Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Itšireletsa Joang Khahlanong le le Leng la Maraba a Satane?

U ka Itšireletsa Joang Khahlanong le le Leng la Maraba a Satane?

NAKONG eo Baiseraele ba neng ba le haufi le ho tšela Noka ea Jordane ho ea naheng eo Molimo a neng a ba tšepisitse eona, ba ile ba ba le baeti bao ba sa ba lebellang. Baeti bao e ne e le basali ba sechaba se seng ’me ba ile ba memela banna ba Baiseraele moketeng. Banna ba Baiseraele ba ne ba bona eka oo ke monyetla o ke keng oa ba feta. Ba ne ba bona eka e tla ba nako e thabisang ha ba na le metsoalle e mecha, ba tantša ba bile ba e-ja lijo tse monate. Le hoja boitšoaro ba basali bao le meetlo ea bona e ne e sa lumellane le Melao ea Molimo, mohlomong banna ba bang ba Baiseraele ba ne ba ithetsa ka hore: ‘Re tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Re tla ba hlokolosi.’

Ho ile ha etsahala’ng? Bibele e re: “Sechaba sa qala ho kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe.” Ha e le hantle, basali bao ba ne ba batla hore banna ba Baiseraele ba rapele melimo ea bohata. Ba ile ba fela ba atleha! Ka lebaka leo, “bohale ba Jehova ba qala ho tukela Iseraele.”​—Num. 25:​1-3.

Banna bao ba Baiseraele ba ile ba tlola Molao oa Molimo ka litsela tse peli: Ba ile ba rapela melimo ea bohata hape ba kopanela boitšoarong bo bobe. Ba likete ba ile ba shoa ka lebaka la ho se mamele Molimo. (Ex. 20:​4, 5, 14; Deut. 13:​6-9) Ke hobane’ng ha ba ile ba hlaheloa ke ntho e bohloko tjee? Ke ka lebaka la nako eo ba ileng ba etsa lintho ka eona. Hoja ebe banna bao ha baa ka ba tlola Molao oa Molimo, Baiseraele bao ba likete ba ka be ba bile le nako ea ho tšela Noka ea Jordane monyetla o sa le teng e le hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng.​—Num. 25:​5, 9.

Ha Pauluse a bua ka liketsahalo tseo, o ile a re: “Lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rona bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.” (1 Bakor. 10:​7-11) Re kholisehile hore Satane o ile a thaba hore ebe banna bao ba Baiseraele ba ile ba etsa sebe se tebileng eaba ba hloleha ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Re lokela ho ithuta mohlaleng oa bona hobane rea tseba hore Satane a ka thaba haholo ha a ka bona re sa kene lefatšeng le lecha!

LERABA LE KOTSI

Le mehleng ena, Satane o ntse a tšoasa Bakreste a sebelisa maraba ao a tsebang hantle hore a ile a mo sebeletsa ’me a lihile batho ba bangata haholo. Joalokaha re se re bone, o ile a tšoasa Baiseraele ka boitšoaro bo bobe. Ho tla fihlela lena le holimo, boitšoaro bo bobe e ntse e le leraba la hae le kotsi. Le leng la maraba ao aa sebelisang ho hohela batho, ke livideo le litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe.

Mehleng ena, motho a ka sheba litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bona bo bobe eaba ha ho na ea tsebang hore o ntse a li sheba. Khale koana, ha motho a batla ho shebella livideo tsa boitšoaro bo bobe o ne a lokela ho ea libaeskopong ho ea shebella lifilimi tse li bontšang, kapa a ee lishopong tse rekisang libuka tse nang le litšoantšo tse joalo. Ho ka etsahala hore batho ba bangata ba ne ba sa ee libakeng tse joalo hobane ba tšaba hore batho ba bang ba tla ba bona. Empa hona joale, ha motho a e-na le inthanete a ka khona ho sheba litšoantšo le livideo tseo a le mosebetsing kapa a le moo ho pakoang makoloi. Hape, linaheng tse ngata motho a ka khona ho li sheba a le moo a lulang teng.

Bothata bona ha bo felle moo feela. Lifouno tsa morao tjena le li-tablet li entse hore ho be bonolo hore batho ba shebe litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe. Ba ka li sheba ha ba ntse ba tsamaea seterateng le ha ba palame bese kapa terene.

Kaha ho se ho le bonolo hore motho a pate hore o sheba litšoantšo le livideo tsena, hona joale li baketse batho mathata a mangata ho feta leha e le neng pele. Batho ba bangata ba li shebang ba sentse maqhama a manyalo a bona, seriti sa bona le letsoalo. Ho hobe le ho feta, ba sentse kamano ea bona le Molimo. Kholiseha hore ho sheba litšoantšo le livideo tsena ho ama batho ba li shebang. Maemong a mangata li ama batho hampe ebile e le ka nako e telele. Ka linako tse ling motho ha a khone ho tlohela mokhoa ona o mobe.

Leha ho le joalo, hoa thabisa ho tseba hore Jehova a ka khona ho re sireletsa lerabeng lena la Satane. Haeba re batla hore Jehova a re sireletse, re tlameha ho “mamela lentsoe la [hae] ka tieo,” ho fapana le Baiseraele ba sa kang ba mo mamela. (Ex. 19:5) Re lokela ho ela hloko hore Jehova o hloile litšoantšo le livideo tseo. Ke hobane’ng ha re cho joalo?

LI HLOEE JOALOKAHA JEHOVA A LI HLOILE

Hopola hore melao eo Molimo a neng a e file sechaba sa Iseraele e ne e fapane le ea lichaba tse ling mehleng eo. Melao eo e ne e sireletsa Baiseraele ’me e ba ruta hore ha baa lokela ho etsa lintho tse litšila tseo lichaba tse ba potolohileng li neng li li etsa. (Deut. 4:​6-8) Melao eo e ile ea hlakisa ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa, e leng hore: Jehova o hloile boitšoaro bo bobe.

Jehova o ile a bolela lintho tse mpe tseo lichaba tse neng li potolohile Baiseraele li neng li li etsa, eaba o re ho bona: “Le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Kanana, eo ke le isang ho eona, e etsang ka eona. . . . Naha [eo] ha ea hloeka, ’me ke tla e tlisetsa kotlo bakeng sa phoso ea eona.” Ho Molimo ea halalelang oa Baiseraele, tsela eo Bakanana ba neng ba phela ka eona e ne e le litšila hoo a neng a ba nyonya.​—Lev. 18:3.

Le hoja Jehova a ile a ahlola Bakanana, ho na le batho ba bang ba ileng ba itsoella pele ka boitšoaro bo bobe. Ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 1 500 hamorao, Pauluse o ile a hlalosa batho bao Bakrestse ba neng ba phela har’a bona e le ba “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro.” Ha e le hantle, ba ne ba “ineheletse boitšoaro bo hlephileng [le] ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.” (Baef. 4:​17-19) Le kajeno batho ba bangata ba ntse ba ikotla sefuba ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Bakreste ba ’nete ba lokela ho etsa ka hohle hore ba qobe ho sheba lintho tsa boitšoaro bo bobe.

Batho ba shebang litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe ba bontša hore ha ba hlomphe Molimo. O bopile batho ka setšoantšo sa hae, eaba o ba fa bokhoni ba ho elelloa ha ntho e nepahetse le ha e fosahetse. Molimo o ne a le bohlale ha a beha melao e tataisang ho etsa thobalano. O ne a rerile hore thobalano e be ntho e ka thabeloang ke batho ba nyalaneng feela. (Gen. 1:​26-28; Liprov. 5:​18, 19) Joale batho ba etsang litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe, ha e le hantle ba etsa’ng? Ba iphapanyetsa melao ea Molimo ka boomo. Ha e le hantle, ha ba hlomphe Jehova. Molimo o tla ahlola batho ba iphapanyetsang melao ea hae ka hore ebe ba etsa litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe le ba li buellang.​—Bar. 1:​24-27.

Empa ho tla etsahala’ng ka batho bao ka boomo ba balang kapa ba shebellang litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe? E ka ’na eaba ba bang ba nka hore ke boithabiso bo se nang taba. Empa ha e le hantle ba tšehetsa batho ba iphapanyetsang melao ea Jehova. Mohlomong e ne e se sepheo sa bona qalong. Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka ho hlaka hore Bakreste ba ’nete ba lokela ho hloea lintho tse joalo. E re: “Lona ba ratang Jehova, hloeang se sebe.”​—Pes. 97:10.

Esita le batho ba batlang ho qoba ho sheba litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe ba ka ’na ba thatafalloa ho etsa joalo. Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra lokela ho loana ka thata hore re qobe mekhoa ena e litšila. Ho phaella moo, re ka ’na ra ithetsa ka hore ho li sheba ha ho phoso. (Jer. 17:9) Empa batho ba bangata ba ile ba hlola bothata bona ha e e-ba Bakreste. Ho tseba taba ena ho ka u khothatsa haeba u ntse u loantšana le bothata bona. Ak’u hlokomele hore na Lentsoe la Molimo le ka u thusa joang hore u qobe leraba lena la Satane.

U SE KE OA LULA U NAHANA KA BOITŠOARO BO BOBE

Joalokaha re bone pejana, Baiseraele ba bangata ba ile ba lula ba nahana ka lintho tse fosahetseng ho fihlela li ba bakela mathata. Re ka hlaheloa ke ntho e tšoanang le rona kajeno. Ha morutuoa Jakobo a hlalosa bothata bona o ile a re: “E mong le e mong o . . . huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” (Jak. 1:​14, 15) Haeba motho a ka lumella takatso e litšila hore e hole, ho e-s’o ee kae o tla qetella a entse sebe. Kahoo, re lokela ho iqobella hore re khaotse ho lula re nahana ka lintho tsa boitšoaro bo bobe.

Haeba u bona eka u lula u nahana ka boitšoaro bo bobe, nkela taba eo bohato kapele. Jesu o ile a re: “Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole ’me u le lahlele hole le uena. . . . Hape, haeba leihlo la hao le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hole le uena.” (Mat. 18:​8, 9) Jesu o ne a sa bolele hore re lokela ho itematsa. O ne a etsa papiso ena e le hore re bone hore re lokela ho batla sesosa sa bothata ka potlako le ho se tlosa hang-hang. Re ka sebelisa papiso ee joang tabeng ea ho sheba litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe?

Ha u kopana le litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe u se ke oa ithetsa ka hore, ‘Li ke ke tsa nketsa letho.’ Sheba koana hang-hang. Tima thelevishene kapele. Koala k’homphieutha kapa founo eo hang-hang. Nahana ka lintho tse ling tse nepahetseng. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u laole menahano ea hao ho e-na le ho lumella litakatso tse litšila hore li e laole.

RE KA ETSA’NG HAEBA RE LULA RE NAHANA KA LINTHO TSEO RE LI SHEBILENG KHALE?

Ha re re mohlomong u khonne ho hlola bothata bona, joale u ka etsa’ng haeba nako le nako u hopola lintho tseo u ileng oa li sheba khale? Motho a ka lula a hopola litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe ka nako e telele. A ka li hopola neng kapa neng. Ho hopola lintho tsena, ho ka ’na ha tsosa takatso ea ho etsa ntho e itseng e sa hloekang joaloka ho ipholla litho tsa botona. Kahoo, lula u hopola hore menahano e joalo e ka ’na ea e-ba teng, ’me u itebele.

Ikemisetse le ho feta hore u nahane le ho etsa lintho tseo Molimo a li ratang. Etsisa moapostola Pauluse ea neng a ikemiselitse ho ‘teteka ’mele oa hae le ho o tšoara joaloka lekhoba.’ (1 Bakor. 9:​27) U se ke oa lumella litakatso tse litšila hore li u laole. Moapostola Pauluse o ile a re: “Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Bar. 12:2) U hopole hore u ke ke oa thaba ha u etsa boitšoaro bo bobe, empa u tla thaba ha u etsa thato ea Molimo.

Ho nahana le ho etsa lintho tse khahlisang Molimo ho ka re thabisa ho feta ho laoloa ke takatso ea ho etsa lintho tse fosahetseng

Leka ho tšoara ka hlooho litemana tse itseng tsa Bibele. Ha menahano e litšila e tla ka kelellong, iqobelle ho nahana ka litemana tseo. Mangolo a kang Pesaleme ea 119:​37; Esaia 52:​11; Matheu 5:​28; Baefese 5:​3, Bakolose 3:5 le 1 Bathesalonika 4:​4-8 a ka u thusa ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona.

U lokela ho etsa’ng haeba u utloa eka takatso ea ho sheba kapa ho nahana ka litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe e matla haholo? U ka ikemisetsa ho etsisa Jesu. (1 Pet. 2:​21) Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Satane o ile a ’na a mo leka. Jesu o ile a etsa’ng? O ile a mo hanyetsa. Jesu o ile a qotsa litemana tse fapaneng ha a hanyetsa Satane. O ile a re: “Tloha, Satane!” eaba Satane oa tsamaea. Feela joalokaha Jesu a sa ka a khaotsa ho hanyetsa Diabolose, le uena ha oa lokela ho khaotsa. (Mat. 4:​1-11) Satane le batho ba hae ba tla lula ba leka ho etsa hore u nahane lintho tse litšila, empa ha oa lokela ho tela ho ba loantša. Qetellong u ka hlola. Jehova a ka u thusa ho hlola lira tsa hao.

RAPELA JEHOVA, U BE U MO MAMELE

Tsoela pele u rapela Jehova, u mo kope hore a u thuse. Pauluse o ile a re: “Likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:​6, 7) Khotso ea Molimo e tla u thusa hore u hane ho etsa lintho tse fosahetseng. Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”​—Jak. 4:8.

Re tla sireletsoa marabeng a Satane haeba re lula re e-na le kamano e ntle le Jehova Molimo oa rona. Jesu o ile a re: “ ’Musi oa lefatše oa tla [e leng Satane] ’me ha ho moo a ntšoarang teng.” (Joh. 14:​30) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua a kholisehile hakaale? Ka nako e ’ngoe o kile a re: “Ea nthomileng o na le ’na; ha aa ka a ntlohela ke ’notši, hobane kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Joh. 8:​29) Haeba kamehla u leka ho etsa lintho tseo Jehova a li ratang, a ke ke a u lahla kherehloa. Qoba maraba a ho sheba litšoantšo le livideo tsa boitšoaro bo bobe, ’me Satane a ke ke a khona ho u tšoasa.