Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 20

Tshedisa Mahlatsipa a Tlhekefetso

Tshedisa Mahlatsipa a Tlhekefetso

“Modimo wa matshediso ohle . . . [o re tshedisa] matshwenyehong ohle a rona.”—2 BAKOR. 1:3, 4.

PINA YA 134 Bana ke Letlotlo le Tswang ho Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Keng se bontshang hore ka tlhaho batho ba hloka ho kgothatswa le hore ba na le bokgoni ba ho kgothatsa ba bang? (b) Bana ba bang ba utlwiswa bohloko ka tsela efe?

KA TLHAHO batho ba hloka ho kgothatswa mme ba na le bokgoni bo babatsehang ba ho kgothatsa ba bang. Ka mohlala, ha ngwana a ntse a bapala ebe o tswa kotsi, a ka nna a mathela ho Mama le Papa a lla. Ke nnete hore batswadi ba ke ke ba fodisa leqeba la ngwana empa ba ka mo bolella mantswe a mo thobang pelo. Ba ka nna ba mo botsa hore na ho etsahetseng, ba mo phumule dikeledi, ba mo kuke kapa ba tshase leqeba la hae ka moriana. Ka mora nako e seng kae, o tla bona ngwana a kgutlela papading. Jwale ha nako e ntse eya, leqeba la hae le a fola.

2 Ka dinako tse ding, bana ba utlwiswa bohloko ka ditsela tse fetelletseng. Ba bang ba hlekefetswa ka thobalano. Sena se ka etsahala hanngwe kapa sa tswelapele ka dilemo tse mangata. Ho sa tsotellehe hore na ngwana o hlekefeditswe ka makgetlo a makae, sena se ka mo bakela bohloko bo sa feleng. Ke nnete hore maemong a mang motho ya hlekefeditseng ngwana a ka tshwarwa mme a fuwa kotlo. Le ha ho le jwalo, maemong a mang teng a ka nna a se tshwarwe kapa hona ho fuwa kotlo. Ho sa tsotellehe hore na motho ya entseng ketso ena o a tshwarwa kapa tjhe, ditlamorao tsa se etsahetseng di ka ama ngwana bophelo bohle ba hae.

3. Jwalo ka ha ho boletswe ho 2 Bakorinthe 1:3, 4, Jehova o batla hore re etseng, hona re tlo tshohla dipotso dife?

3 Keng e ka thusang Mokreste ya ileng a hlekefetswa ha e ntse e le ngwana, eo ho bonahalang hore o ntse a utlwiswa bohloko ke se ileng sa etsahala le hoja a se a hodile? (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba bontshwe lerato, ba be ba fuwe kgothatso eo ba e hlokang. Jwale a re ke re tshohleng dipotso tsena tse tharo: (1) Ke hobaneng ha batho ba ileng ba hlekefetswa ha e ne e le bana ba hloka ho kgothatswa? (2) Ke mang ya ka ba kgothatsang? (3) Hona rona re ka ba kgothatsa jwang?

KE HOBANENG HA BATHO BA HLOKA HO KGOTHATSWA?

4-5. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho hopola hore bana ba fapane le batho ba baholo? (b) Haeba ngwana a ile a hlekefetswa, seo se ka etsa hore a tadime batho ba bang jwang?

4 Batho ba bang ba ileng ba hlekefetswa ha e ntse e le bana, ba ka nna ba hloka ho kgothatswa le hoja ho se ho fetile dilemo tse ngata. Ebe hobaneng? E le hore re utlwisise sena hantle, re lokela ho hopola hore bana ba fapane hole le batho ba baholo. Taba ke hore tlhekefetso e ama bana ka tsela e fapaneng le eo e amang batho ba baholo ka yona. Hlokomela mehlala e latelang.

5 Bana ba hloka ho tshepa le ho ba le setswalle se haufi le batho ba ba hodisang le ba ba hlokometseng. Setswalle se jwalo se etsa hore bana ba ikutlwe ba sireletsehile ebile ba ithuta ho tshepa batho ba bang. (Pes. 22:9) Ka bomadimabe, hangata batho ba hlekefetsang bana ke ditho tsa lelapa kapa metswalle. Ha ngwana a hlekefeditswe ke motho eo a neng a mo tshepa, ho ka ba thata hore a tshepe batho ba bang le hoja ho ka feta dilemo seo se etsahetse.

6. Ke hobaneng ha ho hlekefetsa bana ka thobalano e le ketso e kgopo le e kotsi?

6 Ka ha bana ha ba tsebe ho itshireletsa, ho ba hlekefetsa ka thobalano ke ketso e kgopo le e kotsi. Ho hatella bana hore ba etse diketso tsa thobalano pele ba hola ka ho lekaneng hore ba kene lenyalong, ho ka ba ntsha kotsi. Ha motho a hlekefetsa ngwana, sena se ka etsa hore ngwana a be le maikutlo a fosahetseng ka thobalano. Se ka boela sa etsa hore a ikutlwe e se motho wa bohlokwa mme a ka thatafallwa ke ho tshepa batho ba bang.

7. (a) Ke hobaneng ha ho le bonolo hore batho ba thetse bana mme ba ba hlekefetse? (b) Hona ditlamorao e ba dife?

7 Bana ha ba e so hole ka ho lekaneng hore ba ka kgona ho iketsetsa diqeto le ho qoba dikotsi. (1 Bakor. 13:11) Ka hona, ho ba bonolo hore batho ba thetse bana mme ba ba hlekefetse. Batho ba hlekefetsang bana, ba ba bolella mashano a kang a ho re, ke molato wa ngwana hore ebe o hlekefeditswe, haeba ngwana a ka bolela se etsahetseng ha hona motho ya tla mo kgolwa, ha motho ya moholo a etsa thobalano le ngwana seo ke pontsho ya lerato le hore ngwana o tlameha ho thola ka taba ena. Ka hoo, ho ka nka dilemo tse ngata pele ngwana a utlwisisa hore ana e ne e le mashano feela. Mashano ana a ka etsa hore ngwana a ikutlwe a sena thuso, a sa lokela ho ratwa kapa hona hoba le metswalle.

8. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova a ka kgothatsa batho ba utlwileng bohloko?

8 Ha ho makatse hore ebe ho hlekefetswa ka thobalano ho bakela motho bohloko bo sa feleng. Ruri ho hlekefetsa motho ka thobalano ke ketso e sehloho. Mofuta ona wa tlhekefetso o atile haholo mme o bontsha ka ho hlaka hore re phela matsatsing a ho qetela, nakong eo ho yona batho “ba se nang lerato la tlhaho” le moo “batho ba kgopo le baikgakanyi ba tla tswelapele ho tloha bobeng ho ya bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:1-5, 13) Mekgwa eo Satane a e sebedisang e kotsi mme ho utlwisa bohloko ho bona batho ba etsa sona seo Satane a se batlang. Le ha ho le jwalo, re thabiswa ke ho tseba hore Jehova o matla ho feta Satane le batho ba mo sebeletsang. Ebile o bona dintho tseo Satane a ntseng a di etsa. Ka hona, re ka kgodiseha hore Jehova o bona bohloko boo re bo utlwang le hore o tla re fa matshediso ao re a hlokang. Re lehlohonolo hore ebe re sebeletsa “Modimo wa matshediso ohle, ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona, e le hore re ka kgona ho tshedisa ba matshwenyehong a mofuta leha e le ofe ka matshediso ao re ntseng re tshediswa ka ona ke Modimo.” (2 Bakor. 1:3, 4) Empa Jehova o sebedisa mang ho re kgothatsa?

KE MANG YA KA KGOTHATSANG MAHLATSIPA A TLHEKEFETSO?

9. Ho ya ka mantswe ao Morena Davida a a buileng ho Pesaleme ya 27:10, Jehova o tla etsang ka bana ba sa hlokomelweng ke batswadi?

9 Bana bao batswadi ba sa kang ba ba sireletsa hore ba se ke ba hlekefetswa, ha e le hantle ba hloka ho tshediswa. Morena Davida o ne a tseba hore Jehova ke yena ya ka fanang ka matshediso a sebele. (Bala Pesaleme ya 27:10.) O ne a kgodisehile hore Jehova e tla ba Ntate wa bana bohle ba sa hlokomelweng ke batswadi. Jehova o etsa seo jwang? Ka ho sebedisa bahlanka ba hae ba tshepahalang. Bara le baradi bana babo rona ke lelapa leo Jehova a re fileng lona. Ka mohlala, Jesu o ile a re ngwanabo le Mme wa hae, ke mang kapa mang ya sebeletsang Jehova.—Mat. 12:48-50.

10. Moapostola Pauluse e ne e le moholo ya jwang?

10 Hlokomela hore na ke jwang bara le baradibabo rona e leng lelapa leo Jehova a re fileng lona. Moapostola Pauluse e ne e le moholo ya tshepahalang le ya sebetsang ka thata. O ile a behela ba bang mohlala o motle mme a susumelletswa hore a re ba mo etsise feela jwalo ka ha le yena a ne a etsisa Kreste. (1 Bakor. 11:1) Ela hloko ka moo Pauluse a hlalosang seo a ileng a se etsa jwalo ka moholo. O ile a re: “Re ile ra ba bonolo hara lona, jwalo ka ha mme ya anyesang a baballa bana ba hae.” (1 Bathes. 2:7) Kajeno baholo ba ka etsa se tshwanang ka hore ba bue ka tsela e mosa ha ba kgothatsa Bakrestemmoho le bona ba sebedisa Bibele.

Baradibabo rona ba behang mohlala o motle, ke bona bao hangata ba atlehang ho kgothatsa ba bang (Sheba serapa sa 11) *

11. Keng se bontshang hore ha se baholo feela ba ka kgothatsang ba bang?

11 Na ke baholo feela ba ka kgothatsang batho ba ileng ba hlekefetswa? Tjhe. Ke boikarabelo ba rona kaofela hore re “nne [re] tshedisane.” (1 Bathes. 4:18) Baradibabo rona ba behang mohlala o motle ka phuthehong, ba ka kgothatsa baradi ba bang babo rona ba hlokang ho tshediswa. Ke ho utlwahalang hore Jehova o itshwantsha le Mme ya tshedisang ngwana wa hae. (Esa. 66:13) Ka Bibeleng ho na le mehlala ya basadi ba ileng ba kgothatsa batho ba neng ba le matshwenyehong. (Jobo 42:11) Jehova o thaba haholo ha a bona basadi ba Bakreste kajeno, ba kgothatsa baradibabo bona ba utlwileng bohloko. Maemong a mang, baholo ba ka nna ba bitsetsa moradiwabo rona ya tshwanelehang ka thoko mme ba mo kope hore a kgothatse moradiwabo rona ya matshwenyehong. *

RE KA KGOTHATSA BA BANG JWANG?

12. Re lokela ho qoba ho etsang?

12 Ha re leka ho thusa Mokrestemmoho le rona, re lokela ho qoba ho mmotsa ka dintho tseo a sa batleng ho bua ka tsona. (1 Bathes. 4:11) Empa re ka etsang ho thusa le ho tshedisa ba bang? A re ke re hlahlobeng ditsela tse hlano tseo Bibele e reng re ka di sebedisa ho thusa ba bang.

13. Jwalo ka ha ho boletswe ho 1 Marena 19:5-8, lengeloi la Jehova le ileng la etsetsa Elia eng, hona re ka le etsisa jwang?

13 Thusa motho ka seo a se hlokang. Ha moprofeta Elia a ne a baleha batho ba neng ba batla ho mo bolaya, o ne a nyahame hoo a ileng a ikopela ho shwa. Jehova o ile a romela lengeloi hore le tlo kgothatsa Elia le ho mo fa seo a neng a se hloka ka nako eo. Le ile la mo fa dijo mme ka mosa la re a je. (Bala 1 Marena 19:5-8.) Tlaleho ena e re ruta thuto ya bohlokwa ya hore ntho e nyane eo re ka e etsetsang motho, e ka mo kgothatsa haholo. Re ka kgothatsa Mokrestemmoho le rona ka hore re mo isetse dijo, re mo fe mpho kapa re mo romelle karete e nang le molaetsa o kgothatsang. Haeba o thatafallwa ho botsa ba bang hore na ba ikutlwa jwang, o ka ba bontsha hore o a ba kgathalla ka ho ba etsetsa tse ding tsa dintho tsena.

14. Re ka ithutang tlalehong ya Elia?

14 Etsa hore a ikutlwe a sireletsehile ebile phuthulohile. Ho na le ho hong hape hoo re ka ithutang hona tlalehong ya Elia. Ka mohlolo Jehova o ile a fa moprofeta Elia dijo, e le hore a ka tsamaya leeto le le telele ho ya Thabeng ya Horebe. Mohlomong Elia o ile a ikutlwa a sireletsehile sebakeng sena se hole, moo Jehova a ileng a etsa selekane le bahlanka ba hae nakong e fetileng. Ho ka etsahala hore ebe o ne a phutholohile ka ha o ne a le hole le batho ba neng ba batla ho mmolaya. Jwale re ithutang tlalehong ena? Haeba re batla ho kgothatsa batho ba ileng ba hlekefetswa, re lokela ho qala pele ka ho etsa hore ba ikutlwe ba sireletsehile. Ka mohlala, baholo ba lokela ho hopola hore ho ka ba molemo hore ha ba kgothatsa moradiwabo rona ya nyahameng, ba etse seo sebakeng seo a tla phutholoha ho sona, ho e na le hore ba bue le yena ba le Holong ya Mmuso. Empa ba bang bona ba ka phutholoha ha ba le Holong ya Mmuso.

Re ka kgothatsa ba bang ka hore re ba mamele, re rapele le bona re be re ba bolelle mantswe a kgothatsang (Sheba serapa sa 15-20) *

15-16. Ho mamela ka hloko ho bolelang?

15 Mamela ka hloko. Bibele e re fa keletso ena e hlakileng: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua.” (Jak. 1:19) Na re mamela ka hloko? Mohlomong re nahana hore ho mamela ka hloko ho bolela ho sheba motho mahlong, re sa re letho ha a ntse a bua le rona. Empa ho mamela ka hloko ho bolela ho fetang hoo. Ka mohlala, Elia o ile a bolella Jehova ka moo a ikutlwang ka teng mme Jehova a mo mamela ka hloko. Jehova o ile a hlokomela hore Elia o ne a tshohile, a ikutlwa eka o mong mme a nahana hore mosebetsi wohle wa hae e ne e le wa lefeela. Ka lerato Jehova o ile a mo thusa hore a hlole boikutlo boo. O ile a bontsha hore ka nnete o ne a mametse Elia.—1 Mar. 19:9-11, 15-18.

16 Ho mamela ka hloko ho bontsha jwang hore re rata Mokrestemmoho le rona? Ka dinako tse ding, mantswe a mosa le a nahannweng hantle a ka bontsha hore na re ikutlwa jwang. Ka mohlala, o ka nna wa re: “Ke maswabi hore ebe sena se o etsahalletse, ngwana ha a lokela ho tshwarwa ka tsela eo.” Mohlomong o ka botsa dipotso tse mmalwa, ho etsa bonnete ba hore o utlwisisa seo Mokrestemmoho a o bolellang sona. O ka nna wa mmotsa, “O bolelang ha o re . . . ?” kapa o ka nna wa re “Na ke nepile ha ke re o itse . . . ?” Ho bua le motho ka tsela ena e mosa, ho tla mo kgodisa hore o mo mametse ka hloko le hore o batla ho utlwisisa hore na ha e le hantle o ikutlwa jwang.—1 Bakor. 13:4, 7.

17. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello mme re “diehe ho bua”?

17 Hopola hore o lokela ho ‘dieha ho bua.’ O se ke wa potlakela ho fana ka keletso kapa ho lokisa tsela eo motho a ikutlwang ka yona. Eba le mamello. Ha Elia a ne a bolella Jehova ka moo a ikutlwang ka teng, o ile a bua mantswe a seng hantle ka ha o ne a utlwile bohloko. Le ha Jehova a se a mo matlafaditse, o ile a nna a bua ona mantswe ao. (1 Mar. 19:9, 10, 13, 14) See se re rutang? Ka dinako tse ding, motho ya utlwileng bohloko a ka lokela ho ntsha maikutlo a hae ka makgetlo a mangata. Ka hona, re batla ho tshwana le Jehova ka hore re be le mamello. Ho e na le ho bolella motho hore na a ka rarolla mathata a hae jwang, re lokela ho mo utlwela bohloko.—1 Pet. 3:8.

18. Ke hobaneng ha ho rapela le motho ya utlwileng bohloko ho ka mo kgothatsa?

18 Rapela le motho ya utlwileng bohloko. Motho ya nyahameng a ka utlwa ho le thata hore a rapele. A ka ikutlwa a sa tshwanelehe ho bua le Jehova. Ka hona, tsela e nngwe ya ho mo kgothatsa, ke ka hore ha re rapela le yena re bitse lebitso la hae. Re ka bolella Jehova ka moo re ratang mora kapa moradi enwa wabo rona ka teng le hore phutheho e mo nka e le wa bohlokwa. Re ka boela ra kopa Jehova hore a mo thuse, a be a mo kgothatse. Thapelo e jwalo e ka kgothatsa motho haholo.—Jak. 5:16.

19. Keng e ka re thusang hore re kgothatse batho ba bang?

19 Kgetha mantswe a kgothatsang. Nanaha pele o bua. Haeba re bua re sa nahana, re ka utlwisa batho ba bang bohloko empa mantswe a mosa a ka ba kgothatsa. (Liprov. 12:18) Ka hona, kopa Jehova hore a o thuse ho bua mantswe a mosa le a kgothatsang. Hopola hore re ka fumana mantswe a kgothatsang ka Bibeleng, ka ha a builwe ke Jehova.—Baheb. 4:12.

20. E ka nna ya ba bara le baradibabo rona ba ileng ba hlekefetswa ba ikutlwa jwang, hona keng seo re batlang ho ba hopotsa sona?

20 E ka nna ya ba bara le baradibabo rona ba ileng ba hlekefetswa, ba ikutlwa e se batho ba bohlokwa ebile ba sa ratwe. Empa seo ha se nnete. Ka hoo, sebedisa Bibele ho ba hopotsa hore mahlong a Jehova ke ba bohlokwa. (Sheba lebokose le reng “ Kgothatsa ba Bang o Sebedisa Bibele.”) Hopola ka moo lengeloi le ileng la matlafatsa moprofeta Daniele ka teng ha a ne a nyahame. Jehova o ne a batla ho mo tsebisa hore ke wa bohlokwa. (Dan. 10:2, 11, 19) Ka ho tshwanang, bara le baradibabo rona ba nyahameng ke ba bohlokwa ho Jehova.

21. Ho tla etsahalang ka batho ba etsang dintho tse mpe mme ba sa bake, hona re ka etsang ho kgothatsa batho ba ileng ba hlekefetswa?

21 Ha re kgothatsa batho ba bang, re ba hopotsa hore Jehova o a ba rata. Hape, ha re a lokela ho lebala hore Jehova ke Modimo ya ratang toka mme o tseba motho e mong le e mong ya ileng a hlekefetswa. Ka ha Jehova o bona dintho tsohle, a ke ke a tlohella batho ba etsang dintho tse mpe ba sa bake hore ba fumane kotlo e ba tshwanelang. (Num. 14:18) Ha re ntse re emetse hore seo se etsahale, re lokela ho rata batho ba ileng ba hlekefetswa. Ho feta moo, ke ho kgothatsang hakaakang ho tseba hore Jehova o tla fodisa bohle ba ileng ba sotlwa ke Satane le batho ba mo sebeletsang. Haufinyane, re ke ke ra hlola re hopola dintho tse ileng tsa re utlwisa bohloko.—Esa. 65:17.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

^ par. 5 Ho ka etsahala hore batho ba ileng ba hlekefetswa ka thobalano ha e ntse e le bana, ba lokela ho lwana le ditlamorao tsa se ileng sa ba etsahalla. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha ho le jwalo. Re tla boela re ithute hore na ke mang ya ka ba kgothatsang. Ebe qetellong re ithuta ka moo re ka ba kgothatsang ka teng.

^ par. 11 Ke qeto ya motho ya hlekefeditsweng hore na o tla kgetha ho batla thuso ya dingaka kapa tjhe.

^ par. 76 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona ya behang mohlala o motle, o kgothatsa moradiwabo rona e mong ya utlwileng bohloko.

^ par. 78 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Baholo ba babedi ba etetse moradiwabo rona ya nyahameng mme o kopile moradiwabo rona e mong hore a be teng.