Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 40

Tswelapele ho Sebeletsa Modimo Qetellong ya “Matsatsi a ho Qetela”

Tswelapele ho Sebeletsa Modimo Qetellong ya “Matsatsi a ho Qetela”

“Le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le ena le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing wa Morena.”​—1 BAKOR. 15:58.

PINA YA 58 A re Batleng Metswalle ya Kgotso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng e re kgodisang hore re phela “matsatsing a ho qetela”?

NA o hlahile ka mora selemo sa 1914? Haeba ho jwalo, sena se bolela hore o phela “matsatsing a ho qetela” a lefatshe lena. (2 Tim. 3:1) Kaofela ha rona re ile ra utlwa ka ditlaleho tse buang ka diketsahalo tseo Jesu a ileng a bolela hore di tla etsahala mehleng ena. Diketsahalo tsena di akarelletsa dintwa, kgaello ya dijo, ditshisinyeho tsa lefatshe, malwetse a sa foleng, keketseho ya tlolo ya molao le ho hloriswa ha bahlanka ba Jehova. (Mat. 24:​3, 7-9, 12; Luka 21:​10-12) Re boetse re bona batho ba itshwara ka tsela eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “ Tsela eo Batho ba Leng ka Yona Kajeno.”) Re le Dipaki Tsa Jehova re kgodisehile hore re phela “karolong e qetellang ya matsatsi.”​—Mik. 4:1.

2. Re hloka dikarabo tsa dipotso dife?

2 Ka ha ho se ho fetile nako e ngata ho tloha ka 1914, e tlameha ebe re phela qetellong ya “matsatsing a ho qetela.” Jwalo ka ha bofelo bo le haufi, re hloka ho tseba dikarabo tsena tsa bohlokwa: Ho tla etsahalang qetellong ya “matsatsi a ho qetela”? Hona Jehova o lebelletse hore re etseng ha re ntse re emetse hore dintho tseo di etsahale?

HO TLA ETSAHALANG QETELLONG YA “MATSATSI A HO QETELA”?

3. Ho ya ka boprofeta bo hlahang ho 1 Bathesalonika 5:​1-3, ke tsebiso efe eo ditjhaba di tla e etsa?

3 Bala 1 Bathesalonika 5:​1-3. Lengolong lena Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova” le bolelang nako ya ho tloha ha ho qalwa ho hlaselwa “Babylona e Moholo,” e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata mme le felle ka Armagedone. (Tšen. 16:​14, 16; 17:5) Pele “letsatsi” leo le qala, ditjhaba di tla tsebisa hore di finyelletse “kgotso le tshireletseho.” Ka dinako tse ding baetapele ba lefatshe ba sebedisa mantswe ana ha ba bua ka ho ntlafatsa dikamano tsa bona le ditjhaba tse ding. * Le ha ho le jwalo phatlalatso ya “kgotso le tshireletseho” eo Bibele e buang ka yona, e tla ba e fapaneng. Hobaneng? Hobane ha se na se etsahala, batho ba tla nahana hore baetapele ba lefatshe ba atlehile ho etsa hore lefatshe ebe sebaka se sireletsehileng. Empa nnete ke hore ba tla ‘timetswa ka tshohanyetso’ nakong ya “matshwenyeho a maholo.”​—Mat. 24:21.

O se ke wa thetswa ke tsebiso e leshano ya ditjhaba ya “kgotso le tshireletseho” (Sheba serapa sa 3-6) *

4. (a) Keng seo hape re lokelang ho se tseba ka tsebiso ya “kgotso le tshireletseho”? (b) Hona keng eo re seng re e tseba ka yona?

4 Ho na le dintho tseo re di tsebang ka tsebiso ya “kgotso le tshireletseho,” hape ho na le tseo re sa di tsebeng. Ha re tsebe hore na keng e tla etsa hore baetapele ba lefatshe ba etse tsebiso ena le hore na ba tla e etsa jwang. Hape ha re tsebe ho re na tsebiso ena e tla etswa ka makgetlo a mangata hakae kapa e tla ba tsebiso e le nngwe e kgolo. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang, baetapele ba lefatshe ba ke ke ba kgona ho etsa hore ho be le kgotso lefatsheng. Ka hoo ha re a lokela ho thetswa ke tsebiso ya hore ba finyelletse kgotso. Ho ena le hoo, ke tsebiso eo Bibele e itseng re e lebelle le hore ke pontsho ya ho re “letsatsi la Jehova” le tla qala.

5. 1 Bathesalonika 5:​4-6, e re thusa jwang hore re itokiselletse “letsatsi la Jehova”?

5 Bala 1 Bathesalonika 5:​4-6. Keletso ya Pauluse e re bolella ka moo re ka itokisetsang “letsatsi la Jehova” ka teng. E re ha re a lokela ho “robala jwalo ka ha ba bang kaofela ba tswelapele ho robala” empa ‘re dule re fadimehile.’ Ka mohlala, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra ikamahanya le dipolotiki. Hobane haeba re ikamahanya le tsona, re tla ba “karolo ya lefatshe.” (Joh. 15:​19) Nnete ke hore re a tseba hore Mmuso wa Modimo ke ona feela o tla etsa hore ho be le kgotso lefatsheng.

6. Keng seo re batlang ho thusa batho ba bang hore ba se etse, hona hobaneng?

6 Ha re a lokela ho fadimeha feela, empa re lokela ho thusa batho ba bang hore ba ithute ka seo Bibele e boletseng hore se tla etsahala lefatsheng. Re lokela ho hopola hore ha matshwenyeho a moholo a qala, batho ha ba sa tla hlola ba eba le monyetla wa ho batla ho ithuta ka Jehova. Ke ka hoo e leng ha bohlokwa ho re re ba bolelle ditaba tse molemo hona jwale. *

TSWELAPELE O BOLELA DITABA TSE MOLEMO

Ha re ntse re bolela ditaba tse molemo re bontsha hore Mmuso wa Modimo ke ona feela o ka etsang hore lefatshe le be le tshireletseho ya nnete (Sheba serapa sa 7-9)

7. Keng seo Jehova a lebelletseng hore re se etse?

7 Jehova o lebelletse hore re tswelepele ho bolela ditaba tse molemo nakong ena e setseng, pele “letsatsi” la hae le qala. Ka hoo, re lokela ho etsa bonnete ba hore re na le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing wa Morena.’ (1 Bakor. 15:​58) Jesu o ile a bua ka seo re lokelang ho se etsa. Ha a bua ka dintho tsa bohlokwa tse neng di tla etsahala matsatsing a ho qetela, o ile a re: “Ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle pele.” (Mar. 13:​4, 8, 10; Mat. 24:​14) Nahana ka sena, nako le nako ha o ya tshimong o nka karolo ho phethahatseng boprofeta bona ba Bibele.

8. Re tseba jwang hore mosebetsi wa boboledi o ntse o tswelapele ho atleha?

8 Ke jwang mosebetsi wa boboledi o ntseng o tswelapele ho atleha? Selemo le selemo batho ba amohela ditaba tse molemo tsa Mmuso. Ka mohlala, nahana ka moo palo ya baboledi ba Mmuso e eketsehileng ka teng lefatsheng lohle matsatsing ana a ho qetela. Ka selemo sa 1914 ho ne ho ena le bahweletsi ba 5 155 dinaheng tse 43. Empa hona jwale ho na le bahweletsi ba ka bang dimilione tse 8,5 dinaheng tse 240. Le ha ho le jwalo mosebetsi wa rona ha o eso fele, ka hoo re lokela ho tswelapele re bolela ka Mmuso wa Modimo e leng ona feela tharollo bakeng sa mathata a batho.​—Pes. 145:​11-13.

9. Ke hobaneng ha re lokela ho tswelapele re bolela ka molaetsa wa Mmuso?

9 Mosebetsi wa rona wa ho bolela ka Mmuso o ke ke wa fela ho fihlela Jehova a re o fedile. Ho setse nako e kae hore batho ba tsebe ka Jehova Modimo le ka Jesu Kreste? (Joh. 17:3) Ha re tsebe. Seo re se tsebang ke hore e mong le e mong ya nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,” o na le monyetla wa ho amohela ditaba tse molemo ha feela matshwenyeho a maholo a eso qale. (Lik. 13:​48) Jwale ke jwang re ka thusang batho bana ha nako e sa le teng?

10. Ke thuso efe eo Jehova a re fang yona e le hore re rute batho nnete?

10 Jehova o re fa dintho tsohle tseo re di hlokang ho re thusa hore re rute batho nnete a sebedisa mokgatlo wa hae. Ka mohlala, re fumana kwetliso sebokeng sa hara beke. Seboka sena se re thusa ho tseba seo re lokelang ho se bua leetong la pele le maetong a ho boele le hore na re ka kganna thuto ya Bibele jwang. Mokgatlo wa Jehova o re file dintho tseo re ka di sebedisang, tse hlahang tlasa Dithulusi Tsa ho Ruta. Dintho tsena di re thusa ho . . .

  • qadisa moqoqo le batho,

  • bolela ka tsela e tla kgahla batho,

  • thusa batho hore ba batle ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele,

  • ruta batho bao re ithutang Bibele le bona nnete le

  • ho memela batho ba nang le kgahleho hore batle Dibokeng le hore ba kene websaeteng ya rona.

Ke nnete hore ha ho a lekana ho ba le dithulusi tsena feela empa re lokela ho di sebedisa. * Ka mohlala, ka mora hore o bua le motho ya thabelang molaetsa wa rona, mo siele makasine kapa pampitshana e le hore a ithute ho eketsehileng ho fihlela o kgutlela ho yena hape. Ka hoo, ke boikarabelo ba motho ka mong hore a etse sohle seo a ka se kgonang hore a bolele ditaba tse molemo kgwedi le kgwedi.

11. Karolo ya Ithute Bibele Inthaneteng e etseditsweng?

11 Tokisetso ya Ithute Bibele Inthaneteng e fumanehang ho jw.org ke e nngwe eo Jehova a e sebedisang ho thusa batho hore ba ithute nnete. Karolo ena ya Ithute Bibele Inthaneteng e etseditsweng? Kgwedi le kgwedi, batho ba bangata lefatsheng lohle ba kena Inthaneteng ba batla ho ithuta Bibele. Dithuto tse hlahang websaeteng ya rona di ka thusa batho ho ithuta nnete ya Lentswe la Modimo. Ba bang ba batho bao o buang le bona ba ka nna ba se ke ba batla ho ithuta Bibele. Haeba ho jwalo, ba bontshe dithuto tsena tse hlahang websaeteng ya rona ka puo eo ba e utlwisisang kapa o ba romelle link. *

12. Keng seo motho a ka ithutang sona ho karolo ya Ithute Bibele Inthaneteng?

12 Tokisetso ya Ithute Bibele Inthaneteng e bua ka dihlooho tsena tse latelang: “Bibele le Mongodi wa Yona,” “Batho Bao Bibele e Buang ka Bona Haholo” le “Molaetsa wa Bibele o Fanang ka Tshepo.” Ha motho a ntse a hlahloba dihlooho tsena o tla ithuta hore na:

  • Bibele e ka thusa motho jwang

  • Jehova, Jesu le mangeloi ke bo mang

  • Ke hobaneng ha Modimo a ile a bopa batho

  • Ke hobaneng ha re hlahelwa ke mathata

Dithuto tsena di boetse di bua ka moo Jehova a tla . . . 

  • fedisa mathata le lefu,

  • tsosa bafu le

  • ho fedisa mebuso ya batho mme e nkelwe sebaka ke wa hae.

13. Na tokisetso ya Ithute Bibele Inthaneteng e nkela thuto ya lehae ya Bibele sebaka? Hlalosa.

13 Karolo ya Ithute Bibele Inthaneteng ha e nkele thuto ya lehae ya Bibele sebaka. Jesu o re file boikarabelo ba ho etsa barutuwa. Dithuto tsena di entswe ka tsela eo batho ba nang le kgahleho ha ba di bala, ba di rate mme ba batle ho ithuta ka ho eketsehileng. Mohlomong ka mora ho di bala, ba ka amohela thuto ya lehae ya Bibele. Ka mora thuto ka nngwe, motho ya balang o kgothalletswa ho kopa e mong wa Dipaki Tsa Jehova hore a ithute Bibele le yena. Letsatsi le leng le le leng, Mokgatlo o fumana dikopo tse ka hodimo ho 230 lefatsheng ka bophara, tsa batho ba batlang ho ithuta Bibele. Ka hoo, thuto ya lehae ya Bibele ke ya bohlokwa.

TSWELANG PELE HO ETSA BARUTUWA

14. Ho ya ka taelo ya Jesu e ho Matheu 28:​19, 20, re leka ho etsang, hona hobaneng?

14 Bala Matheu 28:​19, 20. Ha re ntse re ithuta Bibele le batho, re lokela ho etsa sohle seo se ka se kgonang ho ‘etsa batho . . . . barutuwa, re ba rute ho boloka dintho tsohle tseo [Jesu a re] laetseng tsona.’ Re lokela ho thusa batho ho utlwisisa bohlokwa ba ho sebeletsa Jehova le ho tshehetsa Mmuso wa hae. Ka hoo sena se bolela hore re lokela ho ba kgothalletsa ho sebedisa seo ba ithutang sona, ba inehele ho Jehova le hore ba kolobetswe. Ke ka tsela ena feela ba ka kgonang ho pholoha letsatsi la Jehova.​—1 Pet. 3:​21.

15. Ha re na nako ya ho etsang, hona hobaneng?

15 Jwalo ka ha re se re bone qalong, ho setse nako e nyane feela pele lefatshe lena le fediswa. Ka lebaka leo, re ke ke ra senya nako ka ho bala Bibele le batho ba sa bontsheng hore ba batla ho ba Barutuwa ba Kreste. (1 Bakor. 9:​26) Mosebetsi wa rona o potlakile, ka hoo ho na le batho ba bangata bao re lokelang ho ba bolella ditaba tse molemo nako e sa le teng.

O SE KE WA IKOPANYA LE BODUMEDI BA BOHATA

16. Ho ya ka Tšenolo 18:​2, 4, 5, 8, keng seo kaofela re lokelang ho se etsa?

16 Bala Tšenolo 18:​2, 4, 5, 8Ditemana tsena di bontsha ntho e nngwe eo Jehova a lebelletseng hore barapedi ba hae ba e etse. Bakreste bohle ba nnete ba lokela ho etsa bonnete ba hore ha ba ikopanye le Babylona e Moholo ka tsela le ha e le efe. Batho ba bang pele ba ithuta nnete, e ka nna ya ba e ne e le ditho tsa bodumedi ba bohata. Ho ka etsahala hore ba ne ba nka karolo dinthong tse amanang le bodumedi kapa ba ntsha tjhelete ho tshehetsa mekgatlo eo ba leng ho yona. Pele moithuti wa Bibele e ka ba mohweletsi ya sa kolobetswang, o lokela ho etsa bonnete ba hore ha e sa le setho sa bodumedi ba bohata. Ka hoo o lokela ho ngolla mokgatlo o amanang le bodumedi ba bohata kapa kereke eo a neng a le ho yona mme a ba tsebise hore ha e sa le setho sa yona. *

17. Ke mosebetsi ofe wa boiphediso oo Mokreste a sa lokelang ho o etsa, hona hobaneng?

17 Mokreste wa nnete o lokela ho etsa bonnete ba hore mosebetsi oo a o etsang ha o amane le Babylona e Moholo. (2 Bakor. 6:​14-17) Ka mohlala, a ka se sebetse kerekeng. Ho feta moo, Mokreste ya hirilweng ke khamphani e itseng, ha a lokela ho etsa mosebetsi o mongata kerekeng. Ka lehlakoreng le leng haeba a ena le kgwebo ya hae, a ke ke a saena kontraka ya mosebetsi o amanang le Babylona e Moholo. Ke hobaneng ha re lokela ho nka taba ena e le ya bohlokwa? Hobane ha re batle ho kenella mesebetsing le dibeng tsa bodumedi ba bohata boo Modimo a reng ha bo a hlweka.​—Esa. 52:​11. *

18. Ke jwang morabo rona e mong a ile a mamela melaomotheo ya Bibele mosebetsing wa hae wa boiphediso?

18 Dilemong tsa ho feta, rakontraka e mong o ile a kopa moholo eo e leng mmetli wa mapolanka hore a tlo etsa mosebetsi o itseng kerekeng e neng e le haufi le moo morabo rona a neng a dula teng. Rakontraka eo o ne a tseba hore morabo rona o dula a re a ke ke a sebetsa kerekeng. Empa lekgetlong lena rakontraka o ne a le tsietsing ya motho ya ka etsang mosebetsi ona. Ho ntse ho le jwalo, morabo rona o ile a kgomarela melaomotheo ya Bibele mme a hana mosebetsi oo. Beke ka mora moo, koranta e ile ya hlahisa senepe sa mmetli e mong wa mapolanka, nakong eo a neng a beha sefapano kerekeng eo. Hoja morabo rona o ile a amohela mosebetsi oo, e ka be e le yena ya hlahileng koranteng. Ako nahane ka moo Jehova le bara le baradibabo rona ba neng ba tla ikutlwa ka teng ka mora enwa wabo rona.

KENG SEO RE ITHUTILENG SONA?

19, 20. (a) Keng seo re seng re ithutile sona? (b) Keng seo re tla boela re ithute sona?

19 Bibele e re bolella ka boprofeta ba bohlokwa bo haufi le ho phethahala, ba ha babusi ba lefatshe ba tla etsa tsebiso ya “kgotso le tshireletseho.” Se re thabisang ke hore Jehova o re rutile hore ditjhaba tsena di ke ke tsa kgona ho etsa hore ho be le kgotso ka ho sa feleng lefatsheng. Ka hoo, keng seo re lokelang ho se etsa pele ho etswa tsebiso ena le pele “matshwenyeho a maholo” a qala? Jehova o lebelletse hore re tswelepele ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa batho barutuwa. Ka ho tshwanang, re lokela ho ikarola ka ho felletseng bodumeding ba bohata. Sena se bolela hore re lokela ho kgaotsa ho ba ditho tsa Babylona e Moholo le ho etsa mesebetsi e amanang le yona.

20 Ho boetse ho na le diketsahalo tse tla etsahala qetellong ya “matsatsi a ho qetela.” Hape ho na le dintho tse ding tseo Jehova a lebelletseng hore re di etse. Dintho tseo ke dife, hona ke jwang re ka itokisetsang dintho tse tla etsahala nakong e tlang? Re tla araba dipotso tsena sehloohong se latelang.

PINA YA 71 Re Lebotho la Jehova!

^ par. 5 Haufinyane re lebelletse ho utlwa ditjhaba di re di finyelletse “kgotso le tshireletseho!” Sena e tla be e le pontsho ya hore matshwenyeho a maholo a haufi le ho qala. Keng seo Jehova a lebelletseng hore re se etse ho fihlela ho etswa tsebiso eo? Sehlooho sena se tla re thusa ho fumana karabo ya potso ena.

^ par. 3 Ka mohlala websaeteng ya bona, Matjhaba a Kopaneng a bolela hore “a dula ana le kgotso le tshireletseho le ditjhaba tse ding.”

^ par. 6 Sheba sehlooho se reng, “Dikahlolo Tsa Modimo​—Na o re Lemosa Nako e sa le Teng?” se hlahang makasineng ena.

^ par. 10 Ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng ka hore na re ka sebedisa dintho tse hlahang tlasa Dithulusi Tsa ho Ruta, sheba sehlooho se reng “A re Ruteng Batho Nnete” ho Tora ya ho Lebela ya October 2018.

^ par. 11 Ho na jwale dithuto tsena di fumaneha ka Senyesemane le Sepotoketsi mme dipuo tse ding di tla latela.

^ par. 16 Re boetse re lokela ho itokolla mekgatlong e amanang le bodumedi ba bohata. E kang Mokgatlo wa Bomme, Mokgatlo wa Batjha le Mokgatlo wa Bontate le ho se ye moo ba tshwarelang mekete ya bona teng. Le ha mekgatlo ena e ka bolela hore dintho tseo e di etsang ha se tsa bodumedi, empa ha e le hantle e kgothalletsa bodumedi.

^ par. 17 Ho fumana tlhahisoleseding ka seo Mangolo a se buang ka mosebetsi o amanang le bodumedi ba bohata, sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Molula-Qhooa wa April 15, 1999.

^ par. 83 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Batho ba tlileng restjhurenteng ba mametse ka hloko ha ho etswa tsebiso ya “kgotso le tshireletseho” ditabeng. Empa Banyalani ba Dipaki Tsa Jehova ba nkileng kgefu ka mora tshebeletso ya tshimo mme ha ba thetswe ke tsebiso ena.