Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 28

Tswelapele ho Sebeletsa Jehova le ha o Thibelwa

Tswelapele ho Sebeletsa Jehova le ha o Thibelwa

“Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”​—LIK. 4:19, 20.

PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Ke hobaneng ha re sa lokela ho makala ha mosebetsi wa rona o thibelwa? (b) Re tlo ithutang sehloohong see?

KA 2018, ho ne ho ena le bahweletsi ba fetang 223 000, ba dulang dibakeng tseo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe ho tsona. Sena ha se re makatse. Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, Bakreste ba nnete ba a tseba hore ba tla hloriswa. (2 Tim. 3:​12) Ho sa tsotellehe hore na re dula hokae, ka tshohanyetso ba boholong pusong ba ka nna ba re thibela ho sebeletsa Modimo wa rona ya lerato Jehova.

2 Haeba mmuso wa naha eo re dulang ho yona o re thibela ho sebeletsa Jehova, re ka nna ra ipotsa dipotso tse latelang: ‘Na mahloriso ke pontsho ya hore Jehova o re lahlile? Na ho thibelwa ha mosebetsi wa rona ho tla etsa hore re tlohele ho sebeletsa Jehova? Na ke lokela ho fallela naheng e nngwe, e le hore ke sebeletse Modimo ka bolokolohi?’ Sehlooho sena se tla re thusa ho araba dipotso tsena. Re tla boela re hlahlobe hore na ke jwang re ka tswelang pele ho sebeletsa Jehova le hoja mosebetsi wa rona o thibetswe le hore na ke maraba afe ao re lokelang ho a qoba.

NA MAHLORISO KE PONTSHO YA HORE JEHOVA O RE LAHLILE?

3. Ho ya ka 2 Bakorinthe 11:23-27, Pauluse o ile a tobana le mahloriso a mofuta ofe, hona re ithutang ho se ileng sa mo etsahalla?

3 Ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona, re ka nna ra nahana hore Jehova o re lahlile. Empa re lokela ho hopola hore ho hloriswa ha ho bolele hore Jehova o re lahlile. Nahana ka moapostola Pauluse. O ile a ba le monyetla wa ho ngola dibuka tse 14 tsa Mangolo a Sekgerike a Bakreste mme e ne e le moapostola ho ditjhaba, e leng se bontshang hore Modimo o ne a mo amohela. Le ha ho le jwalo, o ile a hloriswa ka sehloho. (Bala 2 Bakorinthe 11:23-27.) Se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse, se bontsha hore Jehova a ka dumella bahlanka ba hae ba tshepahalang hore ba hloriswe.

4. Ke hobaneng ha batho ba re hloile?

4 Jesu o ile a bolela hore na ke hobaneng ha re ka lebella hore batho ba re hanyetse. O itse batho ba tla re hloya hobane ha re karolo ya lefatshe. (Joh. 15:​18, 19) Ka hoo ha re hloriswa, seo ha se bolele hore Jehova o re lahlile empa se bontsha hore re etsa se nepahetseng.

NA HO THIBELWA HA MOSEBETSI WA RONA HO TLA ETSA HORE RE TLOHELE HO SEBELETSA JEHOVA?

5. Na batho ba na le matla a ho thibela mosebetsi wa Jehova? Hlalosa.

5 Bahanyetsi ba rona ba ke ke ba fedisa mosebetsi oo Modimo ya matla ohle Jehova, a re fileng ona. Ba bangata ba lekile empa ba hlolehile. Nahana ka se ileng sa etsahala nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ka nako eo, mebuso ya dinaheng tse ngata, e ile ya hlorisa bahlanka ba Modimo ka sehloho. Mokgatlo wa Germany wa Manazi, e ne e se ona feela o neng o thibetse mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova empa le mebuso ya Australia, Canada le dinaheng tse ding. Le ha ho le jwalo, hlokomela se ileng sa etsahala. Ha ntwa e qala ka selemo sa 1939, ho ne ho ena le bahweletsi ba 72 475 lefatsheng lohle. Empa ditlaleho di bontsha hore ha ntwa e fela ka selemo sa 1945, ho ne ho se ho ena le bahweletsi ba ka bang 156 299. Palo ya bahweletsi e ne e se e eketsehile.

6. Ho ena le hore re tshohe ha re hanyetswa, keng seo re lokelang ho se etsa? Fana ka mohlala.

6 Ho ena le hore re tshohe ha re hanyetswa, re lokela ho lwana ka thata ho sebeletsa Jehova ho feta le ha e le neng pele. Ka mohlala, banyalani ba bang ba nang le ngwana, ba ne ba dula naheng eo ho yona mmuso o neng o thibetse mosebetsi wa rona. Ho ena le hore ba tshohe, ba ile ba nkela bopulamadiboho ba ka mehla. Ebile moradiwabo rona o ile a tlohela mosebetsi wa hae o patalang hantle e le hore ebe pulamadiboho. Monna wa hae yena o re thibelo eo, e entse hore batho ba bangata ba batle ho tseba ho eketsehileng ka Dipaki Tsa Jehova. Ka lebaka leo, ho ile ha eba bonolo hore a qadise dithuto tsa Bibele. Ho thibelwa ha mosebetsi wa rona ho ile ha boela ha tswela batho ba bang molemo. Moholo ya dulang naheng eo, o ile a re batho ba bangata ba neng ba se ba kgaoditse ho sebeletsa Jehova, ba ile ba qala ho ya dibokeng le ho bolela ditaba tse molemo.

7. (a) Keng eo re ithutang yona ho Levitike 26:36, 37? (b) O tla etsang ha o thibelwa ho bolela ditaba tse molemo?

7 Ha bahanyetsi ba rona ba thibela mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo, ba batla hore re tshabe ho sebeletsa Jehova. Ho ekelletsa tabeng ya ho re thibela, ba ka jala mashano ka rona, ba romela mapolesa ho phenyekolla mahae a rona, ba re isa makgotleng a dinyewe kapa ba kwalla ba bang ba rona teronkong. Ba nahana hore ka ho etsa jwalo re tla tshoha. Jwale haeba re ba dumella ho re tshosa, seo se ka etsa hore re kgaotse ho sebeletsa Jehova. Ka sebele ha re batle ho tshwana le batho bao ho buuwang ka bona ho Levitike 26:​36, 37. (E bale.) Re ke ke ra dumella ho tshaba batho ho re thibele ho sebeletsa Jehova. Ka ha re tshepa Jehova ka ho felletseng, re ke ke ra tshoha. (Esa. 28:​16) Re lokela ho mo rapela mme re mo kope hore a re tataise. Re kgodisehile hore ka ha o a re tshehetsa, ha ho mmuso le ha e le ofe o ka re thibelang ho mo sebeletsa ka botshepehi.​—⁠Baheb. 13:⁠6.

NA KE LOKELA HO FALLELA NAHENG E NNGWE, E LE HORE KE SEBELETSE MODIMO KA BOLOKOLOHI?

8-9. (a) Ke qeto efe e o dihlooho tsa malapa kapa Mokreste e mong le e mong a lokelang ho e etsa? (b) Hona keng e ka re thusang ho etsa qeto e nepahetseng?

8 Haeba moo o dulang teng mmuso o thibela ho bolelwa ha ditaba tse molemo, o ka nna wa nahana ka ho fallela naheng eo o tla kgona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi ho yona. Ena ke qeto eo o lokelang ho iketsetsa yona. Empa pele o etsa qeto, mohlomong o ka nahana ka seo Bakreste ba mehleng ya pele ba ileng ba se etsa ha ba hloriswa. Ka mora hore Setefane a tlepetswe ka majwe, barutuwa ba neng ba le Jerusalema, ba ile ba ya Judea le Samaria esita le dibakeng tse hole jwalo ka Foenisia, Cyprase le Antioke. (Mat. 10:​23; Lik. 8:⁠1; 11:​19) Le ha ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba nahana ka seo Pauluse a ileng a se etsa nakong ya mahloriso. O ile a etsa qeto ya ho se tlohe dibakeng tseo mosebetsi wa boboledi o neng o thibetswe ho tsona le hoja seo se ne se ka beha bophelo ba hae kotsing. O ile a etsa qeto ena ka ha o ne a batla ho bolela ditaba tse molemo le ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena.​—⁠Lik. 14:​19-⁠23.

9 Keng seo re ithutang sona ditlalehong tsee? Dihlooho tsa malapa di tla lokela ho etsa qeto ya hore na lelapa le tla falla kapa tjhe. Empa pele di etsa qeto, di lokela ho rapela le ho nahana hore na ho falla ho ka ama lelapa jwang. Boemong bona, Mokreste e mong le e mong “o tla jara mojaro wa hae.” (Bagal. 6:⁠5) Ka hoo, ha re a lokela ho ahlola ba bang ka qeto eo ba e etsang.

RE TLA SEBELETSA JEHOVA JWANG HA MOSEBETSI WA RONA O THIBETSWE?

10. Ke tataiso efe eo ofisi ya lekala le baholo ba tla fana ka yona?

10 Ke jwang o ka sebeletsang Jehova le ha mosebetsi wa rona o thibetswe? Ofisi ya lekala e tla fa baholo tataiso ya hore na ke jwang ba ka fumanang dingolwa, ba ka tshwarang diboka le ka moo ba ka bolelang ditaba tse molemo ka teng. Haeba ofisi ya lekala e sa kgone ho bua le bona, baholo ke bona ba tla thusa phutheho hore e tswelepele ho sebeletsa Jehova. Ba tla fana ka tataiso e thehilweng Bibeleng le dingolweng tsa rona tsa Bokreste.​—⁠Mat. 28:​19, 20; Lik. 5:​29; Baheb. 10:​24, 25.

11. Keng e o kgodisang hore o tla nne o be le dintho tseo o di hlokang e le hore o matlafatse tumelo ya hao, hona keng seo o lokelang ho se etsa ho sireletsa Bibele ya hao le dingolwa?

11 Jehova o ile a tshepisa hore bahlanka ba hae ba tla fumana dintho tsohle tseo ba di hlokang e le hore ba dule ba le matla tumelong. (Esa. 65:​13, 14; Luka 12:​42-44) Ka hoo, o ka kgodiseha hore mokgatlo wa hae o tla etsa sohle seo o ka se kgonang ho fana ka dintho tseo re di hlokang, e le hore re eme re tiile tumelong. Le ha ho le jwalo, ho na le seo o lokelang ho se etsa. O lokela ho batla sebaka seo o ka kgonang ho pata Bibele le dingolwa tseo o ka bang le tsona ha mosebetsi wa rona o thibetswe. Etsa bonnete ba hore ha o behe dingolwa, ebang ke tse printilweng kapa tse founung, sebakeng seo ho ka bang bonolo hore di fumanwe. E mong le e mong o lokela ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho imatlafatsa tumelong.

Ka thuso ya Jehova, re ke ke ra tshaba ho bokana ha mmoho bakeng sa borapedi (Sheba serapa sa 12) *

12. Baholo ba ka lokisetsa hore ho be le diboka jwang, ntle le hore bahanyetsi ba rona ba hlokomele?

12 Na re tla kgona ho tshwara diboka? Baholo ba tla lokisetsa hore ho tshwarwe diboka ka tsela e ke keng ya etsa hore bahanyetsi ba rona ba hlokomele. Ba ka nna ba re eletsa hore re kopane re le dihlopha tse nyane mme ba fetola nako le sebaka seo diboka di tshwarelwang ho sona. Re ka sireletsa Bakrestemmoho le rona ka hore re se ke ra etsa lerata ha re tla dibokeng le ha re tswa ho tsona. Hape re ka nna ra lokela ho apara ka tsela e ke keng ya bontsha hore re ya dibokeng.

Le ha mmuso o ka thibela mosebetsi wa rona, re ke ke ra kgaotsa ho bolela ditaba tse molemo (Sheba serapa sa 13) *

13. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla bara le baradibabo rona ba Soviet Union?

13 Mabapi le ho bolelwa ha ditaba tse molemo, maemo a fapana ho ya ka dibaka. Empa ka ha re rata Jehova ebile re thabela ho bolella ba bang ka Mmuso wa hae, re tla fumana ditsela tsa ho paka. (Luka 8:⁠1; Lik. 4:​29) Ha Emily B. Baran a bua ka mosebetsi wa boboledi oo Dipaki Tsa Jehova di neng di o etsa Soviet Union, o ile a re: “Ha ba boholong pusong ba ne ba bolella Dipaki Tsa Jehova hore di kgaotse ho bolela ditaba tse molemo, di ile tsa qala ho pakela baahisane, basebetsimmoho le metswalle. Di ile tsa kwallwa ka lebaka la sena empa tsa tswelapele ho bolela ditaba tse molemo ho ba tshwaruwa ba bang.” Ho sa tsotellehe ho thibelwa ha mosebetsi wa rona, bara le baradi bana babo rona ha ba a ka ba kgaotsa ho bolela ditaba tse molemo. Ka hona, haeba sebakeng seo o dulang ho sona mosebetsi wa rona o ka thibelwa, o lokela ho ba le boikemisetso bo tshwanang le ba bona.

KE MARABA AFE AO RE LOKELANG HO A QOBA?

Re lokela ho tseba nako ya hore re thole (Sheba serapa sa 14) *

14. Pesaleme ya 39:​1, e re thusa ho qoba leraba lefe?

14 Ela hloko hore o bua eng le mang. Nakong eo mosebetsi wa rona o thibetsweng ka yona, re lokela ho hlokomela ha e le “nako ya ho kgutsa.” (Moek. 3:⁠7) Ka mantswe a mang, ha re a lokela ho bolella motho le ha e le ofe, ebang ke metswalle kapa beng ka rona esita le ba boholong pusong, mabitso a bara le baradibabo rona, dibaka tseo re kopanelang ho tsona, hore na re etsa mosebetsi wa boboledi jwang le hore re fumana dingolwa jwang. Haeba re ka etsa sena, re tla be re beha bophelo ba bara le baradibabo rona kotsing.​—⁠Bala Pesaleme ya 39:⁠1.

15. Keng seo Satane a tla leka ho se etsa, hona keng seo re lokelang ho se etsa?

15 O se ke wa dumella dintho tse nyane ho re di re arole. Satane o a tseba hore diqabang di arola batho. (Mar. 3:​24, 25) Ka lebaka leo, o tla dula a batla ditsela tsa ho re arohanya, a tshepile hore re tla lwantshana ho ena le ho lwantsha yena.

16. Moradiwabo rona Gertrud Poetzinger o re behetse mohlala ofe o motle?

16 Bakreste bao e leng kgale ba sebeletsa Jehova, ba ka nna ba wela lerabeng lena. Hlokomela se ileng sa etsahalla baradibabo rona ba babedi ba tlotsitsweng, e leng Gertrud Poetzinger le Elfriede Löhr. Bona ha mmoho le baradi ba bang babo rona, ba ile ba iswa kampong ya mahloriso ya Manazi. Gertrud o ile a ba mona, ha Elfriede a kgothatsa baradibabo rona. Yaba ha morao o ikutlwa a swabile ka lebaka la seo mme a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: “Re lokela ho amohela hore batho ba bang ba na le bokgoni bo fetang ba rona.” Ebe keng se ileng sa mo thusa hore a hlole bothata boo? O ile a sheba makgabane a matle le botho bo botle ba moradiwabo rona Elfriede. Sena se ile sa mo thusa hore a be le setswalle se setle le yena. Se thabisang le ho feta ke hore, ba ile ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ho fihlela lefung. Ka ho tshwanang, haeba le rona re sebetsa ka thata ho rarolla diqabang, re ke ke ra arohana.​—⁠Bakol. 3:​13, 14.

17. Ke hobaneng ha re lokela ho latela tataiso eo mokgatlo wa Jehova o re fang yona?

17 Qoba ho iketelletsa pele. Haeba re latela tataiso eo re e fuwang ke barababo rona, re tla qoba mathata. (1 Pet. 5:⁠5) Ka mohlala, naheng e nngwe moo mosebetsi wa rona o thibetsweng, barababo rona ba ile ba fana ka tataiso ya hore bahweletsi ba se ke ba siya dingolwa ha ba le tshimong. Le ha ho le jwalo, morabo rona e mong wa pulamadiboho ha a ka mamela tataiso eo, yaba o fana ka dingolwa. Keng se ileng sa etsahala? Nakwana ka mora hore yena le ba bang ba qete tshimo, mapolesa a ile a ba hloma dipotso. Ho bonahala eka ba ne ba ba setse morao mme ba bona moo ba neng ba patile dingolwa teng. Keng seo re ithutang sona tlalehong ee? Re lokela ho mamela tataiso eo re e fuwang, le ha re sa dumellane le yona. Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re sebedisana le barababo rona bao a ba behileng hore ba re etelle pele.​—⁠Baheb. 13:​7, 17.

18. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho etsa melao e sa hlokahaleng?

18 O se ke wa etsa melao e sa hlokahaleng. Ha baholo ba etsa melao e sa hlokahaleng, ba tla imetsa Bakrestemmoho le bona. Morabo rona Juraj Kaminský, o hopola se ileng sa etsahala nakong eo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe sebakeng se neng se bitswa Czechoslovakia. O re: “Ka mora hore barababo rona ba ikarabellang le baholo ba bangata ba tshwarwe, barababo rona ba bang ba ile ba qala ho iketsetsa melao ya bona, ba bolella bahweletsi hore na ke sefe seo ba lokelang ho se etsa le seo ba sa lokelang ho se etsa.” Re lokela ho hopola hore Jehova ha a re fa matla a ho etsetsa batho ba bang diqeto. Motho ya etsang melao e sa hlokahaleng, ha a sireletse Bakrestemmoho le yena empa o laola tumelo ya bona.​—⁠2 Bakor. 1:⁠24.

O SE KE WA TLOHELA HO SEBELETSA JEHOVA

19. Ho ya ka 2 Likronike 32:7, 8, ke hobaneng ha re lokela ho ba sebete ho sa tsotellehe seo Satane a se etsang?

19 Mohanyetsi wa rona ya ka sehloohong Satane, o tla dula a hlorisa bahlanka ba tshepahalang ba Jehova. (1 Pet. 5:⁠8; Tšen. 2:​10) Yena le batshehetsi ba hae, ba tla leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshoha. (Deut. 7:​21) Re a tseba hore Jehova o ka lehlakoreng la rona mme o tla dula a re tsheheditse le ha mosebetsi wa rona o ka thibelwa.​—⁠Bala 2 Likronike 32:​7, 8.

20. O ikemiseditse ho etsang?

20 E se eka re ka ba le boikemisetso bo tshwanang le ba Bakreste ba mehleng ya pele, ba ileng ba re ho ba boholong pusong: “Hore na ho lokile mahlong a Modimo ho mamela lona ho ena le Modimo, le ikahlolele. Empa ha e le rona, re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”​—⁠Lik. 4:​19, 20.

PINA YA 73 O re fe Sebete

^ par. 5 Re lokela ho etsang ha mmuso o re thibela ho sebeletsa Jehova? Sehloohong sena, re tlo ithuta hore keng seo re lokelang ho se etsa le seo re lokelang ho se qoba, e le hore re se ke ra kgaotsa ho sebeletsa Modimo.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Dinepeng tsena, re bona Dipaki Tsa Jehova di bolela ditaba tse molemo dinaheng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho tsona. Senepeng sena bara le baradibabo rona ba mmalwa ba tshwaretse diboka kamoreng e sa sebetseng ya morabo rona e mong.

^ par. 61 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona (ya ka letsohong le letshehadi) o iqoqela le mosadi e mong mme o batla monyetla wa ho mo bolella ka Jehova.

^ par. 63 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mapolesa a hloma morabo rona dipotso mabapi le dintho tse amang phutheho, empa ha a ba arabe.