Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11

Mamela Jehova ka Hloko

Mamela Jehova ka Hloko

“Enwa ke Mora wa ka . . . mo mameleng.”—MAT. 17:5.

PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Jehova o ile a bua le batho a sebedisang? (b) Re tlo tshohla eng sehloohong sena?

JEHOVA o rata ho bua le rona. Ka mohlala, nakong e fetileng, o ne a sebedisa baprofeta, mangeloi le Mora wa hae Kreste Jesu ho fetisetsa molaetsa wa hae ho batho. (Amose 3:7; Bagal. 3:19; Tšen. 1:1) Empa kajeno, o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae, Bibele. O re file yona e le hore re ithute tsela eo a nahanang ka yona mme re utlwisise le tsela eo a etsang dintho ka yona.

2 Ha Jesu a le lefatsheng, Jehova o ile a bua le yena ka ho toba ka makgetlo a mararo a le lehodimong. A re ke re tshohleng seo a ileng a se bua mme re bone hore na re ka ithutang mantsweng a hae. Re tla boela re bone ka moo re fumanang molemo ka teng ho seo a se buileng.

“O MORA WA KA, YA RATWANG”

3. Ho ya ka Mareka 1:9-11, keng seo Jehova a ileng a se bua ha Jesu a kolobetswa, hona re ithuta dintlha dife tsa bohlokwa mantsweng ao a hae?

3 Mareka 1:9-11 e bua ka lekgetlo la pele moo Jehova a ileng a bua ka ho toba a le lehodimong. (E bale.) O ile a re: “O mora wa ka, ya ratwang ke o amohetse.” Ka nnete e tlameha ebe mantswe ana a kgothatsang a ile a ama Jesu maikutlo, ho utlwa lentswe la Ntate wa hae a bua ka ho toba a mo bontsha hore o a mo rata. Mantswe ana a Jehova a hatisa dintlha tse tharo tsa bohlokwa mabapi le Jesu. Ntlha ya pele, Jesu ke Mora wa hae. Ntlha ya bobedi, Jehova o rata Mora wa hae. Ntlha ya boraro, Jehova o amohetse Mora wa hae. A re ke re ithuteng dintlha tsa bohlokwa tse tharo mantsweng ana a hae.

4. Jesu e ile ya ba Mora wa Modimo jwang ka tsela e ntjha ha a ne a kolobetswa?

4 “O Mora wa ka.” Ka mantswe ana, Jehova o ne a bontsha hore o ne a ba le kamano e ntjha le Mora wa hae Jesu. Ke nnete hore ha Jesu a ne a le lehodimong, e ne e ntse e le Mora wa Modimo. Empa ha a kolobetswa, e ile ya ba Mora wa Modimo ka tsela e nngwe e ntjha. O ile a tlotswa ka moya o halalelang mme a tshepiswa ho kgutlela lehodimong e le hore e be Morena le Moprista ya Phahameng. (Luka 1:31-33; Baheb. 1:8, 9; 2:17) Ke ka lebaka leo eitseng ha a ne a kolobetswa, Ntate wa hae a ileng a re: “O Mora wa ka.”—Luka 3:22.

Re a hlasimoloha ha re babatswa le ha re kgothatswa (Sheba serapa sa 5) *

5. Re ka etsisa Jehova jwang ka hore re rate ba bang le ho ba kgothatsa?

5 “O . . . ya ratwang.” Mohlala wa Jehova wa ho bontsha lerato le ho fana ka kgothatso, o re hopotsa hore re lokela ho batla menyetla ya ho kgothatsa ba bang. (Joh. 5:20) Lebaka ke hore re a hlasimoloha ha motho a re bontsha lerato mme a re babatsa ha re etsa hantle. Ka tsela e tshwanang, re lokela ho rata le ho kgothatsa bara le baradibabo rona ka phuthehong ha mmoho le ditho tsa lelapa. Ha re babatsa ba bang, tumelo ya bona e ba matla mme sena se ba thusa hore ba sebeletse Jehova ka botshepehi. Batswadi ba lokela ho kgothatsa bana ba bona. Ha ba babatsa bana ba bona mme ba ba bontsha lerato, tumelo ya bana e tla ba matla.

6. Ke hobaneng ha re ka tshepa Jesu Kreste?

6 Ke o amohetse.” Mantswe ana a bontsha hore Jehova o ne a kgodisehile hore Jesu o tla etsa thato ya hae ka botshepehi. Haeba Jehova a tshepa Mora wa hae ka tsela eo, le rona re ka kgodiseha hore Jesu o tla phethahatsa ditshepiso tsohle tsa Jehova. (2 Bakor. 1:20) Ha re tshohla mohlala wa Jesu, re tla ikemisetsa le ho feta hore re ithute ho tswa ho yena, re be re mo etsise. Feela jwalo ka ha Jehova a ne a tshepa Jesu, o kgodisehile hore bahlanka ba hae ba tla dula ba ithuta ho Mora wa hae.—1 Pet. 2:21.

“MO MAMELENG”

7. Ho latela Matheu 17:1-5, ke boemong bofe boo Jehova a ileng a bua ka ho toba a le lehodimong, hona o ile a reng?

7 Bala Matheu 17:1-5. Lekgetlo la bobedi leo Jehova a ileng a bua ka ho toba a le lehodimong ke ha Jesu a ne “a fetoha sebopeho.” Jesu o ne a itse Petrose, Jakobo le Johanne ba tsamaye le yena ho ya thabeng e phahameng. Jwale ha Petrose, Jakobo le Johanne ba le moo, ba ile ba bona pono e makatsang. Sefahleho sa Jesu se ile sa kganya mme diaparo tsa hae tsa phatsima. Ba ile ba boela ba bona ditshwantsho tse pedi tse emelang Moshe le Elia, di bua le Jesu mabapi le lefu le tsoho ya hae. Le hoja baapostola bana ba bararo ba ne “ba imetswe ke boroko,” ba ne ba hlaphohetswe ha ba bona pono ena. (Luka 9:29-32) Yaba ka mora moo leru le a ba kwahela mme ba utlwa lentswe le hlaha lerung leo, e ne e le lentswe la Modimo. Jwalo ka ha Jehova a ile etsa ha Jesu a kolobetswa, o ile a boela a bontsha hore o ananela Mora wa hae le hore o a mo rata, ha a ne a re: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng.” Empa kgetlong lena Jehova o ile a phaella ka ho re: “Mo mameleng.”

8. Pono eo e ile ya ama Jesu le barutuwa ba hae jwang?

8 Pono ena e ile ya fana ka lesedi la se tla etsahala ha Jesu a fuwa kganya le matla a ho ba Morena wa Mmuso wa Modimo. Ntle ho pelaelo, pono ena e ile ya kgothatsa le ho matlafatsa Kreste hore a mamelle bohloko le lefu le neng le larile ka pele. E ile ya ba ya matlafatsa tumelo ya barutuwa ba Jesu, ya ba hlomella bakeng sa diteko tse neng di tla leka botshepehi ba bona. E ile ya boela ya ba tiisa moko bakeng sa mosebetsi o boima oo ba neng ba le mothating wa ho o phetha. Dilemo tse ka bang 30 ha morao, moapostola Petrose o ile a bua ka pono ena, e leng se bontshang hore o ne a ntse a e hopola hantle.—2 Pet. 1:16-18.

9. Jesu o ile a fa barutuwa ba hae keletso efe?

9 “Mo mameleng.” Jehova o ile a hlakisa taba ya hore o batla hore re mamele Mora wa hae. Jwale, Jesu o ile a reng ha a ne a le lefatsheng? O buile dintho tse ngata tsa bohlokwa tse sa lokelang ho tlodiswa mahlo hodimo. Ka mohlala, o ile a ruta balatedi ba hae hore na ba bolele ditaba tse molemo jwang. A ba a boela a ba hopotsa hore ba dule ba fadimehile. (Mat. 24:42; 28:19, 20) O ile a ba a ba kgothalletsa hore ba ikitlaetse ka matla le hore ba se ke ba tela. (Luka 13:24) O ile a hatisa bohlokwa ba hore balatedi ba hae ba ratane, ba momahane ba be ba mamele ditaelo tsa hae. (Joh. 15:10, 12, 13) Ruri ena e bile keletso e matla eo Jesu a ileng a e fa barutuwa ba hae. Ka hona, e sa ntse e sebetsa le kajeno.

10-11. Re ka bontsha jwang hore re mamela Jesu?

10 Jesu o kile a re: “E mong le e mong ya leng ka lehlakoreng la nnete o mamela lentswe la ka.” (Joh. 18:37) Re bontsha hore re mamela lentswe la hae ka ho ‘tswela pele re mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi.’ (Bakol. 3:13; Luka 17:3, 4) Re boetse re bontsha hore re mamela lentswe la hae ka ho bolela ditaba tse molemo ka mafolofolo “nakong e tshwanelang [le] nakong e dikgathatso.”—2 Tim. 4:2.

11 Jesu o kile a re hape: “Dinku tsa ka di mamela lentswe la ka.” (Joh. 10:27) Balatedi ba Kreste ba bontsha hore ba a mo mamela eseng feela ka ho mamela seo a se buang empa le ka ho phetha seo a se buang. Ha ba sitiswe ke “matshwenyeho a bophelo.” (Luka 21:34) Ho e na le hoo, ba nka ho mamela ditaelo tsa Jesu e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong, esita le ha ba tjamelane le diteko. Bara le baradibabo rona ba bangata ba mamelletse diteko tse boima, tse akarelletsang ho hlaselwa ke bahanyetsi, tlala ya boja dikata le dikoduwa tsa tlhaho. Ho ntse ho le jwalo, ba ntse ba tshepahalla Jehova ho sa tsotellehe hore na ditlamorao e tla ba dife. Jesu o ba fa tshepiso ena e latelang: “Ya nang le ditaelo tsa ka mme a di boloka, eo ke yena ya nthatang. Ya nthatang le yena o tla ratwa ke Ntate.”—Joh. 14:21.

Tshebeletso ya rona e re thusa hore re dule re mamela Jesu (Sheba serapa sa 12) *

12. Tsela e nngwe eo re ka bontshang ka yona hore re mamela Jesu ke efe?

12 Tsela e nngwe eo ka yona re ka bontshang hore re mamela Jesu, ke ka ho sebedisana le ba etellang pele hara rona. (Baheb. 13:7, 17) Mokgatlo wa Modimo o se o entse diphetoho tse ngata dilemong tsa morao tjena, tse akarelletsang dintho tseo re ka di sebedisang tshimong le diphetoho tse mabapi le seboka sa hara beke. Hape ho fetotswe tsela eo re hahang, re ntjhafatsang le ho hlokomela Diholo tsa rona tsa Mmuso ka yona. Re ananela haholo tataiso ena e lerato le e bontshang ho nahanela. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re etsa boiteko bohle ba ho latela tataiso ya mokgatlo wa hae.

13. Re tla fumana melemo efe ha re mamela Jesu?

13 Ho na le melemo eo re tla e fumana ha re mamela sohle seo Jesu a se rutileng. Jesu o ile a tiisetsa barutuwa ba hae hore dithuto tsa hae di ne di tla ba kgatholla. O ile a re: “Le tla fumanela meya ya lona kgatholoho. Etswe joko ya ka e mosa le mojaro wa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Dikosepele tse nne tsa Bibele tse buang ka bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae, di a re kgatholla, di matlafatsa kamano ya rona le Modimo mme di etsa hore re be bohlale. (Pes. 19:7; 23:3) Etswe le Jesu o itse: “Ho thaba ba utlwang lentswe la Modimo mme ba le boloka!”—Luka 11:28.

‘KE TLA TLOTLISA LEBITSO LA KA’

14-15. (a) Ke ketsahalong efe ya boraro e tlalehilweng ho Johanne 12:27, 28 moo Jehova a ileng a bua ka ho toba a le lehodimong? (b) Ke hobaneng ha e tlameha ebe mantswe a Jehova a ile a kgothatsa le ho matlafatsa Jesu?

14 Bala Johanne 12:27, 28. Kosepele ya Johanne e bua ka ketsahalo e nngwe ya boraro eo ho yona Jehova a ileng a bua ka ho toba a le lehodimong. E ne e le ha Jesu a le Jerusalema ho keteka Paseka ya hae ya ho qetela matsatsinyana pele a hlokahala. O ne a ile a re: ‘Ke kgathatsehile.’ Yaba o bua mantswe ana thapelong ya hae: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” O ile a utlwa Ntate wa hae a mo araba a le lehodimong a re: “Ke le tlotlisitse mme ke tla boela ke le tlotlise.”

15 Jesu o ne a kgathatsehile ka lebaka la boikarabelo bo boima ba hore a tshepahalle Jehova. O ne a tseba hore o mothating wa ho utlwiswa bohloko bo boholo a be a bolawe ka sehloho. (Mat. 26:38) Ho ntse ho le jwalo, o ne a batla ho tlotlisa lebitso la Ntate wa hae. Jesu o ile a qoswa ka hore ke monyefodi. Jwale, o ne a kgathatsehile hobane lefu la hae le ne le tla etsa hore Modimo a rohakwe. E tlameha ebe mantswe ao Jehova a ileng a a bua, a ile a matlafatsa Jesu haholo. Jesu o ne a na le lebaka le utlwahalang la ho kgodiseha hore le jwale lebitso la Modimo le ne le tla tlotliswa. Ka sebele mantswe a Ntate wa hae a ile a mo tshedisa le ho mo matlafalletsa se neng se larile ka pele. Le hoja Jesu e ne e le yena feela motho ya ileng a utlwa ha Ntate wa hae a bua a le lehodimong, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore mantswe a hae a a ngolwa molemong wa rona.—Joh. 12:29, 30.

Jehova o tla tlotlisa lebitso la hae a be a lopolle bahlanka ba hae (Sheba serapa sa 16) *

16. Ke hobaneng ha ka nako tse ding re ka kgathatseha ka hore lebitso la Modimo le se ke la tloha la rohakwa?

16 Le rona jwalo ka Jesu, ha re batle hore lebitso la Modimo le rohakwe. Mohlomong le rona jwalo ka Jesu re tshwarwa hampe. Kapa re ka nna ra tshwenyeha ha re utlwa bahanyetsi ba hasa mashano ka rona. Re ka qala ho kgathatseha ka hore jwale ditlaleho tsena tsa bohata di senya Ntate Jehova le mokgatlo wa hae lebitso. Maemong a jwalo, re kgothatswa ke mantswe ao Jehova a ileng a a bua ho Jesu. Ka lebaka leo he, ha re a lokela ho tshwenyeha ho feta tekanyo. Re ka kgodiseha hore “kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa [rona] le matla a [rona] a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:6, 7) Le ka mohla, Jehova a ke ke a hloleha ho tlotlisa lebitso la hae. O tla sebedisa Mmuso wa hae ho lokisa dintho tsohle tseo Satane le batho ba hae ba di entseng kgahlanong le bahlanka ba hae.—Pes. 94:22, 23; Esa. 65:17.

O KA FUMANA MELEMO EFE KAJENO HA O MAMELA JEHOVA?

17. Re nahanne ka Esaia 30:21, Jehova o bua le rona jwang kajeno?

17 Jehova o sa ntse a bua le rona le kajeno. (Bala Esaia 30:21.) Tjhe ke nnete hore rona ha re utlwe Jehova a bua ka ho toba a le lehodimong. Le ha ho le jwalo, o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae, Bibele ho fana ka ditaelo tse itseng. Ho feta moo, moya wa hae o halalelang o susumetsa “motsamaisi ya tshepahalang” hore a dule a fa bahlanka ba hae dijo. (Luka 12:42) Re fumana dingolwa tse ngata tse re thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova, ebang ke tse printilweng, tse rekotilweng, tse inthaneteng le divideo.

18. Ke jwang mantswe a Jehova a o matlafatsang tumelo le ho o fa sebete?

18 A re duleng re hopola mantswe ao Jehova a ileng a a bua le Jesu ha a ne a le lefatsheng. E se eka mantswe a Modimo a ngotsweng ka Bibeleng, a ka re tiisetsa hore o sa ntsa behile dintho motjheng mme o tla tloha a lokisa dintho tse sentsweng ke Satane le batho ba hae ba kgopo. Hape e se eka hle, re ka ikemisetsa ho mamela Jehova ka hloko. Haeba re etsa jwalo, re tla mamella mathata ao re thulanang le ona hona jwale le a tlang ho tla. Etswe le Bibele e re: “Ho hlokahala hore le be le mamello, e le hore, ka mora hore le etse thato ya Modimo, le ka amohela phethahatso ya tshepiso.”—Baheb. 10:36.

PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa ka”

^ par. 5 Ke makgetlong a mararo feela moo Jehova a ileng a bua ka ho toba ha Jesu a ne a le lefatsheng. Lekgetlong le leng, Jehova o ile a kgothalletsa barutuwa ba Kreste hore ba mamele Mora wa hae. Kajeno, Jehova o bua le rona a sebedisa mokgatlo wa hae haesita le Lentswe la hae le akarelletsang dintho tseo Jesu a neng a di ruta. Ka hona, sehloohong sena, re tlo tshohla ka moo ho mamela Jehova le Jesu ho ka re tswelang molemo ka teng.

^ par. 52 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moholo o shebile mohlanka ya sebeletsang ha a kolomaka Holo ya Mmuso le mosebetsi o motle oo a o etsang khaonthareng ya dibuka. Jwale o mo babatsa ka mofuthu.

^ par. 54 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Banyalani ba bang ba dulang Sierra Leone ba fa motshwasi wa ditlhapi memo e memelang motho ho tla dibokeng.

^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Dipaki Tsa Jehova tse dulang naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho yona, di tshwaretse seboka ntlong ya Paki e nngwe mme di etsa seo di patile mohwasa. Di ikaparetse hantle feela e le hore di se ke tsa itsosesa mahlo a batho.