Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 47

Re Ithuta’ng Bukeng ea Levitike?

Re Ithuta’ng Bukeng ea Levitike?

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.”​—2 TIM. 3:16.

PINA EA 98 Bibele e Bululetsoe ke Molimo

SELELEKELA *

1-2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho labalabela ho ithuta buka ea Levitike?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a hopotsa motsoalle oa hae Timothea hore “lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” (2 Tim. 3:​16) Lengolo leo le akareletsa buka ea Levitike. Ha ho buuoa ka buka ea Levitike, u nahana ka’ng? Batho ba bang ba nka hore ke buka e tletseng letoto la melao e mengata e sa re ameng mehleng ena empa Bakreste bona ha ba e nke joalo.

2 Buka ea Levitike e ngotsoe lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng empa Jehova o e bolokile bakeng sa “ho re laea.” (Bar. 15:4) Kaha buka ea Levitike e re thusa ho tseba hore na Jehova o nahana joang, re lokela ho ba le tabatabelo ea ho ithuta eona. Ha e le hantle, ho na le lithuto tse ’maloa tseo re ka ithuta’ng tsona bukeng ena e bululetsoeng. A re ke re bueng ka tsa ’ne feela.

RE ETSA’NG HORE JEHOVA A RE AMOHELE?

3. Ke hobane’ng ha selemo le selemo ho ne ho etsoa mahlabelo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe?

3 Thuto ea pele: Re lokela ho amoheloa ke Jehova e le hore a amohele mahlabelo a rona. Selemo le selemo Baiseraele ba ne ba kopana ’me ba etsa mahlabelo a liphoofolo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Mahlabelo ao a ne hopotsa Baiseraele hore ba ne ba lokeloa ho tšoareloa libe. Empa pele moprista ea phahameng a tlisa mali a sehlabelo ka Sehalalelisisong, o ne a lokela hore a etse mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa. Mosebetsi oo o ne o le bohlokoa ho feta ho tšoareloa libe ha Baiseraele.

(Sheba serapa sa 4) *

4. Joalokaha Levitike 16:​12, 13 e hlalosa, Moprista ea Phahameng o ne a etsa’ng ka lekhetlo la pele ha a kena ka Sehalalelisisong ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

4 Bala Levitike 16:​12, 13. Ak’u nahane ka hore na ho ne ho etsahala’ng ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Moprista ea Phahameng o qala pele ka ho kena ka tabernakeleng. Lekhetlo lena ke la pele ho a mararo ao ka ’ona a tla kena ka Sehalalelisisong letsatsing leo. Ka letsohong le leng o nkile libano tse nkhang hamonate ha ka ho le leng a nkile pane e entsoeng ka khauta e tšetseng mashala a hlenneng. O ema hanyane pele a bula lesira le koahelang Sehalalelisiso. Ka tlhompho eohle, o kena ka Sehalalelisisong ’me o ema ka pel’a areka ea selekane. Ka tsela ea tšoantšetso, moprista eo o eme ka pel’a Jehova Molimo! Joale o tšela libano tse halalelang holim’a mashala a hlenneng ’me ntlo eohle e tlala monko o nkhang hamonate. * O tla boela a kena hape ka Sehalalelisisong ha a tlisa mali a sehlabelo. Na u hlokometse hore moprista o chesa libano pele a tlisa mali a sehlabelo?

5. Re ithuta’ng ka hore ebe ho ne ho sebelisoa libano ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe?

5 Re ithuta’ng ka hore ebe ho ne ho sebelisoa libano ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe? Bibele e bontša hore lithapelo tsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang tseo a li amohelang li tšoana le libano. (Pes. 141:2; Tšen. 5:8) U hopole hore ka tlhompho eohle Moprista ea Phahameng o ne a tlisa libano ka pel’a Jehova. Ka tsela e tšoanang, ha re rapela Jehova re bua le eena ka tlhompho eohle. Re mo fa tlhompho e mo lokelang. Re ananela hore ebe ’Mopi oa lintho tsohle o re lumella ho bua le eena le ho mo atamela joalokaha ngoana a atamela ntate oa hae. (Jak. 4:8) O re nka re le metsoalle ea hae. (Pes. 25:​14) Re ananela tokelo ena hoo re sa batleng ho etsa eng kapa eng e ka utloisang Jehova bohloko.

6. Re ithuta’ng ka hore ebe ho ne ho chesoa libano pele ho etsoa mahlabelo?

6 U hopole hape hore Moprista ea Phahameng o ne a chesa libano pele a ka etsa mahlabelo. Ka ho etsa joalo, o ne a etsa bonnete ba hore Molimo oa mo amohela nakong eo a etsang mahlabelo. Re ithuta’ng tabeng ee? Pele Jesu a ka fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ha a ntse a le lefatšeng, o ne a lokela ho etsa ntho ea bohlokoa eo e leng hore e ne e le bohlokoa le ho feta ho pholosa moloko oa batho. E ne e le eng ntho eo? O ne a lokela ho mamela le ho tšepahalla Jehova bophelo bohle ba hae ha a le lefatšeng e le hore Jehova a amohele sehlabelo sa hae. Ka tsela eo, Jesu o ne a tla bontša hore ho etsa lintho kamoo Jehova a batlang ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. O ne a tla fana ka bopaki bo totobetseng ba hore tsela eo Jehova busang ka eona e nepahetse.

7. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a thabisa Jehova bophelo bohle ba hae?

7 Jesu o ile a mamela Jehova ka ho phethahetseng bophelo bohle ba hae ha a le lefatšeng. Le hoja Jesu a ile a thulana le mathata le liteko ’me a tseba le hore o tl’o shoa lefu le sehloho, o ne a ikemiselitse ho fana ka bopaki ba hore ke Jehova feela ea ka khonang ho busa batho ka tsela e nepahetseng. (Bafil. 2:8) Ha a ne a tobane le liteko tse boima o ne a rapela “ka mehoo e matla le meokho.” (Baheb. 5:7) Lithapelo tsa hae tse tsoang botebong ba pelo li ne li bontša hore o tšepahalla Jehova hape li ne li etsa hore a ikemisetse ho mo mamela kahohle-hohle. Ho Jehova, lithapelo tsa hae li ne li tšoana le libano tse monko o monate. Jesu o ile a thabisa ntate oa hae bophelo bohle ba hae a ba a fana ka bopaki ba hore ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho busa.

8. Re ka etsisa Jesu joang?

8 Re ka etsisa Jesu ka hore kahohle kamoo re ka khonang re mamele Jehova le ho mo tšepahalla. Ha re thulana le mathata re rapela Jehova ka lipelo tsohle tsa rona hore a re thuse hobane re batla ho mo khahlisa. Ha re etsa joalo, re bontša hore re tšehetsa bobusi ba Jehova. Rea elelloa hore Jehova a ke ke a amohela lithapelo tsa rona haeba re etsa lintho tseo a sa li rateng. Empa haeba re etsa lintho tseo Jehova a li thabelang re ka kholiseha hore lithapelo tsa rona tse tsoang botebong ba pelo li tla tšoana le monko o monate ho eena. Hape re ka kholiseha hore ho tšepahala ha rona le ho mamela ho thabisa Jehova.​—Liprov. 27:11.

RE SEBELETSA JEHOVA HOBANE RE MO RATA EBILE RE E-NA LE KANANELO

(Sheba serapa sa 9) *

9. Ke hobane’ng ha ho ne ho etsoa mahlabelo a kopanetsoeng?

9 Thuto ea bobeli: Re sebeletsa Jehova hobane re ananela lintho tseo a re etsetsang tsona. Re tla utloisisa thuto ena ka hore re hlahlobe mahlabelo a kopanetsoeng a neng a etsoa ke Baiseraele. * Ka bukeng ea Levitike re ithuta hore Moiseraele o ne a ka etsa mahlabelo a kopanetsoeng e le “pontšo ea liteboho.” (Lev. 7:​11-13, 16-18) O ne a etsa sehlabelo sena hobane a batla ho se etsa e seng hobane a tlamehile. Kahoo, sehlabelo seo e ne e le sa boithaopo, seo motho a neng a se etsa hobane a rata Jehova Molimo oa hae. Nama ea phoofolo e neng e entsoe sehlabelo e ne e jeoa ke mong’a eona, ba lelapa la hae le baprista. Empa hona le likarolo tse ling tsa phoofolo eo tse neng li fuoa Jehova feela. Ke life?

(Sheba serapa sa 10) *

10. Mahlabelo a hlalositsoeng ho Levitike 3:​6, 12, 14-16, a tšoana joang le tsela eo Jesu a neng a sebeletsa Jehova ka eona?

10 Thuto ea boraro: Kaha re rata Jehova re mo fa sohle. Jehova o ne a nka mafura e le karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa nameng ea phoofolo. O ne a boetse a hlalositse likarolo tse ling tseo e leng tsa bohlokoa ’me liphio e ne e le tse ling tsa tsona. (Bala Levitike 3:​6, 12, 14-16.) Kahoo, Jehova o ne a thaba haholo ha Moiseraele a ithaopela ho mo fa likarolo tseo tsa bohlokoa ho akarelletsa le mafura. Moiseraele ea neng a etsa sehlabelo sa mofuta ona o ne a bontša hore o batla ho fa Jehova lintho tse molemo ka ho fetisisa. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a fa Jehova sohle seo a ka se khonang ka pelo eohle hobane a ne a mo rata. (Joh. 14:​31) Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea ntate oa hae hape o ne a rata melao ea Jehova. (Pes. 40:8) Jehova o ile a thaba haholo ha a bona Jesu a mo sebeletsa ka ho rata.

Re fa Jehova sohle hobane re mo rata (Sheba serapa sa  11 ho ea ho sa 12) *

11. Ho sebeletsa Jehova ho tšoana joang le mahlabelo a kopanetsoeng, hona taba eo e re khothatsa joang?

11 Joaloka mahlabelo a kopanetsoeng, ho sebeletsa Jehova ka boithaopo ho bontša hore na re ikutloa joang ka eena. Re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang hobane re mo rata ka lipelo tsohle tsa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona batho ba limilione ba mo sebeletsa hobane ba mo rata haholo ebile ba rata le melao ea hae. Re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova ha a bone liketso tsa rona feela empa o boetse o bona le mabaka ao re etsang lintho ka ’ona. Mohlala, haeba u se u tsofetse ’me ha u sa khona ho sebetsa kamoo u lakatsang kateng, kholiseha hore Jehova o utloisisa maemo a hao hantle. Mohlomong ha u sa khona ho sebeletsa Jehova ka matla joaloka pele empa eena o bona lerato le tebileng le u susumetsang hore u etse sohle seo u ka se khonang. O thabela ho amohela eng kapa eng eo u ka khonang ho e etsa ka matla a hao ’ohle.

12. Jehova o ne a ikutloa joang ka mahlabelo a kopanetsoeng, hona taba eo e re khothatsa joang?

12 Re ithuta’ng ka mahlabelo a kopanetsoeng? Ha mollo o ne o chesa likarolo tsa bohlokoa tsa phoofolo, mosi o ne o nyoloha ’me Jehova o ne a thaba. Kahoo, u ka kholiseha hore Jehova oa thaba ha u etsa boiteko bohle ba hore u mo sebeletse. (Bakol. 3:​23) Ak’u nahane feela hore na o bososela hakaakang ha a bona boiteko boo u bo etsang! Ha ho tsotellehe hore na u etsetsa Jehova mosebetsi o mo kae empa ntho ea bohlokoa ke hore o ananela mosebetsi oo re o etsang ’me o tla lula a o hopola.​—Mat. 6:​20; Baheb. 6:10.

JEHOVA O HLOHONOLOFATSA MOKHATLO OA HAE

13. Ho ea ka Levitike 9:​23, 24, Jehova o ile a bontša joang hore o amohela baprista?

13 Thuto ea bone: Jehova o hlohonolofatsa karolo ea mokhatlo oa hae e lefatšeng. Ak’u nahane hore na ho ile ha etsahalang ka selemo sa 1512 mehleng ea Moshe ha tabernakele e ne e hlongoa thabeng ea Sinai. (Ex. 40:​17) Moshe o ile a tšoara mokete oa ho hlomamisa Arone le bara ba hae hore ebe baprista. Baiseraele ba ile ba bokana ho tla bona ha baprista ba etsa mahlabelo a bona a pele. (Lev. 9:​1-5) Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore o amohela baprista ba sa tsoa khethoa? Ha Arone le Moshe ba ntse ba hlohonolofatsa sechaba, Jehova o ile a etsa hore mollo o chese sehlabelo se neng se le holim’a aletare.​—Bala Levitike 9:​23, 24.

14. Taba ea hore ebe Jehova o ile a amohela baprista ba mehleng ea Baiseraele e re ama joang?

14 Mollo o tsoang leholimong o ne o bontša’ng? O ne bontša hore Jehova o tšehetsa ka botlalo taba ea hore ebe Arone le bara ba hae ba khethiloe e le baprista. Ha Baiseraele ba bona hore Jehova o tšehetsa baprista, ba ile ba utloisisa hore le bona ba lokela ho ba tšehetsa. Na rea ameha tabeng ee? E! Baprista ba mehleng ea Baiseraele e ne e mpa e le seriti feela sa boprista bo bong bo molemo ho feta ba bona. Jesu ke Moprista ea Phahameng ea ka sehloohong ’me ho na le baprista le marena a 144 000 a tla busa le eena leholimong.​—Baheb. 4:​14; 8:​3-5; 10:1.

Jehova o tataisa mokhatlo oa hae le ho o hlohonolofatsa. Re o tšehetsa kahohle kamoo re ka khonang (Sheba serapa sa 15 ho ea ho sa 17) *

15-16. Jehova o bontšitse joang hore o tšehetsa “lekhoba le tšepahalang le le masene”?

15 Ka 1919, Jesu o ile khetha sehlopha se senyenyane sa barab’abo rona hore e be “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Lekhoba leo le etella mosebetsi oa boboleli pele hape le fa balateli ba Kreste lijo “ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:​45) Na re na le bopaki bo hlakileng ba hore Molimo o amohetse lekhoba le tšepahalang le le masene?

16 Satane le mahlahana a hae ba leka ka matla ho thatafaletsa lekhoba ho etsa mosebetsi oa lona ’me ha e ne se ka thuso ea Jehova le ne le ke ke la atleha. Ho sa tsotellehe lintoa tse peli tsa lefatše, ho putlama ha moruo lefatšeng lohle, ho hlorisoa le ho tšoaroa ka ho hloka toka ha batho Molimo, lekhoba le tšepahalang le ’nile la tsoela pele ho fa Bakreste lijo. Nahana ka lingoliloeng tse ngata tse teng tse fumanehang mahala ka lipuo tse fetang 900! Bona ke bopaki bo totobetseng ba hore Molimo o tšehetsa lekhoba. Mosebetsi oa boboleli le oona ke bopaki bo bontšang hore Molimo oa le hlohonolofatsa. Litaba tse molemo li boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:​14) Re bona ka ho hlaka hore Jehova o tataisa mokhatlo oa hae ’me o etsa hore o atlehe.

17. Re ka bontša joang hore re tšehetsa mokhatlo oo Jehova a o sebelisang?

17 Kahoo, e ka ba hantle hore u ipotse, ‘Na ke ananela taba ea hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa Jehova o lefatšeng?’ Joalokaha Jehova a ile a sebelisa mollo mehleng ea Moshe le Arone, o re file bopaki bo hlakileng ba hore o sebelisa mokhatlo oa hae mehleng ena. Kannete re na le lintho tse ngata tseo re ka lebohang Jehova ka tsona. (1 Bathes. 5:​18, 19) Re ka bontša joang hore re tšehetsa mokhatlo oo Jehova a o sebelisang? Ka ho mamela keletso e tsoang ka Bibeleng eo re e fumanang ho lingoliloeng tsa rona, libokeng le likopanong. Re boetse re bontša hore rea o tšehetsa ka hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela le ho ruta batho Bibele.​—1 Bakor. 15:58.

18. U ikemiselitse ho etsa’ng?

18 A re ikemisetseng ho sebelisa lithuto tseo re ithutileng tsona bukeng ea Levitike. Re batla hore Jehova a amohele mahlabelo a rona. Re mo sebeletsa hobane re e-na le kananelo. Re tla lula re fa Jehova sohle se matleng a rona hobane re mo rata ka lipelo tsohle tsa rona. Hape re etsa sohle ho tšehetsa mokhatlo oa hae. Ha re etsa lintho tsena, re bontša Jehova hore re ananela tokelo eo a re fileng eona ea ho mo sebeletsa re le Lipaki tsa hae.

PINA EA 96 Molimo o re File Letlotlo

^ ser. 5 Buka ea Levitike e na le melao eo Jehova a neng a e file Baiseraele. Kaha re Bakreste, ha re tlas’a melao eo empa e ntse e ka re tsoela molemo. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lithuto tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Levitike.

^ ser. 4 Libano tse neng li chesoa tabernakeleng li ne li nkoa li halalela ’me Baiseraele ba ne ba li sebelisa feela ha ba rapela Jehova. (Ex. 30:​34-38) Ha ho na tlaleho e bontšang hore Bakreste ba mehleng ea khale ba ne ba chesa libano e le karolo ea borapeli.

^ ser. 9 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka mahlabelo a kopanetsoeng sheba Insight on the Scriptures, Volume 2, leq. 526.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, Moprista ea Phahameng o ne a kena ka Sehalalelisisong a nkile libano le mashala a hlenneng e le ho tlatsa ntlo ka monko o monate. O ne a boela a kena hape nakong eo a tlisang mali a lihlabelo

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moiseraele o fa moprista nku bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng ho bontša hore eena le ba ntlo ea hae ba rata Jehova.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a bontša hore o rata Jehova ka pelo eohle ka hore a mamele melao eohle ea ntate oa hae a be a thuse le balateli ba hae hore le bona ba e mamele.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Le hoja morali’abo rona ea holileng a se a se na matla, o etsa sohle ka hore a pakele batho ka ho ba ngolla mangolo.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka February 2019, Mor’abo rona Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a lokolla Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Sejeremane. Hona joale bahoeletsi ba Jeremane, joaloka baralib’abo rona bana ba thabela ho sebelisa Bibele ena tšimong.