Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 18

Lerato le Toka ka Phuthehong

Lerato le Toka ka Phuthehong

“Tswelang pele ho jarelana merwalo, ka hoo le phethahatse molao wa Kreste.”—BAGAL. 6:2.

PINA YA 12 Jehova, Modimo e Moholo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Re ka kgodiseha ka dintho dife tse pedi?

JEHOVA MODIMO o rata bahlanka ba hae. Haesale a ba rata mme o tla nne a ba rate. O boetse o rata toka. (Pes. 33:5) Ka hona, re ka kgodiseha ka dintho tsena tse pedi: (1) Jehova o utlwa bohloko ha bahlanka ba hae ba sa tshwarwe hantle. (2) Jehova o tla etsa bonnete ba hore bahlanka ba hae ba tshwarwa ka toka. Sehloohong sa pele ho tsena tse nne, * re ithutile hore molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe, o ne o thehilwe leratong. Molao ona o ne o kgothalletsa hore batho bohle ho akarelletsa le ba neng ba sa kgone ho itshireletsa, ba tshwarwe ka toka. (Deut. 10:18) Molao oo, o bontsha ka ho hlaka hore Jehova o kgathalla barapedi ba hae.

2. Re tlo araba dipotso dife?

2 Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ile wa fela ka selemo sa 33, ha ho ne ho thehwa phutheho ya Bokreste. Empa na ho fediswa ha molao oo, ho ne ho bolela hore Bakreste ba ne ba ke ke ba hlola ba ba le molao o ba sireletsang, o thehilweng leratong le o neng o kgothalletsa hore batho ba tshwarwe ka toka? Ha ho jwalo. Bakreste ba ne ba se ba ena le molao o motjha. Sehloohong sena, re tlo qala ka ho hlahloba hore na molao oo ke ofe. Ebe re araba dipotso tsena tse latelang: Ke hobaneng ha re ka re molao ona o thehilwe leratong? Hape ke hobaneng ha re ka re o kgothalletsa toka? Hona tlasa molao oo, ba nang le matla a bolaodi ba lokela ho tshwara batho ba bang jwang?

“MOLAO WA KRESTE” O AKARELLETSANG?

3. Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Bagalata 6:2, “molao wa Kreste” o akarelletsang?

3 Bala Bagalata 6:2. Bakreste ba tlasa “molao wa Kreste.” Jesu ha a ka a ngolla balatedi ba hae lethathamo la melao, empa o ile a ba fa ditaelo le melaomotheo eo ba neng ba lokela ho phela ka yona. “Molao wa Kreste” o akarelletsa dintho tsohle tseo a neng a di ruta. Re tla ithuta ka ho eketsehileng ka molao ona dirapeng tse latelang.

4-5. Jesu o ne a sebedisa mekgwa efe ya ho ruta, hona o ne a ruta neng?

4 Jesu o ne a sebedisa mekgwa efe ya ho ruta? Mokgwa wa pele, o ne a ruta batho ka seo a neng a se bua. Mantswe a hae a ne a le matla ka ha o ne a ruta nnete ka Modimo, a ruta batho tsela eo ba lokelang ho phela ka yona le hore ke Mmuso wa Modimo feela o tla fedisa mathata a bona. (Luka 24:19) Hape Jesu o ile a behela balatedi ba hae mohlala wa ka moo ba lokelang ho phela ka teng.—Joh. 13:15.

5 Jesu o ne a ruta neng? Nakong eo a neng a etsa tshebeletso ya hae mona lefatsheng. (Mat. 4:23) Hape o ile a ruta balatedi ba hae nakwana ka mora hore a tsoswe. Ka mohlala, o ile a hlaha ka pela sehlopha sa barutuwa ba ka bang 500 mme a ba laela hore ba “etse batho barutuwa.” (Mat. 28:19, 20; 1 Bakor. 15:6) Jwalo ka hlooho ya phutheho, Jesu o ile a tswelapele a tataisa barutuwa ba hae le ha a se a kgutletse lehodimong. Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 96, Kreste o ile a laela moapostola Johanne hore a kgothatse le ho eletsa Bakreste ba tlotsitsweng.—Bakol. 1:18; Tšen. 1:1.

6-7. (a) Dithuto tsa Jesu di tlalehilwe hokae? (b) Re ka bontsha jwang hore re mamela molao wa Kreste?

6 Dithuto tsa Jesu di tlalehilwe hokae? Dintho tse ngata tseo Jesu a neng a di etsa le ho di ruta di tlalehilwe ka Dikosepeleng tse nne tsa Bibele. Mangolo a mang a Sekgerike a Bakreste le ona, a re thusa ho utlwisisa tsela eo Jesu a neng a nahana ka yona, ka ha batho ba ileng ba a ngola ba ne ba buduletswe ka moya o halalelang ebile ba ena le “kelello ya Kreste.”—1 Bakor. 2:16.

7 Re Ithutang? Dintho tsohle tseo Jesu a neng a di ruta, di ka re tswela molemo dikarolong tsohle tsa bophelo. Ka hoo, molao wa Kreste o a re tataisa, ebang re lapeng, mosebetsing, sekolong kapa ka phuthehong. Re ka ithuta molao ona ka ho bala Mangolo a Segerike a Bakreste le ho nahanisisa ka seo re se balang. Jwale re tla be re mamela molao wa Kreste haeba re phela ho latela melao le melaomotheo e fumanwang Mangolong ana. Ha re latela molao wa Kreste, ha e le hantle re tla be re mamela Jehova, ka ha dintho tsohle tseo Jesu a neng a di ruta di ne di tswa ho yena.—Joh. 8:28.

MOLAO O THEHILWENG LERATONG

8. Molao wa Kreste o thehilwe ho eng?

8 Batho ba ikutlwa ba sireletsehile haeba ba dula ntlong e nang le motheo o tiileng. Ka tsela e tshwanang, batho ba tla ikutlwa ba sireletsehile haeba ba mamela molao o nang le motheo o tiileng. Molao wa Kreste o thehilwe motheong o tiileng ka ho fetisisa, e leng lerato. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

Re bontsha hore re mamela “molao wa Kreste” haeba re tshwara batho ba bang ka lerato (Sheba serapa sa 9-14) *

9-10. Ke dintho dife tse bontshang hore Jesu o ne a susumetswa ke lerato, hona re ka mo etsisa jwang?

9 Ntlha ya pele, Jesu o ne a susumetswa ke lerato nthong e nngwe le e nngwe eo a neng a e etsa. Haeba re qenehela batho ba bang, re bontsha hore re a ba rata. Jesu o ne a susumetswa ke qenehelo e jwalo ha a ne a ruta bongata, a fodisa ba kulang, a fepa ba lapileng a bile a tsosa bafu. (Mat. 14:14; 15:32-38; Mar. 6:34; Luka 7:11-15) Le hoja ho etsa dintho tsena ho ne ho hloka hore Jesu a sebedise nako ya hae e ngata le matla, o ne a ikemiseditse ho beha ditlhoko tsa ba bang pele ho tsa hae. Ka hodima tsohle, o ile a bontsha hore o rata batho haholo ka hore a fane ka bophelo ba hae molemong wa bona.—Joh. 15:13.

10 Re Ithutang? Le rona re ka etsisa Jesu ka hore re behe ditlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa rona. Re ka boela ra mo etsisa ka hore re bontshe qenehelo ho batho ba tshimong. Haeba re ba qenehela, re tla susumelletseha hore re ba bolelle ditaba tse molemo mme ka ho etsa jwalo re tla be re mamela molao wa Kreste.

11-12. (a) Keng e bontshang hore Jehova o a re rata? (b) Re ka etsisa Jehova jwang ka ho bontsha ba bang lerato?

11 Ntlha ya bobedi, Jesu o bontshitse lerato la Ntate wa hae. Ha Jesu a ne a etsa tshebeletso ya hae, o ile a bontsha ka moo Jehova a ratang barapedi ba hae ka teng. Hara dintho tse ding tseo Jesu a ileng a di ruta, o ile a bontsha hore Jehova o nka e mong le e mong wa rona e le wa bohlokwa. (Mat. 10:31) Jehova o boetse o ikemiseditse ho amohela moetsadibe ya bakang mme a kgutlela ho yena. (Luka 15:7, 10) Le hore o re bontshitse ka moo a re ratang ka teng ka hore a fane ka Mora wa hae e le thekollo molemong wa rona.—Joh. 3:16.

12 Re Ithutang? Re ka etsisa Jehova jwang ka ho bontsha ba bang lerato? (Baef. 5:1, 2) Re nka bara le baradibabo rona e le ba bohlokwa mme re thabela ho amohela “nku e lahlehileng” e kgutlelang ho Jehova. (Pes. 119:176) Re bontsha hore re rata bara le baradibabo rona ka hore re itelle bona mme re ba thuse. (1 Joh. 3:17) Ka hona, re tla be re mamela molao wa Kreste haeba re bontsha ba bang hore re a ba rata.

13-14. (a) Ho Johanne 13:34, 35, Jesu o laetse balatedi ba hae hore ba etseng, hona ke hobaneng ha eo e le taelo e ntjha? (b) Re bontsha jwang hore re mamela taelo e ntjha?

13 Ntlha ya boraro, Jesu o laetse balatedi ba hae hore ba rate batho ba bang le ho itella bona. (Bala Johanne 13:34, 35.) Taelo ya Jesu e ntjha hobane e hloka hore re bontshe lerato le fetang le neng le ngotswe Molaong oo Modimo a neng a o file Baiseraele, ka ha yona e re re rate Bakrestemmoho jwalo ka ha Jesu a ile a re rata. Sena se bolela hore re lokela ho rata ba bang le ho itela bakeng sa bona. * Ka hoo, re lokela ho rata bara le baradibabo rona ho feta ka moo re ithatang ka teng. Re lokela ho ba rata ho ya boholeng ba hore re ba shwele, feela jwalo ka ha Jesu a ile a re shwela.

14 Re Ithutang? Re bontsha jwang hore re mamela taelo e ntjha? Ka hore re itele molemong wa bara le baradibabo rona. Sena ha se bolele hore re lokela ho tela bophelo ba rona feela, empa le ho tela dintho tse nyane e le hore re ba thuse. Ka mohlala, re bontsha boitelo haeba re ipha nako ya ho isa mora kapa moradiwabo rona ya seng a hodile dibokeng, re ikemiseditse ho tela ntho e itseng ho re re thabise motho eo re mo ratang kapa re nka matsatsi a itseng mosebetsing e le hore re ilo thusa moo ho nang le dikoduwa tsa tlhaho. Haeba re bontsha boitelo ka tsela ena, re tla be re mamela molao wa Kreste. Hape re tla be re etsa hore phutheho ya rona ebe sebaka se sireletsehileng bakeng sa motho e mong le e mong.

MOLAO O KGOTHALLETSANG TOKA

15-17. (a) Diketso tsa Jesu di ile tsa bontsha jwang hore o rata toka? (b) Hona re ka mo etsisa jwang?

15 Jwalo ka ha Bibele e bolela, motho ya ratang toka ke ya etsang dintho tseo Modimo a di amohelang mme a etsa jwalo ntle ho kgethollo. Ke hobaneng ha re ka re molao wa Kreste o kgothalletsa toka?

Jesu o ne a le mosa a bile a hlompha basadi, ho akarelletsa le bao batho ba neng ba ba nyatsa (Sheba serapa sa 16) *

16 A re qale ka ho hlahloba hore na ke jwang diketso tsa Jesu di ileng tsa bontsha hore o rata toka. Mehleng ya Jesu, baetapele ba Bajuda ba ne ba hloile batho bao eseng Bajuda, ba kgella Bajuda ba sa yang sekolong sa bodumedi fatshe ebile ba nyatsa basadi. Ho fapana le bona, Jesu o ne a sa kgetholle batho. O ne a amohela batho bao eseng Bajuda hore e be balatedi ba hae. (Mat. 8:5-10, 13) Hape o ne a bolella batho bohle molaetsa wa Bibele a sa kgetholle hore na ke barui kapa ke bafutsana. (Mat. 11:5; Luka 19:2, 9) Jesu o ne a boetse a le mosa ho basadi ebile a ba tshwara hantle. Ho fapana le baetapele ba Bajuda, Jesu yena o ne a hlompha basadi haesita le bao batho ba neng ba ba nyatsa.—Luka 7:37-39, 44-50.

17 Re Ithutang? Re tla be re etsisa Jesu haeba re bolella batho bohle ditaba tse molemo, re sa ba kgetholle ho ya ka boemo ba bona ba ditjhelete kapa bodumedi. Banna ba Bakreste le bona ba tla be ba etsisa Jesu haeba ba tshwara basadi ka tlhompho. Ka hoo, haeba re etsa sena, re tla be re mamela molao wa Kreste.

18-19. Keng seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le toka, hona re ithutang ho seo?

18 Ntlha ya bobedi, a re hlahlobeng seo Jesu a neng a se ruta mabapi le toka. O ile a ruta molaomotheo o neng o tla thusa balatedi ba hae hore ba se ke ba ba le kgethollo. Ka mohlala, nahana ka Molao wa Kgauta. (Mat. 7:12) Ha ho na motho ya batlang ho kgethollwa, ka hoo le rona ha re a lokela ho kgetholla batho ba bang. Haeba re etsa jwalo, le bona ba ka nna ba se ke ba re kgetholla. Jwale ho thweng haeba re kgethollwa? Jesu o ile a boela a ruta balatedi ba hae hore Jehova o ne a tla “etsa hore toka e etsetswe ba hweletsang ho yena bosiu le motshehare.” (Luka 18:6, 7) Ha e le hantle mantswe ana ke tshepiso ya hore Modimo wa rona ya nang toka, o bona diteko tseo re kopanang le tsona matsatsing ana a ho qetela mme o tla etsa hore toka e phethahatswe ka nako e loketseng.—2 Bathes. 1:6.

19 Re Ithutang? Ha re latela melaomotheo eo Jesu a ileng a e ruta, re tla tshwara batho ba bang ka toka. Athe haeba re kile ra tshwarwa ka ho hloka toka lefatsheng lena la Satane, re tshediswa ke ho tseba hore Jehova o tla etsa hore toka e phethahatswe bakeng sa rona.

BA NANG LE MATLA A BOLAODI BA LOKELA HO TSHWARA BA BANG JWANG?

20-21. (a) Batho ba nang le matla a bolaodi ba lokela ho tshwara ba bang jwang? (b) Monna a ka bontsha jwang hore o a itela, hona Ntate o lokela ho tshwara bana ba hae jwang?

20 Tlasa molao wa Kreste, batho nang le matla a bolaodi ba lokela ho tshwara ba bang jwang? Ka ha motheo wa molao ona ke lerato, batho ba nang le matla a bolaodi, ba lokela ho rata batho ba bang le ho ba hlompha. Ba lokela ho hopola hore Kreste o batla hore ba bontshe lerato nthong e nngwe le e nngwe eo ba e etsang.

21 Ka lapeng. Monna o lokela ho rata mosadi wa hae “jwalo ka ha Kreste le yena a ile a rata phutheho.” (Baef. 5:25, 28, 29) Monna o lokela ho etsisa Kreste ka hore a itele mme a behe maikutlo le ditlhoko tsa mosadi wa hae pele ho tsa hae. Banna ba bang ba ka nna ba thatafallwa ke ho bontsha lerato le jwalo le nang le boitelo, hobane setsong sa bona ho bontsha batho ba bang lerato le toka ha se ntho ya bohlokwa. Ho ka nna ha eba thata hore ba tlohele mekgwa ena. Le ha ho le jwalo, ba tlameha ho etsa diphetoho e le hore ba mamele molao wa Kreste. Ho ba bonolo hore mosadi a hlomphe monna wa hae haeba monna a beha ditlhoko tsa hae pele. Ntate ya ratang bana ba hae e le ka nnete, a ke ke a ba hlekefetsa ka dipuo kapa ka diketso. (Baef. 4:31) Ho ena le hoo, o bontsha bana ba hae hore o a ba rata mme sena se etsa hore ba ikutlwe ba sireletsehile. Ha ntate a etsa jwalo, bana ba hae ba tla mo rata le ho mo hlompha.

22. Ho ya ka 1 Petrose 5:1-3, “dinku” ke tsa mang, hona di lokela ho tshwarwa jwang?

22 Ka phuthehong. Baholo ba lokela ho hopola hore “dinku” ha se tsa bona. (Joh. 10:16; bala 1 Petrose 5:1-3.) Mantswe ana “mohlape wa Modimo” le “lefa la Modimo” a hopotsa baholo hore ha e le hantle dinku ke tsa Jehova mme o batla hore di bontshwe lerato le qenehelo. (1 Bathes. 2:7, 8) Jehova o amohela baholo bao ka lerato ba phethang boikarabelo ba bona ba ho ba badisa. Bara bana babo rona, ba boetse ba amohela lerato le tlhompho ho tswa ho Bakrestemmoho.

23-24. (a) Baholo ba na le boikarabelo bofe ha setho sa phutheho se entse sebe se tebileng? (b) Hona ba lokela ho hopolang ha ba sebetsana le boemo bo jwalo?

23 Baholo ba na le boikarabelo bofe ha setho sa phutheho se entse sebe se tebileng? Boikarabelo ba bona bo fapane le boo baahlodi le baholo ba mehleng ya Baiseraele ba neng ba ena le bona. Tlasa molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele, banna ba neng ba kgethilwe ba ne ba sa sebetsane feela le ditaba tse amang le borapedi ba motho ho Modimo, empa ba ne ba boetse ba sebetsana le ditaba tsa setjhaba le tsa tlolo ya molao. Tlasa molao wa Kreste teng, baholo ba na le boikarabelo ba ho sebetsana feela le ditaba tse amanang le borapedi ba motho ho Modimo. Ba a tseba hore Modimo o file ba boholong pusong boikarabelo ba ho sebetsana le ditaba tsa setjhaba le tsa tlolo ya molao, ebile ba na le matla a ho fana ka kotlo jwalo ka hore motho a patadiswe tjhelete e itseng kapa a kwallwe teronkong.—Bar. 13:1-4.

24 Baholo ba sebetsana jwang le nyewe ya motho ya entseng sebe se tebileng? Ba hlahlobisisa ditaba le ho etsa diqeto ba sebedisa Bibele. Ba a hopola hore lerato ke motheo wa molao wa Kreste. Ka hoo, lerato lena le ba susumelletsa hore ba ipotse: Ebe keng e ka thusang e mong le mong ya ka phuthehong, ya ileng a hlekefetswa nakong e fetileng? Ha motho a entse sebe, ka lerato baholo ba lokela ho hlahloba hore na o bakile kapa tjhe le hore na ba ka kgona ho mo thusa ho boela a ba le kamano e ntle le Jehova.

25. Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

25 Re thaba hakaakang hore ebe re tlasa molao wa Kreste! Jwale haeba re sebetsa ka thata ho mamela molao ona, re etsa hore phutheho ebe sebaka seo ho sona e mong le e mong a tla ikutlwa a ratwa, e le wa bohlokwa a bile a sireletsehile. Nnete ke hore re phela lefatsheng leo ho lona “batho ba kgopo” ba tswelang pele “ho tloha bobeng ho ya bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:13) Ka hona, re lokela ho dula re fadimehile. Empa phutheho e ka bontsha jwang hore Modimo o rata toka ha e sebetsana le taba ya ha ngwana a hlekefeditswe ka thobalano? Sehlooho se latelang se tla araba potso eo.

PINA YA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova!

^ par. 5 Sehlooho sena le tse pedi tse tla latela, di tla tshohla hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore ruri Jehova o a re rata ebile o batla hore re tshwarwe hantle. O batla hore bahlanka ba hae ba tshwarwe ka toka mme o tshedisa bohle bao lefatshe lena le ba utlwisitseng bohloko.

^ par. 1 Sheba sehlooho se reng “Lerato le Toka Mehleng ya Baiseraele” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya February 2019.

^ par. 13 TLHALOSO YA LENTSWE: Ho itela bakeng sa batho ba bang ho re susumelletsa ho beha maikutlo le ditlhoko tsa bona pele ho tsa rona. Sena se bolela hore re ikemiseditse ho itima ntho e itseng hore feela re thuse batho ba bang.

^ par. 61 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o bona mosadi wa mohlolohadi ya sa tswa hlokahallwa ke mora. Jesu o tsosa mohlankana enwa hobane a susumetswa ke kgauho.

^ par. 63 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o ja dijo lelapeng la Mofarisi e mong ya bitswang Simone. Mosadi e mong eo e ka nnang ya ba e ne e le seotswa, o qeta ho hlatswa maoto a Jesu ka meokgo ya hae, a a phumula ka moriri wa hae a ba a a tshela ka oli. Simone o kgalemela mosadi enwa, empa Jesu o a mo buella.