Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 20

Re ka Tšelisa Batho ba Kileng ba Hlekefetsoa Joang?

Re ka Tšelisa Batho ba Kileng ba Hlekefetsoa Joang?

“Molimo oa matšeliso ’ohle ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rona.”​—2 BAKOR. 1:​3, 4.

PINA EA 134 Bana ke Letlotlo

SELELEKELA *

1-2. (a) Ke mohlala ofe o bontšang hore batho bohle ba hloka ho tšelisoa ebile ba na le bokhoni ba ho tšelisa ba bang? (b) Bana ba bang ba utloisoa bohloko joang?

BATHO bohle ba hloka ho tšelisoa hape ba na le bokhoni ba ho tšelisa ba bang. Mohlala, haeba ngoana a ntse a bapala e-ba ka tšohanyetso oa oela ’me o khumuha lengoleng o ea ho ’Mè kapa Ntate oa hae a ntse a lla. Batsoali ba ke ke ba khona ho folisa leqeba la ngoana empa ba ka khona ho mo tholisa. Ba ka botsa ngoana hore na ho etsahetse’ng, ba mo hlakola meokho, ba mo sika, mohlomong ba mo tlotsa ka moriana kapa ho mo tlamisa. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ngoana a ka khaotsa ho lla eaba o tsoela pele ho bapala. Ha nako e ntse e-ea, leqeba leo lea fola.

2 Leha ho le joalo, ka linako tse ling bana ba utloa bohloko bo fetang boo. Ba bang ba hlekefetsoa ka motabo. Ngoana a ka hlekefetsoa hanngoe kapa ka makhetlo a mangata. Ho sa tsotellehe hore na o hlekefelitsoe ka makhetlo a makae, ntho eo ha e tlohe kelellong ea hae. Maemong a mang, motho ea hlekefelitseng oa tšoaroa a be a ahloloe. Ka linako tse ling, ho ka bonahala eka motho ea hlekefelitseng ha a fuoa kotlo ho hang. Empa le haeba toka e ka phethoa eaba motho ea hlekefelitseng o fuoa kotlo hang-hang, ntho eo a e entseng e ka lula e le teng kelellong ea ngoana esita leha a se a le moholo.

3. Ho ea ka 2 Bakorinthe 1:​3, 4, Jehova o batla’ng, hona re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Haeba mora kapa morali’abo rona a kile a hlekefetsoa ka motabo ha e sa le ngoana ’me a ntse a utloisoa bohloko ke ketsahalo eo, a ka thusoa ke’ng? (Bala 2 Bakorinthe 1:​3, 4.) Ha e le hantle, Jehova o batla hore linku tsa hae li hlokomeloe ka lerato le ho tšelisoa. Kahoo, sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse tharo tse latelang: (1) Ke hobane’ng ha batho ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo ha e sa le bana ba hloka ho tšelisoa? (2) Ke mang ea ka ba tšelisang? (3) Re ka ba tšelisa joang?

KE HOBANE’NG HA BA HLOKA HO TŠELISOA?

4-5. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba hore bana ha ba tšoane le batho ba baholo? (b) Ho hlekefetsa ngoana ka motabo ho ka etsa hore a ikutloe joang ka batho ba bang esita leha a se a le moholo?

4 Motho ea kileng a hlekefetsoa ka motabo ha e sa le ngoana o ntse a ka hloka ho tšelisoa esita leha ho se ho fetile lilemo tse ngata. Hobane’ng? E le hore re utloisise, re lokela ho elelloa hore bana ha ba tšoane le batho ba baholo. Hangata bana ba angoa ke lintho ka tsela e fapaneng haholo le eo li amang batho ba baholo ka eona. Nahana ka mehlala e latelang.

5 Bana ba hloka ho tšepa le ho ikutloa ba sireletsehile ha ba e-na le batho ba ba holisang. Maqhama a joalo a etsa hore bana ba ikutloe ba sireletsehile ’me ho ba bonolo hore ba ithute ho rata batho ba ba hlokomelang. (Pes. 22:9) Ka bomali-mabe, bana ba hlekefetsoa ka motabo ke beng ka bona kapa metsoalle ea lelapa e haufi. Ho roba pelo ea ngoana ka tsela ena ho ka etsa hore a se ke a tšepa batho ba bang esita leha a se a le moholo.

6. Ke hobane’ng ha ho hlekefetsa bana ka motabo ho le soto ebile ho le sehloho?

6 Ho hlekefetsa bana ka motabo ho soto ebile ho sehloho kaha ha ba khone ho itšireletsa. Ho qobella bana hore ba etse thobalano ba sa le banyenyane ’me ba sa utloisise hore na ho etsahala’ng ho ka ba ama likelello ka lilemo tse ngata. Ho hlekefetsa ngoana ka motabo ho ka etsa hore a be le maikutlo a fosahetseng ka thobalano, a ikutloe a se na thuso ’me a se ke a tšepa batho ba bang.

7. (a) Ke hobane’ng ha bana ba thetseha habonolo, hona ba thetseha joang? (b) Mashano aa a etsa hore ngoana a ikutloe joang?

7 Kaha bana ba sa le banyenyane ha ba khone ho nahana lintho hantle kapa ho elelloa likotsi e le hore ba li qobe. (1 Bakor. 13:​11) Kahoo, ba khona ho thetseha le ho qhekelloa habonolo. Mohlala, ba thetsoa ka hore ke molato oa bona hore ebe ba hlekefelitsoe, ba lokela ho boloka taba eo e le lekunutu hobane ha ho na motho ea tla ba kholoa kapa ho ba thusa le hore ketso eo ke tsela ea ho ba bontša hore baa ratoa. Mashano ana a ka ’na a lula ka kelellong ea ngoana ka lilemo tse ngata pele a ka utloisisa hore ha se ’nete. Ngoana ea joalo a ka ’na a hola a e-na le maikutlo a hore ha a na thuso, ha aa hloeka le hore ha a tšoaneloe ke ho ratoa.

8. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla tšelisa batho ba utloileng bohloko?

8 Ha ho makatse hore ebe ho hlekefetsa bana ka motabo ho etsa hore ba utloe bohloko ka nako e telele. Ketso ee e sehloho hakaakang! Taba ea hore bothata bona ke kobo-anela lefatšeng ke bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela e leng nakong eo batho “ba se nang lerato la tlhaho” le eo “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:​1-5, 13) Maraba a Satane a sehloho ’me ho utloisa bohloko le ho feta ha batho ba phela ka tsela e mo thabisang. Leha ho le joalo, Jehova o matla ho feta Satane le baetsana ba hae. Kamehla Jehova o ela hloko maraba a Satane. Oa tseba hore na re utloa bohloko hakae ’me o batla ho re tšelisa. Rea thaba hore ebe re sebeletsa “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rona, e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.” (2 Bakor. 1:​3, 4) Joale, Jehova o sebelisa bo-mang ho fana ka matšeliso?

KE MANG EA LOKELANG HO BA TŠELISA?

9. Ha batsoali ba sa hlokomele bana ba bona, Jehova o tla etsa’ng ka bana bao ho latela mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 27:10?

Batho bao batsoali ba bona ba sa ba sireletsang ha ba ne ba hlekefetsoa ka motabo kapa ba ileng ba hlekefetsoa ke batho ba haufi le bona ba ka hloka ho tšelisoa. Morena Davida o ne a tšepile hore kamehla Jehova o tla re tšelisa. (Bala Pesaleme ea 27:​10.) Davida o ne a kholisehile hore Jehova e tla ba Ntate oa batho bohle ba sa tšoaroeng hantle ke ba malapa a bo bona. Jehova o etsa seo joang? O sebelisa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Bara le barali babo rona ka phuthehong ba joaloka lelapa labo rona. Jesu o ile a re batho ba neng ba etsa thato ea Ntate oa hae ke barab’abo, baralib’abo le ’Mè.​—Mat. 12:​48-50.

10. Moapostola Pauluse e ne e le moholo ea joang?

10 Nahana ka maqhama a bang teng ha phutheho ea Bokreste e tšoarana joaloka lelapa. Moapostola Pauluse e ne e le moholo ea tšepahalang le ea sebetsang ka thata. O ile a beha mohlala o motle ’me a bululeloa hore a bolelle batho ba bang hore ba mo etsise joalokaha a etsisa Kreste. (1 Bakor. 11:1) Pauluse o ile a re: “Re ile ra ba bonolo har’a lona, joalokaha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae.” (1 Bathes. 2:7) Le mehleng ena, ha baholo ba tšelisa motho, ba sebelisa Bibele ’me ba bua le eena ka tsela e lerato le e mosa.

Baralib’abo rona ba matla tumelong ba ka khona ho tšelisa baralib’abo rona ba hlokang ho khothatsoa (Sheba serapa sa 11) *

11. Na baholo ke bona feela ba lokelang ho fana ka matšeliso?

11 Na baholo ke bona feela ba lokelang ho fana ka matšeliso ho batho ba hlekefelitsoeng ka motabo? Che. Kaofela ha rona re na le boikarabelo ba hore re “ ’ne [re] tšelisane.” (1 Bathes. 4:​18) Ka ho khetheha baralib’abo rona ba matla tumelong ba ka khona ho tšelisa baralib’abo rona ba hlokang ho khothatsoa. Ke taba e utloahalang hore ebe Jehova o itšoantša le ’mè ea tšelisang ngoana oa hae ea utloileng bohloko. (Esa. 66:​13) Bibele e na le mehlala ea bo-’mè ba ileng ba fana ka matšeliso ho batho ba a hlokang. (Jobo 42:​11) Le mehleng ena, Jehova oa thaba ha a bona baralib’abo rona ba khothatsa baralib’abo rona ba bang ba utloileng bohloko. Maemong a mang, moholo a le mong kapa ba babeli ba ka botsa morali’abo rona ea matla tumelong hore na a ka khona ho tšelisa morali’abo rona e mong ea utloileng bohloko. *

RE KA BA TŠELISA JOANG?

12. Re lokela ho qoba ho etsa’ng?

12 Ha re leka ho thusa mora kapa morali’abo rona, re lokela ho qoba ho mo botsa lipotso tsa lintho tseo a ke keng a thabela ho bua ka tsona. (1 Bathes. 4:​11) Joale, re ka etsa’ng ho khothatsa le ho thusa batho ba hlokang ho tšelisoa? A re ke re hlahlobeng litsela tse hlano tse ka Bibeleng tseo re ka ba khothatsang ka tsona.

13. 1 Marena 19:​5-8 e re lengeloi la Jehova le ile la thusa Elia joang, hona re ka le etsisa joang?

13 Etsa ho hong ho thusa motho ea utloileng bohloko. Ha moprofeta Elia a ntse a baleha batho ba neng ba batla ho mo bolaea, o ile a nyahama hoo a neng a batla ho shoa. Jehova o ile a roma lengeloi la hae le matla hore le il’o mo khothatsa. Lengeloi leo le ile la fa Elia lintho tseo a neng a li hloka ka nako eo. Le ile la mo fa lijo eaba le mo khothaletsa hore a je. (Bala 1 Marena 19:​5-8.) Tlalehong ena re ithuta hore: Ka linako tse ling, ntho feela e sa reng letho eo re ka e etsetsang motho e mong e ka ba molemo haholo ho eena. Re ka bontša mora kapa morali’abo rona ea utloileng bohloko hore rea mo rata ka hore re mo phehele, re mo fe mpho kapa re mo ngolle lengolo le nang le litemana tsa Bibele tse khothatsang. Re ka boela ra etsa lintho tsena haeba re sa khone ho bua le motho ea joalo ka lintho tse ka ’nang tsa mo utloisa bohloko.

14. Re ithuta’ng mohlaleng oa Elia?

14 Mo thuse hore a phutholohe a be a ikutloe a sireletsehile. Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ka ithuta’ng eona tlalehong ea Elia. Ka mohlolo Jehova o ile a fa moprofeta Elia matla a hore a tsamaee leeto le lelele ho ea Thabeng ea Horebe. Mohlomong Elia o ile a ikutloa a sireletsehile ha a le sebakeng seo se hole moo Jehova a ileng a etsa selekane le bahlanka ba hae lilemong tse makholo tse fetileng. E ka ’na eaba o ile a thaba haholo kaha o ne a le hole le batho ba neng ba batla ho mo bolaea. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Haeba re batla ho khothatsa motho ea kileng a hlekefetsoa ka motabo, re ka ’na ra lokela ho qala pele ka ho etsa hore a phutholohe. Mohlala, baholo ba lokela ho hopola hore morali’abo rona e mong a ka phutholoha ho bua le bona ha a le hae moo a iketlileng, ha e mong eena a ka phutholoha ha a le Holong ea ’Muso.

Re ka khothatsa batho ba utloileng bohloko ka ho ba mamela ka hloko, ho rapela le bona le ho bua mantsoe a tšelisang (Sheba serapa sa 15 ho ea ho sa 20) *

15-16. Re ka mamela motho e mong ka hloko joang?

15 Mo mamele ka hloko. Bibele e re: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.” (Jak. 1:​19) Na re khona ho mamela batho ba bang ka hloko? Re ka ’na ra nka hore ha re thotse re shebile motho ka mahlong ha a ntse a bua le rona ke hona ha re mametse ka hloko. Empa ho mamela motho ka hloko ha ho felle moo feela. Mohlala, qetellong Elia o ile a bolella Jehova lintho tsohle tse mo tšoenyang eaba Jehova o mo mamela ka hloko. Jehova o ile a bona hore Elia o ne a tšohile, a ikutloa e le motoaitoai hape a bona eka mosebetsi oa hae ke oa lefeela. Ka lerato Jehova o ile a thusa Elia. O ile a fela a bontša hore o ne a mametse Elia ka hloko.​—1 Mar. 19:​9-11, 15-18.

16 Re ka bontša joang hore re na le kutloelo-bohloko le ho tsotella batho, e leng pontšo ea hore rea ba rata ha ba ntse ba bua le rona? Ka linako tse ling, mantsoe a seng makae a thobang maikutlo a ka bontša hore na re ikutloa joang ka batho bao. U ka ’na oa re: “Ke utloa bohloko hore ebe o hlahetsoe ke ntho e tjena. Ha ho na ngoana ea tlamehang ho tšoaroa ka tsela e joalo.” Mohlomong u ka botsa potso e le ’ngoe kapa tse peli e le ho leka ho bona hore na u ne u mametse ka hloko ha motho ea utloileng bohloko a ntse a bua le uena. U ka ’na oa mo botsa, “Na o ka ntlhalosetsa hore na o bolela’ng?” kapa “Ha o ntse o bua, ke ile ka nahana hore . . . Na ke nepile?” Ho bua le eena ka tsela e mosa joalo, ho tla mo kholisa hore u ne u mo mametse ka hloko hape u batla ho utloisisa hantle hore na o ntse a re’ng.​—1 Bakor. 13:​4, 7.

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ’me re “liehe ho bua”?

17 Lula u hopola hore u lokela ho ‘lieha ho bua.’ U se ke oa potlakela ho fana ka keletso ha motho ea utloileng bohloko a ntse a bua kapa ho leka ho lokisa tsela eo a nahanang ka eona. U be le mamello. Ha Elia a bolella Jehova maikutlo a hae, o ne a nyahame a bile a utloile bohloko. Ka mor’a hore Jehova a matlafatse tumelo ea hae, Elia o ile a boela a ntša maikutlo a hae ka tsela e tšoanang le ea qalong. (1 Mar. 19:​9, 10, 13, 14) Re ithuta’ng mohlaleng oo? Ka linako tse ling, batho ba utloileng bohloko ba ka ’na ba batla ho re bolella maikutlo a bona ka makhetlo a ’maloa. Re batla ho etsisa Jehova ka hore re ba mamele ka hloko. Ho e-na le ho potlakela ho rarolla mathata a bona, re ka ba bontša hore re ba utloela bohloko hape rea ba tsotella.​—1 Pet. 3:8.

18. Ke hobane’ng ha ho rapela le motho ea utloileng bohloko ho ka mo tšelisa?

18 Etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo le motho ea utloileng bohloko. Ha ho bonolo hore batho ba nyahameng ba rapele. Motho ea joalo a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe hore a bue le Jehova. Haeba re batla ho mo tšelisa, re ka rapela le eena ra ba ra mo bitsa ka lebitso lithapelong tsa rona. Re ka bolella Jehova hore motho eo ea utloileng bohloko e ntse e le oa bohlokoa ho rona le ka phuthehong. Re ka kopa Jehova hore a matlafatse le ho khothatsa mohlanka eo oa hae. Lithapelo tse joalo e ka ba tse tšelisang e le kannete.​—Jak. 5:16.

19. Re ka thusoa ke’ng hore re khone ho fana ka matšeliso?

19 Bua mantsoe a tšelisang le a khothatsang. Nahana pele u bua. Ho bua feela re sa nahana ho ka utloisa motho e mong bohloko. Empa mantsoe a mosa aa tšelisa. (Liprov. 12:​18) Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ho bua mantsoe a tšelisang le a khothatsang. Lula u hopola hore Bibele ke eona e ka u thusang ho fana ka matšeliso.​—Baheb. 4:12.

20. Bara le barali babo rona ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo ba ka ’na ba ikutloa joang, hona re lokela ho ba hopotsa eng?

20 Bara le barali babo rona ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo ba utloa eka ha baa hloeka, ha ba na thuso, ha ba ratoe ebile ha ho na motho ea ka ba ratang. Taba ena ha se ’nete. Kahoo, sebelisa Bibele ho ba hopotsa hore Jehova o ba rata haholo. (Sheba lebokose le reng “ Matšeliso a Tsoang Bibeleng.”) Hopola kamoo lengeloi le ileng la matlafatsa moprofeta Daniele kateng ha a ne a nyahame. Jehova o ne a batla ho hopotsa Daniele hore o bohlokoa. (Dan. 10:​2, 11, 19) Ka tsela e tšoanang, bara le barali babo rona ba utloileng bohloko ba bohlokoa ho Jehova.

21. Ho tl’o etsahala’ng ka batho ba hlekefetsang ba bang ka motabo ba bile ba sa bake, hona ke’ng seo rona re lokelang ho se etsa?

21 Ha re khothatsa batho ba bang, re ba thusa ho hopola hore Jehova oa ba rata. Hape, ha rea lokela ho lebala hore Jehova ke Molimo ea nang le toka. O tseba motho e mong le e mong ea kileng a hlekefetsoa ka motabo le haeba ho se na motho ea tsebang ka taba eo. Jehova o bona lintho tsohle, kahoo o tl’o fana ka kotlo ho batho ba kileng ba hlekefetsa ba bang ka motabo ba bile ba sa bake. (Num. 14:​18) Kahoo, a re etseng sohle se matleng a rona ho bontša hore re rata batho ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo. Ho feta moo, hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o tla etsa hore batho bohle ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo lefatšeng lena la Satane, ba lebale lintho tse bohloko tse ileng tsa ba etsahalla. Haufinyane, liketso tseo tse sehloho li ke ke tsa hlola li fihla ka pelong kapa kelellong.​—Esa. 65:17.

PINA EA  109 Ratanang ka Pelo Eohle

^ ser. 5 Batho ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo ha e sa le bana, ba ka ’na ba tlameha ho mamella mathata a itseng ha lilemo li ntse li e-ea. Sehloohong sena re tl’o thusoa ho bona hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Re tla boela re bone hore na ke bo-mang ba ka ba tšelisang maemong ao. Re tla qetella ka ho hlahloba lintho tseo re ka li etsang ho ba tšelisa.

^ ser. 11 Motho ea hlekefelitsoeng ka motabo ke eena ea ka iketsetsang qeto ea hore na o tla ea ngakeng ho ea kopa thuso kapa che.

^ ser. 76 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Morali’abo rona ea matla tumelong o tšelisa Mokreste-’moho le eena ea utloileng bohloko.

^ ser. 78 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Baholo ba babeli ba etetse morali’abo rona ea nyahameng. O kopile morali’abo rona e mong hore a be teng.