Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ka Nnete Jesu o ile a Nshwela?

Na ka Nnete Jesu o ile a Nshwela?

KA BIBELENG re bala ka banna ba tshepahalang ba neng ba ena le “maikutlo a jwalo ka a rona.” (Jak. 5:17) Ka mohlala, re kgona ho utlwisisa mantswe ao Pauluse a a buileng ho Baroma 7:21-24, ha a ne a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho nna. . . . Ke monna ya soto hakaakang!” Mantswe ana a ka re kgothatsa ha re ntse re lwantshana le mefokolo ya rona.

Pauluse o ile a boela a bua ka maikutlo a mang. Ho Bagalata 2:20 o bontsha ka moo a neng a kgodisehile ka teng hore Jesu o ile ‘a mo rata mme a inehela bakeng sa hae.’ Na le wena o ikutlwa jwalo ka Pauluse? Mohlomong eseng ka mehla.

Haeba re ikutlwa re sena thuso ka lebaka la diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng, ho ka ba thata ho dumela hore Jehova o a re rata ebile o re tshwaretse. Hape ho ka ba thata hore re bone sehlabelo sa Jesu e le mpho eo a e fileng e mong le e mong wa rona. Na ebe Jesu o batla hore re nke sehlabelo sa hae e le mpho eo a re fileng yona? Haeba ho jwalo, keng e ka re thusang hore re se nke e le mpho? A re tshohleng dipotso tsena tse pedi.

KA MOO JESU A TADIMANG SEHLABELO SA HAE KA TENG

Jesu o batla hore re nke sehlabelo sa hae e le mpho eo a re fileng yona. Empa re ka se nka e le mpho jwang? Nahana ka ketsahalo e tlalehilweng ho Luka 23:39-43. Hona le monna ya fanyehilweng thupeng ya tlhokofatso pela Jesu. Monna enwa o a dumela hore o entse tlolo ya molao. E tlameha ebe o entse ntho e tebileng haholo, hore ebe o fuwa kotlo ya lefu. Monna enwa o tshwenyehile haholo mme o etsa kopo ena ho Jesu: “O nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.”

Jesu o ile a reng ha a mo araba? Ako nahane feela bohloko boo Jesu a neng a bo utlwa ha a sheba sesinyi sena. Empa ho sa tsotellehe bohloko, o a bososela mme o kgothatsa monna enwa. O re: “Ka nnete ke a o bolella kajeno, O tla ba le nna Paradeiseng.” Jesu o ne a ka nna a hopotsa monna eo feela hore ‘Mora motho o tletse ho fana ka moya wa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:​28) Ho ena le hoo, ka mosa o ile a bontsha monna eo hore na ka ho toba sehlabelo sa hae se mo ama jwang. O ile a bontsha hore o mosa ha a ne a re “o” tla ba le “nna.” Yaba o bolella monna eo hore o tla phela paradeiseng mona lefatsheng.

Ntle ho pelaelo, Jesu o ne a batla hore monna eo a utlwisise hore sehlabelo sa hae se ne se tla mo tswela molemo haufinyane. Haeba Jesu a ne a ikutlwa jwalo ka sesinyi seo, se neng se sa sebeletse Modimo, ho thweng ka Mokreste ya kolobeditsweng le ya sebeletsang Modimo? Jwale keng e ka re kgodisang hore sehlabelo sa Kreste se ka re tswela molemo re le motho ka bo mong?

PAULUSE O THUSITSWE KENG?

Tshebeletso ya Pauluse e ile ya susumetsa tsela eo a tadimang sehlabelo sa Jesu ka yona. Empa jwang? O ile a re: “Ke leboha Kreste Jesu Morena wa rona, ya ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ya tshepahalang ka hore a nkabele bosebeletsi, le hoja pele ke ne ke le monyefodi le mohlorisi le monna wa monyedisi.” (1 Tim. 1:​12-14) Tshebeletso e ile ya netefalletsa Pauluse hore Jesu o mosa, o lerato le hore o ne a mo tshepa. Ka ho tshwanang, le rona Jesu o re file mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo. (Mat. 28:​19, 20) Na tshebeletso ya rona e ka re thusa ho utlwisisa hore Jesu o re shwetse?

Albert ya sa tswa kgutlela ka phuthehong ka mora dilemo tse 34 a kgaotswe, o re: “Dibe tsa ka di ka pelaka ka mehla. Empa ha ke le tshimong, ke ikutlwa jwalo ka moapostola Pauluse ha a ne a re Jesu ke yena ya mo fileng mosebetsi ona. Ho etsa mosebetsi wa boboledi ho a nkgothatsa mme ho etsa hore ke be le pono e nepahetseng ka bophelo ba ka.

Ha o ntse o ruta batho ba mefuta yohle Bibele, ba kgodise hore Jesu o mosa le hore o a ba rata

Pele Allan a ithuta nnete e ne le tsotsi mme a rata ntwa. O re: “Ke dula ke nahana ka dintho tse mpe tseo ke ileng ka di etsa batho mme ka dinako tse ding di a nnyahamisa. Empa ke leboha Jehova hore ebe o dumella moetsadibe ya tshwanang le nna hore a bolelle batho ditaba tse molemo. Ha ke bona ba dumela ho ithuta Bibele, seo se a nhopotsa hore Jehova o molemo ebile o lerato. Ke utlwa eka o sebedisa nna ho thusa batho ba boemong boo ke neng ke le ho bona.”

Ho ya tshimong ho re thusa hore re nahane ka dintho tse molemo. Hape ho re kgodisa hore Jesu o mosa, o lerato ebile o a re tshepa.

JEHOVA O MOHOLO HO DIPELO TSA RONA

Hafeela re ntse re phela lefatsheng lena le buswang ke Satane, re tla dula re ikutlwa molato ka diphoso tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng. Empa keng e ka re thusang hore re lwantshe maikutlo ao?

Jean ya neng a phela bophelo bo habedi ha e ntse e le motjha, o re: “Ke a thaba hore ebe ‘Modimo o moholo ho dipelo tsa rona.’” (1 Joh. 3:19, 20) Le rona re kgothatswa ke ho tseba hore Jehova le Jesu ba a utlwisisa hore re baetsadibe. Hopola hore ha ba a fana ka thekollo bakeng sa batho ba phethahetseng empa bakeng sa baetsadibe ba bakang.​—1 Tim. 1:15.

Re tla kgodiseha le ho feta hore thekollo e ka re tswela molemo re le motho ka bo mong, haeba re nahanisisa ka tsela eo Jesu a ileng a tshwara batho ba sa phethahalang ka yona mme re etsa sohle seo re ka se kgonang ho phetha mosebetsi oo a re fileng ona. Ka ho etsa jwalo, o tla bua jwalo ka Pauluse ha a ne a re: Jesu o ile “a nthata mme a inehela bakeng sa ka.