Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 47

Lengolo la Levitike le re Rutang?

Lengolo la Levitike le re Rutang?

“Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo mme le molemo.”​—2 TIM. 3:16.

PINA YA 98 Mangolo a Buduletswe ke Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho thabela lengolo la Levitike?

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a hopotsa motswalle wa hae Timothea hore “lengolo lohle le buduletswe ke Modimo mme le molemo.” (2 Tim. 3:16) O ne a akarelletsa le lengolo la Levitike. O ikutlwa jwang ka lengolo la Levitike? Batho ba bangata ba nka hore le na le melao e mengata e sa sebetseng matsatsing ana, empa Bakreste bona ha ba ikutlwe jwalo.

2 Lengolo lena la Levitike, le ngotswe hoo e ka bang dilemo tse 3 500 tse fetileng. Le ha ho le jwalo, Jehova o le bolokile hore le tle le tsebe “ho re laya.” (Bar. 15:4) Lengolo lena le re thusa ho utlwisisa ka moo Jehova a ikutlwang ka teng ka dintho tse itseng, ka hoo re lokela ho thabela ho ithuta lona. Ha e le hantle ho na le dintlha tse ngata tseo re ka ithutang tsona lengolong lena. A re ke re hlahlobeng tse 4 tsa tsona.

KA MOO JEHOVA A KA RE AMOHELANG KA TENG

3. Ke hobaneng ha selemo le selemo ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe, ho ne ho fanwa ka mahlabelo?

3 Ntlha ya pele: Re lokela ho amohelwa ke Jehova e le hore a amohele mahlabelo a rona. Selemo le selemo ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe, setjhaba sa Iseraele se ne se bokana ha mmoho ha moprista ya phahameng a fana ka mahlabelo a diphoofolo. Mahlabelo ana, a ne a thusa Baiseraele hore ba hopole ho re ba hloka ho tshwarelwa dibe. Empa pele moprista ya phahameng a ne a ka tlisa madi a sehlabelo ka Sehalaledisisong letsatsing leo, ho na le ntho eo a neng a lokela ho e etsa, e leng ntho ya bohlokwa ho feta ho tshwarelwa ha dibe tsa setjhaba.

(Sheba serapa sa 4) *

4. Jwalo ka ha Levitike 16:12, 13 e bontsha, keng seo moprista ya phahameng a neng a se etsa ha a qala ho kena ka Sehalaledisisong, ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

4 Bala Levitike 16:12, 13. Nahana ka se neng se etsahala ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe. Moprista ya phahameng o ne a kena ka tabernakeleng, lena ke lekgetlo la pele ho a mararo ao ka ona a neng a tlameha ho kena ka Sehalaledisisong ka letsatsi leo. Ka letsohong o ne a tshwara pitsa e nang le dibano tse nkgang ha monate, ha ka letsohong le leng a tshwere pane ya kgauta e tletseng mashala a tukang a mollo. Pele a kena ka Sehalaledisisong, o ne a ema hanyane pela lesira [kgaretene] e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso. Ebe ka mora moo, ka tlhompho e kgolo o kena ka Sehalaledisisong mme o ema ka pela areka ya selekane. Ha a ne a eme moo, ho ne ho tshwana le ha eka o eme ka pela Jehova Modimo. * Hamorao o ne a boela a kena ka Sehalaledisisong a tshwere madi a mahlabelo a diphoofolo. Hlokomela hore o ne a tjhesa dibano pele a ka fana ka madi a mahlabelo.

5. Re ka ithutang mabapi le ho tjheswa ha dibano ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe?

5 Keng eo re ithutang yona mabapi le ho tjheswa ha dibano ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe? Bibele e bontsha hore dithapelo tsa bahlanka ba tshepahalang ba Jehova, di tshwana le dibano. (Pes. 141:2; Tšen. 5:8) Hopola hore moprista ya phahameng o ne a tlisa dibano ka pela Jehova ka tlhompho e kgolo. Ka tsela e tshwanang, re lokela ho rapela Jehova ka tlhompho e tebileng. Re ananela hore e be Mmopi wa lehodimo le lefatshe, o re dumella ho atamela haufi le yena jwalo ka ha ngwana a ya ho ntate wa hae. (Jak. 4:8) Ka hoo, o re nka re le metswalle ya hae. (Pes. 25:14) Re ananela monyetla ona haholo hoo re sa batleng ho etsa ntho le ha e le efe e ka mo utlwisang bohloko.

6. Keng seo re ithutang sona tabeng ya hore moprista ya phahameng o ne a tjhesa dibano pele a ka fana ka mahlabelo?

6 Hopola hore moprista ya phahameng o ne a tlameha ho tjhesa dibano pele a ka fana ka mahlabelo. Ka ho tjhesa dibano pele, o ne a etsa bonnete ba hore o amohelwa ke Modimo. Keng seo re ka ithutang sona tabeng ena? Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ne a lokela ho etsa ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa pele a ka fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo bakeng sa ho pholosa moloko wa batho. Keng ntho eo a neng a lokela ho e etsa? O ne a lokela ho tshepahala bophelo bohle ba hae, e le hore Jehova a amohele sehlabelo sa hae. Ka ho etsa jwalo, Jesu o ne a tla be a bontsha hore tsela e nepahetseng ya ho phela ke ka ho mamela Jehova. Hape o ne a tla be a bontsha hore Ntate wa hae ke Mmusi ya molemo.

7. Ke hobaneng ha tsela eo Jesu a neng a phela ka yona lefatsheng e ne e thabisa Jehova?

7 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a mamela Jehova ka ho phethahetseng. Le hoja a ile a hlahelwa ke mathata le diteko, a bile a tseba hore o tla shwa ka tsela e sehlooho, o ne a ikemiseditse ho bontsha hore Ntate wa hae ke Mmusi ya molemo. (Bafil. 2:8) Ha Jesu a ne a hlahelwa ke maemo a thata, o ne a rapela “ka mehoo e matla le meokgo.” (Baheb. 5:7) Dithapelo tsa hae tse neng di tswa pelong, di ne di bontsha hore o tshepahalla Jehova ebile di ne di etsa hore a ikemisetse ho mo mamela le ho feta. Ka hoo, dithapelo tsa Jesu di ne di tshwana le dibano tse nkgang ha monate ho Jehova. Tsela eo Jesu a ileng a phela ka yona e ile ya thabisa Ntate wa hae haholo le ho halaletsa lebitso la hae.

8. Re ka etsisa Jesu jwang?

8 Re ka etsisa Jesu ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang ho tshepahalla Jehova le ho mo mamela. Ha re hlahelwa ke mathata re lokela ho rapela Jehova ho tswa pelong hore a re thuse hobane re batla ho mo thabisa. Ha re etsa dintho tsena, re tla be re bontsha hore re tshehetsa tsela eo Jehova a busang ka yona. Hape re a hlokomela hore Jehova a ke ke a mamela dithapelo tsa rona haeba re etsa dintho tseo a di hloileng. Le ha ho le jwalo, haeba re etsa dintho tseo Jehova a di ratang, re ka kgodiseha hore dithapelo tsa rona tse tswang pelong di tla tshwana le dibano tse nkgang ha monate. Hape re ka kgodiseha hore Ntate wa rona wa lehodimo o thabiswa ke ha re tshepahala ebile re mo mamela.​—Liprov. 27:11.

KANANELO LE LERATO LA RONA DI ETSA HORE RE SEBELETSE JEHOVA

(Sheba serapa sa 9) *

9. Ke hobaneng ha Baiseraele ba ne ba etsa mahlabelo a kopanetsweng?

9 Ntlha ya bobedi: Re sebeletsa Jehova hobane re ananela dintho tseo a re etseditseng tsona. E le hore re utlwisise sena hantle, a re hlahlobeng mahlabelo a kopanetsweng ao Baiseraele ba neng ba a etsa. * Lengolong la Levitike, re ithuta hore Moiseraele o ne a etsa mahlabelo a kopanetsweng e le “pontsho ya diteboho.” (Lev. 7:11-13, 16-18) O ne a etsa sehlabelo sena hobane a batla, eseng a tlameha. Ka hoo, o ne a ithaopela ho etsa sehlabelo sena hobane a rata Modimo wa hae Jehova. Motho ya neng a etsa sehlabelo sena o ne a ja nama ya phoofolo eo ha mmoho le lelapa la hae le baprista. Empa dikarolo tse itseng tsa phoofolo ya sehlabelo di ne di fuwa Jehova ka ho kgetheha. Ke dikarolo dife?

(Sheba serapa sa 10) *

10. Mahlabelo a kopanetseng a tlalehilweng ho Levitike 3:6, 12, 14-16, a tshwana jwang le tshebeletso eo Jesu a neng a e etsetsa Jehova?

10 Ntlha ya boraro: Re fa Jehova sohle seo re ka se kgonang hobane re mo rata. Jehova o ne a nka mafura a phoofolo le dikarolo tse ding tse akarelletsa diphio e le tsa bohlokwa. (Bala Levitike 3:6, 12, 14-16.) Ka hoo, Jehova o ne a thaba haholo haeba Moiseraele ka ho rata a ne a mo fa dikarolo tsena tsa phoofolo haesita le mafura a yona. Moiseraele ya neng a fa Jehova dikarolo tsena, o ne a bontsha hore o batla ho fa Jehova sohle seo a nang le sona. Ka tsela e tshwanang, Jesu o ile a ithaopela ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho sebeletsa Jehova hobane a mo rata. (Joh. 14:31) O ne a thabiswa ke ho etsa thato ya Modimo hobane o ne a rata melao ya hae haholo. (Pes. 40:8) Ka nnete Jehova o ne a thabiswa ke ho bona mora wa hae a mo sebeletsa ka ho rata.

Re fa Jehova seo re ka se kgonang hobane re mo rata (Sheba serapa sa 11-12) *

11. Tshebeletso ya rona e tshwana jwang le mahlabelo a kopanetseng, hona ke hobaneng ha seo se re kgothatsa?

11 Tshebeletso eo re e etsetsang Jehova e tshwana le mahlabelo a kopanetseng hobane e bontsha ka moo re ikutlwang ka teng ka yena. Ka ha re rata Jehova ka dipelo tsohle tsa rona, re mo fa sohle seo re ka se kgonang. Ruri e tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona barapedi ba hae ba dimilione, ba ithaopela ho mo sebeletsa hobane ba mo rata. Ka hoo, re ka kgothatswa ke ho hopola hore Jehova o bona le ho ananela dintho tseo re mo etsetsang tsona le lebaka leo re di etsang ka lona. Ka mohlala, haeba o se o tsofetse ebile ha o sa kgona ho sebeletsa Jehova jwalo ka pele, kgodiseha hore o a utlwisisa. Mohlomong o utlwa eka ha o sebeletse Jehova ka ho lekaneng, empa Jehova o bona lerato le o susumetsang ho etsa seo o ka se kgonang.

12. Jehova o ne a ikutlwa jwang ka mahlabelo a kopanetsweng, hona sena se re kgothatsa jwang?

12 Keng seo re ka ithutang sona ka mahlabelo a kopanetsweng? Ha mollo o tjhesa dikarolo tsa bohlokwa tsa phoofolo, musi o ne o nyolohela hodimo e leng se neng se thabisa Jehova. Ka hoo, kgodiseha hore Jehova o a thaba ha o etsa sohle seo o ka se kgonang ho mo sebeletsa ka boithaopo. (Bakol. 3:23) Jehova o ananela boiteko boo re bo etsang ho mo sebeletsa. Ho sa tsotellehe hore na re etsa se se kae tshebeletsong, o tla dula a hopola seo re ileng ra mo etsetsa sona.​—Mat. 6:20; Baheb. 6:10.

JEHOVA O HLOHONOLOFATSA MOKGATLO WA HAE

13. Ho ya ka Levitike 9:23, 24, Jehova o ile a bontsha jwang hore o amohela baprista?

13 Ntlha ya bone: Jehova o hlohonolofatsa mokgatlo wa hae o lefatsheng. Nahana ka se ileng sa etsahala ka selemo sa 1512 ha tabernakele e ne e hlongwa tlasa Thaba ya Sinai. (Ex. 40:17) Moshe o ile a tshwara mokete oo ho ona Arone le bara ba hae ba ileng ba kgethwa ho re e be baprista. Setjhaba sa Iseraele se ile sa bokana ha mmoho ho bona ha baprista ba fana ka mahlabelo a diphoofolo ka lekgetlo la pele. (Lev. 9:1-5) Jehova o ile a bontsha jwang hore o amohela baprista ba kgethilweng? Ha Arone le Moshe ba ntse ba hlohonolofatsa setjhaba, Jehova o ile a romela mollo o tswang lehodimong hore o tjhese sehlabelo se neng se le aletareng.​—Bala Levitike 9:23, 24.

14. Ke hobaneng ha taba ya hore Jehova o ile a amohela boprista ba lesika la Arone, e le ya bohlokwa ho rona kajeno?

14 Mollo o ileng wa theoha lehodimong o ne o bontshang? O ne o bontsha hore Jehova o tshehetsa le ho amohela boprista ba lesika la Arone. Ha Baiseraele ba bona bopaki ba hore Jehova o tshehetsa baprista, ba ne ba ena le lebaka le utlwahalang la hore le bona ba ba tshehetse. Na taba ena ya re ama? Ho jwalo. Hobane baprista bana ba ne ba tshwantshetsa baprista ba bang ba bohlokwa, e leng Moprista ya Phahameng ka ho Fetisisa Kreste le ba 144 000 ba tla busa le yena lehodimong.​—Baheb. 4:14; 8:3-5; 10:1.

Jehova o tataisa le ho hlohonolofatsa mokgatlo wa hae. Ka hoo, re o tshehetsa ka dipelo tsa rona tsohle (Sheba serapa sa 15-17) *

15, 16. Jehova o ile a bontsha jwang hore o amohela “lekgoba le tshepahalang le le masene”?

15 Ka selemo sa 1919, Jesu o ile a kgetha sehlopha se senyane sa barababo rona ba tlotsitsweng hore e be “lekgoba le tshepahalang le le masene.” Lekgoba lena ke lona le etellang pele mosebetsing wa boboledi le ho fa balatedi ba Kreste “dijo tsa bona ka nako e tshwanetseng.” (Mat. 24:45) Na re na le bopaki ba hore Modimo o amohela lekgoba le tshepahalang le le masene?

16 Satane le batshehetsi ba hae ba leka ho thibela mosebetsi o etswang ke lekgoba le tshepahalang le le masene. Ka hoo haeba Jehova a ne a sa thuse lekgoba lena, ho ne ho sa tlo kgoneha hore le etse mosebetsi wa lona. Ka mohlala, ho ile ha eba le dintwa tse pedi tsa lefatshe le mathata a ditjhelete lefatsheng lohle. Ka lehlakoreng le leng batho ba Modimo ba ile ba tshwarwa hampe le ho hloriswa. Ho sa tsotellehe dintho tsena, lekgoba le tshepahalang le le masene le ile la tswela pele ho fa balatedi ba Kreste dingolwa le divideo. Nahana ka dingolwa tse ngata tseo re nang le tsona kajeno, tse fumanehang mahala ka dipuo tse fetang 900. Ka nnete bona ke bopaki bo hlakileng ba hore Modimo o tshehetsa lekgoba lena. Bopaki bo bong ba hore Jehova o hlohonolofatsa lekgoba, ke mosebetsi wa boboledi. Ho hlakile hore ditaba tse molemo di bolelwa “lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Mat. 24:14) Ntle ho pelaelo, re a hlokomela hore Jehova o tataisa mokgatlo wa hae kajeno le ho etsa hore o atlehe.

17. Re ka bontsha jwang hore re tshehetsa mokgatlo oo Jehova a o sebedisang?

17 Ke hantle hore re ipotse, ‘Na ke thabela ho ba karolo ya mokgatlo wa Jehova?’ Mehleng ya Moshe, Jehova o ile a etsa hore mollo o theohe lehodimong ho bontsha hore o amohela baprista bao a ba kgethileng. Ka tsela e tshwanang, le kajeno Jehova o re file bopaki ba hore o sebedisa mokgatlo wa hae. Ruri re na le dintho tse ngata tseo re ka di lebohang. (1 Bathes. 5:18, 19) Jwale re ka bontsha jwang hore re tshehetsa mokgatlo oo Jehova a o sebedisang? Ka hore re sebedise seo re ithutang sona ka Bibeleng, dingolweng tsa rona, dibokeng le dikopanong tse kgolo le tse nyane. Ho feta moo, re ka bontsha tshehetso ya rona ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang mosebetsing wa boboledi.​—1 Bakor. 15:58.

18. O ikemiseditse ho etsang?

18 A re ikemisetseng ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona lengolong la Levitike. Re batla hore Jehova a amohele mahlabelo a rona. Ka hoo, re mo sebeletsa hobane re ananela dintho tseo a re etseditseng tsona. Ka lebaka leo, e se eka re ka tswela pele ho etsa sohle seo re ka se kgonang hobane re mo rata ka dipelo tsohle tsa rona. Hape re tshehetse mokgatlo wa hae oo a o sebedisang kajeno. Haeba re etsa dintho tsena, re tla be re bontsha Jehova hore re ananela monyetla wa ho mo sebeletsa re le Dipaki tsa hae.

PINA YA 96 Buka ya Modimo ke Letlotlo

^ par. 5 Lengolo la Levitike le ena le melao eo Jehova a neng a e file Iseraele ya boholoholo. Le ha ho le jwalo ka ha re Bakreste, ha ho hlokahale hore re mamele melao eo empa e ntse e ka re thusa le kajeno. Sehloohong sena, re tla hlahloba dintlha tseo re ka ithutang tsona lengolong lena.

^ par. 4 Mehleng ya Baiseraele e ne e le ntho e halalelang ho tjhesa dibano tabernakeleng mme di ne di sebediswa feela borapeding ba Jehova. (Ex. 30:34-38) Le ha ho le jwalo, ha ho tlaleho e bontshang hore Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba sebedisa ho tjheswa ha dibano borapeding ba bona.

^ par. 9 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka mahlabelo a kopanetseng, sheba buka ya Insight on the Scriptures, Volume 2, leq. 526.

^ par. 54 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe, moprista ya phahameng wa Moiseraele o ne a kena ka Sehalaledisisong a nkile dibano le mashala a tukang a mollo e le hore a etse hore kamore e nkge ha monate. Ha morao o ne a boela a kena ka Sehalaledisisong a tshwere madi a mahlabelo a dibe

^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moiseraele o fana ka nku ho moprista hore a etse mahlabelo a kopanetsweng, e le ho bontsha Jehova hore yena le lelapa la hae ba ananela dintho tseo a ba etseditseng tsona.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a bontsha hore o rata Jehova ka hore a mamele melao ya hae le ho thusa balatedi ba hae hore le bona ba e mamele.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona ya hodileng le hoja a kula, o fa Jehova sohle seo a ka se kgonang ka hore a bolele ditaba tse molemo ka ho ngolla batho mangolo.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka February 2019 morabo rona Gerrit Lösch wa Sehlopha se Busang, o ile a lokolla Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e ntlafaditsweng ya Segermany mme bamamedi ba ile ba ananela seo. Hona jwale bahweletsi ba dulang Germany ba tshwanang le baradi bana babo rona ba babedi, ba thabela ho e sebedisa tshebeletsong ya tshimo.