Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34

Ke Jwang o ka Thabang Kabelong e Ntjha?

Ke Jwang o ka Thabang Kabelong e Ntjha?

“Modimo ha se ya sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona le lerato leo le ileng la le bontsha bakeng sa lebitso la hae.”​—BAHEB. 6:10.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-3. A mang a mabaka a etsang hore dikabelo tsa Bakreste ba tshebeletsong ya nako e tletseng di fetohe ke afe?

ROBERT le Mary Jo ba re: “Ka mora hore re thabele ho sebeletsa re le barumuwa ka dilemo tse 21, batswadi ba rona ka bobedi ba ile ba kula. Re ne re thabela ho ba hlokomela. Ho ntse ho le jwalo, re ne re utlwile bohloko hore ebe re tloha sebakeng seo re neng re se rata.”

2 William le Terrie ba re: “Re ile re lla ha re fumana hore ka lebaka la ho kula, ha re sa tla kgona ho kgutlela kabelong ya rona. Esale re batla ho sebeletsa Jehova naheng e nngwe empa ke mona ha re sa tla kgona.”

3 Aleksey o re: “Re ne re tseba hore bahanyetsi ba rona ba ne ba batla ho kwala ofisi ya lekala eo ke neng ke sebetsa ho yona. Empa re ile ra utlwa bohloko ha seo se etsahala mme jwale re tlameha ho tsamaya.”

4. Re tlo hlahloba dipotso dife sehloohong sena?

4 Ho boetse ho na le bara le baradibabo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng, ba akarelletsang ba sebetsang Bethele ba ileng ba fumana dikabelo tse ntjha. * Ho ka ba thata hore Bakreste bana ba tshepahalang, ba tlohe kabelong eo ba e ratang. Keng e ka ba thusang hore ba amohele diphetoho? O ka ba thusa jwang? Dikarabo tsa dipotso tsena, di tla thusa e mong le e mong wa rona hore na o lokela ho etsang ha maemo a fetoha.

AMOHELA DIPHETOHO

Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore Bakreste ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba tlohele kabelo ya bona? (Sheba serapa sa 5) *

5. Ha re fuwa kabelo e ntjha, seo se ka re ama jwang?

5 Ho sa tsotellehe hore na re tshimong kapa re Bethele, re ka rata batho le sebaka seo re sebeletsang ho sona. Ka hoo ha ho ka etsahala hore re tlohe dikabelong tsa rona, re ka utlwa bohloko haholo. Lebaka ke hore re hopola bara le baradibabo rona bao re ba siileng ebile re tshwenyeha ka bona, haholoholo haeba re tlohile ka lebaka la mahloriso. (Mat. 10:​23; 2 Bakor. 11:​28, 29) Ho feta moo, ho ka ba thata ho ya sebakeng se seng ka ha ha o a tlwaela tsela eo ba etsang dintho ka yona moo. Sena se ka etsahala le hoja o kgutlela sebakeng seo o tswang ho sona. Robert le Mary Jo ba re: “Re ne re se re lebetse tsela eo dintho di etswang ka yona sebakeng seo re tswang ho sona, esita le ho bolella batho ditaba tse molemo ka puo ya rona. Ka ha re sebeleditse naheng e nngwe ka nako e telele, ha re kgutlela hae e ne e ka re sebakeng seo re sa se tlwaelang.” Ha Bakreste ba fumana kabelo e ntjha, ba ka nna ba ba le mathata a ditjhelete. Sena se ka nna sa ba nyahamisa. Jwale ba ka thuswa keng?

Ke ha bohlokwa hore re atamele haufi le Jehova mme re mo tshepe (Sheba serapa sa 6-7) *

6. O ka dula o haufi le Jehova jwang?

6 Dula o le haufi le Jehova. (Jak. 4:8) Seo o ka se etsa jwang? Ka ho mo tshepa, ka ha ke “ya utlwang thapelo.” (Pes. 65:2) Pesaleme ya 62:8 e re: “Tshollelang dipelo tsa lona ka pela hae.” Jehova a ka re fa ‘ho fetang dintho tsohle tseo re di kopang kapa re di nahanang.’ (Baef. 3:20) Ha a re fe feela dintho tseo re mo kopang tsona. Hape a ka rarolla mathata a rona ka tsela eo re neng re sa e nahana.

7. (a)Keng e tla re thusa hore re dule re le haufi le Jehova? (b) Ho ya ka Baheberu 6:10-12, ho tla etsahalang haeba o tswelapele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi?

7 E le hore o dule o le haufi le Jehova, bala Bibele ka mehla o be o nahanisise ka seo o se badileng. Moromuwa e mong o re: “Tswelapele ho etsa borapedi ba lelapa le ho lokisetsa diboka jwalo ka ha o ne o tlwaetse.” Etsa sohle seo o ka se kgonang ho kenya letsoho mosebetsing wa boboledi phuthehong eo o leng ho yona. O se ke wa lebala hore Jehova o hopola bohle ba tswelang pele ho mo sebeletsa ka botshepehi le hoja maemo a sa ba dumelle ho etsa seo ba neng ba se etsa pele.​—Bala Baheberu 6:10-12.

8. Mantswe a hlahang ho 1 Johanne 2:15-17, a ka o thusa jwang hore o kgotsofalle dintho tseo o nang le tsona?

8 Kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona. O se ke wa dumella hore mathata a lefatshe la Satane a etse hore o tlohelle ho sebeletsa Jehova. (Mat. 13:22) Ka lehlakoreng le leng, o se ke wa susumetswa ke batho ba sa sebeletseng Jehova, metswalle kapa ba lelapa ba reng o lokela ho ba le tjhelete e le hore bophelo ba hao bo be hantle. (Bala 1 Johanne 2:15-17.) Ho e na le hoo, tshepa Jehova ya tshepisang hore o tla o fa dintho tseo o di hlokang “ka nako e nepahetseng.”​—Baheb. 4:16; 13:5, 6.

9. Ho ya ka Liproverbia 22:3, 7, ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho qoba dikoloto tse sa hlokahaleng, hona keng e ka re thusang hore re etse diqeto tse nepahetseng?

9 Qoba dikoloto tse sa hlokahaleng. (Bala Liproverbia 22:3, 7.) Ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng ho ka o hloka tjhelete e ngata mme ho ka ba bonolo hore o iphumane o kene dikolotong. E le hore o se ke wa kena dikolotong, qoba ho kadima tjhelete hore o reke dintho tseo o sa di hlokeng. Le ha ho le jwalo, ho ka ba thata ho etsa qeto ya hore na o etse sekoloto sa bokae, haholo haeba o hlokomela motho ya kulang. Maemong a jwalo, o lokela ho hopola hore “thapelo le thapedi” di ka o thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng. Jwale, Jehova o tla arabela thapelo ya hao ka hore a ofe kgotso e tla lebela pelo ya hao le matla a hao a kelello. Sena se tla o thusa hore o nahane hantle o kgobile matshwafo.​—Bafil. 4:6, 7; 1 Pet. 5:7.

10. Re ka etsa metswalle e metjha jwang?

10 Eba haufi le batho ba o kgothalletsang ho etsa dintho tse molemo. Bolella metswalle ya hao ka moo o ikutlwang ka teng le mathata ao o kopanang le ona, haholoholo ba ileng ba ba boemong bo tshwanang le ba hao. Ha o etsa jwalo, o ka ikutlwa o le betere. (Moek. 4:​9, 10) Metswalle eo o ileng wa e etsa ha o ntse o le kabelong e fetileng, e tla dula e le metswalle ya hao. Empa hona jwale o kabelong e ntjha mme o hloka ho etsa metswalle e metjha. Hopola hore o lokela ho ba botswalle e le hore o be le metswalle. Empa o ka etsa metswalle e metjha jwang? Bolella Bakreste ba bang ka dintho tse molemo tseo Jehova a o etseditseng tsona, e le hore ba bone ka moo o thabelang ho sebeletsa Jehova ka teng. Le hoja ba bang ba ka nna ba se ke ba utlwisisa hore na ke hobaneng ha o rata tshebeletso ya nako e tletseng, ba bang ba ka nna ba thabela ho o mamela mme ya eba metswalle ya hao. Le ha ho le jwalo, hlokomela hore o se ke wa bua haholo ka wena le ka dintho tseo Jehova a o etseditseng tsona tshebeletsong kapa wa bua hampe ka kabelo e fetileng.

11. O ka etsa jwang e le hore le dule le thabile lenyalong?

11 Haeba o ile wa lokela ho tloha kabelong eo o neng o le ho yona hobane molekane wa hao a kula, o se ke wa mo beha molato. Kapa haeba e le wena ya kulang o se ke wa ipeha molato wa hore o phoqile molekane wa hao. Hopola hore le “nama e le nngwe” mme le tshepisitse Jehova hore le tla hlokomelana ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe. (Mat. 19:​5, 6) Ka lehlakoreng le leng, ha o tlohetse kabelo ya hao ka lebaka la ho ima o sa lebella, etsa bo nnete ba hore ngwana wa hao o a tseba hore ke wa bohlokwa ho feta kabelo eo o neng o le ho yona. Dula o mo bolella hore o mo nka e le “moputso” o tswang ho Modimo. (Pes. 127:3-5) Ka nako e tshwanang mo bolelle ka melemo eo o e fumaneng kabelong eo o neng o le ho yona. Ho etsa jwalo, ho tla mo kgothalletsa hore a kenele tshebeletso ya nako e tletseng jwalo ka wena.

KA MOO BA BANG BA KA THUSANG KA TENG

12. (a) Ke jwang re ka thusang ba tshebeletsong ya nako e tletseng hore ba tswelepele ka dikabelo tsa bona? (b) Re ka ba thusa jwang hore ba thabele dikabelo tse ntjha?

12 Re babatsa bara le baradibabo rona ba etsang sohle seo ba ka se kgonang ho tshehetsa ba tshebeletsong ya nako e tletseng hore ba tswelepele dikabelong tsa bona. Ba etsa sena ka hore ba ba kgothatse le ho ba fa dintho tseo ba di hlokang kapa ka ho ba hlokomella ba lelapa. (Bagal. 6:2) Haeba bara le baradibabo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba abelwa ho ya phuthehong ya lona, o se ke wa nahana hore ba fuwe kabelo e ntjha hobane ba ne ba sa etse mosebetsi hantle kapa ho na le phoso eo ba e entseng. * Ho ena le hoo, ba thuse ho thabela kabelo ya bona e ntjha. O ka etsa sena ka ho ba amohela ka mofuthu le ho ba babatsa ka mosebetsi o motle oo ba o entseng le hoja ka lebaka la ho kula, ba sa kgone ho sebetsa jwalo ka pele. Iphe nako ya ho ba tseba mme o ithute tsebong, kwetlisong le dinthong tseo ba fetileng ho tsona.

13. Ke jwang re ka thusang ba fumaneng kabelo e ntjha?

13 Qalong bara le baradibabo rona ba fuweng kabelo e ntjha, ba ka nna ba hloka thuso ya hao mabapi le ho fumana bodulo, dipalangwang, mosebetsi kapa dintho tse ding tsa bohlokwa. Ba ka boela ba hloka tlhahisoleseding ka dintho tse tlwaelehileng, tse kang ho patala rente, metsi kapa motlakase. Empa ntho ya bohlokwa eo ba e hlokang, ke motho ya lekang ho utlwisisa maemo a bona. E ka nna yaba ba a kula kapa e mong wa lelapa o a kula mme ho ka ba thata hore ba sebetsane le boemo bona. Hape e ka nna yaba ba utlwile bohloko ka lebaka la ho hlokahallwa. * Kapa ba ntse ba utlwiswa bohloko ke ho hopola metswalle ya bona ya kabelong e fetileng le hoja ba sa bue ka yona. Ka hoo, ba hloka nako ya hore ba sebetsane le maikutlo ana a ferekanyang.

14. Moradi e mong wa bo rona o ile a thuswa jwang ke bara le baradibabo rona hore a tlwaele kabelo e ntjha?

14 E le hore re thuse bara le baradibabo rona ho tlwaela dikabelo tsa bona tse ntjha, re lokela ho ba behela mohlala o motle ka hore re bolele le bona ditaba tse molemo le ho ba kgothatsa. Moradiwabo rona ya sebeleditseng naheng e nngwe ka dilemo tse ngata o re: “Kabelong eo ke neng ke le ho yona, ke ne ke ithuta Bibele le batho ka mehla. Empa kabelong e ntjha, ke ne ke sa kgone ho balla batho Bibele le ho ba bontsha video ha ke le tshimong. Bara le baradibabo rona ba phutheho eo ke leng ho yona, ba ile ba re ke ye le bona ho batho bao ba ithutang Bibele le bona. Ka hoo ha ke bona tsela e atlehang eo bara le baradibabo rona ka mafolofolo ba neng ba ithuta Bibele le batho ka yona, sena se ile sa etsa hore pono ya ka e fetohe ka tshimo eo re e sebetsang. Ke ile ka ithuta ho qadisa moqoqo ha ke le tshimong mme ka qala ho thaba hape.”

TSWELAPELE HO ETSA SOHLE SEO O KA SE KGONANG

Batla ditsela tsa ho eketsa tshebeletso ya hao tshimong ya heno (Sheba serapa sa 15-16) *

15. Ke jwang o ka atlehang kabelong ya hao e ntjha?

15 O ka kgona ho atleha kabelong ya hao e ntjha. Ka hoo o se ke wa nahana hore o tlohile kabelong ya hao hobane o ne o sa etse dintho hantle kapa hobane o se motho wa bohlokwa. Ho e na le hoo, nahana ka dintho tse molemo tseo Jehova a o etsetsang tsona hona jwale mme o tswelepele ho bolela ditaba tse molemo. Etsisa mohlala wa Bakreste ba tshepahalang ba nakong e fetileng. Hohle moo ba neng ba le teng, ba ne “ba pholletsa le naha ba bolela ditaba tse molemo tsa lentswe.” (Lik. 8:​1, 4) Haeba le wena o tswelapele ho bolela ditaba tse molemo o tla fumana melemo e mengata. Ka mohlala, bopulamadiboho ba neng ba lelekilwe nahane e nngwe ba ile ba ya sebakeng se haufi, moo ho neng ho ena le tlhoko ya batho ba ka bolelang ditaba tse molemo ka puo ya bona. Ka mora dikgwedi tse seng kae, sehlopha seo se ile sa eketseha.

16. Ke jwang o ka thabang kabelong e ntjha?

16 “Thabo ya Jehova ke qhobosheane ya lona.” (Neh. 8:​10) Ke nnete hore re rata dikabelo tsa rona, empa ntho ya bohlokwa e lokelang ho re thabisa ke ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ka hoo tswelapele ho ba haufi le Jehova mme o tla o fa bohlale, a o tataise a be a o tshehetse. Hopola hore o ne o rata kabelo ya hao hobane o ne o etsa sohle seo o ka se kgonang ho thusa batho. Jwale le kabelong ya hao e ntjha etsa se tshwanang mme o bone ha Jehova a o thusa ho e rata.​—Moek. 7:10.

17. Keng eo re lokelang ho e hopola ka kabelo ya rona?

17 Re lokela ho hopola hore tshebeletso ya rona ho Jehova ke ya ka ho sa feleng, empa dikabelo tsa rona ke tsa nakwana hobane lefatsheng le letjha di ka nna tsa fetoha. Aleksey eo re buileng ka yena qalong, o re ho fetoha ha dikabelo ho mo thusa ho itokiselletsa diphetoho tsa nakong e tlang. O re: “Ke ne ke tseba hore Jehova o teng le hoja ke ne ke utlwa a le hole le nna le hore lefatshe le letjha ke la sebele, empa le dieha ho fihla. Hona jwale ke ikutlwa ke le haufi haholo le Jehova ebile lefatshe le letjha le se le le haufi.” (Lik. 2:25) E se eka re ka tswelapele re le haufi le Jehova ho sa tsotellehe hore na re kabelong efe. A ke ke a re lahla, empa o tla re thusa hore re thabe ho sa tsotellehe hore na re mo sebeletsa re le hokae.​—Esa. 41:13.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

^ par. 5 Ka dinako tse ding bara le baradibabo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba ka nna ba lokela ho tlohela dikabelo tsa bona kapa ba fumana kabelo e ntjha. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke mathata afe ao ba kopanang le ona le hore na ba ka thuswa keng ho tlwaela kabelo e ntjha. Re tla boela re bone hore na ba bang ba ka etsa jwang ho ba kgothatsa le ho ba tshehetsa le hore na kaofela ha rona re ka sebedisa melaomotheo efe e tla re thusa ha re tobana le diphetoho bophelong ba rona.

^ par. 4 Ka tsela e tshwanang, ka lebaka la botsofadi barababo rona ba bangata ba ile ba fana ka dikabelo tsa bona ho barababo rona ba batjha. Sheba sehlooho se reng “Bakreste ba Hodileng, Jehova o Ananela Botshepehi ba Lona,” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya September 2018 le se reng, “Dula O Thabile Esita le Ha Maemo a Hao a Fetoha” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya October 2018.

^ par. 12 Baholo ba phutheho eo bara bana babo rona ba neng ba kopanela ho yona, ba lokela ho potlakela ho ngola karete ya tlaleho e le hore bara bana babo rona ba ka tswelapele ho sebeletsa jwalo ka bopulamadiboho, baholo kapa bahlanka ba sebeletsang.

^ par. 13 Sheba dihloohwana tse ding tse hlahang tlasa sehloho se reng “Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?” ho Fadimehang ya No. 3 2018.

^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Banyalani ba baromuwa ba tloha sebakeng seo ba neng ba sebeletsa ho sona mme ba re bara le baradibabo rona ba sale hantle.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha ba le naheng ya ha bo bona, banyalani bana ba rapela Jehova hore a ba thuse ho mamella maemo ao ba kopanang le ona.

^ par. 61 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka thuso ya Jehova ba kgutletse tshebeletsong ya nako e tletseng. Ba sebedisa tsebo ya bona ya puo eo ba ithutileng yona ha e ntse e le baromuwa, ho bolella batho ba tswang dinaheng tse ding ditaba tse molemo.