Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 44

Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla

Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla

“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.”​—LIPROV. 17:17.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

SELELEKELA *

Re tla hloka metsoalle ea ’nete nakong ea “matšoenyeho a maholo” (Sheba serapa sa 2) *

1-2. Ho ea ka 1 Petrose 4:​7, 8, ke’ng e ka re thusang ho mamella mathata a boima?

HA RE ntse re atamela qetellong ea ‘matsatsi a ho qetela,’ re ka ’na ra thulana le mathata a boima. (2 Tim. 3:1) Ka mohlala, ho ile ha e-ba le lintoa ka mor’a hore ho be le likhetho naheng e ’ngoe e Afrika bophirimela. Ka likhoeli tse ka holimo ho tse tšeletseng, bara le barali babo rona ba ne ba sa khone ho ea kae kapa kae hobane ntoa e ne e ntse e kupa. Ba ile ba thusoa ke eng hore ba sebetsane le boemo boo? Ba bang ba bona ba ile ba lula malapeng a bara le barali babo rona moo ho neng ho sireletsehile. Mor’abo rona e mong o re: “Maemong ao a thata, ke ne ke thabile hore ebe ke ne ke e-na le metsoalle ea ka. Re ne re khothatsana.”

2 Ha ‘matšoenyeho a maholo’ a qala, re tla ananela hore ebe re na le metsoalle e re ratang. (Tšen. 7:​14) Kahoo, ho potlakile hore re etse setsoalle se tiileng le bara le barali babo rona esale hona joale. (Bala 1 Petrose 4:​7, 8.) Re ka ithuta lintho tse ngata mohlaleng oa Jeremia. Metsoalle ea hae e haufi e ile ea mo thusa hore a mamelle mathata pele Jerusalema e timetsoa. * Re ka mo etsisa joang?

ITHUTE MOHLALENG OA JEREMIA

3. (a) Ke’ng e neng e ka ’na ea etsa hore Jeremia a itšehle thajana? (b) Jeremia o ile a bolella Baruke eng, hona phello e ile ea e-ba efe?

3 Jeremia o phetse lilemo tse 40 kapa ho feta har’a batho ba sa tšepahaleng ba neng ba akareletsa baahisane ba hae, mohlomong le batho bao a neng a amana le bona ba neng ba lula motseng oa habo oa Anathothe. (Jer. 11:​21; 12:6) Leha ho le joalo, o ne a sa itšehle thajana. Ha e le hantle, o ile a joetsa mongoli oa hae e leng Baruke hore na o ikutloa joang ’me le rona rea tseba hobane maikutlo ao a hae a ngotsoe ka Bibeleng. (Jer. 8:​21; 9:1; 20:​14-18; 45:1) Ha Baruke a ntse a ngola lintho tsohle tse etsahaletseng Jeremia, e tlameha ebe ka bobeli ba ile ba ratana haholo le ho hlomphana.​—Jer. 20:​1, 2; 26:​7-11.

4. Jehova o ile a re Jeremia a etse’ng, hona mosebetsi oo o ile oa matlafatsa setsoalle sa Jeremia le Baruke joang?

4 Ka sebete, Jeremia o ile a lemosa Baiseraele ka lilemo tse ngata hore na ho tl’o etsahala’ng ka Jerusalema. (Jer. 25:3) Jehova o ile a boela a ipiletsa ho Baiseraele hore ba bake eaba o re Jeremia a ngole litemoso tsa Hae moqolong. (Jer. 36:​1-4) E ka ’na eaba Jeremia le Baruke ba sebelitse ’moho ka likhoeli tse ’maloa ’me e tlameha ebe ba ne ba buisana ka lintho tse ba matlafatsang tumelo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona.

5. Baruke o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa ’nete oa Jeremia?

5 Ka mor’a hore ba qete ho ngola moqolo oo, Jeremia o ile a tlameha ho tšepa Baruke hore o tla bolella batho molaetsa oo. (Jer. 36:​5, 6) Ka sebete Baruke o ile a phetha mosebetsi oo o kotsi. Mohlomong Jeremia o ile a ikutloa a le motlotlo haholo ha Baruke a ea tempeleng ’me a balla batho moqolo oo. (Jer. 36:​8-10) Likhosana tsa Juda li ile tsa utloela ka seo Baruke a se entseng eaba li re a balle moqolo oo holimo moo li ntseng li utloa. (Jer. 36:​14, 15) Likhosana tseo li ile tsa etsa qeto ea ho bolella Morena Jojakime hore na Jeremia o itseng. Li ile tsa nahanela Baruke eaba li re: “E-ea, u ipate, uena le Jeremia, e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla tseba moo le leng teng.” (Jer. 36:​16-19) Li ile tsa ba thusa hakaakang!

6. Jeremia le Baruke ba ile ba etsa’ng ha ba ne ba hanyetsoa?

6 Ha Morena Jojakime a utloa mantsoe ao a Jeremia o ile a halefa hoo a ileng a chesa moqolo oo eaba o fana ka taelo ea hore Jeremia le Baruke ba tšoaroe. Leha ho le joalo, Jeremia ha a ka a tšoha. O ile a nka moqolo o mong eaba o o fa Baruke ’me a mo phetela hape mantsoe a Jehova. Baruke o ile a ngola mantsoe ’ohle “a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.”​—Jer. 36:​26-28, 32.

7. E ka ’na eaba ho ile ha etsahala’ng ha Jeremia le Baruke ba ntse ba sebetsa ’moho?

7 Hangata, batho ba fetang mathateng hammoho ba khona ho ba le setsoalle se tiileng. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe ha Jeremia le Baruke ba ntse ba sebetsa ’moho ho ngola moqolo bocha, ba ile ba tsebana haholoanyane ’me ea e-ba metsoalle e haufi-ufi. Re ka rua molemo joang mohlaleng oa banna baa ba babeli ba tšepahalang?

PHETLELA METSOALLE EA HAO SEFUBA

8. Ke’ng e ka re sitisang ho etsa metsoalle e haufi, empa ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re leka ho etsa metsoalle e joalo?

8 Haeba ho e-na le motho ea ileng a re utloisa bohloko nakong e fetileng, ho ka ’na ha e-ba thata hore re phutholohele batho ba bang. (Liprov. 18:​19, 24) Kapa mohlomong re ka ’na ra bona eka ha re na nako le matla a ho etsa metsoalle e haufi. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore re ke ke ra khona ho etsa metsoalle e joalo. Haeba re batla hore Bakreste-’moho le rona ba re tšehetse ha re hlaheloa ke mathata a boima, re lokela ho tiisa setsoalle sa rona le bona esale hona joale. Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka etsang joalo ka eona ke ka ho ba bolella hore na re nahana’ng le hore na re ikutloa joang.​—1 Pet. 1:22.

9. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o tšepa metsoalle ea hae? (b) Ho phetlelana lifuba le batho ba bang ho ka tiisa setsoalle sa rona le bona joang? Etsa mohlala.

9 Jesu o ile a bontša hore o tšepa metsoalle ea hae ka hore a bue le bona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe a sa pate letho. (Joh. 15:​15) Re ka mo etsisa ka hore re bolelle metsoalle ea rona lintho tse re thabisang, tse re tšoenyang le tse re koatisang. Ha u mamela ka hloko ha motho e mong a ntse a bua le uena, u ka ’na oa hlokomela hore le na le maikutlo a tšoanang, le nahana ka ho tšoana ebile le batla lintho tse tšoanang bophelong. Nahana ka mohlala oa morali’abo rona Cindy ea lilemo li 29. O ile a etsa setsoalle le morali’abo rona oa pula-maliboho ea bitsoang Marie-Louise ea lilemo li 67. Baralib’abo rona bana ba sebetsa tšimo ’moho Labone le leng le le leng hoseng ’me ba qoqa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Morali’abo rona Cindy o re: “Ke rata ha re phetlelana lifuba le metsoalle ea ka kaha ho etsa joalo ho etsa hore ke ba utloisise le ho ba tseba haholoanyane.” Joaloka morali’abo rona Cindy, ha u joetsa metsoalle ea hao hore na u ikutloa joang le hore na u nahana’ng ’me le uena u e mamela, setsoalle sa lona se tla tiea le ho feta.​—Liprov. 27:9.

SEBETSANG HAMMOHO

Metsoalle ea ’nete e sebetsa ’moho tšimong (Sheba serapa sa 10)

10. Ho ea ka Liproverbia 27:​17, ho ka ’na ha etsahala’ng ha re sebetsa le Bakreste-’moho le rona?

10 Joalokaha re bone mohlaleng oa Jeremia le Baruke, ha re sebetsa le Bakreste-’moho le rona ’me re bona makhabane a bona, re ithuta ho bona le ho atamela haufi le bona. (Bala Liproverbia 27:​17.) Ka mohlala, u ee u ikutloe joang ha u le tšimong le motsoalle oa hao joale ka sebete a bua ka tumelo ea hae kapa a ruta batho ka Jehova le merero ea hae a kholisehile? E ka ’na eaba u ee u utloe u mo rata le ho feta.

11-12. Fana ka mohlala o bontšang hore na re ka matlafatsa setsoalle joang ha re le tšimong.

11 A re hlahlobeng mehlala e ’meli e bontšang hore na ho sebetsa le Bakreste-’moho le rona tšimong ho ka etsa hore re ba rate le ho feta joang. Morali’abo rona Adeline ea lilemo li 23 o ile a kopa e mong oa metsoalle ea hae e leng morali’abo rona Candice hore ba il’o sebetsa tšimo e sa sebetsoeng hangata. O re: “Re ne re batla ho bolela ka cheseho le ho thabela tšebeletso ea rona haholoanyane. Re ne re hloka ho khothatsana e le hore re ka sebeletsa Jehova ka hohle kamoo re ka khonang.” Ba ile ba rua molemo joang ka ho sebetsa hammoho? Morali’abo rona Adeline o re: “Qetellong ea letsatsi ka leng, re ne re bua ka hore na re ikutloa joang, ka lintho tse ileng tsa re khothatsa le kamoo Jehova a ileng a re thusa ha re le tšimong. Re ile ra thabela ho ba le meqoqo e joalo ’me ra tsebana haholoanyane.”

12 Baralib’abo rona ba babeli ba masoha e leng Laïla le Marianne ba France, ba ile ba ea motse-moholo oa Central African Republic o phetheselang o bitsoang Bangui ho ea bolela litaba tse molemo ka libeke tse hlano. Morali’abo rona Laïla o re: “ ’Na le Marianne re ile ra thulana le mathata, empa kaha re ne re phetlelana lifuba hape re utloana, setsoalle sa rona se ile sa tiea le ho feta. Ha ke hlokomela kamoo Marianne a neng a khona ho amohela maemo a macha, kamoo a neng a rata batho ba tšimong le kamoo a neng a chesehela boboleli kateng, ke ile ka mo rata le ho feta.” Ha se hore u lokela ho fallela naheng e ’ngoe e le hore u thabele melemo ena. Kamehla ha u sebetsa tšimo le mora kapa morali’eno, u na le monyetla oa ho mo tseba haholoanyane le ho matlafatsa setsoalle sa lona.

SHEBA MAKHABANE A BONA ’ME U IKEMISETSE HO TŠOARELA

13. Ka linako tse ling ho etsahala’ng ha re sebetsa haufi le metsoalle ea rona?

13 Ka linako tse ling ha re sebetsa haufi le metsoalle ea rona, ha re hlokomele makhabane a bona feela empa re boetse re bona le mefokolo. Re ka thusoa ke’ng hore re sebetsane le bothata boo? A re hlahlobeng mohlala oa Jeremia hape. O ile a thusoa ke’ng hore a bone makhabane a batho ba bang ho e-na le ho sheba mefokolo ea bona?

14. Jeremia o ile a ithuta’ng ka Jehova, ’me see se ile sa mo thusa joang?

14 Jeremia o ngotse buka ea Bibele e rehelletsoeng ka eena ’me ho ka etsahala hore ebe o ngotse le Marena a pele le a bobeli. Ha a ntse a ngola libuka tsena, o ile a bona kamoo Jehova a leng mohau kateng ha a sebetsana le batho ba sa phethahalang. Mohlala, ka mor’a hore Morena Akabe a bakele libe tsa hae, Jeremia o ile a tseba hore Jehova o ile a re Akabe a ke ke a bona ha lelapa la hae le felisoa. (1 Mar. 21:​27-29) Ka tsela e tšoanang, o ne a tseba hore Manase o ile a siteloa Jehova ho feta kamoo Akabe a ileng a siteloa Jehova kateng. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a tšoarela Manase hobane o ile a baka. (2 Mar. 21:​16, 17; 2 Likron. 33:​10-13) Litlaleho tseo li ile tsa thusa Jeremia hore a be le mamello joaloka Jehova hape a be mohau ha a sebelisana le metsoalle ea hae.​—Pes. 103:​8, 9.

15. Jeremia o ile bontša mamello joang ha a thusa Baruke?

15 A re boneng hore na Jeremia o ile a thusa Baruke joang ha ka nakoana a ne a qala ho ipatlela lintho tse kholo. Jeremia ha a ka a etsa qeto ea hore Baruke a ke ke a fetoha empa o ile a mo bolella molaetsa oa Jehova o mosa ebile o sa hlathe koana le koana. (Jer. 45:​1-5) Re ka ithuta’ng tlalehong ee?

Metsoalle ea ’nete e tšoarelana ka bolokolohi (Sheba serapa sa 16)

16. Joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 17:​9, re lokela ho etsa’ng e le hore setsoalle sa rona se se ke sa fela?

16 Ha rea lokela ho lebella hore bara le barali babo rona ba phethahale. Kahoo, ha re se re entse metsoalle, re lokela ho sebetsa ka thata hore setsoalle sa rona se lule se tiile. Haeba metsoalle ea rona e etsa liphoso, re ka ’na ra lokela ho e fa keletso ka mosa empa re toba taba re sebelisa Lentsoe la Molimo. (Pes. 141:5) ’Me ha e re hatile torong, re lokela ho e tšoarela. Ha re se re e tšoaretse, ha rea lokela ho lula re bua ka liphoso tseo e ileng ea re etsetsa tsona. (Bala Liproverbia 17:9.) Ke habohlokoa hore re shebe lintle tsa bara le barali babo rona ho e-na le ho sheba mefokolo ea bona. Ha re etsa joalo re tla matlafatsa setsoalle sa rona le bona. ’Me ho bohlokoa ho etsa joalo hona joale hobane re tla hloka metsoalle e haufi-ufi nakong ea matšoenyeho a maholo.

BONTŠANANG LERATO LE SE NANG BOIKAKETSI

17. Jeremia o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa ’nete le linakong tse thata?

17 Moprofeta Jeremia o ile a bontša hore ke motsoalle oa ’nete le linakong tse thata. Mohlala, ka mor’a hore Ebede-meleke a ntše Jeremia ka sekoting se tletseng seretse, o ile a tšoha hore likhosana li ka ’na tsa mo ntša kotsi. Ha Jeremia a utloa hore Ebede-meleke o tšohile, ha a ka a thola feela ka tšepo ea hore o tla ipona. Le hoja Jeremia a ne a tšoeroe, o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho khothatsa motsoalle oa hae ka ho mo bolella litšepiso tse tšelisang tsa Jehova.​—Jer. 38:​7-13; 39:​15-18.

Metsoalle ea ’nete e ea thusana linakong tse thata (Sheba serapa sa 18)

18. Ho ea ka Liproverbia 17:​17, re lokela ho etsa’ng ha metsoalle ea rona e e-na le mathata?

18 Mehleng ena, bara le barali babo rona ba thulana le mathata a sa tšoaneng. Mohlala, batho ba bangata ba angoa ke likoluoa tsa tlhaho le tse entsoeng ke batho. Maemong ana, ba bang ba rona re ka ’na ra amohela bara le barali babo rona ba anngoeng ke likoluoa tseo malapeng a rona. Ba bang ba rona re ka ba thusa ka lichelete. Empa kaofela ha rona re ka kopa Jehova hore a ba thuse. Re ka ’na ra se ke ra tseba hore na re re’ng kapa re etsa’ng ha re hlokomela hore Mokreste-’moho le rona o nyahame. Empa kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsang. Mohlala, re ka qeta nako le motsoalle oa rona. Re ka mo mamela ka hloko ebile re le mosa ha a bua le rona. Hape re ka mo bolella lengolo la Bibele leo re le ratang le re khothatsang. (Esa. 50:4) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u be teng ha metsoalle ea hao e u hloka.​—Bala Liproverbia 17:17.

19. Ho tiisa maqhama esale hona joale ho tla re thusa joang nakong e tlang?

19 Re lokela ho ikemisetsa ho tiisa le ho matlafatsa setsoalle sa rona le bara le barali babo rona esale hona joale. Hobane’ng? Hobane lira tsa rona li tla leka ho re arohanya ka ho bua mashano ka rona. Ba tla etsa hore re se ke ra tšepana le ho tšehetsana. Empa ba ke ke ba o besa oa tuka. Ba ke ke ba khona ho re thibela ho rata balumeli-’moho le rona. Ha ho na letho leo ba ka le etsang le tla senya maqhama a setsoalle sa rona. Ha e le hantle, setsoalle sa rona ha se sa ho fela le tsamaiso ena empa ke sa ka ho sa feleng!

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

^ ser. 5 Ha bofelo bo ntse bo atamela, re lokela ho matlafatsa setsoalle sa rona le Bakreste-’moho le rona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jeremia. Re boetse re tl’o hlahloba hore na ho matlafatsa setsoalle sa rona le Bakreste-’moho le rona ho tla re thusa joang linakong tse thata.

^ ser. 2 Liketsahalo tse ka bukeng ea Jeremia ha lia ngoloa ka tatellano.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Setšoantšo sena se bontša hore na ho ka ’na ha etsahala’ng nakong ea “matšoenyeho a maholo.” Bara le barali babo rona ba tšoaretse liboka ha mor’abo rona e mong ka marulelong. Baa khothatsana le ho matlafatsana nakong eo e thata. Bara le barali babo rona bana ba ile ba qalella ho tiisa setsoalle sa bona nako pele matšoenyeho a maholo a qala.