Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25

Tshepa Jehova ha o le Tlasa Kgatello

Tshepa Jehova ha o le Tlasa Kgatello

‘Ke . . . tshwenyehile moyeng.’​—1 SAM. 1:15.

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha re tlameha ho mamela keletso ya Jesu?

HA JESU a ne a bua ka matsatsi a ho qetela, o ile a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke . . . matshwenyeho a bophelo.” (Luka 21:​34) Re tlameha ho mamela keletso eo. Hobaneng? Hobane kaofela re hlahelwa ke mathata a tshwanang.

2. Bara le baradibabo rona ba tobana le mathata afe?

2 Ka dinako tse ding re tobana le mathata a mangata ka nako e le nngwe. Hlokomela mehlala e latelang. Morabo rona e mong ya bitswang John * ya nang le lefu le amang boko, le mo sitisang hore a sebedise ditho tse ding tsa mmele, o ile a utlwa bohloko haholo ha mosadi wa hae a mo siya ka mora dilemo tse 19 ba nyalane. Yaba ha morao baradi ba hae ba babedi ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Banyalani ba bang e leng Bob le Linda, ba ile ba kopana le mathata a fapaneng le a John. Ba ile ba lahlehelwa ke mosebetsi, ba ba ba lahlehelwa ke lehae la bona. Ho ekelletsa mathateng ao, ngaka e ile ya bolella Linda hore o na le bothata ba pelo bo ka etsang hore a hlokahale. Linda o ile a boela a fumana hore o na le lefu le leng le hlaselang masole a mmele.

3. Ho ya ka Bafilipi 4:6, 7, keng eo re ka kgodisehang ka yona?

3 Re ka kgodiseha hore Mmopi le Ntate wa rona ya lerato Jehova, o utlwisisa ka moo mathata a re amang ka teng mme o batla ho re thusa ho sebetsana le ona. (Bala Bafilipi 4:6, 7.) Bibele ena le ditlaleho tse ngata tse buang ka mathata ao bahlanka ba Jehova ba ileng ba a mamella. E boetse e re bolella ka moo Jehova a ileng a ba thusa ho sebetsana le mathata ao ka teng. A re ke re hlahlobeng ditlaleho tse seng kae.

ELIA E NE E LE “MOTHO YA NANG LE MAIKUTLO A JWALO KA A RONA”

4. Elia o ile a tobana le mathata afe, hona o ile a ikutlwa jwang ka Jehova?

4 Elia o sebeleditse Jehova tlasa maemo a thata mme bophelo ba hae bo ne bo le kotsing. Morena Akabe e ne e le e mong wa marena a neng a sa tshepahale a Iseraele mme o ne a nyetse Jezebele ya kgopo, eo e neng e le morapedi wa Baale. Ka bobedi ba ile ba kgothalletsa batho hore ba rapele Baale mme ba bolaya baprofeta ba bangata ba Jehova. Empa Elia yena o ile a pholoha. Ka ha o ne a itshetlehile ka Jehova, o ile a boela a pholoha tlala ya boja dikata. (1 Mar. 17:2-4, 14-16) Ho ekelletsa moo, Elia o ile a tshepa Jehova ha a ne a tobane le baprofeta le barapedi ba Baale. O ile a kgothalletsa Baiseraele hore ba sebeletse Jehova. (1 Mar. 18:21-24, 36-38) Ka sebele Elia o ne a ena le bopaki bo felletseng ba hore ke Jehova ya neng a mo tshehetsa dinakong tseo tse thata.

Jehova o ile a romela lengeloi hore le ilo matlafatsa Elia (Sheba serapa sa 5-6) *

5-6. Ho ya ka 1 Marena 19:1-4, Elia o ne a ikutlwa jwang, hona Jehova o ile a bontsha jwang hore o a mo rata?

5 Bala 1 Marena 19:1-4. Le ha ho le jwalo, Elia o ile a tshoha haholo ha Mofumahadi Jezebele a mo tshosetsa ka hore o tla mo bolaya. Yaba o balehela sebakeng se bitswang Beerseba. O ne a nyahame hoo a ileng a “kopa hore moya wa hae o shwe.” Ebe keng e ileng ya etsa hore a ikutlwe ka tsela eo? Lebaka ke hore o ne a sa phethahala, e ne e le “motho ya nang le maikutlo a jwalo ka a rona.” (Jak. 5:17) Mohlomong o ne a utlwa a tshwenyehile abile a kgathetse haholo. E ka nna yaba Elia o ne a bona e ka boiteko boo a bo etsang ba ho thusa batho hore ba tle borapeding bo hlwekileng, e ne e le ba lefeela. Hape o ne a bona e ka batho ba Iseraele ha ba fetohe le hore ke yena feela ya ntseng a sebeletsa Jehova. (1 Mar. 18:3, 4, 13; 19:10, 14) Re ka nna ra makatswa ke hore moprofeta enwa ya tshepahalang o ne a ikutlwa ka tsela ena. Empa Jehova o ne a utlwisisa ka moo a neng a ikutlwa ka teng.

6 Jehova ha a ka a omanya Elia ka hore ebe o ile a ntsha maikutlo a hae. Ho ena le hoo, o ile a mo matlafatsa. (1 Mar. 19:5-7) Ha morao, ka mosa Jehova o ile a lokisa monahano wa Elia ka ho mo bontsha matla a hae a maholo. Jehova o ile a boela a mo bolella hore o ntse a ena le batho ba ka bang 7 000, ba ileng ba hana ho rapela Baale. (1 Mar. 19:11-18) Ka ho etsa dintho tsena, Jehova o ile a bontsha Elia hore o a mo rata.

KA MOO JEHOVA A RE THUSANG KA TENG

7. Tsela eo Jehova a ileng a thusa Elia ka yona, e etsa hore re kgodisehe kang?

7 Na hona le ntho e o tshwenyang? Ke ho kgothatsang hakaakang ho tseba hore Jehova o ne a utlwisisa ka moo Elia a neng a ikutlwa ka teng. Sena se a re kgodisa hore o boetse o utlwisisa ka moo re ikutlwang ka teng ha re tobana le mathata. Jehova o tseba moo matla a rona a fellang teng, hape o tseba seo re se nahanang le tsela eo re ikutlwang ka yona. (Pes. 103:14; 139:3, 4) Jwale haeba re etsisa Elia ka hore re itshetlehe ka Jehova, o tla re thusa hore re sebetsane le mathata a re nyahamisang.​—Pes. 55:22.

8. Jehova a ka o thusa jwang hore o sebetsane le ho tshwenyeha?

8 Ho tshwenyeha ho ka etsa o nahane hore boemo ba hao bo ke ke ba fetoha mme seo se ka o nyahamisa. Haeba seo se ka etsahala, hopola hore Jehova o tla o thusa boemong boo. O tla o thusa jwang? O batla hore o mo bolelle mathata a hao le hore na o ikutlwa jwang mme o tla o araba. (Pes. 5:3; 1 Pet. 5:7) Ka hona, rapela Jehova ka mehla mme o mo bolelle dintho tse o tshwenyang. Ke nnete hore a ke ke a bua le wena ka ho toba jwalo ka ha a ile a etsa ho Elia, empa o tla sebedisa Bibele le mokgatlo wa hae. Ditlaleho tseo o balang ka tsona ka Bibeleng, di tla o tshedisa le ho o fa tshepo. Hape, bara le baradi beno ba tla o kgothatsa.​—Bar. 15:4; Baheb. 10:24, 25.

9. Metswalle ya rona e ka re thusa jwang?

9 Jehova o ile a bolella Elia hore a fe Elisha e meng ya mesebetsi ya hae. Ka tsela ena, Jehova o ile a fa Elia motswalle ya neng a tla mo thusa ha a ikutlwa a nyahame. Ka ho tshwanang, ha re bolella metswalle ya rona mathata ao re nang le ona, e ka re thusa ho sebetsana le ona. (2 Mar. 2:2; Liprov. 17:17) Haeba o utlwa e ka ha ho na motho eo o ka mo bolellang se o tshwenyang, rapela Jehova hore a o fe Mokreste ya nang le tsebo e le hore a ka o kgothatsa.

10. Se etsahalletseng Elia se bontsha jwang hore le rona re ka kgona ho mamella mathata, hona tshepiso e ho Esaia 40:28, 29 e re thusa jwang?

10 Jehova o ile a thusa Elia hore a se ke a nyahama le hore a tswelepele ho mo sebeletsa ka botshepehi ka dilemo tse ngata. Se etsahalletseng Elia se re fa tshepo, ka ha ka nako tse ding re tobana le mathata a re siyang re kgathetse mmeleng le maikutlong. Le ha ho le jwalo, haeba re itshetleha ka Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re tswelepele ho mo sebeletsa.​—Bala Esaia 40:28, 29.

ANNA, DAVIDA LE “ASAFE” BA ILE BA ITSHETLEHA KA JEHOVA

11-13. Maemo a nyahamisang a ile a ama bahlanka ba bararo ba Modimo jwang?

11 Ho na le batho bao Bibele e buang ka bona, ba ileng ba tobana le maemo a nyahamisang. Ka mohlala, Anna o ile a mamella ho songwa ke mohaditsong wa hae ka hore ha a kgone ho ba le bana. (1 Sam. 1:2, 6) Dintho tsena di ile tsa utlwisa Anna bohloko haholo, hoo a neng a dula a lla a bile a sa je.​—1 Sam. 1:7, 10.

12 Ka dinako tse ding Morena Davida o ne utlwa a imetswe haholo. Nahana ka mathata ao a ileng a tobana le ona. O ile a ikutlwa a le molato ka lebaka la diphoso tseo a neng a di entse. (Pes. 40:12) Mora wa hae Absalome e ile ya ba lerabele mme qetellong a bolawa. (2 Sam. 15:13, 14; 18:33) Hape metswalle ya hae e haufi e ile ya mo tswa tlase. (2 Sam. 16:23–17:2; Pes. 55:12-14) Dipesaleme tse ngata tseo Davida a di ngotseng, di bontsha ka moo a neng a nyahame ka teng le hore o ne a dula a tshepile Jehova ho sa tsotellehe hore na o nyahame hakae.​—Pes. 38:5-10; 94:17-19.

Keng e ileng ya thusa mongodi e mong wa Pesaleme hore a boele a sebeletse Jehova a thabile? (Sheba serapa sa 13-15) *

13 Ha morao mongodi e mong wa Pesaleme o ile a kgalla tsela eo batho ba kgopo ba neng ba phela ka yona. Ho ka etsahala hore e ne e le setloholo sa Molevi ya bitswang Asafe mme o ne a sebeletsa sehalalelong se seholo sa Modimo. Mongodi enwa wa Pesaleme o ile a tshwenyeha, hoo a ileng a qetella a sa thaba ebile a sa kgotsofalle dintho tseo a nang le tsona. Yaba o qala ho bona ditlhohonolofatso tseo Modimo a neng a mo fa tsona di sa lekana.​—Pes. 73:2-5, 7, 12-14, 16, 17, 21.

14-15. Re ithutang mabapi le ho kopa thuso ho Jehova ditlalehong tsena tse tharo tsa Bibele?

14 Bahlanka bao ba bararo ba Jehova ba ile ba itshetleha ka yena hore a ba thuse. Ba ile ba bua le Jehova ka thapelo mme ba mo bolella dintho tse ba tshwenyang. Ha ba a ka ba mo patela letho empa ba ile ba mo bolella mabaka a etsang hore ba ikutlwe ba nyahame. Ho feta moo, ba ne ba dula ba le ntlong ya Jehova ka mehla.​—1 Sam. 1:9, 10; Pes. 55:22; 73:17; 122:1.

15 Ka mosa Jehova o ile a arabela dithapelo tsa bona. Anna o ile a ba le kgotso ya kelello. (1 Sam. 1:18) Davida yena o ile a re: “Ditlokotsi tsa ya lokileng di ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.” (Pes. 34:19) Athe mongodi yane wa Pesaleme yena, o ile a utlwa e ka Jehova o “tshwere letsoho la [hae] le letona” mme o mo tataisa ka lerato. O ile a bina a re: “Ha e le nna, ho atamela ho Modimo ho molemo ho nna. Ke behile setshabelo sa ka ho Mmusi Morena Jehova.” (Pes. 73:23, 24, 28) Ebe re ithutang ditlalehong tsee? Ka dinako tse ding, re tla tobana le mathata a boima a tla etsa hore re tshwenyehe. Empa re ka kgona ho a mamella haeba re nahanisisa ka moo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ka teng, re bua le yena ka thapelo re bile re etsa seo a reng re se etse.​—Pes. 143:1, 4-8.

TSHEPA JEHOVA E LE HORE O KGONE HO MAMELLA MATHATA

AQalong, moradiwabo rona e mong o ile a utlwa eka a ka ikarola ho batho ba bang, empa dintho di ile tsa fetoha ha a fumana ditsela tseo a ka ba thusang ka tsona (Sheba serapa sa 16-17)

16-17. (a) Ke hobaneng ha re sa lokela ho ikarola ho Jehova le ho Bakrestemmoho le rona? (b) Re ka kgothatswa keng?

16 Ditlaleho tseo tse tharo, di re ruta thuto ya bohlokwa ya hore ha re a lokela ho ikarola ho Jehova le ho Bakrestemmoho. (Liprov. 18:⁠1) Nancy ya ileng a tshwenyeha ha monna wa hae a ne a mo siya, o re: “Ho ne ho ena le matsatsi ao ke neng ke sa batle ho bua le batho kapa ho ba bona. Le ha ho le jwalo, ho ikarola ho ba bang ho ile ha ntetebetsa le ho feta.” Empa dintho di ile tsa fetoha ha Nancy a fumana ditsela tseo a ka thusang ba bang ka tsona. O re: “Ke ile ka mamela ha ba mpolella mathata a bona mme ka hlokomela hore ha ke ba utlwela bohloko, ke kgona ho lebala mathata a ka.”

17 Ho ya dibokeng ho ka re kgothatsa haholo. Ha re le dibokeng, re dumella Jehova hore a re thuse le ho re tshedisa. (Pes. 86:17) O sebedisa Bibele, moya o halalelang le bahlanka ba hae ho re kgothatsa. Ha re le dibokeng, re ba le monyetla wa ho ‘kgothatsana hara rona.’ (Bar. 1:11, 12) Moradiwabo rona e mong ya bitswang Sophia, o ile a re: “Jehova le Bakrestemmoho ba nthusitse ho mamella mathata a ka. Ntho e nngwe ya bohlokwa e ileng ya nthusa ke ho ya dibokeng. Ke ile ka hlokomela hore ha ke phathahane ka tshebeletso le ka dintho tse ding tsa phutheho, ke kgona ho mamella mathata ebile ha ke dule ke tshwenyehile ka ona.”

18. Keng seo Jehova a re fang sona ha re nyahame?

18 Ha re utlwa re nyahame, re lokela ho hopola hore Jehova ha a re tshepise feela hore o tla fedisa mathata nakong e tlang, empa o re o tla re thusa ho a mamella hona jwale. O re fa matla a hore re se ke ra nyahama kapa ra fellwa ke tshepo.​—Bafil. 2:13.

19. Ho ya ka Baroma 8:37-39, re ka kgodiseha kang?

19 Bala Baroma 8:37-39. Moapostola Pauluse o a re kgodisa hore ha ho letho le ka re arohanyang le lerato la Modimo. Jwale, ke jwang re ka thusang bara le baradibabo rona ba lekang ho mamella dintho tse ba tshwenyang? Sehloohong se latelang, re tlo ithuta ka moo re ka etsisang Jehova ka teng ka hore re bontshe Bakrestemmoho mosa le ho ba tshehetsa ha ba tobane le mathata.

PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Ikokobeditseng

^ par. 5 Ho tshwenyeha nako e telele ho ka re kudisa mmeleng le maikutlong. Ebe Jehova a ka re thusa jwang? Re tlo bona ka moo Jehova a ileng a thusa Elia ka teng ha a ne a tshwenyehile. Re tla boela re ithute mehlaleng ya batho ba hlahang ka Bibeleng hore na keng seo re lokelang ho se etsa e le hore Jehova a re thuse.

^ par. 2 Mabitso a fetotswe sehloohong sena.

^ par. 53 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka mosa lengeloi la Jehova le tsosa Elia mme le mo fa bohobe le metsi.

^ par. 55 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mongodi e mong wa Pesaleme, eo e ka nnang ya ba e ne e le setloholo sa Asafe, o thabela ho bina le ho ngola Dipesaleme le Balevi ba bang.