Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 27

Itokisetse Mahloriso Esale Hona Joale

Itokisetse Mahloriso Esale Hona Joale

“Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.”​—2 TIM. 3:12.

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

SELELEKELA *

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella mahloriso?

BOSIUNG ba ha Jesu a tla bolaoa, o ile a re batho bohle ba batlang ho ba balateli ba hae ba tla hlouoa. (Joh. 17:​14) Ho tloha ka nako eo ho fihlela joale, haesale bahlanka ba Jehova ba hlorisoa ke batho ba sa rateng Molimo. (2 Tim. 3:​12) Ebile ha bofelo bo ntse bo atamela ka potlako tjena, lira tsa rona li tla re hlorisa ho feta leha e le neng pele.​—Mat. 24:9.

2-3. (a) Re lokela ho tseba’ng ka ho tšaba batho? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Ke’ng seo re lokelang ho se etsa hona joale e le hore re tle re khone ho mamella mahloriso? Ha ho hlokehe hore re lule re nahana ka lintho tse kotsi tse ka ’nang tsa re hlahela ka nako eo. Haeba re ka etsa joalo, re tla bolaoa ke ho lula re tšohile re bile re tšoenyehile. Re ka ’na ra tšoha hoo re ka khaotsang ho sebeletsa Jehova le pele re tobana le mathata. (Liprov. 12:​25; 17:​22) Ho tšaba batho ke le leng la maraba ao “Mohanyetsi oa [rona], Diabolose” a le sebelisang. (1 Pet. 5:​8, 9) Joale, re ka etsa’ng esale hona joale hore re tle re khone ho mamella mahloriso nakong e tlang?

3 Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na re ka etsa’ng e le hore re matlafatse kamano ea rona le Jehova le hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa joalo hona joale. Re tla boela re ithute hore na re ka etsa’ng e le hore re be batho ba sebete. Ebe re qetella ka ho hlahloba hore na re ka etsa’ng ha ho e-na le batho ba re hloileng.

U KA MATLAFATSA KAMANO EA HAO LE JEHOVA JOANG?

4. Baheberu 13:​5, 6 e re re lokela ho kholiseha ka’ng hona hobane’ng?

4 Kholiseha hore Jehova oa u rata ebile a ke ke a u lahla. (Bala Baheberu 13:​5, 6.) Khale koana Molula-Qhooa o ile oa re: “Motho ea tsebang Molimo hantle o tla mo tšepa haholo nakong eo a tobanang le mahloriso.” Taba ena ke ’nete. E le hore re khone ho mamella mahloriso, re lokela ho rata Jehova le ho mo tšepa ka ho feletseng, re be re kholisehe hore le rona oa re rata.​—Mat. 22:​36-38; Jak. 5:11.

5. U tla thusoa ke’ng hore u bone hore Jehova oa u rata?

5 Bala Bibele letsatsi le letsatsi ka sepheo sa ho tseba Jehova haholoanyane. (Jak. 4:8) Ha u ntse u e bala, tšoaea lintho tseo u ithutang tsona ka Jehova. Leka ho bona hore na o u rata hakaakang. (Ex. 34:6) Leha ho le joalo, batho ba bang ba thatafalloa ho utloisisa hore na Jehova o ba rata hakae hobane ba sa tsebe hore na ho ratoa ke ntho e joang. Haeba u ikutloa ka tsela ena, leka ho etsa lethathamo la lintho tse molemo le tse ntle tseo Jehova a u etselitseng tsona letsatsi ka leng. (Pes. 78:​38, 39; Bar. 8:​32) Ha u ntse u nahana ka lintho tse u hlahetseng bophelong le ho thuisa ka lintho tseo u ithutang tsona ka Bibeleng, u ka ’na oa khona ho thathamisa lintho tse ngata tseo Jehova a u etselitseng tsona. Haeba u ananela lintho tsohle tseo Jehova a u thusitseng ka tsona, u tla mo rata le ho feta.​—Pes. 116:​1, 2.

6. Pesaleme ea 94:​17-19 e re thapelo e ka u thusa joang?

6 Lula u rapela. Nahana ka moshanyana e monyenyane ea sikiloeng ke ntate oa hae. Moshanyana eo u ikutloa a sireletsehile hoo a khonang ho bua le ntate oa hae ka lintho tsohle tse mo hlahetseng letsatsing leo, ebang ke tse ntle kapa tse mpe. U ka ikutloa ka tsela eo le uena haeba u bua le Jehova ka thapelo letsatsi le letsatsi. (Bala Pesaleme ea 94:​17-19.) Ha u ntse u bua le Jehova, “tšollela pelo ea hao joaloka metsi” ho eena ’me u mo bolelle lintho tsohle tse u tšosang le tse etsang hore u tšoenyehe. (Lillo 2:​19) Phello e tla ba efe? Bibele e re u tla ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafil. 4:​6, 7) Ha u lula u rapela Jehova, kamano ea hao le eena e tla matlafala.​—Bar. 8:​38, 39.

Re tla ba sebete haeba re e-na le tumelo ho Jehova le litšepisong tse tla tlisoa ke ’Muso oa hae

Mor’abo rona Stanley Jones o ile a matlafatsa tumelo ea hae ka hore a ikholise hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele (Sheba serapa sa 7)

7. Ke hobane’ng ha u lokela ho kholiseha hore litšepiso tsa ’Muso oa Molimo li tla fela li phethahale?

7 Kholiseha hore litšepiso tsohle tsa ’Muso oa Molimo li tla phethahala. (Num. 23:​19) Haeba ha oa kholiseha hantle hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, ho tla ba bonolo hore Satane le mahlahana a hae ba u tšose. (Liprov. 24:​10; Baheb. 2:​15) U ka etsa’ng hore u kholisehe ka ho feletseng ka ’Muso oa Molimo esale hona joale? Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso ka litšepiso tsohle tseo Molimo a re tšepisang tsona ka ’Muso oa hae, u be u ikholise hore li tla fela li phethahale. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Nahana ka mohlala oa mor’abo rona Stanley Jones ea ileng a koalloa teronkong lilemo tse supileng ka lebaka la ho ba Paki. O ile a thusoa ke’ng hore a mamelle? O re: “Tumelo ea ka e ne e le matla hobane ke ne ke tseba ka ’Muso oa Molimo le ka lintho tseo o tl’o re etsetsa tsona ’me ha ho mohla ke ileng ka belaella lintho tseo. Ka lebaka leo, ha ho motho ea ileng a khona ho etsa hore ke se ke ka sebeletsa Jehova.” Haeba u kholisehile hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, u tla mo rata haholoanyane hape u ke ke oa tšaba ho mo sebeletsa.​—Liprov. 3:​25, 26.

8. Tsela eo re ikutloang ka eona ka ho ba teng libokeng kamehla e paka’ng ka rona? Hlalosa.

8 E-ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla. Liboka li re thusa ho tseba Jehova haholoanyane. Tsela eo re ikutloang ka eona ka ho ba teng libokeng kamehla ke letšoao la hore na re tla khona ho mamella mahloriso nakong e tlang. (Baheb. 10:​24, 25) Ke hobane’ng ha re cho joalo? Haeba re lumella lintho tse sa reng letho ho re sitisa ho ba teng libokeng kamehla, ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang ha re tlameha ho beha bophelo ba rona kotsing e le hore re kopane le bara le barali babo rona? Empa haeba re ikemisetsa ho ba teng libokeng kamehla, re ke ke ra khaotsa ho ea ho tsona esita le haeba bahanyetsi ba rona ba ka leka ho re thibela ho ea ho tsona. Re lokela ho itloaetsa ho ba teng libokeng kamehla esale hona joale. Haeba re rata ho ba teng libokeng, re ke ke ra sitisoa ke bahanyetsi ba rona kapa ba boholong pusong hore re mamele Molimo ho e-na le batho.​—Lik. 5:29.

Ho tšoara mangolo le lipina tsa ’Muso ka hlooho ho tla u matlafatsa nakong e tlang ha u thulana le mahloriso (Sheba serapa sa 9) *

9. Ke hobane’ng ha ho tšoara mangolo ka hlooho e le tsela e ntle ea ho itokisetsa mahloriso?

9 Tšoara ka hlooho mangolo ao u a ratang. (Mat. 13:​52) Le haeba kelello ea hao e ka ’na ea se khone ho tšoara mangolo ’ohle, Jehova a ka u thusa ka moea o halalelang hore u tle u a hopole ka nako eo. (Joh. 14:​26) Mor’abo rona e mong ea neng a koaletsoe ka seleng a le mong teronkong e Jeremane Bochabela o re: “Ke ile ka thaba hore ebe ke ne ke tseba mangolo a ka bang lekholo ka hlooho! Kaha ke ne ke koaletsoe ke le mong, ke ile ka iphathahanya ka ho nahana ka mangolo ao.” A ile a mo thusa hore a lule a rata Jehova le hore a mamelle ho fihlela qetellong.

(Sheba serapa sa 10) *

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoara lipina tsa ’Muso ka hlooho?

10 Ithute lipina tsa ’Muso u be u itloaetse ho li bina. Ha Pauluse le Silase ba ne ba koaletsoe teronkong Filipi, ba ile ba bina lipina tse rorisang Jehova tseo ba neng ba li tseba. (Lik. 16:​25) Ka tsela e tšoanang, bara le barali babo rona ba neng ba le tlas’a puso ea Manazi, ba ile ba etsa’ng e le hore ba lule ba le matla ha ba ne ba isoa botlamuoeng Siberia? Morali’abo rona Mariya Fedun o re: “Re ile ra bina lipina tsohle tse hlahang ka bukeng ea rona ea lipina tseo re neng re li tseba.” O re lipina tseo li ile tsa ba khothatsa tsa ba tsa etsa hore ba rate Jehova haholoanyane. Na u ee u utloe u e-ba matla ha u bina lipina tsa ’Muso tseo u li ratang haholo? Leka ho tšoara lipina tseo ka hlooho esale hona joale!​—Sheba lebokose le reng “ Mphe Sebete.”

U KA ETSA’NG HORE U BE SEBETE?

11-12. (a) 1 Samuele 17:​37, 45-47 e re ke hobane’ng ha Davida a ne a le sebete? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa Davida?

11 Ho hlokeha hore u be sebete nakong eo u tobanang le mahloriso. U lokela ho etsa’ng haeba u utloa eka ha u motho ea sebete? Hopola hore e le hore u be sebete ha hoa itšetleha ka hore na u molelele kapa u mokhutšoanyane, u matla kapa u na le bokhoni hakae. Nahana ka mohlala oa Davida ha a ne a lokela ho loana le Goliathe. Ha a bapisoa le Goliathe, Davida o ne a le monyenyane, a se na matla a bile a sa hlomela hantle. O ne a bile a sa nka le sabole. Ho ntse ho le joalo, o ne a le sebete. Davida o ile a ba sebete hore a il’o loantša sehanyata seo sa moikhohomosi.

12 Ke hobane’ng ha Davida a ne a le sebete hakaalo? O ne a kholisehile hore Jehova o na le eena. (Bala 1 Samuele 17:​37, 45-47.) Davida ha aa ka a tšoenyeha ka hore na Goliathe ke sehanyata se sekaakang ha a bapisoa le eena. Ho e-na le hoo, o ile a ameha ka hore Goliathe o fokola haholo ha a bapisoa le Jehova. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Re tla ba sebete haeba re kholisehile hore Jehova o na le rona le hore bahanyetsi ba rona ba fokola haholo ha ba bapisoa le Molimo ea Matla ’Ohle. (2 Likron. 20:​15; Pes. 16:8) Re ka etsa’ng e le hore re be sebete hona joale pele mahloriso a qala?

13. Re ka etsa’ng hore re be sebete? Hlalosa.

13 Re tla ba sebete esale hona joale ka hore re rute batho ka ’Muso oa Molimo. Hobane’ng? Hobane ha re ruta batho ka Jehova, re mo tšepa haholoanyane ebile ha re tšabe batho. (Liprov. 29:​25) Joalokaha mesifa ea rona e ba matla ha re ikoetlisa, ka tsela e tšoanang, le rona re ba sebete haholoanyane ha re bolela ka ntlo le ntlo, libakeng tsa sechaba, ka tsela e sa reroang le libakeng tsa khoebo. Haeba re ba sebete ho bolela ka ’Muso oa Molimo hona joale, re tla ba malala-a-laotsoe ho tsoela pele ka mosebetsi ona le ha ba boholong pusong ba o thibela.​—1 Bathes. 2:​1, 2.

Morali’abo rona Nancy Yuen o ile a hana ho khaotsa ho bolela litaba tse molemo (Sheba serapa sa 14)

14-15. Re ithuta’ng mohlaleng oa baralib’abo rona ba babeli ba ileng ba bontša hore ba sebete ka tsela e ikhethang?

14 Re ka ithuta ho hong mohlaleng oa baralib’abo rona ba babeli ba ileng ba bontša hore ba sebete ka tsela e ikhethang. Morali’abo rona Nancy Yuen o ne a le bolele ba limithara tse ka bang 1.5 feela empa o ne a le sebete. * O ile a hana ho khaotsa ho bolela ka ’Muso ka oa Molimo. Ka lebaka leo, o ile tšoaroa eaba o koalloa teronkong e China ka lilemo tse ka bang 20. Ha a ntse a hlongoa lipotso ke ba boholong, ba ile ba re “ke motho ea manganga ka fetisisa” naheng ea bona.

Morali’abo rona Valentina Garnovskaya o ne a kholisehile hore Jehova o na le eena (Sheba serapa sa 15)

15 Ka tsela e tšoanang, morali’abo rona Valentina Garnovskaya o ile a koalloa teronkong Russia ka makhetlo a mararo ’me o nkile kakaretso ea lilemo tse ka bang 21 a tšoeroe. * Hobane’ng? O ne a ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi oa ho ruta batho ka Molimo hoo ba boholong pusong ba ile ba re “ke setloli sa molao se kotsi ka ho fetisisa.” Baralib’abo rona baa ba ile ba thusoa ke’ng hore ba be sebete? Ba ne ba kholisehile hore Jehova o ne a e-na le bona.

16. Ke’ng e tla re thusa hore re be sebete?

16 Joalokaha re se re bone, e le hore re be sebete, ha rea lokela ho itšetleha ka bokhoni kapa matla a rona. Ho e-na le hoo, re lokela ho lumela hore Jehova o na le rona le hore ke eena ea re loanelang. (Deut. 1:​29, 30; Zak. 4:6) Ho etsa joalo ke hona ho tla re thusa hore re be sebete.

U LOKELA HO ETSA’NG HA BATHO BA U HLOILE?

17-18. Ke keletso efe eo Jesu a re fileng eona e hlahang ho Johanne 15:​18-21? Hlalosa.

17 Rea thaba ha batho ba re hlompha empa ha rea lokela ho nahana hore ha re na thuso ha batho ba re hloile. Jesu o ile a re: “Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloea, le neng kapa neng ha ba le khetholla ’me ba le nyelisa ’me ba lahla mabitso a lona e le a khopo ka lebaka la Mor’a motho.” (Luka 6:​22) Jesu o ne a bolela’ng?

18 Jesu o ne a sa re Bakreste ba tla thabela ho hlouoa. Ho e-na le hoo, o ne a re lemosa hore na re tla hlaheloa ke’ng. Ha re karolo ea lefatše lena. Re tataisoa ke lithuto tsa Jesu bophelong ba rona hape re etsa mosebetsi oo a neng a o etsa oa ho ruta batho Bibele. Ka lebaka leo, lefatše le re hloile. (Bala Johanne 15:​18-21.) Re batla ho thabisa Jehova. Kahoo, haeba batho ba re hloea hobane re rata Jehova, ke taba ea bona.

19. Re ka etsisa mohlala oa baapostola joang?

19 U se ke oa lumella hore lintho tseo batho ba li buang kapa ba li etsang li etse hore u soabela ho ba Paki ea Jehova. (Mik. 4:5) Re ka khona ho hlola bothata ba ho tšaba batho ka hore re nahane ka lintho tseo baapostola ba neng ba le Jerusalema ba ileng ba li etsa ka mor’a hore Jesu a bolaoe. Ba ne ba tseba hantle hore na baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba ba hloile hakaakang. (Lik. 5:​17, 18, 27, 28) Ho ntse ho le joalo, letsatsi le letsatsi ba ne ba e-ea tempeleng ebile ba bua phatlalatsa hore ke barutuoa ba Jesu. (Lik. 5:​42) Ha baa ka ba lumella hore ho tšaba batho ho ba sitise ho bolela. Le rona re ka hlola bothata ba ho tšaba batho ka hore nako le nako re itsebahatse re le Lipaki Tsa Jehova ha re le mosebetsing, sekolong le motseng moo re phelang teng.​—Lik. 4:​29; Bar. 1:16.

20. Ke hobane’ng ha baapostola ba ne ba thabile le hoja ba ne ba hlouoe?

20 Ke hobane’ng ha baapostola ba ne ba thabile? Ba ne ba tseba hantle hore na ke hobane’ng ha ba hlouoe, kahoo ba ne ba nka e le tlotla ho tšoaroa ka ho hloka toka ka lebaka la ho etsa thato ea Jehova. (Luka 6:​23; Lik. 5:​41) Hamorao moapostola Petrose o ile a re: “Esita le haeba le ka utloa bohloko ka lebaka la ho loka, lea thaba.” (1 Pet. 2:​19-21; 3:​14) Ha re utloisisa hore re hlouoe ke batho hobane re etsa lintho tse nepahetseng, re ke ke ra lumella hore taba eo e re sitise ho sebeletsa Jehova.

HO BOHLOKOA HORE RE ITOKISE ESALE HONA JOALE

21-22. (a) U ikemiselitse ho etsa’ng e le hore u itokisetse mahloriso? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong se latelang?

21 Ha re tsebe hore na re tla thulana le mahloriso neng kapa hore na ba boholong ba tla thibela mosebetsi oa rona neng. Leha ho le joalo, rea tseba hore re lokela ho itokisa esale hona joale ka hore re matlafatse kamano ea rona le Jehova, re be sebete hape re hlole bothata ba ho tšaba batho. Ha re roalla le sa sele, re tla khona ho sebeletsa Jehova le nakong e tlang.

22 Empa ho tla etsahala’ng haeba mosebetsi oa rona o thibeloa? Sehloohong se latelang, re tl’o hlahloba melao-motheo ea Bibele e ka re thusang hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova le haeba mosebetsi oa rona o thibetsoe.

PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo

^ ser. 5 Ha ho na motho ea ratang ho hlouoa ke batho. Leha ho le joalo, haufinyane kaofela ha rona re tla tlameha ho mamella mahloriso. Sehloohong sena, re tl’o thusoa ho bona hore na re ka mamella mahloriso ka sebete joang.

^ ser. 14 Sheba Molula-Qhooa oa July 15, 1979, maq. 4-7. Shebella le video ea Jehovah’s Name Will Be Made Known (ka Senyesemane) e hlahang ho Khaso ea JW. Kena tlas’a INTERVIEWS AND EXPERIENCES.

^ ser. 15 Sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008, maq. 191-192.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong ea borapeli ba lelapa, batsoali ba sebelisa likarete tseo ba iketselitseng tsona ho ruta bana ba bona ho tšoara litemana tsa Bibele ka hlooho.

^ ser. 69 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha ba le ka koloing ba ea libokeng, ba bina lipina tsa ’Muso.