Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 28

Lula U Sebeletsa Jehova Leha Mosebetsi oa Rona o Thibetsoe Naheng ea Heno

Lula U Sebeletsa Jehova Leha Mosebetsi oa Rona o Thibetsoe Naheng ea Heno

“Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”​—LIK. 4:​19, 20.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

SELELEKELA *

1-2. (a) Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe mosebetsi oa rona o ka thibeloa? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

KA 2018, ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba fetang 223 000 ba phelang linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rona o thibetsoeng ka ho feletseng kapa ho thibetsoe likarolo tse itseng tsa oona. Taba ena ha e makatse. Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Bakreste ba ’nete baa tseba hore ba tla hlorisoa. (2 Tim. 3:​12) Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, ba boholong pusong ba ka leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova ka hore ba thibele mosebetsi oa rona re sa lebella.

2 Haeba ’muso o etsa qeto ea ho thibela mosebetsi oa rona, re ka ’na ra ipotsa lipotso tse kang: ‘Na re hlorisoa hobane Jehova a se a sa re rate? Na ho thibeloa hoo ho ka etsa hore re se hlole re khona ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng? Na re lokela ho fallela moo mosebetsi oa rona o sa thibeloang?’ Re tl’o araba lipotso tseo sehloohong sena. Re tla boela re bone hore na re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova leha mosebetsi oa rona o thibetsoe le hore na ke lintho life tseo re sa lokelang ho li etsa.

NA RE HLORISOA HOBANE JEHOVA A SE A SA RE RATE?

3. 2 Bakorinthe 11:​23-27, e re moapostola Pauluse o ile a hlorisoa ka litsela life?

3 Haeba ’muso o thibela mosebetsi oa rona, ka phoso re ka ’na ra nka hore Jehova ha a sa amohela tšebeletso ea rona. Empa re lokela ho lula re hopola hore ho hlorisoa ha se letšoao la hore Jehova ha a sa re amohela. Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ha ho tika-tiko hore Molimo o ne a mo rata. O ile a bululeloa hore a ngole mangolo a 14 a Segerike a Bakreste hape e ne e le moapostola ho lichaba. Empa o ile a ’na a thulana le mahloriso a mangata. (Bala 2 Bakorinthe 11:​23-27.) Re ithuta mohlaleng oa moapostola Pauluse hore Jehova o ntse a ka ’na a lumella bahlanka ba hae hore ba hlorisoe.

4. Ke hobane’ng ha batho ba re hloile?

4 Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha re hlorisoa. O ile a re re tla hlouoa ke batho hobane ha re karolo ea lefatše lena. (Joh. 15:​18, 19) Ha re hlorisoa, ha se hobane Jehova a se a sa re rate. Ho e-na le hoo, ke bopaki ba hore re tseleng e nepahetseng.

NA BA KA KHONA HO RE THIBELA HO SEBELETSA JEHOVA?

5. Na batho ba ka khona ho re thibela ho sebeletsa Jehova? Hlalosa.

5 Ha ho na batho ba ka khonang ho re thibela ka ho feletseng ho sebeletsa Jehova, Molimo ea matla ’ohle. Ba bangata ba lekile empa ba hlotsoe. Nahana ka se ileng sa etsahala nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka nako eo, linaheng tse ngata mebuso e ile ea hlorisa batho ba Molimo ka sehloho. Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa thibeloa Jeremane nakong ea puso ea Manazi, oa boela oa thibeloa Australia, Canada le linaheng tse ling. Empa ela hloko hore na ho ile ha etsahala’ng. Ha ntoa e qala ka 1939, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 72 475 lefatšeng lohle. Kaha Jehova o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae, ha ntoa eo e fela ka 1945, ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba 156 299. Palo ea bahoeletsi e ile ea imena ka makhetlo a mabeli eaba ea fetela ka holimo!

6. Mahloriso a ka ’na a re thusa hore re ikemisetse ho etsa’ng? Fana ka mohlala.

6 Mahloriso a ka ’na a re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho sebeletsa Jehova re sa tšabe batho. Mohlala, banyalani ba bang ba neng ba e-na le mora e monyenyane ba ne ba lula naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Ho e-na le hore ba tšohe ebe ba khochela morao, banyalani bao e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla. ’Mè oa teng o ile a ba a tlohela mosebetsi oa hae o patalang hantle e le hore a khone ho nkela bopula-maliboho. Ntate oa teng o re ho thibeloa ha mosebetsi oa Lipaki naheng eo, ho ile ha etsa hore batho ba ipotse lipotso li hana ho fela ka Lipaki Tsa Jehova. Ka lebaka leo, o ile a nolofalloa hore a qale ho ba le lithuto tsa Bibele. Ho thibeloa ha mosebetsi oa rona naheng eo, ho ile ha boela ha e-ba le liphello tse ling tse molemo. Moholo e mong oa hona naheng eo o re bahoeletsi ba bang ba neng ba se ba sa be teng libokeng kamehla ba ile ba qala ho ea ho tsona le ho tsamaea tšimo hape.

7. (a) Re ithuta’ng ho Levitike 26:​36, 37? (b) U tla etsa’ng ha mosebetsi oa rona o thibetsoe?

7 Ha bahanyetsi ba rona ba thibela mosebetsi oa rona, baa be ba nahanne hore re tla khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ntle le ho thibela mosebetsi oa rona, ba ka hasa mashano ka rona, ba romela mapolesa ho ea batla bopaki malapeng a rona, ba re qobella hore re ee makhotleng kapa ba ise ba bang ba rona literonkong. Ka ho koalla ba bang ba rona, ba nahana hore re tla tšoha. Haeba re ka ba tšaba re ka iphumana re le monyebe tšebeletsong ea Jehova kapa ra khaotsa ho mo sebeletsa. Ha re batle ho tšoana le batho ba hlalositsoeng ho Levitike 26:​36, 37. (E bale.) Re ke ke ra lumella hore ho tšaba batho ho etse hore re khoehlise ho sebeletsa Jehova kapa re khaotse ka ho feletseng. Kaha re tšepile Jehova ka hohle-hohle, re ke ke ra tšosoa ke batho. (Esa. 28:​16) Re kopa Jehova hore ebe eena ea re tataisang. Kaha Jehova o ka lehlakoreng la rona, re kholisehile hore ha ho na ’muso leha e le ofe o ka re thibelang ho mo sebeletsa ka botšepehi.​—Baheb. 13:6.

NA KE LOKELA HO FALLELA NAHENG E ’NGOE?

8-9. (a) Mokreste ka mong kapa hlooho ea lelapa o lokela ho iketsetsa qeto efe? (b) Ke’ng e ka thusang motho hore a etse qeto e nepahetseng?

8 Haeba ’muso oa naheng ea heno o thibela mosebetsi oa rona, u ka ’na oa ipotsa hore na u lokela ho fallela naheng e ’ngoe moo u ka khonang ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Eo ke qeto eo u lokelang ho iketsetsa eona. Pele u etsa qeto e ka ba hantle hore u ke u shebe mohlala oa Bakreste ba mehleng ea baapostola hore na ba ile ba etsa’ng ha ba hlorisoa. Ka mor’a hore bahlorisi ba bona ba tlepetse Setefane ka majoe, barutuoa ba neng ba le Jerusalema ba ile ba balehela Judea le Samaria le libakeng tse ling tse kang Foenisia, Cyprase le Antioke. (Mat. 10:​23; Lik. 8:1; 11:​19) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba hopola hore ka mor’a hore Bakreste ba boele ba hlorisoe hape, moapostola Pauluse o ile a etsa qeto ea hore a se ke a tloha libakeng tseo mosebetsi oa bona o neng o thibetsoe. Ho e-na le hoo, o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a bolele litaba tse molemo le ho matlafatsa barab’abo rona ba neng ba lula libakeng tseo.​—Lik. 14:​19-23.

9 Re ithuta’ng mehlaleng ee? Hore hlooho e ’ngoe le ’ngoe ea lelapa e lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla falla kapa che. Pele a etsa qeto, o lokela ho rapela le ho nahana ka ho teba ka hore na ho falla ho tla ama lelapa la hae joang. Tabeng ena, Mokreste e mong le e mong o lokela ho “jara mojaro oa hae.” (Bagal. 6:5) Ha rea lokela ho ahlola batho ba bang ka liqeto tseo ba li entseng.

RE TLA SEBELETSA JEHOVA JOANG HA RE THIBETSOE?

10. Ofisi ea lekala le baholo ba tla re thusa joang?

10 Ke joang u ka tsoelang pele ho sebeletsa Jehova leha mosebetsi oa rona o thibetsoe? Ofisi ea lekala e tla fa baholo ba phutheho ea heno litaelo le litlhahiso tsa hore na ba ka fumana lingoliloeng joang, ba ka tšoara liboka joang le hore na mosebetsi oa tšimo o tla etsoa joang. Haeba ofisi ea lekala e sa khone ho buisana le baholo, boemong boo baholo ba tla thusa bohle ka phuthehong hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova. Ba tla re tataisa ba itšetlehile ka hore na Bibele le lingoliloeng tsa rona li re’ng.​—Mat. 28:​19, 20; Lik. 5:​29; Baheb. 10:​24, 25.

11. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re tla lula re e-na le tumelo e matla,hona u lokela ho etsa’ng e le hore u sireletse Bibele le lingoliloeng tsa hao?

11 Jehova o ile a tšepisa hore bahlanka ba hae ba tla fumana lintho tsohle tse tla ba thusa hore ba lule ba e-na le tumelo e matla. (Esa. 65:​13, 14; Luka 12:​42-44) Kahoo, u ka kholiseha hore mokhatlo oa hae o tla re fa lintho tsohle tse tla re thusa hore re lule re tšepahala. Empa ho na le ho hong hoo le uena u ka ho etsang. Ha mosebetsi oa rona o thibeloa, batla sebaka se sireletsehileng seo ho sona u ka patang Bibele le lingoliloeng tsa hao. U be hlokolosi hore u se ke oa li beha sebakeng se ka fumanehang habonolo e-bang ke lingoliloeng tse hatisitsoeng kapa tse founong kapa tableteng. Kaofela ha rona re lokela ho loanela hore tumelo ea rona e lule e le matla.

Ha Jehova a e-na le rona, re tla ea libokeng re sa tšabe letho (Sheba serapa sa 12) *

12. Baholo ba tla hlophisa liboka joang ka tsela e patileng mohoasa?

12 Ho tla etsahala’ng ka liboka tsa rona? Baholo ba tla hlophisa hore re tšoare liboka ka tsela e patileng mohoasa. Ba ka ’na ba hlophisa hore re kopane ka lihlotšoana, ebe nako le nako ba fetola linako le libaka tseo re kopanang ho tsona. U ka sireletsa bara le barali beno ka hore ha u fihla libokeng kapa u tloha ho tsona u se ke oa etsa lerata. U ka boela oa apara ka tsela e ke keng ea u bitsetsa mahlo a batho.

Le haeba mebuso e ka thibela mosebetsi oa rona, re ke ke ra khaotsa ho bolela (Sheba serapa sa 13) *

13. Re ithuta’ng mohlaleng oa barab’abo rona ba neng ba le tlas’a puso ea Manazi?

13 Ha re tla tabeng ea tšimo, maemo a tla fapana ho ea ka libaka. Kaha re rata Jehova ebile re thabela ho bolella batho ka ’Muso oa hae, re tla batla litsela tsa ho ea tšimong. (Luka 8:1; Lik. 4:​29) Ha rahistori e mong ea bitsoang Emily Baran a bua ka mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova oa ho bolela nakong ea puso ea Manazi, o re: “Ha ’muso o bolella Lipaki hore li khaotse ho ea tšimong, li ile tsa qala ho qoqa le baahisane, basebetsi-’moho le metsoalle. Ha ba isoa teronkong ka lebaka la ho bolela ka tsela ena, ba ile ba pakela batšoaruoa-’moho le bona.” Le hoja barab’abo rona ba neng ba le tlas’a puso ea Manazi ba ne ba thibetsoe, ha baa ka ba khaotsa ho bolela. Haeba le uena moo u phelang teng mosebetsi oa rona o ka thibeloa, e se eka u ka ikemisetse ho tsoela pele u bolela ka ’Muso oa Molimo!

RE LOKELA HO QOBA’NG?

Re lokela ho tseba ha e le nako ea ho thola (Sheba serapa sa 14) *

14. Ke temoso efe eo re e fumanang ho Pesaleme ea 39:1?

14 E-ba hlokolosi hore na u bua ka eng ho mang. Nakong eo re thibetsoeng, re tlameha ho ela hloko hore ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moek. 3:7) Re lokela ho boloka lintho tse latelang e le lekunutu, mabitso a bara le barali babo rona, tsela eo re pakang ka eona, moo re tšoarelang liboka teng le hore na re fumana lingoliloeng joang. Re ke ke ra bua ka litaba tsena ho bahlanka ba ’muso, metsoalle ea rona e haufi-ufi kapa batho bao re amanang le bona ba phelang naheng eo re leng ho eona kapa ba naheng e ’ngoe. Haeba letlapa le ka thella ka rona ntlheng ena, re tla be re behile bophelo ba Bakreste-’moho le rona kotsing.​—Bala Pesaleme ea 39:1.

15. Satane o leka ka matla hore a etse’ng, hona re ka qoba leraba leo la hae joang?

15 U se ke oa lumella lintho tse sa reng letho hore li bake likarohano. Satane oa tseba hore ha a ka re seha mpa ka lehare o tla be a re hlotse. (Mar. 3:​24, 25) O tla tsoela pele ho leka ka matla hore a re arohanye. Ka tsela eo, o lumela hore re tla loantšana ka borona ho e-na le ho mo loantša.

16. Morali’abo rona Poetzinger o re behetse mohlala ofe o motle?

16 Le Bakreste ba matla tumelong, ba lokela ho itebela hore ba se ke ba oela lerabeng lena. Nahana ka mohlala oa baralib’abo rona ba babeli ba tlotsitsoeng e leng morali’abo rona Gertrud Poetzinger le morali’abo rona Elfriede Löhr. Ba ne ba koalletsoe le baralib’abo rona ba bang kampong ea mahloriso ea Manazi. Morali’abo rona Poetzinger o ile a ba mona ha morali’abo rona Löhr a ne a fana ka lipuo tse khothatsang ho baralib’abo rona ba bang moo kampong. Hamorao, morali’abo rona Poetzinger o ile a itšoabela eaba o kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: “Re tlameha ho amohela ha batho ba bang ba e-na le bokhoni kapa boikarabelo bo fetang ba rona.” O ile a thusoa ke’ng hore a se ke a hlola a e-ba mona? Morali’abo rona Poetzinger o ile a sheba makhabane a morali’abo rona Löhr le hore na o ne a le botsoalle hakae. Ka ho etsa joalo, e ile ea e-ba motsoalle oa hlooho ea khomo le morali’abo rona Löhr. Ka bobeli ba ile ba mamella mahloriso a kampong ho fihlela ba e-tsoa, eaba ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela qetellong ea tšebeletso ea bona lefatšeng mona. Haeba re loanela ho bopa khotso le Bakreste-’moho le rona, re tla qoba leraba la ho baka likarohano har’a rona.​—Bakol. 3:​13, 14.

17. Ke hobane’ng ha kamehla re lokela ho mamela tataiso eo re e fuoang?

17 Kamehla u latele tataiso eo u e fuoang. Haeba re mamela tataiso eo re e fuoang ke barab’abo rona ba filoeng boikarabelo ba ho re thusa, re tla qoba mathata. (1 Pet. 5:5) Mohlala, naheng e ’ngoe eo ho eona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, barab’abo rona ba ikarabellang ba file bahoeletsi taelo ea hore ba se ke ba fana ka lingoliloeng tse hatisitsoeng ha ba le tšimong. Leha ho le joalo, mor’abo rona e mong oa pula-maliboho o ile a nahana hore o tseba betere eaba o fana ka sengoliloeng. Ho ile ha etsahala’ng? Nakoana ka mor’a hore ba qete ho paka ka tsela e sa reroang, eena le Lipaki tse ling ba ile ba tšoaroa ke mapolesa. Ho bonahala eka mapolesa a ne a ba setse morao, kahoo a ile a khona ho fumana sengoliloeng seo. Re ithuta’ng ketsahalong ee? Re tlameha ho mamela tataiso le haeba re nka hore re tseba betere. Kamehla Jehova oa thaba ha re mamela baholo bao a ba behileng hore ba re etelle pele.​—Baheb. 13:​7, 17.

18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsa melao e mengata e sa hlokeheng?

18 U se ke oa etsa melao e sa hlokeheng. Haeba baholo ba etsa letoto la melao e mengata e sa hlokeheng ba tla imetsa phutheho. Mor’abo rona Juraj Kaminský oa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ha ba ne ba thibetsoe naheng ea Czechoslovakia e leng kamoo e neng e tsejoa kateng ka nako eo, o re: “Ka mor’a hore barab’abo rona ba ikarabellang le baholo ba bangata ba isoe teronkong, ba neng ba setse liphuthehong le lipotolohong ba ile ba iketsetsa letoto la melao e mengata ea hore na bahoeletsi ba lokela ho itšoara joang.” Jehova ha aa re fa tokelo ea ho etsetsa batho ba bang liqeto. Motho ea etsetsa’ng Bakreste-’moho le eena melao e sa hlokeheng ha a ba sireletse, empa o leka ho iketsa morena oa bona.​—2 Bakor. 1:24.

U SE KE OA KHAOTSA HO SEBELETSA JEHOVA

19. Ho ea ka 2 Likronike 32:​7, 8, ke hobane’ng ha re lokela ho ba sebete ho sa tsotellehe hore na Satane o etsa’ng?

19 Mohanyetsi oa rona ea ka sehloohong e leng Satane Diabolose, a ke ke a khaotsa ho hlorisa bahlanka ba Jehova. (1 Pet. 5:8; Tšen. 2:​10) Satane le baetsana ba hae ba tla leka ho thibela bolokolohi ba rona ba ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoha hoo re ka khaotsang ho sebeletsa Jehova. (Deut. 7:​21) Jehova o na le rona ’me o tla tsoela pele ho re tšehetsa esita le ha mosebetsi oa rona o thibetsoe.​—Bala 2 Likronike 32:​7, 8.

20. U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho tšoana le Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ileng ba re ho babusi ba ka nako eo: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lona ho e-na le Molimo, le ikahlolele. Empa ha e le rona, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”​—Lik. 4:​19, 20.

PINA EA 73 U re fe Sebete

^ ser. 5 Re lokela ho etsa’ng haeba ba boholong pusong ba thibela mosebetsi oa boboleli naheng ea habo rona? Sehloohong sena, re tl’o fuoa lintlha tse ka re thusang ho tseba hore na re lokela ho etsa’ng le hore na re lokela ho qoba’ng ha re thibetsoe e le hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Litšoantšo tsena li bontša Lipaki tse phelang moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Setšoantšong sena, sehlotšoana se seng se tšoaretse liboka ka setorong sa mor’abo rona e mong.

^ ser. 61 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona (ea ka ho le letšehali) o ntse a iqoqela le ’mè e mong ’me o batla menyetla ea ho bua le eena ka Jehova.

^ ser. 63 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona ea ntseng a hlongoa lipotso ke mapolesa o hana ho bua ka litaba tsa amanang le phutheho ea habo.