bontsha hore ba ne ba entse qeto e bowatla ka ho batla ho ipusa. Sena se ile sa etsa hore qetellong mora wa bona wa letsibolo a bolaye moena wa hae. Hape ka mora nako, batho ba ile ba rata ntwa mme ya ba baithati. (Gen. 4:8; 6:11-13) Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a fana ka tsela ya ho sirelletsa bana ba Adama le Eva ba neng ba batla ho mo sebeletsa. (Joh. 6:38-40, 57, 58) Jwale, ha o ntse o ithuta ka ho eketsehileng ka moo Jehova a leng lerato a bileng a nang le mamello ka teng, ho ka nna ha etsahala hore o mo rate le ho feta. O tla be o qobe ho latela mohlala o mobe wa Adama le Eva mme o inehele ho Jehova.

Ka moo o ka hlolang mathata a o thibelang ho kolobetswa ka teng

(Sheba serapa sa 9-10) *

10. Ke hobaneng ha ho nahanisisa ka Pesaleme ya 19:7 ho ka o thusa hore o sebeletse Jehova?

10 Dula o ithuta ka Jehova. Ha o dula o ithuta ka Jehova, o tla kgodiseha le ho feta hore o tla atleha tshebeletsong ya hae. Avery eo re buileng ka yena pejana o re: “Ke ile ka thuswa ke ho bala le ho nahanisisa ka tshepiso e ho Pesaleme ya 19:7.” (E bale.) Ha Avery a bona ka moo Jehova a ileng a phethahatsa tshepiso eo ka teng, o ile a mo rata le ho feta. Lerato ha le etse hore re be le kgodiseho feela, empa le re thusa hore re tsepamise maikutlo ho Jehova le ho etsa thato ya hae. Hannah eo re buileng ka yena pejana, o re: “Ha ke ntse ke ithuta Bibele ke bile ke etsa dipatlisiso, ke ile ka hlokomela hore ha ke itematsa, seo ha se utlwisi nna bohloko feela empa se utlwisa le Jehova bohloko.”(1 Pet. 5:7) Hannah e ile ya ba ‘mophethi wa lentswe.’ (Jak. 1:22) Ebe o ile fumana molemo ofe? O re: “E itse ha ke lemoha ka moo ho mamela Jehova ho ntswetseng molemo ka teng, ka mo rata le ho feta. Hona jwale ke kgodisehile hore Jehova o tla ntataisa ha ke hloka thuso.” Hannah o ile a ba a kgona ho hlola bothata bona ba ho itematsa. Qetellong o ile a inehela ho Jehova mme a kolobetswa.

(Sheba serapa sa 11) *

11. Vanessa o ile a etsa matsapa afe hore a be le metswalle e hantle, hona re ka ithutang ho see?

11 Kgetha metswalle ka bohlale. Vanessa eo re seng re buile ka yena, o ile a qetella a hlokometse hore motswalle enwa wa hae o mo thibela ho sebeletsa Jehova. Ka hoo, a kgaotsa setswalle. Empa o ile a etsa ho fetang hoo. O ile sebetsa ka thata ho etsa metswalle ka phuthehong. O re o thusitswe ke mohlala wa Noe le lelapa la hae. O di beha tjena: “Noe le lelapa la hae ba ne ba potollohilwe ke batho ba sa rateng Jehova, empa e ne e le lelapa le momahaneng.” Ka mora hore a kolobetswe, e ile ya ba pulamadiboho. Hona jwale o re: “Sena se nthusitse hore ke se ke ka etsa metswalle ka phuthehong ya heso feela empa le diphuthehong tse ding.” Le wena o ka ba le metswalle ka ho etsa sohle seo o ka se kgonang mosebetsing oo Jehova a re fileng ona.—Mat. 24:14.

(Sheba serapa sa 12-15) *

12. Keng eo Adama le Eva ba ileng ba hloleha ho e etsa, hona ditlamorao ya ba dife?

12 Tshaba ho kwatisa Jehova. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang hore re se ke ra kwatisa Jehova. (Pes. 111:10) Haeba Adama le Eva ba ne ba tshaba Jehova, ba ka be ba sa ka ba mo fetohela. Empa ke bao ba ile ba mo fetohela. Yaba mahlo a bona a a buleha, ka kutlwisiso ya hore ba ile ba hlokomela hore jwale e se e le baetsadibe. Sena se ile sa etsa hore ba fetisetse sebe le lefu ho bana ba bona. E re ka ha ba ne ba se ba hlokometse hore ke baetsadibe, ba ile ba swabela taba ya hore ba hlobotse hoo ba ileng ba ipata.—Gen. 3:7, 21.

13-14. (a) Ho ya ka 1 Petrose 3:21, ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba lefu? (b) Hona re na le mabaka afe a ho tshepa Jehova?

13 Re lokela ho leka ka matla hore re se ke ra kwatisa Jehova, esita le haeba seo se ka ama lefu le bophelo. Ka ha Jehova o entse tokisetso ya hore re phele ka ho sa feleng, haeba re iphumana re etsa sebe, o tla re tshwarela haeba re baka e le ka nnete. Tsela e ka sehloohong eo re bontshang tumelo ka yona ke ka ho inehela ho Modimo le ka ho kolobetswa.—Bala 1 Petrose 3:21.

14 Re na le mabaka a mangata a ho rata Jehova. Ha se hore o re fa seo re se hlokang letsatsi le letsatsi feela, empa o re ruta seo ha e le hantle a leng sona le ka seo a batlang ho se fihlella. (Joh. 8:31, 32) Ka mohlala, o re file phutheho ya Bokreste ho re tataisa le ho re tshehetsa. O re thusa le ho mamella mathata ao re tobanang le ona hona jwale. O boetse o re fa tshepiso ya hore re tla phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. (Pes. 68:19; Tšen. 21:3, 4) Ha re nahanisisa ka dintho tseo Jehova a seng a di entse ho bontsha hore o a re rata, re tla susumelletseha ho mo rata le ho feta. Jwale ha re mo rata, ha re no batla ho mo kwatisa. Re tshaba ho mo utlwisa bohloko hobane re a mo rata.

15. Makayla o ile a hlola bothata ba ho tshaba ho etsa diphoso jwang?

15 Makayla eo re buileng ka yena, o ile a hlola bothata ba ho tshaba ho etsa diphoso ka mora hore a utlwisise ka moo Jehova a tshwarelang ka teng. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ka ha kaofela ha re a phethahala, re tla etsa diphoso. Empa ke ile ka boela ka utlwisisa hore Jehova o a re rata. Ka hoo, o tla re tshwarela motheong wa sehlabelo sa thekollo.” Lerato leo Makayla a neng a rata Jehova ka lona, le ile la mo susumelletsa hore a inehele a be a kolobetswe.

(Sheba serapa sa 16) *

16. Miles o ile a thuswa keng hore a hlole bothata ba ho tshaba ho hanyetswa?

16 Miles ya neng a tshaba hore Mme wa hae o tla hanyetsa qeto ya hae ya ho batla ho kolobetswa, o ile a batla thuso ho molebedi e mong wa potoloho. O re: “Molebedi eo wa potoloho le yena Mme wa hae e ne e se Paki. Jwale, o ile a nthusa hore na ke reng ha ke leka ho bontsha Mama hore ha se hore Papa ke yena ya nhatellang hore ke kolobetswe, empa ke nna ya iketseditseng qeto.” Bonneteng feela, Mme wa Miles ha a a ka a thabela qeto ena ya Miles. Qetellong, le hoja Miles a ile a lokela ho tloha lapeng, o ile a phelela qeto ya hae. O re: “Ho ithuta ka dintho tseo Jehova a nketseditseng tsona, ho ile ha nkama maikutlo haholo. Ha ke nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ke ile ka hlokomela ka moo Jehova a nratang ka teng. Seo ke sona se ileng sa nthusa hore ke inehele ho Jehova ke be ke kolobetswe.”

PHELELA QETO YA HAO

Re ka bontsha hore re ananela seo Modimo a re etseditseng sona (Sheba serapa sa 17)

17. E mong le e mong wa rona o na le monyetla ofe?

17 Ha Eva a ne a ja tholwana ya sefate sa tsebo ya botle le bobe kwana Edene, o ne a bontsha hore ha a batle ho tataiswa ke Ntate wa hae. Jwale ha Adama a mo tshehetsa, o ile a bontsha hore ha a ananele dintho tse ntle tseo Jehova a mo etseditseng tsona. Ha re batle ho tshwana le bona. Ka hona, e mong le e mong wa rona o na le monyetla wa ho bontsha hore o ananela dintho tsohle tseo Jehova a re etseditseng tsona. Ha re kolobetswa, re bontsha Jehova hore re a dumela hore ke yena feela ya nang le matla a ho re behela melaomotheo ya se lokileng le se fosahetseng. Ka sebele eo e ba pontsho ya hore re rata Ntate wa rona ebile re a mo tshepa.

18. O ka atleha jwang ho sebeletsa Jehova?

18 Teko eo re tobanang le yona ka mora hore re kolobetswe, ke ya hore re phele ka melaomotheo ya Jehova letsatsi le letsatsi eseng ya rona. Ke sona seo batho ba dimilione ba sebeletsang Jehova ba se etsang. Le wena o ka ballwa hara bona, haeba fela o dula o bala le ho ithuta Bibele, o ya dibokeng ka mehla mme ka mafolofolo, o bolella ba bang seo o ithutileng sona ka Ntate wa hao ya lerato. (Baheb. 10:24, 25) Ha o etsa diqeto, mamela keletso eo Jehova a o fang yona a sebedisa Lentswe la hae le mokgatlo wa hae. (Esa. 30:21) Ka ho etsa jwalo, dintho di tla o tsamaela hantle.—Liprov. 16:3, 20.

19. Keng eo o lokelang ho dula o e hopola, hona hobaneng?

19 Ha o dula o hopola ka moo tataiso ya Jehova e o tswelang molemo ka teng, lerato leo o mo ratang ka lona le leo o ratang melaomotheo ya hae ka lona, le tla hola. Jwale, ha ho letho leo Satane a ka o kgadisang ka lona, le tla o suthisetsa hole le Jehova. Ipone feela o se o phetse dilemo tse sekete. E tla re ha o hetla morao, o hlokomele hore ka sebele ha ho na ntho ya bohlokwa ho feta qeto eo o ileng wa e etsa ya ho kolobetswa.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

^ par. 5 Qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka e etsang bophelong ke ya hore na o tla kolobetswa kapa tjhe. Ke hobaneng ha qeto eo e le ya bohlokwa hakaale? Re tlo araba potso ena sehloohong sena. Re tla boela re bone hore na keng e ka thusang ba nahanang ho kolobetswa hore ba hlole tshabo ya ho kolobetswa.

^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho itshepa: Mohlankana enwa o tshaba ho arabela, jwale o a hlokomela hore o lokela hore a ntlafatse haholwanyane ha a ntse a ithuta a le mong.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Tshusumetso ya metswalle: Moradiwabo rona ya nang le motswalle ya itshwereng hampe o kobile hlooho ka lebaka la ho swaba ha a bona Bakrestemmoho le yena. O ile a hlokomela hore o lokela a be motlotlo ka ho ba Paki ya Jehova.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho tshaba ho etsa diphoso: Ka mora hore Abuti wa ngwanana e mong a kgaolwe mme a tlohe lapeng, ngwanana eo o ile a tshaba hore le yena a se ke a tloha a etsahallwa ke se tshwanang. Empa o a hlokomela hore o lokela ho phelela nnete mme a kolobetswe.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho tshaba ho hanyetswa: Mohlankana enwa o tshaba ho rapela moo Mme wa hae eo e seng paki a mo shebileng. Empa ha morao, o bolella Mme wa hae ka seo a se dumelang.

^ par. 65 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho itshepa: Mohlankana enwa o tshaba ho arabela, jwale o a hlokomela hore o lokela hore a ntlafatse haholwanyane ha a ntse a ithuta a le mong.

^ par. 67 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Tshusumetso ya metswalle: Moradiwabo rona ya nang le motswalle ya itshwereng hampe o kobile hlooho ka lebaka la ho swaba ha a bona Bakrestemmoho le yena. O ile a hlokomela hore o lokela a be motlotlo ka ho ba Paki ya Jehova.

^ par. 69 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho tshaba ho etsa diphoso: Ka mora hore Abuti wa ngwanana e mong a kgaolwe mme a tlohe lapeng, ngwanana eo o ile a tshaba hore le yena a se ke a tloha a etsahallwa ke se tshwanang. Empa o a hlokomela hore o lokela ho phelela nnete mme a kolobetswe.

^ par. 71 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho tshaba ho hanyetswa: Mohlankana enwa o tshaba ho rapela moo Mme wa hae eo e seng paki a mo shebileng. Empa ha morao, o bolella Mme wa hae ka seo a se dumelang.