Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 18

Jehova o ’Nile a Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka ka Phuthehong

Jehova o ’Nile a Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka ka Phuthehong

“Tsoelang pele ho jarelana meroalo, kahoo le phethahatse molao oa Kreste.”​—BAGAL. 6:2.

PINA EA 12 Jehova ke Molimo e Moholo

SELELEKELA *

1. Re ka kholiseha ka lintho life tse peli?

JEHOVA MOLIMO o rata barapeli ba hae. Haesale a ba rata ’me re kholisehile hore o tla lula a ba rata. O boetse o rata toka. (Pes. 33:5) Kahoo, re ka kholiseha ka lintho tse peli tse latelang: (1) Jehova o utloa bohloko ha bahlanka ba hae ba tšoaroa ka leeme. (2) O tla etsa bonnete ba hore toka ea phethoa. Sehloohong sa pele, * re ithutile hore Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele ka Moshe, o ne o thehiloe holim’a lerato. O ne o khothaletsa batho bohle hore ba tšoare batho ba bang ka toka, haholo-holo ba se nang mang oe! (Deut. 10:​18) Molao oo o re thusa ho bona hore Jehova o rata barapeli ba hae.

2. Re tl’o araba lipotso life?

2 Molao oa Moshe o ile oa felloa ke nako selemong sa 33 mehleng ea baapostola, ha ho ne ho thehoa phutheho ea Bokreste. Na Bakreste ba ne ba tla phela ntle ho thuso ea molao o lerato le o buellang toka? Ba ne ba ke ke ba khona! Bakreste ba ile ba fuoa molao o mocha. Sehloohong sena, re tl’o qala ka ho ithuta hore na molao oo ke ofe. Ebe re araba lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha re lumela hore molao oo o lerato? Ke hobane’ng ha re lumela hore o buella toka? Tlas’a molao oo, ba etellang pele ba lokela ho tšoara batho joang?

“MOLAO OA KRESTE” KE’NG?

3. “Molao oa Kreste” oo ho buuoang ka oona ho Bagalata 6:2 o akareletsa’ng?

3 Bala Bagalata 6:2. Bakreste ba tlas’a “molao oa Kreste.” Jesu ha aa ka fa balateli ba hae letoto la melao e mengata, empa o ile a ba fa litaelo le melao-motheo e ka ba tataisang. “Molao oa Kreste” o akareletsa lintho tsohle tseo Jesu a ileng a li ruta balateli ba hae. Lirapeng tse latelang, re tl’o ithuta haholoanyane ka molao ona.

4-5. Jesu o ne a ruta batho ka litsela life, hona o ’nile a ba ruta neng?

4 Jesu o ne a ruta ka litsela life? Ea pele, o ne a ruta batho ka lintho tseo a li buang. Mantsoe a hae a ne a le matla hobane o ne a hlalosa seo e leng ’nete ka Molimo, a ruta batho hore na ba lokela ho phelela’ng, a bile a totobatsa ’Muso oa Molimo e le oona tharollo ea mathata ’ohle a batho. (Luka 24:​19) Ea bobeli, Jesu o ne a ruta ka mohlala oa hae. Tsela eo a neng a phela ka eona e ile ea bontša balateli ba hae hore na ba lokela ho phela joang.​—Joh. 13:15.

5 Jesu o ne a ruta batho neng? O ile a ruta batho nakong eo a neng a le lefatšeng mona. (Mat. 4:​23) O ile a boela a ruta balateli ba hae nakoana ka mor’a hore a tsosoe bafung. Mohlala, o ile a itlhahisa ho balateli ba hae ba ka bang 500, eaba o ba fa taelo ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mat. 28:​19, 20; 1 Bakor. 15:6) Kaha Jesu ke eena hlooho ea phutheho, o ile a tsoela pele a ruta balateli ba hae le ha a se a khutletse leholimong. Mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 96, Jesu o ile a laela moapostola Johanne hore a il’o khothatsa le ho khalemela Bakreste ba tlotsitsoeng.​—Bakol. 1:​18; Tšen. 1:1.

6-7. (a) Lintho tseo Jesu a ’nileng a li ruta li tlalehiloe hokae? (b) Re ka bontša joang hore re mamela molao oa Kreste?

6 Lintho tseo Jesu a ’nileng a li ruta batho li tlalehiloe hokae? Likosepele tse ’nè ka Bibeleng li tlalehile lintho tse ngata tseo Jesu a ileng a li bua le tseo a ileng a li etsa ha a le lefatšeng mona. Mangolo a mang a Segerike a Bakreste a re thusa ho utloisisa tsela eo Jesu a nahanang ka eona, hobane batho ba a ngotseng ba ne ba bululetsoe moea o halalelang ba bile ba e-na le “kelello ea Kreste.”​—1 Bakor. 2:16.

7 Re ithuta’ng? Hore lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng li ka re thusa maemong ’ohle a bophelo. Kahoo, molao oa Kreste o ama lintho tseo re li etsang ha re le malapeng, mosebetsing kapa sekolong le ha re le libokeng. Re ithuta molao ona ha re bala Mangolo a Segerike a Bakreste re bile re nahanisisa ka ’ona. Re ikobela molao ona ha re latela litaelo, melao le melao-motheo e Mangolong ao. Ha re mamela molao oa Kreste, ha e le hantle re mamela Jehova Molimo, kaha lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng li tsoa ho eena.​—Joh. 8:28.

MOLAO O LERATO

8. Motheo oa molao oa Kreste ke’ng?

8 Ntlo eo motheo oa eona o tiileng hantle e etsa hore batho ba lulang ka ho eona ba ikutloe ba sireletsehile. Ka tsela e tšoanang, molao o thehiloeng ka sepheo se nepahetseng o etsa hore batho ba o mamelang ba ikutloe ba sireletsehile. Motheo oa Molao oa Kreste ke lerato e leng ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ke hobane’ng ha re lumela joalo?

Ha re e-na le lerato ha re sebelisana le batho ba bang, re bontša hore re mamela “molao oa Kreste” (Sheba serapa sa 9 ho ea ho sa 14) *

9-10. Jesu o ile a bontša joang hore o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lerato, hona re ka mo etsisa joang?

9 Lebaka la pele, Jesu o ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lerato. Ho hauhela batho, kapa ho ba utloela bohloko ho susumetsoa ke lerato. Jesu o ne a susumetsoa ke khauho hore a rute batho, a folise ba kulang, a fepe ba lapileng, a be a tsose bafu. (Mat. 14:​14; 15:​32-38; Mar. 6:​34; Luka 7:​11-15) Le hoja ho etsa lintho tsena ho ne ho hloka Jesu nako e ngata le matla, o ile a itella batho. Ka holimo ho tsohle, o ile a bontša hore o rata batho ka hore a tele bophelo ba hae.​—Joh. 15:13.

10 Re ithuta’ng? Re ka etsisa Jesu ka hore re itelle batho ba bang. Re ka boela ra mo etsisa ka hore re hauhele batho ba tšimong ea rona. Haeba re susumetsoa ke khauho hore re bolele le ho ruta batho litaba tse molemo, re tla be re mamela molao oa Kreste.

11-12. (a) Jehova o ile a bontša joang hore o rata batho? (b) Re ka etsisa tsela eo Jehova a re ratang ka eona joang?

11 La bobeli, Jesu o ile a totobatsa hore Ntate oa hae o lerato. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng mona, o ile a bontša hore Jehova o tsotella barapeli ba hae. E ’ngoe ea lintho tseo Jesu a ileng a li ruta ke hore: Kaofela re ba bohlokoa ho Jehova. (Mat. 10:​31) Jehova o thabela ho amohela nku e neng e hlahlathetse ha e baka ’me e khutlela ka phuthehong. (Luka 15:​7, 10) Jehova o ile a bontša hore o rata batho ka hore a fane ka Mora oa hae hore a tl’o shoa molemong oa rona.​—Joh. 3:16.

12 Re ithuta’ng? Re ka etsisa tsela eo Jehova a re ratang ka eona joang? (Baef. 5:​1, 2) Ka hore re nke bara le barali babo rona bohle e le ba bohlokoa le ka hore re amohele “nku e lahlehileng” ha e khutlela ho Jehova. (Pes. 119:​176) Re paka hore re rata bara le barali babo rona ha re tela nako le matla a rona ho ba thusa, haholo-holo ha ba e-na le mathata. (1 Joh. 3:​17) Re mamela molao oa Kreste ha re bontša hore re rata batho.

13-14. (a) Ho Johanne 13:​34, 35, Jesu o ile a fa balateli ba hae molao ofe, hona ke hobane’ng ha molao oo o le mocha? (b) Re ka bontša joang hore re mamela molao o mocha?

13 La boraro, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba lokela ho ratana. (Bala Johanne 13:​34, 35.) Molao oa Jesu o mocha hobane o laela balateli ba hae hore ba ratane ka tsela e fapaneng le ea Molaong oa Baiseraele, kaha o re: Re lokela ho rata bara le barali babo rona joalokaha Jesu a re rata. Re ba rate ho feta tsela eo re ithatang ka eona. Re lokela ho ba rata hoo re ka telang bophelo ba rona molemong oa bona, joalokaha Jesu a ile a etsa.

14 Re ithuta’ng? Re ka bontša joang hore re mamela molao o mocha? Ka hore re itelle bara le barali babo rona. Re lokela ho ba rata haholo hoo re ka ba shoelang, empa re ntse re lokela ho ba tella le lintho tse nyenyane. Mohlala, haeba re tloaetse ho lata bara le barali babo rona ba holileng hore ba tle libokeng, kapa re ithaopela ho tela lintho tseo re li ratang molemong oa batho ba bang, kapa re nka matsatsi a rona a phomolo mosebetsing e le hore re ka ea thusa moo ho hlahileng koluoa, re bontša hore re mamela molao oa Kreste. Re boetse re kenya letsoho ho etsa hore batho bohle ka phuthehong ba ikutloe ba sireletsehile.

MOLAO O BUELLANG TOKA

15-17. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o na le toka? (b) Re ka mo etsisa joang?

15 Lentsoe “Toka,” le sebelisoang ka Bibeleng le bolela ho etsa lintho ka tsela eo Molimo a e nkang e nepahetse ebile e se ka leeme. Ke hobane’ng ha re lumela hore molao oa Kreste o na le toka?

Jesu o ne a hlompha basali a bile a le mosa ho bona ho akareletsa le bao batho ba neng ba ba nyatsa (Sheba serapa sa 16) *

16 Lebaka la pele, nahana kamoo lintho tseo Jesu a li entseng li bontšang hore o na le toka kateng. Ha a sa le lefatšeng, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba hloile batho bao e seng Bajuda le Bajuda ba sa rutehang, ba bile ba sa hlomphe basali. Empa Jesu o ne a tšoara motho e mong le e mong ka toka. O ile a lumella batho bao e seng Bajuda ba neng ba e-na le tumelo ho eena hore e be balateli ba hae. (Mat. 8:​5-10, 13) O ne a sa khethe nku ka pere, empa o ne a pakela batho bohle ba ruileng le ba futsanehileng. (Mat. 11:5; Luka 19:​2, 9) O ne a sa hlekefetse basali a bile a sa ba tšoare ka thata. Ho e-na hoo, o ne a ba hlompha, a le mosa ho bona, ho akareletsa le bao batho ba neng ba ba khesa.​—Luka 7:​37-39, 44-50.

17 Re ithuta’ng? Re ka etsisa Jesu ka hore re tšoare batho bohle ka toka ’me re ba bolelle litaba tse molemo, ho sa tsotellehe maemo a bona sechabeng kapa bolumeli ba bona. Banna ba Bakreste ba ka etsisa Jesu ka hore ba hlomphe basali ba bona. Ha re etsa lintho tsena, re bontša hore re mamela molao oa Kreste.

18-19. Jesu o ile a ruta balateli ba hae eng mabapi le toka, hona re ithuta’ng?

18 La bobeli, nahana ka lintho tseo Jesu a ileng a li ruta mabapi le toka. O ile a ruta balateli ba hae melao-motheo e neng e tla ba thusa ho tšoara batho ba bang ka toka. Mohlala, nahana ka Molao oa Khauta. (Mat. 7:​12) Kaofela re batla ho tšoaroa ka toka. Kahoo, re lokela ho tšoara batho ba bang ka toka. Haeba re etsa joalo, ba ka ’na ba susumetseha hore le bona ba re tšoare ka toka. Empa re tla etsa’ng haeba re sa tšoaroe ka toka? Jesu o ile a boela a ruta balateli ba hae hore ba lokela ho tšepa hore Jehova o tla “etsa hore toka e etsetsoe [bohle] ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare.” (Luka 18:​6, 7) Ha e le hantle, mantsoe ana ke tšepiso ea hore: Molimo oa rona ea lokileng o ela hloko mathata ao re thulanang le ’ona matsatsing ana a ho qetela ’me o tla ahlola ka toka ka nako ea hae e loketseng.​—2 Bathes. 1:6.

19 Re ithuta’ng? Ha re mamela melao-motheo eo Jesu a re rutileng eona, re tla tšoara batho bohle ka toka. Hape, haeba re tšoeroe ka ho hloka toka lefatšeng lena la Satane, re ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o tla khutlisetsa molamu sefateng ka nako ea hae e loketseng.

BA ETELLANG PELE BA LOKELA HO TŠOARA BATHO JOANG?

20-21. (a) Ba etellang pele ba lokela ho tšoara batho joang? (b) Ntate a ka bontša joang hore o rata mosali oa hae, hona o lokela ho tšoara bana ba hae joang?

20 Molao oa Kreste o re ba etellang pele ba lokela ho tšoara batho joang? Kaha lerato ke lona motheo oa molao ona, ba etellang pele ba lokela ho hlompha batho le ho ba rata. Ba lokela ho hopola hore Jesu o batla hore re etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lerato.

21 Ka lapeng. Monna o lokela ho rata mosali oa hae “joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.” (Baef. 5:​25, 28, 29) Monna o lokela ho etsisa Jesu ka hore a itelle ho etsa lintho tseo mosali oa hae a li ratang. Banna ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho bontša lerato ka tsela ena, mohlomong hobane ba holetse sebakeng seo ho etsa joalo e seng ntho e nkeloang hloohong. Ba ka ’na ba thatafalloa ho ithuta mokhoa ona o mocha, empa ba lokela ho etsa joalo e le ho bontša hore ba mamela molao oa Kreste. Monna ea ratang mosali oa hae ka tsela ena, o mo nolofaletsa hore a mo hlomphe. Ntate ea ratang bana ba hae e le kannete a ke ke a ba utloisa bohloko ka lintho tseo a li buang kapa tseo a li etsang. (Baef. 4:​31) Ho e-na le hoo, o tla ba bontša hore oa ba rata ka tsela e tla etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile. Bana ba ntate ea joalo baa mo rata ba bile baa mo hlompha.

22. Ho ea ka 1 Petrose 5:​1-3 “linku” ke tsa mang, hona li lokela ho hlokomeloa joang?

22 Ka phuthehong. Baholo ba lokela ho hopola hore “linku” ha se tsa bona. (Joh. 10:​16; bala 1 Petrose 5:​1-3.) Mantsoe a kang “mohlape oa Molimo” le “lefa la Molimo” a hopotsa baholo hore linku ke tsa Jehova. O batla hore linku tsa hae li hlokomeloe ka lerato le ka mosa. (1 Bathes. 2:​7, 8) Jehova o rata baholo ba hlokomelang linku tsa hae ka lerato. Bahoeletsi le bona ba rata baholo ba joalo ba bile baa ba hlompha.

23-24. (a) Baholo ba lokela ho etsa’ng ha ho e-na le motho ea entseng sebe se tebileng? (b) Baholo ba lokela ho lula ba hopola eng ha ba ahlola litaba tse joalo?

23 Baholo ba lokela ho etsa’ng ha ho e-na le motho ea entseng sebe se tebileng? Boikarabelo ba bona bo fapane le ba baahloli le ba banna ba baholo ba mehleng ea Baiseraele. Molaong oa Moshe, baahloli ba ne ba ahlola litaba tse amanang le borapeli bo hloekileng ba Jehova, hammoho le tsa litlolo tsa molao. Empa tlas’a molao oa Kreste, baholo ba ahlola litaba tse amanang le borapeli bo hloekileng ba Jehova feela. Baa utloisisa hore Molimo o file ba boholong pusong boikarabelo ba ho ahlola litaba tse amanang le litlolo tsa molao. Le hore ba boholong ke bona ba nang le boikarabelo ba ho fana ka likotlo le ho isa batho chankaneng.​—Bar. 13:​1-4.

24 Boikarabelo ba baholo ke bofe ha motho ea itseng ka phuthehong a entse sebe se tebileng? Ba lokela ho sebelisa Mangolo hore ba hlahlobe botebo ba sebe seo ’me ba etse qeto. Ba lokela ho lula ba hopola hore lerato ke lona motheo oa molao oa Kreste. Lerato le lokela ho susumetsa baholo hore ba ipotse lipotso tse latelang: Ho lokela ho etsoe’ng ka batho bao e leng mahlatsipa a sebe se itseng se tebileng? Mabapi le motho ea entseng sebe seo, lerato le lokela ho susumetsa baholo hore ba ipotse: Na ehlile o bakile? Na re ka khona ho mo thusa hore a matlafatse kamano ea hae le Molimo?

25. Re tl’o araba potso efe sehloohong se latelang?

25 Kannete rea thaba hore ebe re tlas’a molao oa Kreste. Haeba kaofela re sebetsa ka thata ho ikobela molao ona, re etsa hore phutheho ea habo rona ebe sebaka seo batho ba tla utloa hore baa ratoa, ke ba bohlokoa ebile ba sireletsehile ha ba le ho sona. Leha ho le joalo, re phela lefatšeng leo ho lona “batho ba khopo” ba ntseng ba “tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:​13) Kahoo, re lokela ho lula re lebetse. Ebe phutheho ea Bokreste e ka bontša toka joang ha e sebetsana le batho ba hlekefetsang bana ka motabo? Sehloohong se latelang, re tl’o fumana karabo ea potso ena.

PINA EA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova

^ ser. 5 Sehlooho sena ke sa bobeli ho tse ’nè tse tl’o re thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova ke Molimo ea lerato le ea nang le toka. Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba tšoaroe ka toka, ’me o tšelisa bohle ba tšoeroeng ka leeme lefatšeng lena le khopo.

^ ser. 1 Sheba sehlooho se reng “Mehleng ea Baiseraele Jehova o Ile a Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka” se khatisong ea Molula-Qhooa oa February 2019.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o bona mohlolohali ea hlokahaletsoeng ke mora oa hae ea mong to! O susumetsoa ke khauho hore a tsose ngoana eo.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o memetsoe lijong lapeng la Mofarisi e mong ea bitsoang Simone. Mosali e mong eo mohlomong e leng letekatse o sa tsoa hlatsoa maoto a Jesu ka meokho ea hae, a a phumola ka moriri oa hae le ho a tlotsa ka oli. Simone o nyatsa ntho e entsoeng ke mosali eo empa Jesu oa mo sireletsa.