Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Mehleng ya pele, motho o ne a lokela ho etsang ha nka leeto ka sekepe?

MEHLENG ya Pauluse, ho ne ho se na dikepe tse palamisang batho ka ho kgetheha. Jwale haeba motho a ne a batla ho nka leeto ka sekepe, o ne a lokela ho botsa hore na ebe ha ho na sekepe se tsamaisang thepa se neng se ya sebakeng seo a neng a ya ho sona, se neng se ka palamisa batho. (Lik. 21:2, 3) Le hoja sekepe se ne se sa ye moo mopalami a neng a ya teng, o ne a ka fumana se seng se neng se ka mo isa haufi le sebaka seo a neng a ya ho sona.—Lik. 27:1-6.

Dikepe di ne di sa tsamaye ka mehla, ka hoo ho ne ho se na kemiso e tsitsitseng ya hore na di ne di tla tsamaya neng. Maemo a mabe a lehodimo a ne etsa hore basesisi ba dikepe ba se ke ba nka leeto. Ho ekeletsa moo, ba bang ba basesisi ba ne ba na le ditumelakgwela. Ka mohlala, ba ne ba sa nke leeto haeba ba ne ba bile le pono e mpe ya se tla etsahala ka moso, ba utlwile lekgwaba le lla le le palong ya sekepe kapa ba bone sekepe se swahlamaneng lebopong la lewatle. Basesisi ba ne ba emela hore ho foke moya o loketseng e le hore ba ka kgona ho nka leeto ka dikepe. Motho ya neng a batla ho nka leeto ka sekepe o ne a lokela ho ya sebakeng se haufi le boemakepe a tshwere merwalo ya hae, ebe o emela hore ho etswe tsebiso e tla bolela hore na sekepe se tla tsamaya neng.

Rahistori Lionel Casson o re: “Toropong ya Roma ho ne ho entswe tokisetso ya ka moo motho a ka fumanang hore na sekepe se tsamaya neng, ho e na le hore a ipatlele ka boyena. Boemakepe ba moo bo ne bo le haufi le noka ya Tiber. Toropong ya Ostia e neng e le haufi le moo, ho ne ho na le lebala le leholo le neng le potolohilwe ke diofisi tsa basesisi ba dikepe ba tswang ditoropong tse fapafapaneng. Ka mohlala, ofisi e nngwe e ne e le ya basesisi ba Narbonne [eo hona jwale e bitswang France], e nngwe e le ya basesisi ba Carthage [eo hona jwale e leng Tunisia].” Jwale motho ya neng a batla ho nka leeto ka sekepe, o ne a lokela hore a ye ho e nngwe ya diofisi tseo mme a shebe sekepe se yang moo a neng a batla ho ya teng.

Ho tsamaya ka sekepe ho ne ho bolokela bapalami nako. Le ha ho le jwalo, ho ne ho ena le dikotsi tse itseng. Ha Pauluse a ne a etsa maeto a hae a boromuwa, o ile a robehelwa ke sekepe ka makgetlo.—2 Bakor. 11:25.