Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 40

Lula U Phathahane Qetellong ea ‘Matsatsi a ho Qetela’

Lula U Phathahane Qetellong ea ‘Matsatsi a ho Qetela’

“Le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena.”​—1 BAKOR. 15:58.

PINA EA 58 A re Batleng Metsoalle ea Khotso

SELELEKELA *

1. Re kholisoa ke’ng hore re phela “matsatsing a ho qetela”?

NA U hlahile ka mor’a selemo sa 1914? Haeba ho joalo, u phetse “matsatsing a ho qetela.” (2 Tim. 3:1) Kaofela ha rona re utloile ka litlaleho tsa lintho tseo Jesu a itseng li tla etsahala mehleng ena ea ho qetela. Tse ling tsa tsona ke lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, maloetse, botlokotsebe le ho hlorisoa ha batho ba Jehova. (Mat. 24:​3, 7-9, 12; Luka 21:​10-12) Ho phaella moo, re boetse re bone hore boitšoaro ba batho bo joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela esale pele. (Sheba lebokose le reng, “ Kamoo Batho ba Leng Kateng Kajeno.”) Kahoo, rona Lipaki Tsa Jehova ha re re le hore fara! ena ke ‘karolo e qetellang ea matsatsi.’​—Mik. 4:1.

2. Re lokela ho tseba likarabo tsa lipotso life?

2 Kaha joale ho se ho fetile lilemo tse ngata ho tloha ka 1914, ruri re phela qetellong ea “matsatsing a ho qetela.” Ha e le mona bofelo bo le haufi, re lokela ho tseba likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse kang: Ke lintho life tse tla etsahala qetellong ea ‘matsatsi a ho qetela’? Hona Jehova o lebelletse hore re etse’ng ha re ntse re letetse liketsahalo tseo?

HO TLA ETSAHALA’NG QETELLONG EA ‘MATSATSI A HO QETELA’?

3. Ho ea ka boprofeta bo ho 1 Bathesalonika 5:​1-3, baeta-pele ba lefatše ba tla etsa mohoo ofe?

3 Ho 1 Bathesalonika 5:​1-3 (E bale), Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova.” Poleloana e reng “letsatsi la Jehova” litemaneng tsena, e bua ka nako ea ha “Babylona e Moholo,” e leng bolumeli ba bohata, a hlaseloa ho fihlela ha Armagedone e fihla. (Tšen. 16:​14, 16; 17:5) Pele letsatsi leo le fihla, lichaba li tla phatlalatsa li re: “Khotso le tšireletseho!” Hangata baeta-pele ba lefatše ba sebelisa mantsoe a tšoanang ha ba bua ka ho tiisa maqhama lipakeng tsa linaha. * Leha ho le joalo, mohoo oa “khotso le tšireletseho” oo Bibele e buang ka oona, o tla fapana. Hobane’ng? Hobane nakong eo mohoo ona o etsoang, batho ba bangata ba tla nahana hore baeta-pele ba lefatše ba atlehile ho felisa lintoa le tlolo ea molao. Empa, ba sa ile le khongoana holimo joalo, “timetso ea tšohanyetso” le “matšoenyeho a maholo” li tla ba hlaha lesumatha.​—Mat. 24:21.

U se ke oa thetsoa ke mohoo oa “khotso le tšireletseho” (Sheba serapa sa 3 ho ea ho sa 6) *

4. (a) Ke lintho life tseo re sa li tsebeng ka mohoo oa “khotso le tšireletseho”? (b) Ke’ng seo re se tsebang ka oona?

4 Ke ’nete hore ho na le lintho tseo re li tsebang ka mohoo ona oa “khotso le tšireletseho.” Leha ho le joalo, ho sa na le tseo re sa li tsebeng. Ha re tsebe hore na ke’ng e tla etsa hore baeta-pele ba lefatše ba etse mohoo le hore na ba tla o etsa joang. Re boetse ha re tsebe hore na ba tla etsa phatlalatso e le ’ngoe kapa liphatlalatso tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na mohoo ona o tla etsoa joang, seo re se tsebang ke hore le ka mohla ha rea lokela ho lumela hore baeta-pele ba lefatše ba ka tlisetsa lefatše lohle khotso. Ho e-na le hoo, oo ke oona mohoo oo Bibele e ileng ea re lemosa hore baeta-pele ba tla o etsa. E tla be e le pontšo ea hore “letsatsi la Jehova” le haufi le ho qala.

5. Lengolo la 1 Bathesalonika 5:​4-6, le re thusa joang hore re be malala-a-laotsoe bakeng sa “letsatsi la Jehova”?

5 Bala 1 Bathesalonika 5:​4-6. Lengolong lena, Pauluse oa re bolella hore na re lokela ho etsa’ng e le hore “letsatsi la Jehova” le re fumane re le malala-a-laotsoe. O re ha re ea lokela ho “robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala.” Ho e-na le hoo, o re re lule “re falimehile.” Mohlala, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Ho seng joalo, re tla ba “karolo ea lefatše.” (Joh. 15:​19) Rea tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa khotso.

6. Re batla ho thusa batho ba bang hore ba etse’ng, hona hobane’ng?

6 Ho phaella tabeng ea hore re lokela ho lula re falimehile, re boetse re batla ho thusa batho ba bang hore le bona ba falimehele lintho tseo Bibele e ileng ea re li tla etsahala mehleng ena. A re hopoleng hore re tlameha ho ba lemosa hona joale pele matšoenyeho a maholo a qala, kaha ha a se a qalile, ho tla be ho se ho se na nako ea hore batho ba ithute ka Jehova. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re bolele litaba tse molemo ka matla hona joale. *

PHATHAHANA KA HO BOLELA MOLAETSA OA BIBELE

Ha re bolella batho ka ’Muso oa Molimo, re ba bontša hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka etsang hore ho be le khotso le tšireletso (Sheba serapa sa 7 ho ea ho sa 9)

7. Jehova o lebelletse hore re etse’ng hona joale?

7 Jehova o lebelletse hore ka nako ena e khutšoanyane e setseng pele “letsatsi” la hae le fihla, re phathahane mosebetsing oa boboleli. Re lokela ho etsa bonnete ba hore kamehla ho ba le ho ‘hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:​58) Jesu o ile a bolela esale pele hore na re tla etsa’ng. Ha a bua ka lintho tsohle tsa bohlokoa tse tla etsahala matsatsing a ho qetela, o ile a boela a re: “Hape, litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mar. 13:​4, 8, 10; Mat. 24:​14) Ak’u nahane feela, nako le nako ha u ea tšimong, u kenya letsoho ho phethahatseng boprofeta bona ba Bibele.

8. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ’nile oa atleha joang?

8 Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ’nile oa atleha joang? Selemo le selemo ho na le batho ba bangata ba qalang ho ithuta ka ’Muso oa Molimo. Mohlala, nahana kamoo palo ea bahoeletsi e eketsehileng kateng lefatšeng ka bophara mehleng ena. Ka 1914, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 5 155 linaheng tse 43. Hona joale, ho na le bahoeletsi ba ka bang limilione tse 8.5 linaheng tse 240. Ho ntse ho le joalo, mosebetsi oa rona ha o e-s’o fele. Re lokela ho lula re bolella batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata ’ohle a batho.​—Pes. 145:​11-13.

9. Ke’ng e tla etsahala ha re tsoela pele ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo?

9 Re ke ke ra emisa ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo ho fihlela ha Jehova a re ho lekane. Ho setse nako e kae hore batho ba ithute ka Jehova le Jesu? (Joh. 17:3) Ha re tsebe. Ntho eo re e tsebang ke hore pele matšoenyeho a maholo a qala, bohle ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba tla lumela ho ithuta ka Jehova le ho mo sebeletsa. (Lik. 13:​48) Re ka ba thusa joang pele ba siuoa ke nako?

10. Jehova o re thusa joang hore re rute batho Bibele?

10 Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa lintho tsohle tseo re li hlokang ho ruta batho Bibele. Mohlala, beke le beke Seboka sa​Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea rona sea re koetlisa. Se re fa malebela a hore na re ka re’ng leetong la pele le maetong a ho boela. Se boetse se re ruta hore na re ka khanna lithuto tsa Bibele joang. Mokhatlo oa Jehova o boetse o re file lintho tse ka re thusang ha re ruta batho Bibele tse ka har’a Teaching Toolbox. Lintho tsena li re thusa ho . . .

  • qala moqoqo le batho,

  • hapa maikutlo a bona,

  • thusa batho hore ba batle ho tsoela pele ho ithuta Bibele,

  • ruta batho seo Bibele e se rutang, le

  • memela batho ba ratang molaetsa oa rona libokeng le ho ba khothalletsa hore ba kene websaeteng ea rona.

Ha rea lokela ho khotsofalla feela ho ba le lintho tsena empa re lokela ho li sebelisa. * Mohlala, ka mor’a hore u buisane le motho ea thahasellang, mo siele pampitšana kapa makasine eo a tla sala a e bala ho fihlela ha le kopana hape. Ke boikarabelo ba rona ho lula re phathahane mosebetsing oa ho ruta batho Bibele khoeli le khoeli.

11. Ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa qeto ea ho sebelisa Online Bible Study Lessons?

11 Mokhatlo oa Jehova o boetse o sebelisa Online Bible Study Lessons e fumanehang websaeteng ea jw.org® ho thusa batho ho ithuta ka Jehova. Ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa qeto ea ho sebelisa mokhoa oo? Khoeli le khoeli, likete-kete tsa batho li kena Inthaneteng li batla ho ithuta Bibele. Lithuto tse websaeteng ea rona li thusa batho hore ba ithute Lentsoe la Molimo. Ka linako tse ling, batho ba bang ba ka ’na ba e-ba lesisitheho ho ithuta Bibele le rona. Haeba ho joalo, re ka ba bontša mokhoa ona oa ho ithuta Bibele websaeteng ea rona kapa ra ba romella linki. * Haeba lithuto tsena ha li eo ka puo ea habo rona, re ka ba bontša tsona ka puo eo ba e utloisisang.

12. Ke lintho life tseo batho ba ka ithutang tsona ho Online Bible Study Lessons?

12 Lihlooho tse hlahang ho Online Bible Study Lessons li akarelletsa tse buang ka Bibele le Mongoli oa eona, batho ba hlahang ka Bibeleng le molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo. Ha u kene moo, u tla ithuta lintho tse latelang:

  • Hore na Bibele e ka u thusa joang

  • Hore na Jehova, Jesu le mangeloi ke bo-mang

  • Ke hobane’ng ha Jehova a bopile batho?

  • Ke hobane’ng ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko?

Lithuto tsena li boetse li hlalosa hore na ke joang Jehova a tla . . . 

  • felisa mahlomola le lefu,

  • tsosa bafu le ho

  • felisa mebuso ea batho a hlome oa Hae.

13. Na mokhoa oa ho ithuta Bibele Inthaneteng o nkela mokhoa oa ho khannela batho lithuto tsa Bibele sebaka? Hlalosa.

13 Mokhoa ona oa ho ithuta Bibele Inthaneteng ha o nkele sebaka mokhoa oo re ithutang Bibele le batho ka oona. Jesu o re file tokelo ea ho etsa batho barutuoa. Re lumela hore lithuto tsena tse Inthaneteng li tla etsa hore batho ba li balang ba li rate ba be ba batle ho ithuta Bibele haholoanyane. Mohlomong ba ka ba ba batla ho khanneloa thuto ea Bibele. Qetellong ea thuto ka ’ngoe, ho na le karolo eo ho eona motho a ka kopang ho khanneloa thuto ea Bibele. Letsatsi le leng le leng, mokhatlo o fumana likopo tse ka bang 230 websaeteng ea rona tsa batho ba batlang ho khanneloa thuto ea Bibele. Ke kahoo mokhoa oa ho khannela batho lithuto tsa Bibele e leng oa bohlokoa.

IKITLAELLETSE HO ETSA BATHO BARUTUOA

14. Ho latela taelo eo Jesu a re fileng eona e ho Matheu 28:​19, 20, re lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

14 Bala Matheu 28:​19, 20. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa, re ba rute ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a re laetseng tsona.’ Re lokela ho thusa batho ho utloisisa hore ho bohlokoa ho bona ho khetha ho sebeletsa Jehova le ho tšehetsa ’Muso oa hae. Sena se bolela hore re lokela ho ba khothalletsa ho etsa lintho tseo ba ithutileng tsona, ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Ke ka tsela ena feela ba tlang ho pholoha letsatsi la Jehova.​—1 Pet. 3:21.

15. Ha rea lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

15 Joalokaha ho se ho boletsoe lirapeng tse ka holimo, ho se ho setse nako e nyane haholo pele bofelo bo fihla. Kahoo, ha rea lokela ho senya nako re ithuta Bibele le batho ba sa batleng ho etsa liphetoho bophelong ba bona e le hore ba sebeletse Jehova. (1 Bakor. 9:​26) Mosebetsi oa rona o potlakile haholo. Ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba lokelang ho rutoa ka ’Muso oa Molimo nako e sa lumela.

KHAOLA MAQHAMA ’OHLE LE BOLUMELI BA BOHATA

16. Tšenolo 18:​2, 4, 5, 8 e re re lokela ho etsa’ng? (Sheba le naletsana.)

16 Bala Tšenolo 18:​2, 4, 5, 8Ho na le ntho e ’ngoe hape eo Jehova a lebeletseng hore barapeli ba hae ba e etse e hlahang litemaneng tsena. Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho etsa bonnete ba hore ha ba itsoakanye le bolumeli ba bohata ka tsela leha e le efe. Pele motho a qala ho ithuta Bibele, ho ka ’na ha etsahala hore ebe e ne e le setho sa bolumeli ba bohata. E ka ’na eaba o ne a ea litšebeletsong tsa kereke le ho nka karolo linthong tse neng li etsoa kerekeng. Kapa mohlomong o ne a ntša koleke. Motho ea ntseng a ithuta Bibele o lokela ho tsoa ka ho feletseng bolumeling ba bohata pele e e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O lokela ho ngola lengolo le eang kerekeng ea hae kapa mokhatlong leha e le ofe oa bolumeli ba bohata oo a neng a le ho oona, le bontšang hore oa itokolla. *

17. Mokreste o lokela ho qoba mesebetsi ea mofuta ofe, hona hobane’ng?

17 Bakreste ba ’nete ba lokela ho etsa bonnete ba hore mesebetsi ea bona ha e amane le bolumeli ba bohata. (2 Bakor. 6:​14-17) Bakreste ha baa lokela ho hiroa ke kereke. Ho feta moo, Mokreste ea hiriloeng ke khoebo e itseng, a ke ke a lumela ho etsa mosebetsi o mongata mohahong oa bolumeli ba bohata. Haeba a itšebetsa, o lokela ho hana konteraka kapa mosebetsi leha e le ofe o etsetsoang Babylona e Moholo. Ke hobane’ng ha re lokela ho ema re tiile tabeng ee? Hobane ha re batle ho nka karolo lithutong le mekhoeng e fosahetseng ea bolumeli ba bohata eo Molimo a itseng ha ea hloeka.​—Esa. 52:​11. *

18. Moholo e mong o ile a ema a sa cheche joang melao-motheong ea Bibele?

18 Lilemong tse fetileng, mokonteraka e mong o ile a fa moholo ea itšebetsang mosebetsi o monyane kerekeng e motseng oa habo. Mor’abo rona o ne a lula a joetsa mokonteraka eo hore a ke ke a sebetsa kerekeng. Empa lekhetlong lena mokonteraka o ne a le tsietsing, a hloka motho ea ka mo thusang. Leha ho le joalo, mor’abo rona o ile a ema a sa cheche melao-motheong ea Bibele eaba o hana mosebetsi oo. Beke e hlahlamang, ho ile ha hlaha setšoantšo sa motho e mong koranteng a ntse a maneha sefapano kerekeng eo. Hoja mor’abo rona o ile a lekeha hore a nke mosebetsi oo, e ka be e ile ea e-ba eena ea hlahileng moo. U nahana hore Bakreste-’moho le eena ba ne ba tla mo nka joang? Jehova eena o ne a tla ikutloa joang?

RE ITHUTILE’NG?

19-20. (a) Re ithutile’ng? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

19 Bibele e re boprofeta bo bong ba bohlokoa bo tl’o phethahala ke ba ha baeta-pele ba lefatše ba etsa mohoo oa “khotso le tšireletseho.” Jehova o re bolelletse hore linaha li ke ke tsa tlisetsa batho khotso ea moshoelella. Re lokela ho etsa’ng pele ho mohoo oo le timetso ea tšohanyetso e tla latela? Jehova o lebelletse hore re phathahane mosebetsing oa boboleli le ho etsa batho barutuoa. Hape o lebelletse hore re lule re ikarotse ka ho felletseng bolumeling ba bohata. ’Me taba ena e akarelletsa ho khaotsa ho ba litho tsa Babylona e Moholo le ho qoba ho etsa mesebetsi leha e le efe e amanang le eona.

20 Ho na le liketsahalo tse ling tse tla etsahala qetellong ea “matsatsi a ho qetela.” Ho boetse ho na le lintho tse ling tseo Jehova a lebelletseng hore re li etse. Ke lintho life, hona re ka etsa’ng ho itokisetsa lintho tsohle tse tla etsahala haufinyane? Re tla bua ka tsona sehloohong se latelang.

PINA EA 71 Re Lebotho la Jehova

^ ser. 5 Haufinyane re lebelletse ho utloa machaba a phatlalatsa hore ho na le “khotso le tšireletseho.” Seo e tla be e le pontšo ea hore matšoenyeho a maholo a tla tloha a qala. Joale, ebe Jehova o lebelletse hore re etse’ng pele mohoo oo o etsoa? Sehlooho sena se tl’o araba potso eo.

^ ser. 3 Mohlala, websaete ea Machaba a Kopaneng e re sepheo sa mokhatlo ona ke “ho boloka khotso le tšireletseho ea machaba.”

^ ser. 6 Sheba sehlooho se reng: “Na Jehova o Fana Ka Nako e Lekaneng Pele a Ahlola Batho?Molula-Qhooeng ona.

^ ser. 10 E le hore u fumane lintlha tse ling tse ka u thusang hore na u ka sebelisa lintho tse ka har’a Teaching Toolbox joang, sheba sehlooho se reng “Ruta Molaetsa oa Bibele” ho Molula-Qhooa oa October 2018.

^ ser. 11 Hona joale lithuto tsena li fumaneha ka puo ea Senyesemane le ea Sepotoketsi feela ’me li tla fumaneha ka lipuo tse ling ha ’mela o ntse o puta.

^ ser. 16 Re boetse re lokela hore re se ke ra kenella mekhatlong e kang ea bacha le ho kenella boithabisong bo amanang le bolumeli ba bohata. Le hoja mekhatlo ena e ipolela hore ha e susumetsoe ke bolumeli, ha e le hantle mekhatlo eo e khothalletsa bolumeli ka tsela e itseng.

^ ser. 17 E le hore re fumane lintlha tse ling ka hore na Bibele e reng ka mesebetsi e amanang le bolumeli ba bohata, sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa April 15, 1999.

^ ser. 83 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Batho ba ka reschorenteng ba shebelletse thelevishene ha ho phatlalatsoa mohoo oa “khotso le tšireletseho” litabeng tse itlhommeng pele. Banyalani ba nkileng khefu tšimong bona ha ba ee le khongoana holimo.