Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Nka Lentswe “Amen” e le la Bohlokwa

Jehova o Nka Lentswe “Amen” e le la Bohlokwa

JEHOVA o nka borapedi boo re mo etsetsang bona e le ba bohlokwa. O “ela hloko le ho mamela” ha re etsa ntho efe kapa efe ho mo rorisa ho sa tsotellehe hore na e nyenyane hakae. (Mal. 3:16) Ka mohlala, a ko nahane ka lentswe leo re dulang re le sebedisa. Lentswe leo ke “amen.” Na Jehova o nka esita le lentswe leo feela e le la bohlokwa? Ee, o le nka e le la bohlokwa! E le hore re tle re bone hore na ke hobaneng ha Jehova a le nka e le la bohlokwa hakana, a re ke re hlahlobeng hore na ha e le hantle lentswe lena le bolelang le ka moo le sebedisitsweng ka teng ka Bibeleng.

“SETJHABA SOHLE SE TLA RE, ‘AMEN!’”

Lentswe la Senyesemane “amen,” le bolela “ha ho be jwalo,” kapa “ka sebele.” Le tswa motsong wa lentswe la Seheberu le bolelang “ho tshepahala” kapa “ho tsheptjwa.” Ka dinako tse ding le ne le bile le sebediswa ditabeng tsa molao. Ha motho a ne a qeta ho etsa kano e itseng, o ne a re “amen” ho hatisa hore seo a sa tswa se bua, se nepahetse le hore o itlama hore o tla kgola ditlamorao. (Num. 5:22) Ha a ne a re “amen” phatlalatsa jwalo, seo se ne se mo tlama maoto le matsoho hore a tshepahalle kano eo a e entseng.—Neh. 5:13.

Mohlala o mong o hlahang ka Bibeleng o bontshang ka moo “amen” e ileng ya sebediswa ka teng, ke o tlalehilweng ho Deuteronoma kgaolo ya 27. Ka mora hore Baiseraele ba kene Naheng e Tshepisitsweng, ba ile ba lokela ho bokana pakeng tsa Thaba ya Ebale le Thaba ya Gerizime, e le hore ba ka utlwa ha ho balwa Molao. Ba ne ba sa lokela ho bokana moo hore feela ba tlo mamela, empa ba ne ba bile ba lokela hore ba bontshe hore ba dumellana le Molao. Jwale ba ile ba etsa sena ka hore ba arabele ka “Amen!” ha ho ntse ho balwa ditlamorao tsa ba sa mameleng Molao. (Deut. 27:15-26) A ko inahanele feela ka mohoo wa banna, basadi le bana, ba araba ka lentswe le le leng! (Josh. 8:30-35) Ka sebele e tlameha ebe ba ne ba ke ke ba hlola ba lebala seo ba ileng ba se bua tsatsing leo. Baiseraele bana ba ile ba phelela mantswe a bona, hobane Bibele e re: “Baiseraele ba tswela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ohle a Joshua le ka matsatsi ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mora Joshua le ba neng ba tsebile mosebetsi wohle wa Jehova oo a ileng a o etsetsa Baiseraele.”—Josh. 24:31.

Jesu le yena o ile a sebedisa “amen” ho tiisa hore se builweng ke nnete. Empa o entse seo ka tsela e ikgethang. Ho e na le hore a re “amen” (eo ha e fetolelwa e ka bolelang “kannete nete”) ka mora hore ho buuwe taba, o ne a re “amen” pele ho buuwa taba, e le ho hatisa hore ke nnete. Makgetlong a mang o ne a bile a phetha lentswe lena, a re “amen amen.” (Mat. 5:18; Joh. 1:51) Ka ho tjho jwalo, o ne a hlapanyetsa bamamedi ba hae hore seo a neng a se bua, e ne e le nnete ena e sa tswakwang. Jesu o ne a ka bua ka kgodiseho e jwalo hobane o fuwe bolaodi ba ho phethahatsa ditshepiso tsohle tsa Modimo.—2 Bakor. 1:20; Tšen. 3:14.

BATHO BOHLE BA RE: “AMEN!” MME BA QALA HO RORISA JEHOVA

Baiseraele ba ne ba sebedisa “amen” ha ba rorisa le ha ba rapela Jehova. (Neh. 8:6; Pes. 41:13) Ha Baiseraele ba ne ba sebedisa lentswe lena ka mora thapelo, ba ne ba bontsha hore ba ntswe leng ho se neng se buuwa. Ba ne ba bile ba bontsha hore ba thabela ho rapela Jehova ka tsela ena. Sena ke sona se ileng sa etsahala ha Morena Davida a tlisa Areka ya Jehova Jerusalema. Moketeng o ileng wa latela ka mora moo, Morena Davida o ile a etsa thapelo e tswang botebong ba pelo, e tlalehilweng ho 1 Likronike 16:8-36. Thapelo ena ya hae e ile ya ama dipelo tsa bohle ba neng ba tlile moketeng, hoo ba ileng ba re ‘Amen!’ mme ba rorisa Jehova. Ka sebele bona e ne e le bopaki ba hore ba ne ba thabetse ho rapela Jehova ha mmoho.

Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona ba ne ba sebedisa lentswe “amen” ha ba rorisa Jehova. Hangata le bangodi ba Bibele ba ne ba kenyelletsa lentswe lena mangolong a bona. (Bar. 1:25; 16:27; 1 Pet. 4:11) Lengolo la Tshenolo le bua ka pono eo ho yona, mangeloi a lehodimong a tlotlisang Jehova mme a re: “Amen! Rorisang Jah!” (Tšen. 19:1, 4) Bakreste bana, ba ne ba tlwaetse hore ba re “amen” ka mora hore ho etswe thapelo dibokeng. (1 Bakor. 14:16) Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa bue lentswe lena feela tjee ka hlooho e ntsho. Empa ba ne ba lokela ho utlwisisa hantle se buuwang thapelong.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE O RE “AMEN”?

Mohlomong jwale re a hlokomela hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hakana hore re re “amen” qetellong ya thapelo. Ha re re “amen” ha re ithapella, re bontsha hore re ne re hlile re tiile ka seo re se buileng thapelong. Athe ha re susumelletseha hore re re “amen,” esita le ha re etsa seo ka pelong ha ho rapelwa phatlalatsa, re bontsha hore re dumellana le se builweng thapelong. Ebe ke hobaneng hape ha “amen” e le ya bohlokwa hakaale?

“Amen” ke karolo ya borapedi ba rona. Re lokela ho itshwara hantle nakong ya thapelo hobane ke karolo ya borapedi ba rona. Jwale ere ka ha re batla ho re “amen” ka pelo e felletseng, re lokela ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka thapelo mme re tsepamise maikutlo thapelong.

“Amen” e etsa hore re momahane. Nakong ya thapelo e etswang phatlalatsa, ditho tsohle tsa phutheho di utlwa molaetsa o le mong. (Lik. 1:14; 12:5) Jwale ha re susumelletseha ho re “amen” le bara le baradibabo rona, re momahana le ho feta. Ebang re e bua ka lentswe le phahameng kapa ka pelong, Jehova o tla araba thapelo eo ya rona.

“Amen” ya rona e rorisa Jehova

Re rorisa Jehova. Jehova o a bona ha re etsa ntho efe kapa efe ho mo rorisa ho sa tsotellehe hore na e nyenyane hakae. (Luka 21:2, 3) O bona boikemisetso ba rona le se ka dipelong tsa rona. Esita le haeba re tlameha ho mamela seboka ka founo, re ka kgodiseha hore Jehova o ntse a utlwa “amen” ya rona. Ha re re “amen,” re bontsha hore re dumellana le bara le baradibabo rona ba leng dibokeng.

Ho ka nna ha bonahala eka “amen” ya rona ha e re letho. Empa ke ya bohlokwa. Buka e nngwe e bitswang Bible encyclopedia e re: “Bahlanka ba Modimo ba sebedisa lentswe lena ho bontsha hore ba kgodisehile, ba a ananela ebile ba na le tshepo.” E se eka “amen” ya rona, e ka rorisa Jehova.—Pes. 19:14.