Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ka Fumana Nnete ka Bibeleng?

Na o ka Fumana Nnete ka Bibeleng?

Ho tseba nnete ho ka sireletsa bophelo ba rona. Ka mohlala, nahana hore na ho tseba karabo ya potso ena e latelang ho amme bophelo ba rona jwang: Lefu le tshwaetsanang le ikatisa jwang?

Ka dilemo tse ngata, ho ne ho se na motho ya tsebang karabo ya potso eo mme sena se ile sa etsa hore batho ba bangata ba bolawe ke lefu la sewa. Ha nako e ntse e ya, borasaense ba ile ba fumana karabo. Ba ile ba fumana hore hangata malwetse a bakwa ke dikokwanahloko tse kang dibaktheria le vaerase. Ho fumana karabo ena, ho thusitse batho ba bangata hore ba kgone ho itshireletsa bakeng sa malwetse ana mme seo se ile sa etsa hore batho ba dimillione ba kgone ho phela nako e telele.

Ho thweng ka dipotso tsa bohlokwa? O nahana hore ho tseba dikarabo tsa dipotsa tse latelang ho ka ama bophelo ba hao jwang?

  • Modimo ke mang?

  • Jesu Kreste ke mang?

  • Mmuso wa Modimo ke eng?

  • Bokamoso bo tla ba jwang?

Batho ba dimillione ba fumane dikarabo tsa dipotso tsena mme seo se ntlafaditse bophelo ba bona. Le wena dikarabo tseo di ka o tswela molemo.

NA O KA FUMANA DIKARABO TSE NEPAHETSENG?

O ka nna wa ipotsa, ‘Na ho a kgoneha ho fumana karabo ya potso e nngwe le e nngwe?’ Ho bua nnete feela, ho ka ba thata ho fumana dikarabo tsa dipotso tse ngata. Hobaneng?

Batho ba bangata ha ba tshepe mebuso, dikgwebo le metjha ya phatlalatso hore e ba fe dikarabo tse nepahetseng. Ho ba thata hore ba tsebe hore seo ba se utlwang ke nnete kapa leshano, nnete e sa fellang, maikutlo a motho kapa ntlha e nepahetseng. Ka lebaka la hore batho ha ba sa tshepana ebile ho se ho fetiswa dintlha tse fosahetseng, batho ba bangata ha ba sa tshepa le dintho tseo e hlileng e leng nnete.

Ho sa tsotellehe bothata bona, ho ntse ho kgonahala hore re fumane dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong. Jwang? Ka ho sebedisa seo re se etsang letsatsi le letsatsi ha re batla dikarabo tsa dipotso tse seng bohlokwa hakaalo.

O ETSANG HORE O FUMANE NNETE?

Ho ya boholeng bo itseng, re dula re batla nnete letsatsi le leng le le leng. Nahana ka mohlala wa Jessica, o re: “Moradi wa ka ya dilemo di 12 o kudiswa ke ho ja ntho e nngwe le e nngwe e nang le matokomane, le ha a ka ja karolo e nyane feela a ka kula hoo a ka bang a shwa.” Jessica o lokela ho etsa bonnete ba hore dijo tseo a di rekang ha di na matokomane. O re ntho ya pele eo a e etsang ha a reka, o bala hore na ntho eo e entswe ka eng, ebe o etsa dipatlisiso le ho founela moo ntho eo a e rekang e entsweng teng ho etsa bonnete ba hore matokomane ha a tshelwa ka phoso. O boetse o etsa dipatlisiso tse eketsehileng moo a ka fumanang dintlha tse nepahetseng, ho bona hore na a ka tshepa tsela eo kgwebo eo e etsang dijo tsa yona ka teng.

Ho ka etsahala hore dipotso tseo o ipotsang tsona bophelong ha di a rarahana jwalo ka boemo ba Jessica, empa o ka etsa dintho tsena tse latelang e le hore o fumane dikarabo tsa dipotso tseo o nang le tsona:

  • Fumana dintlha ka botlalo.

  • Etsa dipatlisiso tse eketsehileng.

  • Etsa bonnete ba hore tlhahiso leseding eo o e sebedisang e ya tshepahala.

Ho sebedisa mokgwa ona ho ka o thusa ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong. Jwang?

BUKA E IKGETHANG E NANG LE DIKARABO

Jessica o ile a sebedisa mokgwa o tshwanang le oo a o sebedisang ha a reka dijo tsa ngwana e le hore a ka fumana nnete ka Bibele. O re, “Ho bala ka hloko le ho etsa dipatlisiso ho nthusitse hore ke tsebe nnete ka Bibele.” Jwalo ka Jessica, batho ba dimillione ba fumane dikarabo ka Bibeleng tsa dipotso tse kang:

  • Re phelelang?

  • Ho etsahalang ka batho ba hlokahetseng?

  • Ke hobaneng ha re ena le mathata?

  • Modimo o etsang hona jwale ho re thusa ka mathata a rona?

  • Lelapa la hao le ka thaba jwang?

O ka fumana dikarabo tse nepahetseng tsa dipotso tsena le tse ding ka ho bala Bibele le ho etsa dipatlisiso ho www.pr418.com.